Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lr khao. 19 maq. 102-106
  • Na ho Nepahetse ho Loana?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Nepahetse ho Loana?
  • Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Bana ba Sireletsehile ha ba E-na le Ntja ea Hao?
    Tsoha!—1997
  • Ba ne ba Bitsoa “Bara ba Sealuma”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Na U Batla ho ba oa Pele Kamehla?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • “Loana Ntoa e Ntle ea Tumelo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
Ithute ho Mosuoe e Moholo
lr khao. 19 maq. 102-106

Khaolo ea 19

Na ho Nepahetse ho Loana?

NA HO na le bashemane kapa banana bao u ba tsebang ba ratang ho iketsa bo-nkokonono le bo-mpoli?— Na u rata ho ba har’a bona? Kapa na u ka khetha ho ba har’a batho ba mosa le ba ratang khotso?— Mosuoe e Moholo o ile a re: “Ho thaba ba nang le khotso, kaha ba tla bitsoa ‘bara ba Molimo.’”—Matheu 5:9.

Empa ka linako tse ling batho ba bang ba etsa lintho tse re koatisang. Na ha ho joalo?— Kahoo re ka ’na ra batla ho iphetetsa. Sena se kile sa etsahalla barutuoa ba Jesu ha ba ntse ba tsamaea le eena tseleng e eang Jerusalema. E-re ke u phetele pale eo.

Ha ba se ba tsamaile sebakanyana, Jesu a roma barutuoa ba hae ba seng bakae hore ba fetele pele motsaneng oa Samaria ho ea batla sebaka seo ba tla phomola ho sona. Empa batho ba sebaka seo ba ne ba sa batle ha ba lula moo, hobane Basamaria ba ne ba e-na le bolumeli ba bona. Ba ne ba bile ba sa rate hore motho leha e le ofe a ee motseng oa Jerusalema ho ea rapela.

Haeba seo se ne se etsahetse ho uena, u ka be u ile ua etsa’ng? Na u ka be u ile ua koata? Na u ka be u ile ua batla ho iphetetsa?— Ke seo morutuoa Jakobo le morutuoa Johanne ba ileng ba batla ho se etsa. Ba ile ba re ho Jesu: ‘Na u batla re ba bitsetse mollo o tsoang leholimong ’me o ba timetse?’ Ke kahoo Jesu a ileng a ba bitsa Bara ba Sealuma! Empa Jesu o ile a re ho fosahetse ho etsa batho ba bang joalo.—Luka 9:51-56; Mareka 3:17.

Ke ’nete hore batho ba bang ba ka ’na ba re etsa hampe ka linako tse ling. Bana ba bang ba ka ’na ba hana ha re bapala le bona. Ebile ba ka ’na ba re: “Ha re u batle har’a rōna.” Ha seo se etsahala, akere se ka re utloisa bohloko? Le rōna re ka ’na ra batla ho etsa ho hong ho iphetetsa. Empa na re lokela ho iphetetsa?—

Nka Bibele ea hao. Ebe re phetla Liproverbia khaolo ea 24, temana ea 29. Eona e re: “U se ke ua re: ‘Feela joalokaha a nkentse, ke tla mo etsa joalo. Ke tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.’”

U nahana hore temana ee e re u etse’ng?— E re ha rea lokela ho iphetetsa. Ha rea lokela ho etsa motho e mong hampe hobane feela eena a re entse hampe. Empa ho thoe’ng ha ngoana e mong a u qala a batla hore le loane? A ka ’na a leka ho u halefisa ka ho u bitsa ka mabitso a somang. A ka ’na a u tšeha a ba a re u tšohile. Mohlomong a re u lekoala. U lokela ho etsa’ng? Na u lokela ho loana?—

A re boele re shebe hore na Bibele e re’ng. Phetla Matheu khaolo ea 5, temana ea 39. Moo Jesu o re: “U se ke ua hanyetsa ea khopo; empa mang kapa mang ea u jabelang lerameng la hao le letona, u mo reteletse le le leng.” U nahana hore Jesu o ne a bolela’ng ka seo? Na o ne a bolela hore ha motho a u betsa ka feisi lerameng, u lokela ho mo fa lerama le leng le lona a le betse?—

Che, Jesu o ne a sa bolele seo ho hang. Ho jabela motho ha ho tšoane le ho mo betsa ka feisi. Ho tšoana feela le ho mo sutumetsa kapa ho mo khitla ka setsoe. Motho a ka ’na a re jabela e le ha a batla hore re loane. O batla hore re koate. Haeba re koata ’me re mo sutumetsa kapa re mo khitla ka setsoe, ho tla etsahala’ng?— Re ka ’na ra qetella re loana.

