Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w16 December maq. 29-31
  • Maikutlo a Bonolo​—⁠Tsela e Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Maikutlo a Bonolo​—⁠Tsela e Bohlale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO IKOKOBETSA KE BOHLALE
  • Ba Nang le Botho bo Bonolo ba Thabile Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Bonolo​—⁠Re rua molemo joang ha re le bonolo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—2009
  • Aparang Bonolo!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
w16 December maq. 29-31
Motho ea hlokomelang batho ba hōlileng o bua le ’mè ea halefileng

Maikutlo a Bonolo Tsela e Bohlale

Toñi, ea hlokomelang batho ba hōlileng o ile a kokota eaba ho arabela ’mè e mong. ’Mè eo o ile a rohaka le ho omanya Toñi ka hore ebe o liehile ho fihla ho tla hlokomela ’mè oa hae. Toñi o ne a fihlile ka nako mosebetsing. Empa o ile a kōpa tšoarelo ho ’mè eo.

LEKHETLONG le latelang ’mè eo o ile a halefela Toñi hape. Toñi o ile a itšoara joang? O ile a re: “Ke ne ke utloile bohloko haholo. O ne a sa lokela ho mpuisa mantsoe a bohloko joalo.” Leha ho le joalo, Toñi o ile a kōpa tšoarelo hape ’me a bolella ’mè eo hore o utloisisa boemo boo a neng a le ho bona.

Haeba u ne u le Toñi u ka be u ile ua arabela ’mè eo joang? Na u ka be u lekile ho lula u khobile matšoafo? Ke ho utloahalang hore ho ne ho ke ke ha e-ba bonolo ho khoba matšoafo tlas’a boemo bo tšoanang le ba Toñi. Ho ka ba thata ho khoba matšoafo ha re le tlas’a khatello.

Leha ho le joalo, Bibele e khothalletsa Bakreste ho lula ba khobile matšoafo kapa ba le bonolo. Lentsoe la Molimo le re motho ea bonolo o bohlale. Jakobo o ile a re: “Ke mang ea bohlale le ea utloisisang har’a lōna? A ke a bontše mesebetsi ea hae ka boitšoaro ba hae bo botle ka bonolo bo tsamaisanang le bohlale.” (Jak. 3:13) Motho ea bonolo o bontša joang hore o na le bohlale bo tsoang ho Molimo? Hona ke eng e ka re thusa’ng ho hlaolela tšobotsi ee?

HO IKOKOBETSA KE BOHLALE

Bonolo bo ka kokobetsa khalefo. “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”—Liprov. 15:1.

Ho halefa hoka etsa hore boemo bo mpefale le ho feta hobane ho tšoana le ho tima mollo ka parafine. (Liprov. 26:21) Karabo e bonolo e kokobetsa khalefo. E ka boetse ea nolofatsa maikutlo a motho ea halefileng.

Sena se ile sa etsahala ho Toñi. ’Mè eo o ile a lla ha utloa karabo e bonolo ea Toñi. O ile a mo hlalosetsa hore o ne a imetsoe ke mathata a hae le a lelapa. Ka lebaka la ho lula a khobile matšoafo, Toñi o ile nolofalloa ho pakela ’mè eo ,’me ba ile ba qala ho ithuta Bibele.

Re ka thaba ha re e-na le maikutlo a bonolo. “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—Mat. 5:5.

Ke hobane’ng ha batho ba bonolo ba thabile? Ka ho ikapesa bonolo, ba bangata ba neng bale mabifi ba thabile. Bophelo ba bona bo ntlafetse ’me baa tseba hore bokamoso bo botle bo ba letetse. (Bakol. 3:12) Adolfo, eo e leng molebeli oa potoloho Spain, o re bolella hore na bophelo ba hae bo ne bo le joang pele a ithuta Bibele.

Adolfo o re: “Bophelo ba ka bo ne bo sena morero. Ke ne ke le bohale hoo ba bang ba metsoalle eaka ba neng ba ntšaba. Empa lintho li ile tsa fetoha ha ka lekhetlo le leng ba ntlhaba ka makhetlo a tšeletseng re ntse re loana, ke ile ka lahleheloa ke mali a mangata haholo hoo ke ileng ka batla ke felloa ke bophelo.”

Kajeno Adolfo o ruta ba bang kamoo ba ka laolang khalefo ea bona ka mohlala oa hae, hape le ho ba ruta lentsoe la Molimo. Ba bangata ba khahloa ke ho bona hore o lula a thabile le hore ona le botho bo mofuthu. Adolfo o thabetse liphetoho tseo a li entseng bophelong ba hae. ’Me o leboha Jehova kaho mo thusa ho hlaolela bonolo.

Jehova o thabisoa ke maikutlo a bonolo. “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka, e le hore nka araba ea ’nyelisang.”—Liprov. 27:11.

Jehova o songoa ke sera sa hae se seholo Satane Diabolose. Molimo o na le mabaka ohle a ho halefa ha Satane a mo soma empa Bibele e hlalosa Jehova e le “ea liehang ho halefa.” (Ex. 34:6) Ha re ikitlaelletsa ho etsisa Jehova tabeng ea ho lieha ho halefa le ho bontša bonolo, re latela tsela e bohlale e mo thabisang haholo.—Baef. 5:1.

Lefatše leo re phelang ho lona kajeno le tletse mabifi. Re ka kopana le batho “ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, . . . baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang.” (2 Tim. 3:2, 3) Leha ho le joalo sena ha sea lokela ho thibela Mokreste ho bontša maikutlo a bonolo. Lentsoe la Molimo le re hopotsa hore ‘bohlale bo tsoang holimo . . . bo na le khotso le kahlolo e molemo.’ (Jak. 3:17) Ka ho bonahatsa kahlolo e molemo le khotso re bontša hore re na le bohlale ba Molimo. Leha batho baka re halefisa bohlale bo joalo bo tla re susumelletsa ho bontša maikutlo a bonolo, ’me bo tla re atametsa haufi le Jehova, mohloli oa bohlale bo sa feleng.

Ho Hlaolela Tšobotsi ea Bonolo

Haeba motho e mong a u tšoara ka tsela e hlokang toka, ke eng e ka u thusang hore u laole maikutlo a hao, ebe u mo tšoara ka tsela e tla thabisa Jehova? Ke hobane’ng ha u sa thuise ka melao-motheo ee ea bohlokoa?

  1. 1 QOBA “MOEA OA LEFATŠE.”—1 Bakor. 2:12 Batho ba bangata ba nka bonolo e le bofokoli. Ho bona motho ea matla ke ea bohale bo tšosang. Mohopolo o joalo o bonahatsa moea oa lefatše—eseng bohlale bo tsoang ho Jehova. Ha e le hantle Bibele e hlalosa hore motho ea bonolo ke eena ea matla. “Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo, ’me leleme le bonolo le ka roba lesapo.”—Liprov. 25:15.

    Lipotso tseo re ka nahanang ka tsona:

    Na ke nka bonolo e le bofokoli?

    Na ke leka ka matla ho qoba “mesebetsi ea nama,” e kang ho tlakoloha ka bohale le li qabang?—Bagal. 5:19, 20.

  2. 2 NKA NAKO U THUISA. “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe, empa melomo ea ba khopo e bua lintho tse mpe e sa khaotse.” (Liprov. 15:28) Ha re bua re ntse re halefile re ka iphumana re buile mantsoe ao re ka ikoahlaelang ’ona hamorao. Leha ho le joalo ka ho nahana pele re bua, re tla khona ho fana ka karabo e bonolo e amohelehang.

    Lipotso tseo re ka nahanang ka tsona:

    Ho ba sefela-peloana ho ka nkama joang?

    Molemong oa khotso, na nka iphapanyetsa ho hloka toka?—Liprov. 19:11.

  3. 3 RAPELA KHAFETSA. Rapella moea o halalelang, matla a maholo ka ho fetisisa bokahohleng. (Luka 11:13) Hopola hore tholoana ea moea o halalelang e akarelletsa bonolo le boitšoaro. Adolfo o re: “Ho tsoela-pele ke rapela Jehova e bile hona ho nthusitseng haholo ha maemo a mpefala.” Ka tsela e tšoanang, Jehova o tla arabela lithapelo tsa rōna ha re ‘phehella thapelong.’—Bar. 12:12.

    Lipotso tseo re ka nahanang ka tsona:

    Na ke rapela Jehova kamehla hore a hlahlobe pelo eaka le boikemisetso baka?

    Na ke mo ke kōpa moea oa hae o halalelang le bohlale e le hore nka itšoara ka tsela e mo thabisang?—Pes. 139:23, 24; Jak. 1:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela