Machato a Thabisang a Hlomphang Jehova
Welsh le elthea ba nyalane Soweto, Afrika Boroa, ka 1985. Nako le nako bona le morali oa bona, Zinzi, ba sheba albamo ea bona ea lechato, ’me ba ikhopotsa letsatsi leo la thabo. Zinzi o rata ho bolela hore na bamemuoa ba neng ba tlile lenyalong e ne e le bo-mang ’me o thabela ka ho khethehileng litšoantšo tsena tseo ’m’ae a khabileng haholo ho tsona.
LECHATO lena le ile la qala ka puo ea lenyalo e ileng ea fanoa holong e ’ngoe ea sechaba ea Soweto. Joale, sehlopha sa bacha ba Bakreste se ile sa bina lipina tse rorisang Molimo. Ka mor’a moo, bamemuoa ba ile ba thabela lijo ha ’mino o theipiloeng oa lipina tsa ’Muso o ntse o llela fatše. Ho ne ho se na lino tse tahang, hape ho ne ho se na ’mino o lerata kapa motjeko. Ho e-na le hoo, bamemuoa ba ile ba thabela ho ba hammoho le ho lakaletsa banyalani bana katleho. Mokete ona o ile oa nka lihora tse ka bang tharo. Raymond, moholo e mong oa Mokreste, oa hopola: “Ke lechato leo ke tla le hopola ka thabo kamehla.”
Nakong ea ha Welsh le Elthea ba chata, e ne e le basebetsi ba baithaopi lekaleng la Afrika Boroa la Watch Tower Bible and Tract Society. Ba ne ba se na chelete ea ho lefella lechato le majabajaba. Bakreste ba bang ba khethile ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng ebe ba fumana mesebetsi ea boipheliso e le hore ba lefelle litšenyehelo tsa machato a majabajaba. Leha ho le joalo, Welsh le Elthea ha ba ikoahlaee hore ebe ba ile ba khetha lechato le seng majabajaba hobane ho ile ha ba lumella ho tsoela pele ba sebeletsa Molimo e le basebeletsi ba nako e tletseng ho fihlela ha Zinzi a hlaha.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba banyalani ba khetha ho ba le ’mino oa lefatše le motjeko lechatong la bona? Ho thoe’ng haeba ba etsa qeto ea ho fana ka veine kapa lino tse ling tse tahang? Ho thoe’ng haeba ba khona ho lefella lechato le leholo le le majabajaba? Ba ka tiisa joang hore mokete oo e tla ba ketsahalo ea thabo e tšoanelang barapeli ba Molimo? Lipotso tse joalo li hloka ho nahaneloa ka hloko, hobane Bibele ea laela: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa khanya ea Molimo.”—1 Bakorinthe 10:31.
Ho Qoba Mokete o Lerata
Ho thata ho nahana ka lenyalo leo ho hlonangoeng ho lona. Leha ho le joalo, kotsi e ba khōloanyane haeba lintho li etsoa ka mokhoa o feteletseng ’me ho e-ba le mokete o lerata le sa thijoeng. Machatong a mangata ao e seng a Lipaki, ho etsahala lintho tse hlomphollang Molimo. Ka mohlala, ho tloaelehile hore batho ba noe ho fihlela ba tahoa. Ka masoabi, sena se etsahetse esita le machatong a mang a Bakreste.
Bibele e lemosa hore “joala bo lerata.” (Liproverbia 20:1) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “lerata” le bolela “ho tleroha.” Haeba joala bo ka etsa hore motho a le mong a be lerata, nahana hore na bo ka etsa’ng ho batho ba bangata ba khobokanang ebe ba noa haholo! Ho totobetse hore mekete e joalo e ka fetoha habonolo feela “linako tsa ho ikemisetsa ho noa ka ho feteletseng, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena,” tse thathamisitsoeng ka Bibeleng e le “mesebetsi ea nama.” Mekhoa e joalo e amoha leha e le bafe ba sa bakeng tokelo ea ho rua bophelo bo sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo.—Bagalata 5:19-21.
Lentsoe la Segerike bakeng sa “mokete o lerata” le ne le sebelisetsoa ho hlalosa mokoloko oa seterateng o lerata oa bacha ba noeleng hanyenyane ba neng ba bina, ba tjeka le ho letsa ’mino. Haeba lino tse tahang li nooa ka bolokolohi lechatong, ’me ho boetse ho e-na le ’mino o lerata le metjeko e hlaha, ho na le kotsi ea sebele ea hore mokete oo o tla fetoha ntho e kang mokete o lerata. Tikolohong e joalo, ba fokolang moeeng ba ka oela habonolo molekong ’me ba etsa mesebetsi e meng ea nama e kang “bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng [kapa ho inehela ho tlakoloheng] ka bohale.” Ho ka etsoa’ng ho thibela hore mesebetsi e joalo ea nama e se ke ea senya thabo ea lechato la Bakreste? Ho araba potso eo, a re nahaneng ka seo Bibele e se bolelang ka lechato le itseng.
Lechato Leo Jesu a Ileng a ba Teng ho Lona
Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba memeloa lechatong Kana ea Galilea. Ba ile ba amohela memo eo, ’me Jesu a ba a tlatsetsa thabong ea mokete oo. Ha veine e fela, ka mohlolo o ile a etsa e eketsehileng ea mofuta o monate ka ho fetisisa. Ha ho pelaelo hore e ileng ea sala ka mor’a lechato e ile ea sebeletsa litlhoko tsa monyali ea tletseng teboho le lelapa la hae ka nakoana.—Johanne 2:3-11.
Ho na le ho hongata hoo re ka ithutang hona lechatong lena leo Jesu a bileng teng ho lona. Taba ea pele, Jesu le barutuoa ba hae ha baa ka ba ea moketeng oo oa lenyalo ba sa mengoa. Ka ho toba Bibele e bolela hore ba ne ba memiloe. (Johanne 2:1, 2) Ka tsela e tšoanang, lipapisong tse peli tsa mekete ea lenyalo, Jesu o buile a pheta-pheta ka hore baeti ba ne ba le teng hobane ba ne ba memiloe.—Matheu 22:2-4, 8, 9; Luka 14:8-10.
Linaheng tse ling ho tloaelehile hore e mong le e mong motseng a ikutloe a lokolohile ho ba teng moketeng oa lechato ebang o memiloe kapa che. Leha ho le joalo, sena se ka baka mathata a chelete. Ba nyalanang bao e seng barui ba ka ’na ba kena melatong e le hore ba tiise hore ho tla ba le lijo le lino tse lekaneng bakeng sa bongata bo sa lekanyetsoang. Kahoo, haeba Bakreste ba nyalanang ba rera ho ba le mokete o monyenyane o nang le baeti ba palo e lekanyelitsoeng, Bakreste ba habo bona ba sa mengoang ba lokela ho utloisisa le ho hlompha sena. Monna e mong ea ileng a nyala Cape Town, Afrika Boroa, o hopola hore o ile a mema baeti ba 200 lechatong la hae. Leha ho le joalo, ho ile ha tla ba 600, ’me lijo li ile tsa fela kapele. Har’a ba neng ba sa mengoa e ne e le baeti ba neng ba tletse bese bao ho ileng ha etsahala hore ebe ba ne ba le leetong la ho bona Cape Town mafelong ao a beke a lechato. Motsamaisi oa bese ena ea bahahlauli e ne e le moneketsela oa monyaluoa ’me o ne a lumela hore o na le tokelo ea hore a ee le sehlopha sena kaofela a sa buisana le monyaluoa kapa monyali!
Ntle leha ho boletsoe hore moketeng ho mengoa bohle, molateli oa ’nete oa Jesu ea sa mengoang o tla qoba ho ba teng moketeng oa lechato, a be a qobe ho ja le ho noa lijo tse lokiselitsoeng bamemuoa. Ba lekehang ho ea ba sa mengoa ba lokela ho ipotsa, ‘Na ho ba teng moketeng oo oa lechato ha ho na ho bontša ho hloka lerato bakeng sa banyalani baa ba bacha? Na ha ke na ho sitisa le ho senya thabo moketeng oo?’ Ho e-na le ho khopeha ka lebaka la ho se mengoe, Mokreste ea nang le kutloisiso, ka lerato a ka ba a romela molaetsa oa ho lebohela banyalani le ho ba lakaletsa tlhohonolofatso ea Jehova. A ka ba a nahana ho thusa banyalani ka ho ba romella mpho ho tlatsetsa thabong ea letsatsi la bona la lechato.—Moeklesia 7:9; Baefese 4:28.
Ke Mang ea Ikarabellang?
Likarolong tse ling tsa Afrika, ho tloaelehile hore batho ba baholo ba lelapa e be bona ba etsang litokisetso tsa lechato. Banyalani ba ka ’na ba thabela molemo oa sena, kahobane se ba lokolla boikarabelong ba lichelete. Ba ka ’na ba ikutloa hore hape se ba lokolla boikarabelong ba eng kapa eng e ka ’nang ea etsahala. Leha ho le joalo, pele ba amohela thuso ea mofuta ofe kapa ofe e tsoang ho seng se thusang ka morero o motle, ba nyalanang ba lokela ho tiisa hore litakatso tsa bona li tla hlomphuoa.
Le hoja Jesu e ne e le Mor’a Molimo ea “theohileng leholimong,” ha ho letho le bontšang hore o ile a inkela litaba matsohong ’me a laola boholo ba litaba lechatong la Kana. (Johanne 6:41) Ho e-na le hoo, tlaleho ea Bibele e re bolella hore ho ne ho khethiloe motho e mong osele hore a sebetse e le “motsamaisi oa mokete.” (Johanne 2:8) Monna enoa le eena o ne a ikarabella ho hlooho e ncha ea lelapa, e leng monyali.—Johanne 2:9, 10.
Seng sa Bakreste se lokela ho hlompha hlooho e khethiloeng ke Molimo ea lelapa le lecha. (Bakolose 3:18-20) Ke eona e lokelang ho jara boikarabelo ba se etsahalang lechatong la eona. Ha ho pelaelo hore monyali o lokela ho ba le kahlolo e molemo ’me, haeba ho khoneha, a kenyelletse litakatso tsa monyaluoa, tsa batsoali ba hae le tsa ba bohoeng. Leha ho le joalo, haeba seng se tsitlella ho lokisa litaba khahlanong le litakatso tsa ba nyalanang, ke moo ka tlhompho ba nyalanang ba ka ’nang ba lokela ho hana thuso ea sona ebe ba lefella lechato la bona le itekanetseng. Ka tsela ena ha ho letho le tla etsahala le sieang ba nyalanang ba e-na le mehopolo e bosula. Ka mohlala, lechatong le leng la Bakreste Afrika, motho e mong ea sa lumelang oa seng ea neng a sebetsa e le molula-setulo o ile a re ho otlanngoe likhalase tsa joala ho tlotlisa balimo!
Ka linako tse ling banyalani ba tloha ho ea phomolong pele mokete oa lechato o qhalana. Boemong bo joalo, monyali o lokela ho lokisetsa hore ho be le ba nang le boikarabelo ba tla tiisa hore litekanyetso tsa Bibele lia bolokoa le hore mokete o qhalana ka nako e loketseng.
Ho Lokisetsa ka Hloko le ka Teka-tekano
Ho totobetse hore ho ne ho e-na le matletsetletse a lijo tse hlabosang lechatong leo Jesu a ileng a ea ho lona, hobane Bibele e hlalosa hore e ne e le mokete oa lenyalo. Joalokaha ho se ho hlokomelehile, le veine e ne e le ngata. Ha ho pelaelo hore ho ne ho e-na le ’mino o loketseng le motjeko o hlomphehang kaha tšobotsi ena e ne e tloaelehile boithabisong ba Sejuda. Jesu o bontšitse sena papisong ea hae e tsebisahalang ea mora ea lehlasoa. Ntate oa morui oa pale eo o ne a thabile haholo ha mora oa hae ea bakileng a khutla hoo a ileng a re: “A re jeng ’me re ithabise.” Ho ea ka Jesu, mokete o ne o akarelletsa “konsarete ea ’mino le motjeko.”—Luka 15:23, 25.
Leha ho le joalo, ho thahasellisang ke hore Bibele ha e bolele ka ho toba hore ho ne ho e-na le ’mino le motjeko lechatong la Kana. Ha e le hantle, ha ho moo ho buuoang ka motjeko litlalehong leha e le life tsa Bibele tsa machato. Ho bonahala eka har’a bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba mehleng ea Bibele, motjeko o ne o e-ba teng seoelo ’me e ne e se karolo e hlaheletseng machatong a bona. Na ho na le seo re ka ithutang sona ho see?
Machatong a mang a Bakreste Afrika, ho sebelisoa libapala-’mino tsa elektronike tse nang le molumo o matla. ’Mino o ka phahama hoo bamemuoa ba sitoang ho qoqa ba phutholohile. Ka linako tse ling lijo li haella ka mokhoa o totobetseng empa motjeko o tsoang taolong habonolo oona ha o haelle. Ho e-na le ho ba mokete oa lenyalo, liketsahalo tse joalo li fetoha habonolo meketjana e ikhakantseng ea motjeko. Ho feta moo, ’mino o lerata o atisa ho hohela batho ba likhathatso, e leng basele ba tlang feela ba sa mengoa.
Kaha tlaleho ea Bibele ea machato ha e buelle ka matla ’mino le motjeko, na see ha sea lokela ho tataisa ba nyalanang ba lokisetsang lechato le hlomphang Jehova? Leha ho le joalo, ha ho ne ho lokisetsoa machato a mangata a morao tjena Afrika e ka boroa, bacha ba Bakreste ba neng ba khethiloe hore e be baetsana ba ile ba qeta lihora tse ngata ba ikoetlisetsa litepe tsa motjeko tse thata. Ka likhoeli tse ngata boholo ba nako ea bona bo ne bo sebelisoa ka tsela ena. Empa ho hlokahala hore Bakreste ba ‘reke nako’ bakeng sa “lintho tsa bohlokoa haholoanyane,” tse kang mosebetsi oa ho bolela evangeli, ho ithuta boinotšing le ho ba teng libokeng tsa Bokreste.—Baefese 5:16; Bafilippi 1:10.
Ha ho ahloloa ka veine eo Jesu a ileng a e etsa, ho bonahala hore lechato la Kana le ne le le leholo, le le majabajaba. Leha ho le joalo, re ka tiisa hore mokete oo o ne o se lerata le hore baeti ha baa ka ba sebelisa joala hampe joalokaha ho ne ho tloaelehile machatong a mang a Bajuda. (Johanne 2:10) Re ka tiisa joang hore ho ne ho le joalo? Hobane Morena Jesu Kreste o ne a le teng. Har’a batho bohle, Jesu o ne a tla ba hlokolosi ka ho fetisisa ho hlompha taelo ea Molimo mabapi le litloaelano tse mpe: “U se ke ua ba har’a ba noang veine haholo.”—Liproverbia 23:20, NW.
Kahoo, haeba ba nyalanang ba etsa qeto ea hore ho tla ba le veine kapa lino tse ling tse tahang lechatong la bona, ba lokela ho lokisetsa hore li laoloe ka thata ke batho ba ikarabellang. Haeba ba etsa qeto ea hore ho be le ’mino, ba lokela ho khetha lipina tse loketseng ’me ba be le motho ea nang le boikarabelo ea laolang molumo. Bamemuoa ha baa lokela ho inkela litaba matsohong ’me ba kenyelletse ’mino o belaetsang kapa ba phahamise molumo ka mokhoa o sa nahaneleng. Haeba ho tla ba le motjeko, o ka kenyelletsoa ka tsela e hlomphehang le e nang le boitšoaro. Haeba seng se sa lumelang kapa Bakreste ba sa hōlang tsebong ba kenyelletsa mekhoa ea ho tjeka e khothalletsang boitšoaro bo hlephileng kapa e tsosang litakatso tsa ho kopanela liphate, monyali a ka ’na a tlameha ho fetola ’mino o binoang kapa ka bohlale a kōpe hore motjeko o khaotse. Ho seng joalo lechato le ka fetoha ketsahalo e morusu ’me la baka likhopiso.—Baroma 14:21.
Ka lebaka la likotsi tse amehang mefuteng e meng ea metjeko ea kajeno, ’mino o lerata, le matletsetletse a lino tse tahang, banyali ba bangata ba Bakreste ba entse qeto ea ho se akarelletse lintho tsena machatong a bona. Ba bang ba ’nile ba songoa ka lebaka la sena, empa ho e-na le hoo ba lokela ho babatsoa ka lebaka la takatso ea bona ea ho qoba leha e le eng e ka tlisetsang lebitso le halalelang la Molimo thohako. Ka lehlakoreng le leng, banyali ba bang ba lokisetsa ’mino o loketseng, nako ea ho tjeka le lino tse tahang tse ajoang ka tekanyetso. Maemong ana kaofela, monyali o ikarabella ka seo a se lumellang lechatong la hae.
Afrika ba bang ba sa hōlang tsebong ba khesa machato a nang le seriti a Bakreste ba re a tšoana le ho ea lefung. Leha ho le joalo, pono eo e leeme. Mesebetsi ea boetsalibe ea nama e ka ’na ea thabisa ka nakoana, empa e siea Bakreste ka matsoalo a khathatsehileng le ho tlisetsa lebitso la Molimo thohako. (Baroma 2:24) Ka lehlakoreng le leng, moea o halalelang oa Molimo o hlahisa thabo ea ’nete. (Bagalata 5:22) Banyalani ba bangata ba Bakreste ba motlotlo ha ba hopola matsatsi a bona a lechato, ba tseba hore e ne e le ketsahalo e thabisang eseng ‘sesosa sa ho khoptjoa.’—2 Bakorinthe 6:3.
Welsh le Elthea ba sa ntse ba hopola litlhaloso tse ngata tse ntle tse ileng tsa etsoa ke beng ka bona ba sa lumelang ba ileng ba e-ba teng lechatong la bona. E mong o ile a re: “Re khathetse ke machato a lerata a matsatsing ana. Ho bile monate haholo hore motho a ke a be lechatong le hlomphehang le fapaneng le a mang.”
Habohlokoa haholo, machato a Bakreste a thabisang le a hlomphehang a hlompha Moqapi oa lenyalo, Jehova Molimo.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 22]
LETHATHAMO LA TSE HLOKAHALANG BAKENG SA MOKETE OA LECHATO
• Ha u mema mong ka uena ea sa lumelang hore a bue se itseng, na u kholisehile hore ha a na ho kenyelletsa lineano tse ling tseo e seng tsa Bokreste?
• Haeba ho tla letsoa ’mino, na u khethile feela lipina tse loketseng?
• Na ’mino oa hao o tla letsoa ka molumo o lekaneng?
• Haeba ho lumelloa motjeko, na o tla etsoa ka tsela e nang le seriti?
• Na lino tse tahang li tla ajoa ka tekanyetso?
• Na ba nang le boikarabelo ba tla laola ho fanoa ha tsona?
• Na u behile nako e ntle ea ho qhala mokete oa lechato?
• Na ba nang le boikarabelo ba tla ba teng ho tiisa hore ho na le taolo ho fihlela qetellong?