Empa Jesu o ne a sa batle hore balateli ba hae ba loane. Kahoo o ile a re ha motho a re jabela, rōna re se ke ra mo jabela. Ha rea lokela ho koata ebe rea loana. Haeba re koata, re bontša hore re ntse re tšoana le motho ea qalileng ntoa.

Haeba khathatso e qala, u nahana hore ho molemo hore u etse’ng?— Ho molemo hore u itsamaele. Motho eo a ka ’na a u sutumetsa kapa a u khitla ka setsoe ka makhetlo a se makae. Empa hoo ho ka ’na ha fella moo. Ha u itsamaela, hoo ha ho bolele hore u lekoala. Ho bolela hore u na le matla a ho etsa se nepahetseng.

Empa ho thoe’ng haeba u loana ’me u hlōla motho eo u loanang le eena? Ho ka ’na ha etsahala’ng ka mor’a moo?— Motho eo u mo hlōtseng a ka ’na a khutla le metsoalle ea hae e meng. Ba ka ba ba u bata ka molamu kapa ba u hlaba ka thipa. Akere ua bona joale hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a sa batle hore re loane?—

Re lokela ho etsa’ng ha re bona batho ba bang ba loana? Na re lokela ho thusetsa e mong?— Bibele e re bolella seo re lokelang ho se etsa. Phetla Liproverbia khaolo ea 26, temana ea 17. E re: “Mang kapa mang ea fetang ka tsela ea halefelang qabang eo e seng ea hae o joaloka ea tšoarang ntja ka litsebe.”

Ho ka etsahala’ng ha u ka tšoara ntja ka litsebe? Akere ntja e tla utloa bohloko, ebe ea u loma? Ha ntja e ntse e ithutlolla, u tla e tiisa le ho feta litsebeng ebe seo se e halefisa le ho feta. Haeba u e tlohela, e ka ’na ea u loma habohloko. Empa na u ka ema moo le eona u e tšoere joalo ka litsebe ho-ea-ho-ile?—

Bona ke bothata boo re tla ikenya ho bona haeba re itšunya-tšunya litabeng tsa batho ba loanang. Mohlomong ha re tsebe le hore na ke mang ea qalileng ntoa kapa hore na ba loanela eng. E ka ’na eaba motho e mong o otloa tjena hobane a utsoelitse e mong. Haeba re mo thusetsa, re tla be re thusa lesholu. Na re tla be re etsa hantle ha re mo thusetsa?

Joale, u lokela ho etsa’ng ha u bona batho ba loana?— Haeba u le sekolong, u ka bolella tichere hang-hang. ’Me haeba u se sekolong, u ka bolella batsoali ba hao kapa lepolesa. Ha e le hantle, re lokela ho boloka khotso le ha batho ba bang ba batla ho re loantša.

Barutuoa ba ’nete ba Jesu ba leka ka hohle ho qoba lintoa. Ka tsela ena re bontša hore re na le matla a ho etsa se nepahetseng. Bibele e re morutuoa oa Jesu ‘ha aa lokela ho loana, empa o lokela ho ba bonolo ho bohle.’—2 Timothea 2:24.

Joale a re ke re shebe keletso e ’ngoe e molemo e tla re thusa ho qoba lintoa: Baroma 12:17-21; le 1 Petrose 3:10, 11.

[Setšoantšo se leqepheng la 102]

Jakobo le Johanne ba ne ba batla ho etsa’ng ho iphetetsa ho Basamaria?

[Setšoantšo se leqepheng la 104]

Re lokela ho etsa’ng ha motho e mong a re qala a batla hore re loane?

[Setšoantšo se leqepheng la 105]

Ho itšunya-tšunya litabeng tsa batho ha ba loana ho tšoana joang le ho tšoara ntja ka litsebe? U ka ’na ua ntšoa kotsi, kahoo se ke ua itšunya-tšunya!

[Setšoantšo se leqepheng la 106]

U lokela ho etsa’ng ha u bona batho ba loana?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela