Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g99 4/8 maq. 18-20
  • Ke Hobane’ng ha ke sa be le Lintho Tseo ke li Batlang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ke sa be le Lintho Tseo ke li Batlang?
  • Tsoha!—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pono e Leka-lekaneng ka Lintho Tse Bonahalang
  • Haeba U Hlile U Hloka Ntho e Itseng
  • Ithute ho Khotsofala
  • Nka Etsa’ng Hore ke Iphumanele Chelete?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
  • Nka Hlokomela Chelete ea ka Joang?
    Tsoha!—1989
  • Liaparo tse Nang le Lebitso le Tummeng—Na li Ntoketse?
    Tsoha!—1992
  • Nka Etsa’ng ho Sebelisa Chelete Hantle?
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1999
g99 4/8 maq. 18-20

Bacha Baa Botsa . . . 

Ke Hobane’ng ha ke sa be le Lintho Tseo ke li Batlang?

“Lintho tse ling li ntle e le kannete, ’me nka rata ho ba le tsona; empa batsoali ba ka ha ba khone ho mpatlela tsona.”—Mike.

NA HO na le lintho tseo u hlileng u li batlang empa u ke ke ua ba le tsona? Mohlomong u hlile u labalabela ho ba le moetso oa morao-rao oa sebapala-’mino sa stereo, lieta tse roaloang ke bana ba bang bohle, kapa borikhoe bo bocha ba bokate ba lebitso. Tse ling tsa lithaka tsa hao li na le lintho tseo—’me ka boikhohomoso li etsa mponeng ka tsona. Kahoo, haeba u bolelloa hore batsoali ba hao ba ke ke ba khona ho u batlela tsona, u ka ’na oa sareloa.

Le hoja e le ntho ea tlhaho ho batla ho ba le lintho tse itseng tse bonahalang, takatso ea bacha ba bangata ea ho ba le tsona e khannoa ke boikutlo bo feteletseng boo e seng ba tlhaho. Hangata bo bakoa ke liphatlalatso tsa bohata tsa mecha ea phatlalatso. Liphatlalatso tse etsoang ka bokheleke thelevishineng, limakasineng le seea-le-moeeng li fana ka molaetsa oa hore ntle le hore u apare liaparo tse itseng kapa u sebelise lihlahisoa tsa mabitso a itseng, u otseotse. Ke lona lebaka le etsang hore bacha ba sebelise lidolara tse limilione tse likete tse 100 (liranta tse limilione tse likete tse 563) ka selemo United States feela!

Ho boetse ho na le khatello ea lithaka. Sehlooho se seng sa makasine ea Marketing Tools se re: “Lefatšeng le se nang kutloelo-bohloko la batho ba baholo ba nkehang le feela, ho nkoa u bora ke batho bao u labalabelang ho tšoana le bona hase feela taba ea ho itheola boemong, kapa hona ho ba mokhelo: ke pontšo ea Booatla.” Ho hlokahala eng hore motho e be “ea sa boreng”? Lihlopheng tse ngata ho hlokahala hore motho a be le lintho tse majabajaba ’me e le tsa morao-rao. ’Me haeba u ke ke ua li khona teng? Mocha e mong oa Mokreste oa lumela: “Ka sebele, ho ba thata. U ea sekolong ka liaparo tseo e seng tsa mabitso, ’me bohle baa u tšeha.” Mocha e mong oa lumela, “Ka linako tse ling ke ikutloa ke le mokhelo.”

Bacha ba phelang linaheng tse sa tsoelang pele moruong, moo batho ba sehlang ka thata lihora-hora e le hore ba mpe ba fumane litlhoko tsa bophelo, le bona ba ka ’na ba tobana le khatello e tšoanang. Haeba bona e le boemo ba lelapa leno, ka tlhaho u ka ’na ua labalabela tsela e molemonyana ea bophelo. Haeba u ile ua bona mananeo a TV le lifilimi tsa linaha tse ruileng, u ka ’na ua qala ho labalabela ho ba le liaparo, ntlo le koloi ea theko e holimo tse bontšoang mananeong le lifiliming tseo. Kaha ho ka ’na ha bonahala eka u ke ke ua fumana lintho tseo, u ka ’na ua iphumana u hloname kapa mohlomong u bile u nyahame.

E-bang u phela naheng e futsanehileng kapa e ruileng, ho halefisoa kapa ho ferekanngoa ke ho sitoa ho fumana lintho tse itseng ho ka u ntša kotsi. Ho ka boetse ha etsa hore u lule u tletlebela batsoali ba hao. Potso ke hore na, U ka sebetsana le boemo ka katleho joang?

Pono e Leka-lekaneng ka Lintho Tse Bonahalang

Ntlha ea pele, hopola hore hase takatso ea Jehova Molimo hore batho ba hae ba phele bofutsaneng kapa ba phele ba se na lintho tseo ba hlileng ba li hlokang. Etsoe, Molimo o ile a beha Adama le Eva serapeng se setle se tletseng lifate tse khahlisang mahlo, eseng thotobolong ea litšila. (Genese 2:9) Hamorao, bahlanka ba bang ba Molimo, ba kang Abrahama, Jobo le Solomone, ba ile ba ba le leruo le leholo la lintho tse bonahalang. (Genese 13:2; Jobo 1:3) Ka lebaka leo, Solomone o ne a e-na le khauta e ngata hoo silivera e ileng ea nkoa “e se letho ho hang” nakong ea puso ea hae!—1 Marena 10:21, 23, NW.

Leha ho le joalo, karolo e khōlō ea batho ba Molimo e ’nile ea e-ba le lintho tse itekanetseng. Jesu Kreste ka boeena o ne a futsanehile; o ne a se na le moo a ka “behang hlooho ea hae teng.” (Matheu 8:20) Leha ho le joalo, ha ho moo u kileng ua bala ka Jesu a tletleba ka hore o sitoa ho fumana lintho tseo a li batlang. Ho e-na le hoo, o ile a ruta: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja eng?’ kapa, ‘Re tla noa eng?’ kapa, ‘Re tla apara eng?’ . . . Etsoe Ntate oa lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le tsoele pele le batla ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.”—Matheu 6:31-33.

Sena hase bolele hore Molimo o tlamehile ho khotsofatsa tabatabelo ea motho ea liaparo tsa mabitso kapa lisebelisoa tse itseng tsa elektronike. Molimo o hlokomela litlhoko tsa rōna—eseng hakaalo-kaalo lintho tseo re li batlang. Ke kahoo Bibele e re phehellang hore re khotsofale “ha re e-na le tsa ho phela le liaparo le tšireletso.” (1 Timothea 6:8) Empa ha re toba ’nete teng hase ntho e bonolo hore motho a lule a khotsofetse. Mocha e mong ea bitsoang Mike oa lumela: “Kamehla u tlameha ho loanela ho khetholla lintho tseo u li batlang ho tseo u li hlokang.” Ho phaella tšekamelong ea rōna ea boithati, re boetse re tlameha ho loantša tšusumetso ea sera se seholo sa Molimo, Satane Diabolose. (1 Johanne 5:19) ’Me leqheka le leng la hae la khale ka ho fetisisa ke ho etsa hore batho ba ikutloe eka ba haelloa ke ho hong ho itseng. Eva o ile a qhekelloa hore a nahane hore o haelloa ke ho hong ho itseng—le hoja a ne a phela paradeiseng e phethahetseng!—Genese 3:2-6.

U ka qoba joang ho oela lerabeng la ho se khotsofale? Mantsoe ao a ka ’na a utloahala eka ke a ipueloang feela, empa ho na le mabaka a mangata a ho nahana ka litlhohonolofatso tseo u nang le tsona. U se ke ua tšoaseha maikutlong a lefeela a seo u se nang sona. Nahana ka lintho tse hahang, ’me u ikhopotse seo u nang le sona. (Bapisa le Bafilippi 4:8.) Mike o beha taba ka tsela ena: “Ho na le lintho tse ngata tseo ke hlileng ke batlang ho ba le tsona, empa ha ke lule ke touta ka tsona.”

Ntho e ’ngoe e thusang ke hore u se ke ua ea le khongoana holimo ke bomenemene ba liphatlalatso tse u tlatlapang maikutlo.a (Liproverbia 14:15) Pele u potlakela ho etsa qeto ea hore u “ke ke ua phela” kantle ho liteki tsa mofuta o itseng kapa sebapala-’mino sa compact disc, leka ho hlahloba taba ka tsela e khutsitseng. Ipotse: ‘Na ntho ee ke hlile kea e hloka? Na e molemo? Na lintho tseo ke nang le tsona li lekane?’ Ela hloko ka ho khetheha liphatlalatso tse buellang botumo ba ho ba le ntho e itseng. Mantsoe a moapostola Johanne a fumanoang ho 1 Johanne 2:16 a etsa hore motho a nahane: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng—takatso ea nama le takatso ea mahlo le pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso—ha e simolohe ho Ntate, empa e simoloha lefatšeng.”

Haeba U Hlile U Hloka Ntho e Itseng

Ho thoe’ng haeba u hloka ntho e itseng ka tieo? Pele u buisana le batsoali ba hao ka eona, nahanisisa taba. Itokisetse ho hlalosa ka ho qaqileng hore na ke hobane’ng ha u hloka ntho eo, hore na u rerile ho e sebelisa joang le hore na ke hobane’ng ha u nahana hore e tla u tsoela molemo. Mohlomong batsoali ba hao ba ka ’na ba fumana tsela ea ho e patiselletsa linthong tseo ba rerang ho li batlela lelapa. Empa ho thoe’ng haeba ba ke ke ba khona, mohlomong ka nakoana? Ntle ho boikhethelo u ka ’na ua tlameha ho mamella. (Moeklesia 7:8) Tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,” ’me ka sebele batsoali ba bangata ba sitoa ho fumana lintho tsohle tseo bana ba bona ba li kōpang. (2 Timothea 3:1) Haeba u qoba ho batla lintho tse sa nahaneleng batsoali ba hao, ha e le hantle u tla thusa ho bebofatsa mosebetsi oa bona o boima.

Leha ho le joalo, mohlomong u ka etsa boiteko bo itseng. Ka mohlala, na u fuoa chelete e itseng ho koahela litšenyehelo tsa hao? Kahoo, ithute ho sebelisa chelete ea hao ka hloko e le hore u boloke karolo e itseng ea eona khoeli le khoeli. Mohlomong u ka ba ua khona ho bula bukana bankeng e haufi. (Bapisa le Luka 19:23.) Ke sona seo ngoananyana e mong ea bitsoang Abigail a ileng a se etsa. O re: “Ke arola chelete ea ka habeli—e ’ngoe e-ea bukaneng ea ka ea banka ’me e ’ngoe ke eo ke e sebelisang.” Haeba u se u hōlile ka ho lekaneng, u ka ’na ua leka ho etsa mesebetsi ea nakoana.b Ka sebele, haeba batsoali ba hao ba hlokomela hore u hlile u batla ho reka ntho e itseng le hore u hlile u hlokolosi ho bokella chelete, ba ka ’na ba susumelletseha ho u khahlametsa ka litšenyehelo, haeba le teng e le ntho e khonehang.

Ho fetola tsela eo u rekang ka eona le hona ho ka ’na ha u tsoela molemo. Ka mohlala, haeba theko e behiloe holimo haholo, ho ka ’na ha khoneha hore u kōpe theolelo. Haeba seo se hlōleha, ema nakoana ’me u bone haeba theko eo e ke ke ea theoha. Sheba ntho eo mabenkeleng a mang ho bona haeba u ke ke ua e fumana ka theko e tlaasana. Ithute ho hlahloba boleng ba lintho ka hloko; ka linako tse ling ho molemo ho reka lintho tse tloaelehileng.c

Ithute ho Khotsofala

Liproverbia 27:20 (NW) ea lemosa: “Sheole le sebaka sa timetso ha li khotsofale; leha e le mahlo a motho ha a khotsofale.” E, feela joalokaha lebitla le na le takatso e ke keng ea khotsofatsoa, batho ba bang le bona ba lula ba batla lintho tse eketsehileng—ho sa tsotellehe hore na ba se ba ntse ba e-na le tse kae. Qoba monahano o joalo oa boithati. Qetellong, meharo ha e tlise letho haese pherekano le masoabi feela. Mocha e mong ea bitsoang Jonathan o re: “Haeba kamehla thabo ea hao e itšetlehile ka hore u na le lintho tse itseng, ha ho mohla u tla thaba. Kamehla ho tla lula ho e-na le lintho tse ncha tseo u li batlang. U lokela ho ithuta ho thabela seo u nang le sona.”

Ha u khotsofetse, u ka atleha ho sebetsana le khatello ea lithaka. Mocha ea bitsoang Vincent o re: “Hobane feela ke bona e mong a roetse liteki tsa lebitso le itseng ha ho bolele hore le ’na ke tlameha ho li reka.” Ke ’nete hore ka linako tse ling, u ka ’na ua tšoenngoa ke hore u sitoa ho ba le lintho tseo u li batlang. Empa le ka mohla u se ke ua lebala hore Jehova o tseba seo u se hlokang. (Matheu 6:32) ’Me bokamosong bo haufinyane, o tla ‘fuparolla seatla sa hae, a kholise tse utloang kaofela.’—Pesaleme ea 145:16.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona letoto la lihlooho tse buang ka ho bapatsa tokollong ea Tsoha! ea September 8, 1998.

b Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Nka Iphumanela Chelete Joang?,” tokollong ea rōna ea September 8, 1998.

c Bakeng sa litlhahiso tse ling tse eketsehileng, bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Nka Ntlafatsa Liaparo Tsa Ka Joang?,” tokollong ea rōna ea February 8, 1995.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

“U ea sekolong ka liaparo tseo e seng tsa mabitso, ’me bohle baa u tšeha”

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

U ka thaba leha u se na ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela