Lilemo tsa Khōlo—Seo u se Jalang Hona Joale u Tla se Kotula Hamorao
BOKO ba masea bo monya boitsebiso bo bo potolohileng. Lilemong tse peli masea a ithuta puo e rarahaneng ka ho e utloa feela. Haeba ngoana a utloa lipuo tse peli, o ithuta tsona ka bobeli. Hase puo feela empa hape le ’mino le matla a ho qapa lintho, tšebetso ea mesifa, melao ea bohlokoa ea boitšoaro le letsoalo, tumelo le lerato le takatso e matla ea borapeli—lintho tsena kaofela li tsoa matleng a kentsoeng bokong ba ngoana esale pele. A letetse feela boitsebiso boo a bo amohelang ho tsoa tikolohong bakeng sa khōlo. Hape, ho teng kemiso ea nako e nepahetseng ea hore boitsebiso bona bo tlise liphello tse molemo ka ho fetisisa, ’me nako eo e molemo ke lilemong tsa khōlo.
Sena sohle se qalisa nakong ea tsoalo. Sena se bitsoa tlamahano. Ka lerato ’mè o boha lesea mahlong, o bua le lona ka mokhoa o thobang, o le kopa ka matsoho le ho le sika. Matla a lerato la ’mè a eketseha ha lesea le mo talima ’me le ikutloa le sireletsehile. Haeba nakong ena le qala ho nyanya, sena se molemo ho bona ba le babeli. Ha ngoana a nyanya o potlakisa tlhahiso ea lebese. Ho ama letlalo la lesea ho ntša li-hormone tse fokotsang ho tsoa mali ha ’mè ka mor’a ho beleha. Lebese la ’mè le na le metsoako e thibelang lesea hore le se ke la tšoaetsoa ke mafu. Tlamahano e ba teng. Ho qaleha kamano ea lerato mahareng a ’mè le ngoana. Seo e mpa e le qalo feela.
Kapele-pele tlamahano ea batho ba babeli e fetoha ea batho ba bararo ha ntate a kenella, joalokaha ka sebele a tlameha ho etsa joalo. Dr. T. Berry Brazelton o re: “Ngoana e mong le e mong o hloka . . . ntate, ’me ntate e mong le e mong a ka etsa phapang. . . . Ho bonahala bo-’mè ba le bonolo empa ba lekanyetsa maikutlo a bona ho masea a bona. Ka lehlakoreng le leng, bo-ntate ba bapalisa bana ba bona le ho ba tsikinyetsa le ho ba tsipa ho feta kamoo bo-’mè ba etsang ka teng.” Masea a arabela ka sello sa thabo ha a bapalisoa ke banna, ’me aa thaba a bile a batla ho bapalisoa ka ho eketsehileng. Sena ke ho ntšetsa-pele tlamahano e ileng ea simolla nakong ea tsoalo. Dr. Magid, mongoli-’moho le mongoli oa buka High Risk: Children Without a Conscience o re: ‘Kamano ea lerato mahareng a batsoali le ngoana eo e leng ea tlhaho ea etsoa kapa ea hlokomolohuoa likhoeling tsa pele tse 18 tsa bophelo ba lesea.’ O bolela hore haeba e hlokomolohuoa, bana ba joalo ba ka ’na ba hōla ba hloka matla a ho hōlisa kamano leha e le efe ea botho ’me ha ba na matla a ho rata.
’Mè le Ntate ba Arolelana Tlamahano
Kahoo, sena ke sa bohlokoa hakaakang bakeng sa ’mè le ntate hore ba tšoarisane tabeng ea ho matlafatsa kamano ena ea lerato, tlamahano ena ea lerato le katamelano e haufi mahareng a batsoali le ngoana lilemong tsa khōlo pele a ea sekolong sa bana ba banyenyane! Etsang hore ho be teng ho kopa ka matsoho le ho aka ho etsoang ke batsoali ka bobeli. E, bo-ntate le bona baa ho etsa! Men’s Health ea June 1992 e re: “Ho kopa ka matsoho le ho thetsa ka ’mele ho etsaong ke batsoali ho bontša ka tsela e matla botsoalle bo atlehileng, lenyalo le mesebetsi e atlehileng bakeng sa bokamoso ba ngoana joalokaha ho tlalehile phuputso ea lilemo tse 36 e ileng ea hatisoa ho Journal of Personality and Social Psychology. Karolo ea 70 lekholong ea bana ba nang le batsoali ba lerato e ile ea tsoela pele hantle ka boeona bophelong ha ho bapisoa le karolo ea 30 lekholong ea bana ba nang le batsoali ba se nang lerato le ba sa atameleheng; ’me ho ile ha fumanoa hore ho kopa ha Ntate ho bohlokoa joaloka ha ’Mè.”
