Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/02 maq. 3-4
  • ‘E-bang ba Ruileng Mesebetsing e Metle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘E-bang ba Ruileng Mesebetsing e Metle’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Chesehela se Molemo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • “Ho Pakela ka ho Phethahetseng Litaba Tse Molemo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • ‘Sebetsang se Molemo ho Bohle’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 3/02 maq. 3-4

‘E-bang ba Ruileng Mesebetsing e Metle’

1 Lilemong tsa ho qetela tsa tšebeletso eo a e entseng ka cheseho, moapostola Pauluse o ile a sebetsa haufi-ufi le Timothea le Tite. Bobeli ba bona o ile a ba ngolla mantsoe a khothatso a tšoanang. O ile a bolella Tite hore “ba lumetseng Molimo” ba lokela ho “boloka likelello tsa bona ho ntšetseng pele mesebetsi e metle.” (Tite 3:8) O ile a bolella Timothea hore ba behileng tšepo ea bona ho Molimo ba lokela hore “ba rue mesebetsing e metle.” (1 Tim. 6:17, 18) Ena ke keletso e ntle haholo bakeng sa rōna kaofela! Empa re tla khothatsoa ke eng hore re etse mesebetsi e metle bophelong ba rōna? ’Me ke mesebetsi efe e tobileng eo re ka ’nang ra e etsa matsatsing a tlang?

2 Se re susumelletsang ho rua mesebetsing e metle ke tumelo ea rōna ho Jehova le lerato la rōna ho eena le tšepo e babatsehang eo a re fileng eona. (1 Tim. 6:19; Tite 2:11) Haholo-holo nakong ena ea selemo, re hopotsoa hore Jehova o romme Mora oa hae lefatšeng e le hore Jesu a ka tlosa qoso ho Ntate oa hae le ho bulela batho bohle ba tšoanelehang tsela e isang bophelong bo sa feleng. (Mat. 20:28; Joh. 3:16) Sena se tla hlakisoa haholo moketeng oa Sehopotso sa lefu la Kreste ka la 28 March. Ha re arabela tšepong eo re nang le eona ea ho fumana bophelo bo sa feleng, na ha re susumeletsehe ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ‘rua mesebetsing e metle’? Ho hlakile hore ho joalo! Re ka etsa mesebetsi efe hona joale?

3 Mesebetsi e Metle e Lokelang ho Etsoa ka March le ka Mor’a Eona: Ka sebele, re tla ba teng Sehopotsong—ketsahalo ea bohlokoahali selemong ho Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. (Luka 22:19) Empa re rata ho kopanela thabo ea ketsahalo eo le ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng. Bona tlaleho ea tšebeletso e ka har’a Buka ea Selemo ea 2002, ’me u tla bona hore selemong se fetileng linaheng tse ngata ho pota lefatše, palo ea ba bileng teng Sehopotsong e ne e mena palo ea bahoeletsi ka makhetlo a mararo, a mane, a mahlano, kapa ho feta. Ka sebele ho ile ha hlokahala hore bohle ba ka liphuthehong ba sebetse ka thata e le hore ba abe ka ho pharaletseng limemo tsa Sehopotso tšimong ea bona. Ka lebaka leo, re batla ho qeta nako e ngata kamoo re ka khonang ho tloha hona joale ho fihlela ka la 28 March re memela batho Sehopotsong le ho ba thusa ho ithuta ka tšepo ea poloko.

4 Ka April boemo ba leholimo bo sa ntse bo le botle. Re ka sebelisa boemo boo hamolemo joang tabeng ea ho ‘rua mesebetsing e metle’? Re ka etsa joalo ka ho tsoela pele re nka karolo ka mafolofolo mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo, re ‘chesehele mesebetsi e metle.’ (Tite 2:14; Mat. 24:14) Haeba u sa ka ua khona ho bula maliboho ka March, na u ka khona ka April le/kapa ka May? Haeba u bula maliboho ka March, na u ka tsoela pele?

5 Ba bang ba sebetsang ba hlokomela hore ba ka qeta hora kapa ho feta tšebeletsong ha ba e-ea mosebetsing, ba etsa bopaki ba seterateng kapa ba etela batho ba sebetsang mabenkeleng a buloang esale hoseng. Ba bang ba etsa kemiso ea ho paka ka karolo e itseng ea nako ea bona ea phomolo ea lijo tsa motšehare. Ba bang ba hlokometse hore ba ka khona ho khanna thuto ea Bibele ka nako eo le mosebetsi-’moho le bona. Baralib’abo rōna ba bangata bao e leng bo-’mè ba malapa ba sa sebetseng ba ’nile ba khona ho behella nako ka thōko bakeng sa tšebeletso ea tšimo ha bana ba bona ba le sekolong. Ka ho tsoha esale hoseng matsatsing a mang e le hore ba ka etsa mesebetsi ea bona ea lelapa, motšehare ba ba le nako e eketsehileng ea ho etsa mosebetsi oa ho bolela le ho ruta.—Baef. 5:15, 16.

6 Le haeba u sa khone ho ba pula-maliboho ea thusang, mohlomong u ka lokisa kemiso ea hao hore u be le karolo e khōloanyane tšebeletsong, u etse sohle seo u ka se khonang ho ‘sebetsa se molemo, hore u rue mesebetsing e metle, hore u be seatla se bulehileng, u itokisetse ho arolelana’ ’nete le ba bang.—1 Tim. 6:18.

7 Hopola Mosebetsi o Motle oa ho Etsa Barutuoa: Selemo ka seng ho na le ba thahasellang ba tlang Sehopotsong. Na ho ka khoneha hore ba bang ka phuthehong ba lebise tlhokomelo ho ba bang teng empa hona joale ba sa khanneloe thuto? Na ho ka boeloa ho bona ka morero oa ho ba thusa hore ba tsoele pele moeeng? Ho ka etsahala hore ebe ba bang ho ba bileng teng Sehopotsong ke beng ka Lipaki. Ba bang e ka ’na eaba ke batho ba ileng ba ithuta nakong e fetileng ba mpang ba hloka khothatso e itseng hore ba qalise ho ithuta le ho ba teng libokeng kamehla. Ho ka re thabisa hakaakang ho bona bao e e-ba bahlanka ba Jehova ba mafolofolo hammoho le rōna!

8 Ka ho ba le karolo e eketsehileng tšebeletsong ka March le ka mor’a moo, ho ka hla ha etsahala hore re fumane batho ba thahasellang ba eketsehileng bao re ka khutlelang ho bona. Leka ho ba siela potso. Ebe u tšepisa ho ba bolella karabo leetong le latelang. Ha re etsa sena, tsela ea leeto la ho boela e tla buleha. Ho ka ba molemo hore re khutlele kapele kamoo re ka khonang. Haeba re sa khone ho qalisa thuto leetong la pele, re rata ho leka ho e qalisa leetong le latelang haeba ho khoneha.

9 Ha re kopanela bopaking ba seterateng, re lokela ho falimehela ho qalisa moqoqo le batho. Bahoeletsi ba bangata ba filoe mabitso, liaterese le linomoro tsa thelefono ke batho ba thahasellang bao ba kopaneng le bona ha ba ntse ba le mosebetsing oa seterateng. Haeba motho eo ho buisanoeng le eena a se tšimong ea hao, fumana foromo ea Please Follow Up (S-43) Holong ea ’Muso, e tlatse, ’me u e fe mongoli oa phutheho, eena u tla e fetisetsa phuthehong eo motho eo a lulang tšimong ea eona. Haeba mongoli a sa khone ho etsa joalo, o tla e fetisetsa ofising ea lekala hore e sebetsoe hona teng. Ho ka hlaoleloa thahasello ka tsela ena.

10 Haeba u fumane nomoro ea thelefono empa u sa fumana aterese, joale etsa leeto la ho boela ka ho founela motho eo. Lokisetsa seo u batlang ho se bua esale pele. Beha buka ea Ho Bea Mabaka haufi le uena e le hore u ka e hlola kapele. Ba bang ba atleha hamolemo ho ithuta le batho ka thelefono, ho akarelletsa le bao ba sokolang ho ba fumana lapeng. Morali’abo rōna o ile a kōpa linomoro tsa thelefono ho basali ba bang ba thahasellang bao a kopaneng le bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo, ’me phello e bile hore o ile a khona ho qalisa lithuto tsa Bibele tse peli.

11 Sebelisana le Baholo ha U Thusa ba sa Kopaneleng Tšebeletsong: Baholo ba thahasella haholo ho lebisa tlhokomelo e lerato ho bana. Ba bangata ba boemong boo, ba nkile bohato ba ho qalisa ho kopanela libokeng tsa phutheho. Ba hlokomela hore hoa hlokahala hore ba hlaolele kamano e haufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e le hore ba fumane tšireletseho ea moea e hlalositsoeng lengolong la Pesaleme ea 91. Hona joale ba bang ba bona ba loketse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo hape. Haeba ba bang ba sa kopaneleng tšebeletsong ba e-ba teng Sehopotsong khoeling ena, ba ka ’na ba thabela ho khanneloa thuto ea Bibele. Haeba ho e-ba joalo, baholo ba tla etsa litokisetso tsa hore e mong a ithute le ba batlang ho thusoa. Haeba u memeloa ho thusa ka tsela ena, ho amohela ha hao memo eo ho tla ananeloa haholo.—Bar. 15:1, 2.

12 Lula U ‘Ntšetsa Pele Mesebetsi e Metle’: Ba bangata ba kileng ba nka khoeli kapa ho feta e le bo-pula-maliboho ba thusang ba hlokometse hore mosebetsi oa bona oa tšimo o ile oa eketseha likhoeling tse latelang. Ba ile ba kopana le batho ba thahasellang bao ba bileng le maikutlo a hore ho hlokahala ba khutlele ho bona. Sena se ile sa ba khothalletsa ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho ea tšebeletsong ea tšimo hangata haholoanyane e le hore ba buisane le batho bana ba thahasellang hape. Ba bang ba ile ba qalisa lithuto, ’me ba li thusa ho kopanela haholoanyane tšebeletsong.

13 Ba bang hape ba ile ba fumana thabo e ngata haholo ha ba etsa ho eketsehileng mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa hoo ba ileng ba susumeletseha ho hlahlobisisa lintho tseo ba li etelletsang pele. Phello e bile hore ba bang ba khone ho fokotsa nako eo ba e nkang mosebetsing oa boipheliso ’me ea e-ba bo-pula-maliboho ba thusang kamehla. Ba bang ba khonne ho qalisa tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Ba ile ba khona ho beha tšepo ea bona ho Molimo ka ho feletseng, eseng linthong tseo lefatše le fanang ka tsona. Ba ile ba hlokomela hore ho ‘ba seatla se bulehileng le ho itokisetsa ho arolelana,’ ho ile ha ba tlisetsa litlhohonolofatso tse enneng tse tsoang ho Jehova ’me ho matlafalitse tšepo ea bona ea ho thabela “bophelo ba sebele.” (1 Tim. 6:18, 19) Ka sebele, ha ba eketsehileng ba nka tšebeletso ea bopula-maliboho, phutheho eohle e rua molemo. Bo-pula-maliboho ba tloaetse ho pheta liphihlelo tsa bona le ho mema ba bang hore ba kopanele le bona tšebeletsong, ’me sena se etsa hore ho be le tšusumetso e matla bomoeeng ba phutheho.

14 E se eka kaofela re ka ‘rua mesebetsing e metle’ nakong ena ea Sehopotso le ka mor’a eona ka ho eketsa karolo eo re e nkang tšebeletsong ea Bokreste. A re bontšeng kananelo ea rōna bakeng sa seo Jehova a se entseng ka ho re fa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka.—2 Pet. 3:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela