U ka Fumana Thabo Lefatšeng le Tepelletsang Maikutlo!
MARIE o na le botho bo khahlang, bo thabileng. Ho thata ho lumela hore lilemong tse seng kae feela tse fetileng, mosali enoa ea lilemo li 32 o ile a itlhalosa e le ea shoeleng ka hare. Marie o ne a ile a hlaseloa ke ho tepella maikutlo ho tebileng. Oa hlalosa: “Ho ne ho tšoana le leru le leholo le letšo le ileng la apoha butle-butle.” E, ka thabo o ile a hlaphoheloa ’me a boela a fumana thabo.
Selemo se seng le se seng batho ba limillione tse lekholo lefatšeng ka bophara ba tšoaroa ke ho tepella maikutlo ho tebileng! Ho kula hona hase ho nyahama ho honyenyane feela ho fetang ho tšoarang ba bangata ba rōna nako le nako. Ho tepella maikutlo ho tebileng ho akarelletsa ho sareloa ho sa khaotseng. Motho ea tepelletseng maikutlo o felloa ke thahasello bophelong, ha a fumane thabo ho eng kapa eng, o ba le maikutlo a ho hloka tšepo le ho se tšoanelehe ho akaretsang. Ka 1983 Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o ile oa bolela: “Hona joale ha ho na pelaelo hore mafu a tepelletsang maikutlo a ba teng likarolong tsohle tsa lefatše.”
Liithuti tse seli tsa Bibele ha li makatsoe ke tlaleho ena. Bibele e khetholla nako ea rōna e le “matsatsi a qetello,” a khetholloang ka “linako tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5, NW) Maemo a tulisano ao nakong e fetileng a neng a fana ka tšehetso linakong tsa tlokotsi ea maikutlo a senyehile. Sehloohong “Mehla ea ho Tepella?”, Dr. Gerald Klerman o bolela keketseho e teng ea ho tepella maikutlo e le e tlisitsoeng ke phetoho ena. Oa hlalosa: “Litsamaiso tse tharo tsa tulisano tse tloaelehileng ka ho fetisisa tse fanang ka tšehetso e ’nile ea e-ba lelapa, kereke le baahisani ba haufi-ufi. . . . Ke tšobotsi e khethollang nako ea hona joale hore litsamaiso tseo tsa tulisano tse fanang ka tšehetso ho isa tekanyong e fapa-fapaneng li pherekanong.”
Ke ho qhalana ha lelapa labo Marie ho ileng ha etsa hore a felloe ke tšepo. Marie oa hopola: “Ha mosali oa bobeli oa ntate a tloha lapeng a sa re letho, ke ile ka ikutloa ke ekiloe e bile ke setse ke le mong. Ke ne ke le lilemo li 12, ’me hang-hang ho ile ha bonahala eka lefatše leo ke phelang ho lona lea hlanama.” Nakoana ka mor’a moo o ile a lokela ho tloha lapeng ka baka la litšekamelo tsa ntat’ae tsa ho mo atamela ka mokhoa oa boitšoaro bo bobe, ’me oa lumela: “Ke ne ke ikutloa eka ho na le ho hong ho phoso ka ’na ’me ke se ke sa itšepe ho hang.” Eaba ke ho qaleha ha ho oela ha hae ho tepelleng maikutlo ho tebileng.
Ka letsatsi le leng ha Marie a ne a tepelletse haholo maikutlong, ba babeli ba Lipaki tsa Jehova ba ile ba etela lapeng la hae. Hang-hang o ile a bontša thahasello e khōlō molaetseng oa bona o thabisang oa Bibele. “Pele, ke ne ke bona bophelo bo se nang thuso feela hammoho le lintho tse ngata tse mpe, empa joale ke ile ka kholiseha hore nka phela lefatšeng le lecha moo Molimo o neng o tla lokisa ho hloka toka hona hohle. Ka thuso ea Molimo ke ne nka tšoaneleha bakeng sa tlhohonolofatso e joalo; ka hona, bophelo ba ka bo ile ba ba le moelelo oa sebele.” Ha a ntse a e-tla libokeng tsa Lipaki, o ile a fumana lerato la ’nete le tšehetso ea maikutlo. (Johanne 13:34, 35) Likeletso tse bohlale tsa baholo ba phutheho le tsona li ile tsa mo thusa hore a qale ho fetola monahano oa hae o fosahetseng. (Jakobo 5:14) Ho tepella ha hae maikutlong ho ile ha qala ho kokobela. Matšoele-tšoele a batho ba bang bao, joaloka Marie, ba tepelletsoang maikutlo ke maemo a lefatše, a fumane “thabo ea Jehova” ka ho fumana tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele.—Nehemia 8:10; 1 Timothea 2:4, NW.
Leha ho le joalo, na ho tepella maikutlo ha Marie ho ile ha fela hang-hang? Na re lokela ho nka hore Bakreste ba ke ke ba hlaseloa ke ho tepella maikutlo? Ho arabela lipotso tsena, re tlameha ho etsa ho fetang ho talima ho kula hona le lisosa tsa hona tse rarahaneng ka holimo feela. Ho tseba metso ea ’nete ea ho tepella maikutlo ho ka etsa hore u atlehe haholoanyane ha uena ka bouena u sebetsana le hona kapa ha u thusa motho e mong ea hlasetsoeng ke hona.
Metso ea ho Tepella Maikutlo ho Tebileng
Maemong a mang lisosa tsa ho tepella maikutlo li ’meleng, joaloka ho kula, ho haelloa ke phepo e nepahetseng, le mathata a maro a susumetsang ’mele. Hape e ka ’na ea ba tsela eo ’mele o arabelang ka eona chefung e tsoang linthong tse phelang, linthong tse bakang tšilafalo, meriana, le li-allergen.a Leha ho le joalo, Bibele e senola hore ‘metouto’ ea motho ka boeena le eona e ka ’na ea e-ba sesosa.—Pesaleme ea 94:19, TLP.
Batho ba bangata ba tepellang maikutlo, joaloka Marie, ba ile ba thulana le liphihlelo tse ’maloa tse bohloko kapa maemo a bakang khatello. Ba bangata ba ikutloa joaloka mopesaleme: “Moea oa ka o khotše litlokotsi . . . [li] kopane hammoho ho ntika kahohle. [Jehova] u suthiselitse hole le ’na metsoalle ea ka le lithaka tsa ka; tseo ke tsebanang le tsona ke nģalo ea lefifi.” (Pesaleme ea 88:3, 17, 18) Kahoo joaloka mopesaleme, ba ikutloa ba sithabelitsoe ke mathata kapa tahlehelo ’me ba talima bophelo ba bona ka kakaretso e le bo se nang tšepo. Ba ka ’na ba ikutloa eka ba setse ba le bang feela sebakeng se lefifi le hore Molimo o ba lahlile.
Ke hobane’ng ha ba fihlela qeto e nyahamisang joalo, ha e le hantle ba e-ba le moea o hlomohileng? Hase feela ka baka la mathata a bona a ka thōko; hape ke ka baka la maikutlo a bohloko kapa a ho tšoenyeha ka bona ka bobona. Ba ikutloa ba sa tšoanelehe hore ba ka sebetsana le bothata kapa tahlehelo. Liproverbia 15:13 ea hlalosa: “Moea o khathala ke bohloko ba pelo.” Bohloko bo joalo ba pelo bo ne bo tla akarelletsa boikutlo ba hore motho o hlōlehile kapa ba hore ba bang ba nahana joalo. Esita le Mokreste Epafrodite oa lekholong la pele la lilemo, ka mor’a ho hlaphoheloa ho kuleng ho tebileng ha a le thōmong e neng e lokiselitsoe ke phutheho ea habo, o ile a “tepella maikutlo kahobane [phutheho] e ne e utloile hore oa kula.”—Ba-Filippi 2:25-30, NW.
Kaha ‘moea o hlomohileng o omeletsa masapo,’ kapa o fokolisa boleng ba motho, maikutlo a ho ikhella fatše e atisa ho ba ’ona motso oa ho tepella maikutlo ho tebileng. (Liproverbia 17:22) Bohloko ba pelo bo ka boela ba tlisoa ke ho tšoenyeha haholo ka hore na ba bang ba re talima joang, ho batla ho ba ba phethahetseng, kapa khalefo e sa tapeng, ho hlonama, likhohlano tse sa rarolloang pakeng tsa motho le ba bang, kapa molato (e-bang ke oa sebele kapa o fetellelitsoeng).
Kahoo lisosa tsa ho tepella maikutlo ho tebileng li ngata. Leha ho le joalo, Marie o ile a fumana thabo ea ’nete ka mor’a ho fetoha Mokreste. O re: “Joale ke ile ka ba le tšepo.” Empa ka nako e itseng o ile a ’na a lokela ho mamella ho tepella maikutlo ka nakoana e itseng. Batho ba joalo ba ka hlōla joang qetellong?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?” tokollong ea Tsoha! ea November 8, 1987.