SEHLOOHO SE KA NTLE
U ka Thaba ha U E-na le Maikutlo a Nepahetseng
Ke efe linthong tsee eo u nkang hore e ama thabo ea hao?
maemo a hao
lefutso
tsela eo u ikutloang ka eona
BATHO ba bang ba ka khetha “maemo,” hobane ba re: “Nka thaba haeba . . .
“ke e-na le chelete e ngata”
“ke thabile lenyalong”
“ke sa kule”
Leha ho le joalo, maemo a hao le lefutso ha li re letho hafeela u na le maikutlo a nepahetseng. Sena sea khothatsa hobane u ka se khone ho laola maemo a hao kapa lefutso, empa u ka khona ho laola tsela eo u ikutloang ka eona ka taba e itseng.
“MORIANA O MOTLE”
Bibele e re: “Pelo e thabileng ke moriana o motle, empa moea o hlomohileng o omeletsa masapo.” (Liproverbia 17:22) Sena se bolela hore u ka thaba ha u e-na le maikutlo a nepahetseng. E ka etsa hore u khone ho phetha lintho tseo u neng u li rerile kapa u tele, kapa hore u nyahamisoe ke lintho tse bohloko tse u etsahallang kapa li u thuse hore u mamelle.
Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba nahana joalo. Ba ka ’na ba re:
‘Ha kea lokela ho iphapanyetsa mathata a ka ka hore ke re ke na le tšepo.’
‘Ho ba le tšepo ea hore lintho li tla loka, ha ho felise mathata a ka.’
‘Ho molemo ho nka lintho ka tsela eo li leng ka eona, ho e-na le ho lora.’
Ho ka utloahala eka maikutlo ao a nepahetse. Empa ho ba le maikutlo a nepahetseng ho ka u tsoela molemo. Nahana ka mehlala e latelang.
Alex le Brian ba sebetsa ka thata mesebetsing ea bona. Ka mor’a hore mookameli a hlahlobe mesebetsi ea bona, o ba hlokomelisa liphoso.
Alex: “Ke sebetsa ka thata hakaale ntse ke so tsebe ho etsa mosebetsi oo ka tsela e nepahetseng? Nke ke ka khona ho etsa mosebetsi ona. Ho sa tsotellehe hore na ke sebetsa ka thata hakae, ha ho mohla mookameli a khotsofalang. Ho molemo ke tlohele.”
Brian: “Mookameli o mpontšitse lintho tseo a li ratang ka mosebetsi oa ka le hoja ho na le liphoso tseo ke li entseng. Ke bone hore na nka ntlafatsa hokae.”
U NAHANA’NG KA SEE?
Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng, ke mang ho Alex le Brian ea tla tseba mosebetsi?
Haeba u ne u le mohiri, ke mang eo u neng u ka rata ho sebetsa le eena?
U etsisa ofe ho banna baa ha lintho li sa u tsamaele hantle?
Ka linako tse ling Andrea le Brittney ba jeoa ke bolutu. Ba sebetsana le bothata ba bona ka tsela e sa tšoaneng.
Andrea o lula a ichebile boeena. A ke ke a etsetsa motho ntho e molemo haeba motho eo a sa mo etsetse letho. O re: “Ha ho letho le ntlamang ho etsetsa motho se molemo haeba eena a sa nketsetse letho.”
Brittney o leka ho ba mosa ho batho ebile o ba etsetsa lintho tse molemo, ho sa tsotellehe hore na ba mo etsetsa letho kapa che. O tšoara batho ka tsela eo a batlang hore le bona ba mo tšoare ka eona. (Luka 6:31) Brittney o thabisoa ke ho etsetsa batho lintho tse molemo esita le haeba bona ba sa mo etsetse letho.
U NAHANA’NG KA SEE?
U ka thabela ho ba motsoalle oa mang ho Andrea le Brittney?
Ke ofe ea tla thabela ho ba le metsoalle ea hae?
U etsisa mang ho Andrea le Brittney ha u jeoa ke bolutu?
E ka ’na eaba u tseba batho ba tšoanang le Brian le Brittney. Mohlomong u tšoana le bona. Haeba ho joalo, ua hlokomela hore tsela eo u ikutloang ka eona ka boemo bo itseng e ka etsa phapang. Joale u ka etsa’ng haeba u tšoana le Alex le Andrea? Nahana ka litsela tse tharo tseo Bibele e ka u thusang ka tsona hore u be le maikutlo a nepahetseng ka mathata a u hlahelang.
1 U SE KE UA NYAHAMA
BIBELE E RE: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.”—Liproverbia 24:10.
SEE SE BOLELA’NG?: Ho nyahama ho tla etsa hore u lahleheloe ke matla ao u a hlokang hore u sebetsane le mathata.
MOHLALA: Ha Juliza e sa le ngoana, o ne a lula a thabile. Ntate oa hae e ne e le lekhoba la tahi ebile lelapa labo le se na chelete. Ba ne ba falla hangata. Qalong, Juliza o ne a lula a nyahame. Empa o ile a khaotsa ho nyahama. O ile a thusoa ke’ng? Juliza o re: “Bibele e ile ea nthusa hore ke be le maikutlo a nepahetseng le pele batsoali ba ka ba lokisa maemo. Le kajeno, seo ke ithutang sona Bibeleng se nthusa hore ke se ke ka nyahama. Haeba batho ba na le mekhoa eo ke sa e rateng, ke leka ho utloisisa hore na ke hobane’ng ba etsa lintho ka tsela eo.”
Bibele e na le likeletso tseo motho a ka li sebelisang bophelong ’me sena ke seo Juliza a se hlokometseng. Keletso ea eona e ka u thusa hore u sebetsane le ho nyahama. Ka mohlala, Baefese 4:23 e re: “Le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lōna.”
Joalokaha lengolo leo le bontša, u ka fetola tsela eo u ikutloang ka eona. U ka fetola tsela eo u nahanang ka eona. Leha ho le joalo, nako le nako u lokela ho lula u fetola tsela eo u nahanang ka eona. Ke kahoo lengolo lena le reng re tsoele pele ho nchafala.
2 LULA U NAHANA KA LINTHO TSE NTLE
BIBELE E RE: “Matsatsi ’ohle a ea hlorileng a mabe; empa ea pelo e ntle o ba le mokete kamehla.”—Liproverbia 15:15.
SEE SE BOLELA’NG?: Ha u lula u nahana ka lintho tse bohloko, u tla lula u ‘hlorile.’ Empa haeba u lula u nahana ka lintho tse ntle, u tla lula u thabile. U na le khetho.
MOHLALA: Ka mor’a hore Yanko a etsoe opereishene ea ho tlosa hlala bokong, o ne a se a sa khone ho sisinyeha le ho bua. Kaha sena se ne se bolela hore Yanko ha a sa tla hlola a khona ho finyella lintho tseo a batlang ho li etsa, o ile a nyahama ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, o ile a khaotsa ho nahana ka boemo ba hae. O re: “Ho e-na le hore ke lule ke nahana ka lintho tseo ke sitoang ho li etsa, ke ile ka ithuta hore ke lule ke nahana ka lintho tse khothatsang.”
Yanko oa khothala ha a bala Bibele. O re: “E nthusa hore ke lule ke nahana ka lintho tse molemo. Ke lula ke nahana haholo ka lintho tse nyenyane tseo ke batlang ho li etsa. Leha ho le joalo, ha kea lahla tšepo ea hore ke tla boela ke khone ho etsa le lintho tse ling tse khōlō. Ha ke ikutloa ke nyahama, ke leka ho nahana ka lintho tse ngata tse thabisang.”
U ka khona ho tlosa menahano e nyahamisang ’me ua lula u nahana ka e khothatsang joaloka Yanko. Haeba u na le boloetse bo itseng joaloka Yanko, ipotse: “Na ha ho sa na tšepo kapa ho tla loka ka nako ea teng?” Tlosa menahano e nyahamisang ka hore u lule u nahana ka lintho tse khothatsang.
3 FANA
BIBELE E RE: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” —Liketso 20:35.
SEE SE BOLELA’NG?: Ha motho a fana, oa thaba. Hobane’ng? Hobane Molimo o re bōpile re e-na le takatso ea ho etsetsa batho ba bang lintho tse molemo. (Bafilipi 2:3, 4; 1 Johanne 4:11) Thabo eo re bang le eona ha re fana e ka re thusa ha re nyahame.
MOHLALA: Josué o na le boloetse ba mokokotlo bo bitsoang spina bifida, bo etsang hore karolo e itseng ea masapo a mokokotlo oa hae a arohane. O lula a opeloa. Leha ho le joalo, Josué o thabisoa ke ho thusa batho ba bang. Josué o re: “Ho e-na le hore ke lule ke nahana ka hore na ha ke khone ho etsa’ng, kea thaba ha ke nahana ka litsela tseo nka thusang batho ba bang ka tsona. Ha ke fumana monyetla oa thusa batho, kea thaba.”
SEO U KA SE ETSANG
Batla mekhoa ea ho thusa batho ba bang. Ka mohlala, u ka ithaopela ho phehela motho ea kulang. U ka thusa batho ba hōlileng ka ho ba hloekisetsa ntlo.
U lokela ho itlhokomela hore na u lula u nahana ka eng. Tlosa menahano e nyahamisang kaha e kotsi. Lula u nahana ka lintho tse molemo tse etsang hore u lule u e-na le tšepo. Ha u etsa joalo, u tla bontša hore u na le maikutlo a nepahetseng e leng se tla u thabisa.
Batho ba bang ha ba je lijo tse itseng e le hore ba lule ba phetse hantle; le uena u ka etsa se tšoanang ka hore u tlose menahano e nyahamisang