Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/02 leq. 3
  • ‘Sebetsang se Molemo ho Bohle’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Sebetsang se Molemo ho Bohle’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Chesehela se Molemo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • April—Nako ea ‘ho Sebetsa ka Thata le ho Ikitlaetsa’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • ‘E-bang ba Ruileng Mesebetsing e Metle’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
km 4/02 leq. 3

‘Sebetsang se Molemo ho Bohle’

1 “Bolela Lentsoe la Molimo ka Botlalo” le ‘E-bang ba Ruileng Mesebetsing e Metle’ e bile lihlooho tse sebelisitsoeng likenyelletsong tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February le March 2002. (Bakol. 1:25; 1 Tim. 6:18) Lihloohong tseo re ile ra khothalletsoa ho ikitlaetsa ka matla ho thusa ba thahasellang hore ba be teng Sehopotsong, ho thusa ba khaolitseng ho kopanela hore ba boele ba kopanele le phutheho le ho thusa bana ba rōna le liithuti tsa rōna tsa Bibele tse tšoanelehang ho qala ho phatlalatsa litaba tse molemo. Ha ho pelaelo hore re thabetse katleho e itseng e tlisoang ke boiteko ba rōna bo botle. Joale, ‘hafeela re sa na le nako e loketseng, a re tsoeleng pele ho sebetsa se molemo ho bohle.’—Bagalata 6:10.

2 Ba Memele ho ba Teng Hape: Linaheng tse tlas’a lekala la Afrika Boroa, batho ba fetang likete tse lekholo bao e seng bahoeletsi ba litaba tse molemo ba ba teng Sehopotsong selemo le selemo. Kaha ho ba teng ha bona ho bontša hore ba na le thahasello e itseng, ke’ng eo re lokelang ho e etsa ho susumelletsa bao ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ hore e be “balumeli”? (Lik. 13:48) Ba khothalletse ho ba teng hape libokeng tsa phutheho kapele kamoo ho ka khonehang.

3 Ke hobane’ng ha u sa memele motho ea thahasellang ho ba teng Thutong ea Buka ea Phutheho e le hore a thabele puisano e thahasellisang ea boprofeta ba Esaia? Haeba u mong ka eena kapa u mo tloaetse ’me u abetsoe puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, u ka ’na ua memela motho eo ho tla mamela puo ea hao. Lula u mo tsebisa lihlooho tsa lipuo tsa phatlalatsa tse tla fanoa libekeng tse latelang. (Lethathamo la tsona le nakong le lokela ho manehoa lematjaneng la litsebiso.) Batla monyetla leha e le ofe oa ho leotsa takatso ea motho ea ho rapela Jehova. ’Me haeba ho se motho ea ithutang Bibele le eena ka phuthehong, u ka ithaopela ka mosa ho ithuta le eena.

4 Tsoela Pele ho Khothatsa ba Khaolitseng ho Kopanela: Ba bang ba batho ba neng ba le teng Sehopotsong ba se ba ntse ba inehetse ho Jehova. Leha ho le joalo, kae-kae ba ile ba khaotsa ho kopanela boboleling ba litaba tse molemo. ’Me Pauluse o re khothalletsa ho ‘sebetsa se molemo . . . haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.’ (Bagal. 6:10) Kahoo, re lokela ho ameha haholo ka ba khaolitseng ho kopanela.

5 Mohlomong ba bang ba se ba ntse ba latela khothatso eo baholo le ba bang ba faneng ka eona ea hore ba kopanele hape tšebeletsong. Haeba baholo ba u abetse hore u sebetse le mohoeletsi ea sa tsoa tsosolosa, tseba hore lerato la hao ho Jehova le bakeng sa tšebeletso ea tšimo le tla haha tumelo ea motho eo. Mo bontše kamoo a ka kopanelang kateng litšobotsing tse sa tšoaneng tsa tšebeletso e le hore a ka fumana thabo ho eona, a khomarela mosebetsing oa boboleli le ho fumana litlhohonolofatso tsa Jehova.

6 Thusa Bahoeletsi ba Bacha ho Qalisa ka Tsela e Loketseng: Ha mosali e mong ea sa tsoa thahasella a hlokomela hore o fumane mokhatlo o hlophisitsoeng oa ’nete oa Molimo, o ile a batla ho qalisa tšebeletso hang-hang. Ka mor’a ho utloa se hlokoang ho eena, o ile a re: “A re hle re oeleng temeng.” Haeba motho eo u ithutang Bibele le eena o lumeletsoe ho qalisa tšebeletso ea tšimo, mo thuse ho bona hore ho hlokahala hore ‘a oele temeng,’ kahoo u thusa mohoeletsi e mocha ho qalisa ka tsela e loketseng. Mo thuse ho ba le kemiso ea ho lokiselletsa tšebeletso ea tšimo le ho kopanela ho eona kamehla beke e ’ngoe le e ’ngoe.

7 Haeba mohoeletsi e mocha ea sa kolobetsoang e le ngoana oa hao, sebetsa le eena e le hore a hatele pele ho latela lilemo le matla a hae. Ka thuso ea hao e seng kae, a ka ’na a u makatsa kamoo a ka buisanang hamonate kateng le motho, a bala Bibele le ho fana ka lingoliloeng. Ha a fumana motho ea thabelang tšebeletsong ea tšimo, mo koetlisetse ho etsa leeto la ho boela le ho sala thahasello morao.

8 Atolosa Tšebeletso ea Hao: Na maemo a hao a u lumella ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing oa boevangeli le ka morao ho nako ea Sehopotso? Na u ka eketsa hora kapa tse peli beke ka ’ngoe lihoreng tseo u tloaetseng ho li qeta tšebeletsong? Na u shebile k’halendara ho bona hore na u ka boela oa ba pula-maliboho ea thusang neng? Kapa na u ka hlophisa tsela eo u phelang ka eona e le hore u kenele tšebeletso ea nako e tletseng? Boiteko bohle boo re bo etsang tšebeletsong bo ka ’na ba thusa motho e mong ho amohela ’nete! (Lik. 8:26-39) Ha re ntse re letetse se tlang ho etsahala, a “kamehla e mong a phehelle se molemo ho e mong le ho ba bang kaofela.”—1 Bathes. 5:15.

[Lebokose le leqepheng la 3]

Tsoela Pele ho Thusa:

□✔ Ba bileng teng Sehopotsong

□✔ Bahoeletsi ba tsosolositseng ho kopanela

□✔ Bahoeletsi ba bacha ba sa kolobetsoang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela