Lilemo tsa Khōlo—Nako eo se Molemohali Seo u se Etsang se Hlokahalang ka ho Fetisisa
HO BOLELOA hore bana ke “lefa le tsoang ho Jehova.” Ho boleloa hore ba tšoana le “mahlōmela a mohloaare, ho pota-pota tafole ea hao.” (Pesaleme ea 127:3, NW; 128:3, BPN) Batsoali ba laeloa ho “ba hōlisa ka taeo le ka mohopolo o tataisoang ke Jehova.”—Ba-Efese 6:4, NW.
Haeba u tla faola lifate tsa mohloaare hore li behe litholoana tse ntle, nako ea ho etsa sena ke ha ‘li tšoana le mahlomela ho pota-pota tafole ea hao.’ Ngoana o tla hōla ho latela seo a ileng a se rutoa ho tloha bonyenyaneng. Haeba u tla ruta bana ba hao hore ba lumellane le litsela tsa Molimo, nako e molemo ka ho fetisisa ea ho etsa joalo ke ho tloha bonyenyaneng ba bona. “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:15) Bonyenyaneng boko bo khona ho amohela boitsebiso ka lebelo le leholo, le leholoanyane ho feta kamoo ho tla etsahala ka teng hape. Ke nako e loketseng ea hore u etse se molemohali bakeng sa bana ba hao.
Masaru Ibuka, mothei oa Mokhatlo oa Sony, o ile a ngola buka e nang le sehlooho Kindergarten Is Too Late! Sekoahelong sa eona ho ne ho e-na le mantsoe ana: “Matla a ngoana oa hao a ho ithuta a mangata ka ho fetisisa nakong ea lilemo tse peli tse qalang kapa tse tharo tsa bophelo. Kahoo, se senye nako . . . E se e le Morao Haholo Hore u ka mo isa Sekolong sa Bana ba Banyenyane!”
Mantsoeng a selelekela Glenn Doman, motsamaisi oa Litsi tsa se ka Finyelloang ke Matla a Motho, o bua mantsoe a latelang: “Buka ea Mong. Ibuka e babatsehang le e bonolo ha e tlise phetoho ea bohlokoa ea mofuta leha e le ofe. O mpa feela a bolela hore bana ba masea ba na le matla a ho ithuta ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bobona ha ba sa le banyenyane. O bolela hore seo ba ithutang sona ka ntle ho boiteko leha e le bofe bo matla ha ba le lilemo li peli, tse tharo kapa tse ’nè ba ka ithuta sona ka boiteko bo matla, kapa mohlomong ba ke ke ba ithuta sona ka ho felletseng hamorao bophelong. O bolela hore seo batho ba baholo ba ithutang sona habohloko bana bona ba ithuta sona ka thabo. O bolela hore seo batho ba baholo ba nkang nako e telele ho ithuta sona, bana ba banyenyane bona ba ithuta sona ka lebelo le leholo. O bolela hore ka linako tse ling batho ba baholo ba qoba ho ithuta, ha bana ba banyenyane bona ba ka mpa ba ithuta ho e-na le hore ba je.”
Lebaka leo ka lona Ibuka a bolelang hore nakong ea ha ba le sekolong sa bana ba banyenyane e se e le morao haholo ke la hore ke nako eo ka eona lilemo tsa bohlokoahali tsa ngoana oa hao tsa ho ithuta li seng li fetile. Empa ho na le lebaka le leng hape. Matsatsing ana ho hlepha ha boitšoaro ho kene sekolong sa bana ba banyenyane, ’me le pele ngoana a fihla moo, ho hlokahala hore batsoali ba kenye ka ho ngoana melao e matla ea boitšoaro bakeng sa ho mo sireletsa tšenyehong.
Bohlokoa ba sena bo ile ba tlalehoa ke batsoali ba moshemane ea lilemo li tšeletseng ea neng a sa tsoa fihla sekolong sa bana ba banyenyane. “Bekeng ea pele a le sekolong sa bana ba banyenyane, moshemane e mong o ile a bua le mora oa rōna ka mabifi ka likamano tsa botona le botšehali ka nako ea metsotso e 15 ka beseng e ba isang sekolong. Sena se ile sa tsoela pele ka matsatsi a ’maloa. E ne e se feela papali ea bongoana kapa hore ngoana e mong a ikhakanye joaloka ngaka, empa e ne e le boitšoaro bo hlokang kelello ka ho hlakileng.
“Bana ba bangata klaseng ea mora oa rōna ba ne ba ea le batsoali ba bona libaesekopong tse bontšang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le pefo. Mohlomong batsoali ba nahana hore ho sireletsehile haholoanyane hore ba tsamaee le bona ho feta ho ba siea le mohlokomeli oa ngoana eo ba mo belaellang. Bana ba bang ba shebella libaesekopo tsena tse bontšang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le pefo liteisheneng tse ling tse lefelloang ka ho khethehileng tsa thelevishene kapa lifiliming tseo batsoali ba bona ba nang le tsona lapeng.
“Bohlokoa ba ho kenya melao-motheo ea boitšoaro ho mora oa rōna lilemong tsa hae tsa khōlo, ho tloha bonyenyaneng ho ea pele, ho ile ha bontšoa ke ketsahalo e ’ngoe e tšosang e ileng ea etsahala lapeng la rōna. Ho ne ho le teng ngoanana ea lilemo li ’nè hammoho le baeti ba bang bao e leng batho ba baholo. Eena le mora oa rōna, ea rutiloeng ka mokhoa o hlokolosi hore likamano tsa botona le botšehali ke tsa batho ba baholo ba lenyalong feela, ba ne ba le ka kamoreng ea hae ea ho bapalla le boikhathollo. O ne a batla ho bapala papali ea ho laetsana ’me a mo bolella hore a paqame fatše. Ha ka baka la ho sa tsebe a etsa joalo, o ile a robala holim’a hae. Moshemane o ile a tšoha ’me a hlalosa: ‘Seo se loketse batho ba nyalaneng feela!’ Ha a tsoha le ho tsoa ka kamoreng ea ho bapalla le boikhathollo ngoanana enoa o ile a hoeletsa ’me a re: ‘U se ke ua bolella motho!’”—Bapisa le Genese 39:12.
Lintho tse latelang ke tse etsahalang metseng e meholo le libakeng tse kantle ho litoropo—e leng lintho tseo bana ba banyenyane ba tlamehang ho sireletsoa ho tsona ho tloha bonyenyaneng ho ea pele.
Bashemane ba babeli ba lilemo li supileng ba ile ba fumanoa ba le molato oa ho beta ngoanana ea lilemo li tšeletseng ka matloaneng a sekolo. Bashemane ba bararo, ba lilemo li tšeletseng, tse supileng le tse robong, ba ile ba beta ngoanana ea lilemo li tšeletseng. Moshemane ea lilemo li robeli o ile a beta moshemane e mong ea kenang sekolo sa bana ba banyenyane. Moshemane ea lilemo li 11 o ile a fumanoa a le molato oa ho beta ngoanana ea lilemo li peli. Lingaka tse ling li ile tsa bolela hore hangata batlōli ba joalo ba molao e ne e le bahlaseluoa ba ho hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ha ba sa le banyenyane.
Sena se tiisoa ke tlaleho ea moshemane e mong e monyenyane. Ha e sa le lesea, rakhali oa hae ea lilemo li 20 o ne a tloaetse ho nyanya setho sa moshemane enoa sa botona. Ho tloha ha a le likhoeli tse 18 ho fihlela ho tse 30, o ile a hleka-hlekoa ka mokhoa ona oa likamano tsa botona le botšehali. Lilemo tse peli kapa tse tharo hamorao moshemane enoa o ne a hlasela banana ba banyenyane ka likamano tsa botona le botšehali. Ha a qala ho kena sekolo, o ile a tsoela pele ka mosebetsi ona ’me o ile a lelekoa selemong sa pele sekolong sa bana ba banyenyane le ha a bala sehlopha sa bobeli.
Bohlokoa ba ho ba Koetlisa ho Tloha Bonyenyaneng
Ho hlōleha ha batsoali ho fana ka koetliso e loketseng lilemong tsa khōlo ho hleka tsela bakeng sa botloko-tsebe ba bacha, e leng seo hape se ka ’nang sa bula tsela bakeng sa litlōlo tse ling tsa molao tse tebileng haholo: ho senya thepa ka boomo, ho thuha mehaho ka morero oa bosholu le ho bolaea. Liketsahalo tse latelang ke makumane a lintho tse joalo.
Bashemane ba bararo ba lilemo li tšeletseng ba ile ba phenya-phenya ntlo ea bo motsoalle oa bona, ba senya thepa ka boomo ka kamoreng e ’ngoe le e ’ngoe. Moshemane ea lilemo li robong o ile a qosoa ka tšenyo eo e leng phello ea liketso tse thibetsoeng ka molao, ho thuha matlo a eketsehileng, ho tšosa ngoana e mong ka thipa le ho chesa moriri oa ngoanana e mong. Bashemane ba babeli ba lilemo li 11 ba ile ba sunya sethunya sa pistolo sa limilimithara tse robong ka molomong oa ngoana e mong ea lilemo li leshome ’me ba mo utsoetsa oache. Moshemane ea lilemo li leshome o ile a thunya ngoanana ea lilemo li supileng le ho ’molaea ka baka la ho phehisana khang ka papali ea video. Moshemane e mong ea lilemo li leshome o ile a thunya motsoalle oa hae a ba a pata setopo seo ka tlung. Moshemane ea lilemo li hlano o ile a bolaea lesea ka ho le sutumetsa le ho le lihela methating ea mokato oa bohlano. Moshemane e mong ea lilemo li 13 o ile a kopanela le bashemane ba bang ba babeli tabeng ea ho koetela moshemane ea lilemo li supileng e le hore ba ka fumana chelete ho batsoali ba hae, empa le pele ba letsetsa lelapa la habo moshemane eo thelefono bakeng sa ho batla chelete ea thekollo, ba ile ba mo epela a ntse a phela.
Taba ea ho qetela eo re ka nahanang ka eona ke boemo bona bo harolang letsoalo: likenke tsa bacha, tse hlometseng ka lithunya tsa mefuta-futa, tse sollang literateng, tse loanang ka lithunya, likulo li itsoela feela, ’me likulo tsena ha li bolaee tsona feela empa li boetse li bolaea le bana ba se nang molato le batho ba baholo ha ho thunyanoa. Li hlasela likarolo tse ngata litoropong tse khōlō—Los Angeles feela, “ho na le litho tse ka bang 100 000 kapa ho feta tsa likenke tse 800 tse hlokomelehang.” (Seventeen, August 1991) Ba bangata ba litho tsena ba tsoa malapeng a qhalaneng. Likenke tsena li fetoha malapa a bona. Ba bangata ba qetella ba le teronkong. Ba bangata ba qetella ba shoele. Mangolo ana a mararo ke mohlala oa mangolo a ileng a ngoloa teronkong.
Moshemane oa pele: ‘Ke teronkong ea bana ba litloko-tsebe bakeng sa ho leka ho k’hothotsa. Re ne re le banè. Joale mapolesa a ile a fihla. Metsoalle ea ka e ’meli [ea sehlopha sa kenke] e ile ea tšola tlhako morong ka ho inkela tsela e ’ngoe, ’me ’na le e mong re ile ra nka tsela e ’ngoe, empa ntja ea mapolesa e ile ea re tšoara. Mohla ke tsoang teronkong, ke nahana hore ka letsatsi le leng ke tla ba motho e mong ea khethehileng. Ka mehla ho ea sekolong le ho fumana lintlha tse molemonyana lithutong tsa sekolo e bile ntho e thata haholo ho ’na. Empa ha ho ntho e thata ho feta ho ba teronkong!’
Moshemane oa bobeli: ‘Ha ke qala ho fihla Mexico, ke ne ke le lilemo li robeli feela. Ha ke e-ba lilemo li 12, ke ile ka kena kenkeng. Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka ikakhela kenkeng ka ho felletseng. Ka makhetlo a mangata ke ne ke thunya batho ke le ka koloing. Ka mehla ke ne ke lula ke tšoere sethunya. Ha ke le lilemo li 16 ke ile ka thunngoa ’me ka batla ke e-shoa. Ke ile ka leboha Morena hobane o ne a e-s’o mpitse hobane le ’na ke ne ke e-s’o lokele ho ea ho eena. Hona joale ke na le masoba a likulo maotong. Kahoo keletso ea ka ke hore u se kene kenkeng!!! ho seng joalo u tla sala potong u le mong le ho ba seqhoala u le teronkong joaloka ’na!’
Moshemane oa boraro: ‘Ke bile setho sa kenke se tsebahalang ho tloha ha ke le lilemo li 11. Ke hlabiloe ka thipa makhetlo a mane, ka thunngoa ka makhetlo a mararo, ka ea teronkong le ho otloa ka makhetlo a mangata hoo ke seng ke sa tsebe. Ntho e ntšalletseng feela ke hore ke shoe, empa ke bile malala-a-laotsoe bakeng sa hoo ho tloha ha ke le lilemo li 13, ’me hona joale ke lilemo li 16. Hona joale ke sebeletsa molato oa likhoeli tse robeli teronkong ’me nakong ea lilemo tse seng kae ke tla be ke shoele, empa le ka qoba sena sohle ka ho se qale ho kena kenkeng.’
Sebelisa Nako e Loketseng Hamolemo
Joale, morero oa sena hase ho bolela hore ho hlōleha ho koetlisa bana lilemong tsa bona tsa bonyenyane ho tla hle ho felle ka litlōlo tsena tsa molao tse tšabehang. Empa ho hlōleha ho etsa joalo ho ka lebisa boitšoarong bo mabifi, bo ka fetohang botloko-tsebe ba bacha, ’me haeba botloko-tsebe ba bacha bo tsoela pele bo sa hlokomeloe, bo ka fetoha boitšoaro ba bonokoane bo ka fellang ka teronko le lefu.
Ho hlahloba litloaelo leha e le life tse joalo ho bana ba hao ho bonolo haholo ho feta ho ema ho fihlela lilemong tsa bocha. Ha e le hantle, lilemo tsa pele ba isoa sekolong sa bana ba banyenyane ke eona nako ea ho qalisa, hobane nako eo ba e qetang le uena joaloka motsoali e ngata, ke nako eo litšusumetso tse tsoang ka ntle li lokelang ho hlokomeloa. Haeba u ne u se haufi le bona bonyenyaneng ba bona, mohlomong ba ke ke ba u lumella hore u ba atamele lilemong tsa bona tsa bocha. U ka ’na ua hlokomela hore lithaka tsa bona li se li nkile sebaka sa hao. Kahoo, keletso e eang ho batsoali ke ena, U se hlokomolohe bana ba hao lilemong tsena tsa khōlo nakong eo se molemohali seo u ba etsetsang sona se tla beha litholoana tse molemo ka ho fetisisa, tlhohonolofatsong ea hao hammoho le bona.—Bapisa le Mattheu 7:16-20.