Hape, mo tšoara-tšoare ha u ntse u mo sututsa ka koloinyana ea bana. Mo balle ha a ntse a ikutloa a sireletsehile ha u mo sikile. Bua le eena u be u mo mamele, mo rute se nepahetseng le se fosahetseng, le kholisehe hore le mehlala e metle, ka ho sebelisa melao-motheo ena ka bolōna. Ka mehla le nahane ka lilemo tsa ngoana. E nolofatseng, etsang hore e be e thahasellisang, e nyakallisang.
Ngoana oa hao o na le bohele-hele ba tlhaho ba ho rata ho tseba lintho, e leng takatso ea ho tseba ho hlahlobisisa lintho, ho ithuta lintho tsohle ka tikoloho ea hae. Bakeng sa ho khotsofatsa takatso eo, ngoana o tla u tšoenya ka letoto la lipotso tse sa feleng. Moea o bakoa ke eng? Ke hobane’ng ha leholimo le le leputsoa? Ke hobane’ng ha ho ba ho fubelu ha letsatsi le likela? Arabela lipotso tseo. Ha ho bonolo ka mehla. Lipotso tsena ke memo ea ho susumetsa kelello ea ngoana oa hao, ho mo neha boitsebiso, mohlomong ho kenya ka ho eena kananelo bakeng sa Molimo le pōpo ea hae. Na ke kokoanyana e bitsoang maleshoane e tsamaeang holim’a lekhapetla e mo hapang thahasello ea hae? Kapa ke sebōpeho sa palesa e nyenyane? Kapa ke ha sekho se loha tepo ea sona? Kapa ke ho bapala ka seretse? U se hlokomolohe ho ruta ka lipalenyana joalokaha Jesu a ile a ruta ka litšoantšo. Sena se etsa hore ho ithuta e be ho thabisang.
Maemong a mangata ho hlokahala hore batsoali ka bobeli ba sebetse. Na ba ka etsa boiteko bo khethehileng bakeng sa ho qeta lihora tsa mantsiboea le mafelo-beke hammoho le bana ba bona? Na ho ka etsahala hore ’mè a sebetse halofo ea letsatsi letsatsi ka leng bakeng sa ho ba le nako e eketsehileng le bana ba hae? Kajeno ho boetse ho na le batsoali ba bangata ba se nang balekane ’me le bona ba lokela ho sebetsa bakeng sa ho iphelisa le ho phelisa bana ba bona. Na le bona ba ka ba seli hore ba sebelise lihora tse ngata kamoo ho ka khonehang tsa mantsiboea le mafelo-beke bakeng sa ho ba le bana ba bona? Maemong a mangata hoa hlokahala hore bo-’mè ba be hōle le bana ba bona. Le hoja mabaka a ho se be teng lapeng a utloahala, lesea ha le utloisise seo ’me le ka ikutloa le lahliloe. Joale ho lokela hore ho etsoe boiteko bo khethehileng ba ho reka nako bakeng sa ngoana oa hao.
Joale, “nako ea bohlokoahali” eo re utloang ho buuoa ka eona ke eng? Batsoali ba leng maphatha-phatha ba ka sebelisa metsotso e 15 kapa e 20 ka matsatsi a mang le ngoana oa bona, mohlomong hora e le ’ngoe ka mafelo-beke, ebe ba bitsa sena nako ea bohlokoahali. Na e lekane bakeng sa litlhoko tsa ngoana? Kapa na morero oa eona ke ho kokobetsa letsoalo la botsoali? Kapa ke ho khotsofatsa kelello ea ’mè ea sebetsang hore a fumane khotsofalo ea botho empa a siea ea ngoana e sa khotsoafatsoa? Mohlomong u ka ’na oa re: ‘Ka botšepehi ke tšoarehile hoo ke hlokang nako eo.’ Boo ke bomalimabe le boemo bo utloisang bohloko ho uena le ngoana oa hao hobane ha ho litsela tse khaoletsang tsa ho etsa sena. Fumana nako lilemong tsa khōlo, kapa u ikemisetse ho koala lekhalo la moloko lilemong tsa bocha.
Hase feela kotsi e ka ’nang ea hlahela ngoana ha a le setsing sa tlhokomelo ea bana motšehare, empa hape ke tahlehelo ho batsoali ba hlōlehang ho thabela khōlo ea ngoana. Hase ka mehla ngoana a utloisisang mabaka a ho siuoa a le mong; a ka ikutloa a hlokomolohiloe, a lahliloe, a tlohetsoe feela, a sa ratoe. Ha a le lilemo li 13, o se a e-na le kamano le lithaka e nkang sebaka sa batsoali ba maphatha-phatha. Mohlomong ngoana a ka simolla ho phela bophelo bo habeli, bo bong bakeng sa ho thabisa batsoali ba hae ’me bo bong bakeng sa ho ithabisa ka boeena. Mantsoe, litlhaloso, boipiletso—lintho tsena kaofela li ke ke tsa koala lekhalo la moloko. Joale puo ea motsoali ka lerato ha e buuoe e le ea sebele ho ea ileng a hlokomolohuoa lilemong tseo a neng a hloka batsoali ba hae ka ho fetisisa ka tsona. Ho bua ka lerato hona joale ho utloahala ho fosahetse; mantsoe ana a utloahala e se ’nete. Joaloka tumelo, seo ho boleloang hore ke lerato ha se hloka mesebetsi se shoele.—Jakobo 2:26.
Ho Kotula Seo re se Jalang Esita le Hona Joale
Molokong ona oa ’na pele, boithati bo ntse bo eketseha, ’me sena se hlakile ka ho khethehileng ho bana ba rōna ba siiloeng. Ke rōna re ba tsoetseng, ebe joale re ba isa litsing tsa tlhokomelo ea bana motšehare. Litsi tse ling tsa tlhokomelo ea bana e ka ba tse lokileng bakeng sa bana, empa ha ho joalo ka tse ngata, haholo-holo bakeng sa bana ba banyenyane. Litsi tse ling li ntse li hlahlojoa bakeng sa ho hleka-hleka bana ka likamano tsa botona le botšehali. Mofuputsi e mong o ile a re: “Ka ntle ho pelaelo, ha ho bapisoa le mathata a nakong e tlang, mathata a kajeno a tla bonahala a se kotsi joaloka ’moka oa boithabiso. ‘’Moka ea kajeno ea boithabiso’ e se e ntse e le kotsi joalokaha lipalo-palo tse fanoeng ke Dr. David Elkind ka 1992 li bontša:
“Ho bile le keketseho ea 50 lekholong ea ho nona ha bana le bacha lilemong tse mashome a mabeli tse fetileng. Re lahleheloa ke bacha ba likete tse leshome ka selemo ka baka la likotsi tse bakiloeng ke ba neng ba sebelisa lithethefatsi le joala, ho sa baloe ba tsoileng likotsi le ba ileng ba holofala. Mocha a le mong ho ba bane o noa ka ho tlotseng libeke tse ling le tse ling tse peli, ’me re na le bacha bao e leng makhoba a tahi ba limillione tse peli.
“Banana ba Amerika ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba ima ka lebelo la ba millione ka selemo, e leng lebelo la ho ima ha banana ba Engelane habeli, e leng naha e ka Bophirimela e nang le lenane la bacha ba imang le latelang la ho ima ha banana ba Amerika. Ho ipolaea ho eketsehile ka makhetlo a mararo har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 lilemong tse 20 tse fetileng, ’me bacha ba pakeng tsa 5 000 le 6 000 ba ipolaea selemo le selemo. Ho lekanyetsoa hore mocha oa ngoanana a le mong ho ba bane o bontša bonyane letšoao le le leng la bothata ba ho ja, haholo-holo ho itima lijo ka ho fetelletseng. Sehlopha sa bacha ba lilemo li 14 ho isa ho 19 ke sona sa bobeli se hlahelletseng ka ho fetisisa bakeng sa ho bolaea batho ho feta sehlopha leha e le sefe.”
Phaella ho bolaoa ha masea a fetang limillione tse 50 a sa le ka pōpelong lipalo-palong tsena tse tšosang, ’me ‘moketjana oa kajeno oa boithabiso’ o shanofatsa tlhaloso eo. Ka baka la ho qhalana ha malapa ho eketsehang, Dr. Elkind o ile a re: “Liphetoho tse potlakileng sechabeng ke tlokotsi bakeng sa bana le bacha ba hlokang botsitso le tšireletseho bakeng sa khōlo ea bona e ntle le tsoelo-pele.” Mongoli e mong ha a ngola ka boikutlo ba boithati ba ’na pele o ile a ipelaetsa ka hore: “Empa ha ho motho ea ikemiselitseng ho re ho banyalani, Bonang, le tlameha ho lula le nyalane. Haeba le e-na le bana, lulang le nyalane!”
Ho nka nako ho rata ngoana. Lilemong tse fetileng Robert Keeshan, seboholi sa lenaneo la bana thelevisheneng se tsejoang e le Captain Kangaroo, se ile sa hlokomelisa ka liphello tsa ho se iphe nako bakeng sa bana ba hao. Se ile sa re:
“Ngoana e monyenyane ea anyang monoana, a tšoere popi ka letsoho, o emetse hore motsoali a fihle. O rata ho pheta phihlelo ea ho bapala ka lebokoseng le tletseng lehlabathe. O batla ho pheta thabo eo a bileng le eona letsatsing leo. Nako ea fihla, motsoali oa fihla. Ka baka la ho nyahamisoa ke khatello ea mosebetsing hangata motsoali o re ho ngoana: ‘E seng hona joale hle, moratuoa. Ke tšoarehile, tsamaea u e’o shebella thelevishene.’ Hangata mantsoe a buuoang malapeng a Maamerika ke ana: ‘Ke tšoarehile, tsamaea u e’o shebella thelevishene.’ Haeba ngoana a sa phete phihlelo ea hae nakong eo, o tla e pheta neng? ‘Hamorao.’ Empa ke ka seoelo hamorao e tlang . . .
“Lilemo lia feta ’me ngoana oa hōla. Re mo neha lintho tsa ho bapala le liaparo. Re mo neha liaparo tsa meseho e ikhethang le stereo empa ha re mo nehe seo a hlileng a se batlang ka ho fetisisa, nako ea rōna. O lilemo li 14, mahlo a hae ha a khanye khotso, ho na le ntho e ’ngoe eo a e nahanneng, mohlomong u nahanne ka lithethefatsi. ‘Moratuoa, molato ke’ng? Bua le ’na, bua le ’na.’ Nako e se e ile. Nako e se e ile haholo. Lerato le felile. . . .
“Ha re re ho ngoana, ‘Eseng hona joale, hamorao.’ Ha re re, ‘Tsamaea u e’o shebella TV.’ Ha re re, ‘Se ke ua botsa lipotso tse ngata hakaana.’ Ha re hlōleha ho neha bacha ba rōna ntho e le ’ngoe eo ba e batlang ho rōna, nako ea rōna. Ha re hlōleha ho rata ngoana. Rea tsotella. Re mpa re tšoarehile haholo bakeng sa ho rata ngoana.”
Ho Hlokahala Tekanyo e Itseng ea Nako
orero hase feela ho fana ka “nako ea boleng bo phahameng” ka liqonoana-qonoana; empa e boetse e lokela ho akarelletsa “tekanyo ea bolelele ba nako.” Bibele e nang le bohlale bo fetang ba libuka tsohle tsa bohlale tse kileng tsa ngoloa, ho Deuteronoma 6:6, 7 e re: “Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong e hao. U tlo u li rute bana ba hao, ’me u bue ka tsona, ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha.” U lokela ho kenya lintho tsa bohlokoa tse tsoang Lentsoeng la Molimo tse leng ka pelong ea hao lipelong tsa bana. Haeba u phela ka tsona, ngoana oa hao u tla u etsisa.
Na u sa hopola maele a qotsitsoeng serapeng sa bobeli sehloohong se fetileng? Ke ana hape: “Ruta mohlankana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.” (Liproverbia 22:6) Sena ke ’nete haeba u kentse lintho tsena tsa bohlokoa, ke hore, u li kentse ka ho eena, u li entse karolo ea monahano oa hae, u li kentse maikutlong a hae a ka hare-hare, seo a leng sona ka ho tebileng ka hare. Sena se tla etsahala feela haeba batsoali ba mo ruta lintho tsena tsa bohlokoa ebile liketso tsa bona li lumellana le tsona.
O li amohetse joaloka tsela ea bophelo. Sena se fetohile tekanyetso ea hae ea botho eo e leng karolo ea hae. Ho ba khahlanong le tsona hona joale e ke ke ea e-ba ho ba khahlanong le seo batsoali ba hae ba mo rutileng sona empa ke seo eena ka boeena a seng a le sona. O tla be a ithetsa. O tla be a itatola. (2 Timothea 2:13) Ho na le boikutlo bo tebileng ba ho se batle ho iketsa joalo. Kahoo, ho bonahala a ke ke a ‘kheloha tsela ena’ eo a e rutiloeng. Kahoo lumella bana ba hao hore ba latele boitšoaro ba hao bo botle. Ba rute ho ba mosa ka ho bontša mosa, ho ba le mekhoa e metle ka ho ba le eona, ba rute ho ba bonolo ka hore u be bonolo, ba rute ho tšepahala le ho ba le ’nete ka ho beha mohlala lintlheng tsena.
Tokisetso ea Jehova
Bonngoe ba lelapa e ne e le tokisetso ea Jehova bakeng sa motho ho tloha qalong. (Genese 1:26-28; 2:18-24) Ka mor’a lilemo tse 6 000 tsa histori ea motho, tokisetso ena e sa ntse e nkoa e le ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa batho ba baholo le bana, joalokaha ho tiisa buka Secrets of Strong Families ka mantsoe ana:
“Mohlomong ntho e ’ngoe e tebileng ka hare ho rōna e hlokomela hore lelapa ke motheo oa tsoelo-pele. Mohlomong ka tlhaho feela rea tseba hore bophelong, chelete, mosebetsi, botumo, ntlo e majaba-jaba, lefatše kapa matlotlo a lintho tse bonahalang, hase lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa—bophelong ke batho ba re ratang le ho re hlokomela le ho re tsotella bao e leng ba bohlokoa. Bophelong ba rōna batho ba ikemiselitseng ho re thusa le bao re ka ba tšepang bakeng sa tšehetso le thuso ke bona bao e leng ba bohlokoa. Ha ho moo matla a ho ratoa, tšehetso, tlhokomelo le ho tsotelloa e leng lintho tseo kaofela re li laba-labelang li tsoang teng ho feta ka lapeng.”
Kahoo, ke habohlokoa ho ba seli ho ba koetlisa ka ho loketseng hona joale nakong ea lilemo tsa khōlo e le hore seo u tla se kotula nakong e tlang e tle e be bophelo bo thabileng ba lelapa ho uena le bana ba hao.—Bapisa le Liproverbia 3:1-7.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Ke Tla ba Motsoali Ofe?
Moshemane e monyenyane o ile a hoeletsa ka lentsoe le tletseng thabo: “Ke fumane li-A tse peli.” Ka ho se tsotelle ntat’ae o ile a botsa: “Ke hobane’ng ha o sa fumana matšoao a ka holimo ho ao?” Ngoanana o ile a bua le ’mè oa hae a le monyako: “’Mè, ke se ke qetile ho hlatsoa lijana.” Ka tsela e bontšang ho se tšoenyehe ’mè oa hae o ile a re: “Na u qhalile lithōle?” Moshemane e molelele o ile a re: “Ke se ke qetile ho kuta mohloa ’me ke se ke bile ke behile mochine.” A sisinya mahetla ka tsela e bontšang ho se tsotelle, ntat’ae o ile a mo botsa: “Na u o kutile hantle le ka mathōko?”
Bana ba moahisani ba bonahala ba thabile ba bile ba khotsofetse. Le mona ho etsahetse ntho e tšoanang, ’me ena ke tsela eo e ileng ea etsahala ka eona:
Moshemane e monyenyane o ile a hoeletsa ka lentsoe le tletseng thabo: “Ke fumane li-A tse peli.” Ka motlotlo ntat’ae o ile a re: “Ke hantle haholo; ke thabetse hore u sebelitse ka bokhabane bo boholo.” Ngoanana o ile a bua a le monyako: “’Mè, ke se ke qetile ho hlatsoa lijana.” Ka ho bososela le ka bonolo ’mè oa hae o ile a re: “Letsatsi le letsatsi ke ntse ke u rata ka ho eketsehileng.” Moshemane e molelele o ile a re: “Ke se ke qetile ho kuta mohloa ’me ke se ke bile ke behile mochine.” Ka thabo ntat’ae o ile a mo araba: “U entse hore ke be motlotlo ka uena.”
Bana ba tšoaneloa ke thoriso e seng kae bakeng sa mesebetsi eo ba e etsang letsatsi le letsatsi. Haeba ba tla phela bophelo bo thabileng, ho hongata ho itšetlehile ka uena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Ntate o kopanela le ’mè mehatong ea tlamahano
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ha matla a ho qapa lintho a eketseha, ho moshemane ea mathang a phukalalitse matsoho sena se tšoana le sefofane, lebokose le leholo le fetoha sebaka sa ho bapala mantloane, lefielo e ba pere, setulo ke sebaka seo mokhanni oa koloi ea reisisi a lulang ho sona