“Loana Ntoa e Ntle ea Tumelo”
1 Moapostola Pauluse o ile a eletsa Timothea ho “loana ntoa e ntle ea tumelo.” (1 Tim. 6:12) Pauluse ka boeena o ile a phelela mantsoe ao. Qetellong ea bophelo ba hae, o ile a bua ka kholiseho hore o ne a loanne ntoa e ntle. (2 Tim. 4:6-8) Ka litsela tsohle, o ile a phehella tšebeletso ka sebete le ka mamello. Ka ho etsisa mohlala oa hae, re ka ba le kholiseho e tšoanang ea hore re etsa sohle seo re ka se etsang ntoeng ea rōna ea ho loanela tumelo ea Bokreste.
2 Etsa Boiteko bo Hlokahalang: Pauluse o ile a sebetsa ka thata tšebeletsong. (1 Bakor. 15:10) Ho joalo le ka rōna ha re batla bohle ba tšoanelehang tšimong ea rōna. (Mat. 10:11) E le ho finyella ba bang ba bona, ho ka ’na ha hlokahala hore re tsohe hoseng ho ea pakela bao re kopanang le bona seterateng. Kapa ho ka ’na ha hlokahala hore re sebetse motšehare oa mantsiboea kapa ka shoalane hore re kopane le batho ka mor’a hore ba khutlele malapeng a bona.
3 Ho hloka boitaolo le ho ba le kemiso e ntle hore re fihle ka nako ha re kopana le sehlopha sa rōna sa thuto ea buka bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Ka mohlala, tse ling tsa litho tsa lelapa la Bethele li nka metsotso e ka bang 45 ho ea feela, e le hore li kopanele tšebeletsong le liphutheho tseo li abetsoeng ho tsona mafelong a beke. Hape, re ka boela ra babatsa bahoeletsi ba bang le malapa a mang ka phuthehong ea rōna ba tsamaeang libaka tse telele empa ba fihla ka nako. Mehlala e joalo ea ho khothala le tlhophiso ea botho e tšoaneloa ho etsisoa.
4 Re lokela ho susumelletseha ho latella thahasello eohle eo re e fumanang. Esita leha re tsamaisa lingoliloeng seterateng kapa ka tsela e sa reroang, ho hlokahala hore re etse boiteko ba ho fumana aterese kapa nomoro ea thelefono ea motho eo. Joale re ka mo etela ho ea hlaolela thahasello ’me re ikemisetse ho ea qala thuto ea Bibele.
5 E-ba Tšebeletsong Kamehla: Pauluse o ne a tsitsitse a bile a etsa mosebetsi o tsoileng matsoho boboleling. (Baroma 15:19) Ho thoe’ng ka uena? Na u kopanela kamehla tšebeletsong? Na u se u ile ua kopanela tšebeletsong ea tšimo khoeling ee? Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho ba thahasella ho bona e mong le e mong sehlopheng sa bona a kopanela tšebeletsong khoeling ena ea August. Ba tla u thusa ho etsa joalo.
6 Ka ho etsisa mohlala oa Pauluse ka ho tšehetsa litaba tse molemo ka botlalo, re tla tsoela pele ho “loana ntoa e ntle ea tumelo.”