Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g92 9/8 maq. 21-23
  • Liaparo tse Nang le Lebitso le Tummeng—Na li Ntoketse?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liaparo tse Nang le Lebitso le Tummeng—Na li Ntoketse?
  • Tsoha!—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khoheli ea Label
  • Matla a Khatello ea Lithaka
  • Ho Fumana Pono ea Bibele
  • Ho Reka ka Bohlale
  • Liaparo li Bolela Eng ho Uena?
    Tsoha!—1987
  • Na Boqapi bo ka ba Teng ho se na Moqapi?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Nka Ntlafatsa Liaparo tsa Ka Joang?
    Tsoha!—1995
  • Lekunutu la ho Khetha Liaparo tse Loketseng ke Lefe?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—1992
g92 9/8 maq. 21-23

Bacha Baa Botsa . . .

Liaparo tse Nang le Lebitso le Tummeng—Na li Ntoketse?

“LIAPARO li hlalosa motho. . . . Ka mehla liaparo ke letšoao la seo u leng sona.” Barbara Dickstein, setsebi sa liaparo polokelong e khōlō ea lintho tsa khale o boletse joalo. O ile a phaella: “Li bontša boemo ba hao, karolo ea hao bophelong, boemo ba hao sechabeng.” Ka hona, ha ho makatse hore ebe liaparo ke tsa bohlokoa ho batho ba bangata—’me e le tseo bacha ba bang ba li nahanang ka ho tlōlisa.

Leha ho le joalo, ho bacha ba bangata ho nahana haholo ka liaparo ho fetela ka nģane ho kameho feela ka mokhoa oa ho apara. Hape ho bacha ba bang, lebitso la k’hamphani e etsang liaparo ke la bohlokoa ka ho fetisisa. Hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e rekang—ho tloha liteking ho ea likhalaseng tsa mahlo—e tlameha ho ba le setlankana sa lebitso le itseng la bohlokoahali le tummeng la liaparo. Ka mohlala, patlisiso ea makasine oa Seventeen e ile ea bontša hore karolo ea 90 lekholong ea banana ba lilemo tse ka tlaase ho 20 ba ikutloa hore lebitso la k’hampani e etsang liaparo ke la bohlokoa ha ba reka liaparo tsa boikhathollo.

Ha re nahana ka tšehetso e matla eo mecha ea phatlalatso e e nehileng liaparo tse nang le lebitso le tummeng lilemong tsa morao tjena, sena ha se re makatse le hanyenyane. Ka liphatlalatso tsa khoebo thelevisheneng, liphatlalatso tsa makasine le likoranta, liphatlalatso tsa seterateng, le libaesekopo, bareki ba pepesitsoe tšusumetsong e matla ea baetsi ba tummeng ba liaparo. Morero ke ho phehella batho ho lumela hore setlankana sa lebitso le tummeng la liaparo se fetola seaparo seo ka tsela ea mohlolo—le motho ea se apereng. Ka ntle ho label ea moetsi oa liaparo, marikhoe a denim ke marikhoe feela tjee. Hang-hang ha marikhoe a denim a e-na le setlankana sa lebitso le tummeng la liaparo e ba senotlolo sa ho tsejoa, nyakallo, le lerato!

Khoheli ea Label

Sebapali se seng se ile sa botsa tšoantšisong e ’ngoe ea Shakespeare: “Lebitso ke la bohlokoa hakae?” Ha ho tluoa liaparong, mabitso e ka ba a bohlokoa haholo. Buka ea morero oa ho ruta barekisi ba hloahloa e re: “Bareki ba bangata ba ikemiselitse ho lefa chelete e phahameng haholoanyane bakeng sa mabitso a lik’hamphani tse etsang liaparo . . . le mabitso a tummeng a liaparo. Lik’hampani tse ngata tse etsang liaparo li na le botumo ba litekanyetso tse phahameng tsa mokhoa oa liaparo, ponahalo, boleng, le moseho. Hangata liaparo tse nang le lebitso le tummeng li fana ka ponahalo e khethehileng.” (Know Your Merchandise, ea Wingate, Gillespie, le Barry) Ka ho tšoanang, sehlooho se seng ho The New York Times Magazine se hlahisa hore “tšebetso le lesela le etsang liaparo tsa theko e phahameng haholoanyane hangata li fapana haholo” ho liaparo tsa theko e tlaase. Ka hona, liaparo tse nang le lebitso le tummeng li tšoarella nako e teletsana ebile li shebahala hantle ho e-na le tsa moetso oa theko e tlaase.

Leha ho le joalo, bakeng sa bacha ba bangata label ha se letšoao la boleng empa e le letšoao la boemo—letšoao la seriti. Joalokaha Sam ea lilemo li 17 a boletse, haeba u se na label, u siiloe ke nako!”

Matla a Khatello ea Lithaka

Ka hona, ha ho makatse hore ebe mocha ea bitsoang Casey o re: “Ho na le khatello e ngata ea ho apara liaparo tse nang le lebitso le tummeng.” Tennile ea lilemo li 14 oa phaella: “Ka mehla e mong le e mong oa botsa, ‘Hempe, baki kapa li-jean tsa hao li entsoe ke k’hamphani efe?’” Ho latela mocha e mong, khatello e ka ba matla hoo ha u sa ikamahanye, “batho ba tla u tšeha ’me ba bue ka uena, ba bolela hore u roetse lieta tse se nang lebitso le tummeng kapa ba bolele hore u reka [lebenkeleng le rekisang lintho tsa theko e tlaase].”

Ho hlakile hore ke ka tlhaho motho a batlang ho ikamahanya le ba bang le ho amoheloa. Andy ea lilemo li 15 o re: “Ha ho motho ea batlang ho hlahella a fapane ebile e le mokhelo.” Empa u lokela ho ikamahanya ho fihla bohōleng bofe? Joe ea lilemo li 14 oa lumela: “Ka linako tse ling u reka liaparo tseo u sa li rateng—hore feela u ikamahanye le ba bang.”

Empa na ke ho utloahalang ho lumella ba bang ho u etsetsa liqeto, ho u amoha botho ba hao, kapa ho u susutlella hore u tlōle khetho, litekanyetso, kapa ho sebelisa kelello ea hao? Ba-Roma 6:16 e re: “Ana ha le tsebe hoba, ha le ipea bahlanka ba e mong ho mo utloa, le bahlanka ba eo le mo utloang”? Ke mang ea batlang ho ba mohlanka oa e mong? Empa ke seo u bang sona ha u lumella lithaka tsa hao ho u etsetsa qeto ka seo u se aparang, kapa haeba u itlohella hore u isoe koana le koana ke moea oa feshene.—Bapisa le Ba-Efese 4:14.

Ho Fumana Pono ea Bibele

U ka ithuta ho inahanela joang? Tloaelana le melao-motheo ea Lentsoe la Molimo. Ha ho nahana ha hao ho tsamaisana le Bibele, u ke ke ua bulehela ho laoloeng ke ba bang. (Liproverbia 1:4) Ke ’nete hore Bibele ha se buka ea feshene. Empa e na le melao-motheo e ka u thusang ho etsa qeto ea seo u ka se aparang. Ka mohlala, nahana ka mantsoe a moapostola Pauluse ho 1 Timothea 2:9, (NW). Moo o ile a eletsa Bakreste ho “apara moaparo o hlophisitsoeng hantle, le boitlhopho le ho khutsa ha kelello, eseng ka . . . moaparo oa theko e phahameng haholo.”

Ka sebele Pauluse o ne a sa bolele hore u lokela ho apara joaloka mofutsana kapa ho apara liaparo tse siiloeng ke nako ka ho hlabisang lihlong. Kamoo ho bonahalang ka teng, Jesu Kreste o ne a e-na le bonyane seaparo se le seng sa boleng bo phahameng. (Johanne 19:23, 24) Ho fapana le hoo, Pauluse o ne a lemosa Bakreste khahlanong le ho ikhulela tlhokomelo e sa hlokahaleng ka tsela eo ba aparang ka eona. Ke ho utloahalang ho reka seaparo ka lebaka la boleng ba sona, botle ba sona, kapa se nyalana hantle le lintho tse ngata. Empa ho apara seaparo sa label e itseng ka lebaka la “boikhantšo joa bophelo” kapa “ho phephetsana” ke boithati le boithoriso ba lefeela. (1 Johanne 2:16; Ba-Galata 5:26) U ka khahla batho ba ’maloa, empa hape u ka baka mohono, mona, le lehloeo ho ba bang.

Pauluse o ile a bolella Bakreste ho bontša boikutlo bo botle ba kelello, kapa kahlolo e molemo, tseleng eo ba aparang ka eona. Libakeng tse ling, ho kotsi ho apara liaparo tse nang le lebitso le tummeng. Ka mohlala, Michael Thomas ea lilemo li 15 o ile a bolaoa bakeng sa ho roala lieta tsa ho matha tse nang le lebitso le tummeng tsa R275. Mocha e mong ea lilemo tse ka tlaase ho 20 o ne a ipatlela lieta tseo. The New York Times e ile ea tlaleha hore likolong tse ngata tsa litoropong U.S., ho apara lintho tse nang le lebitso le tummeng tsa theko e boima “e ka ba ho lekaneng ho qalisa ntoa esita le ho bolaoa.” Ka hona, Katherine e mocha o re: “Ke fumane e le tšireletso hore ke se ke ka susumetsoa ka ho sa hlokahaleng ke lithaka tsa ka tseleng eo li aparang ka eona. Ho seng joalo, nka ’na ka ikhulela tlhokomelo e fosahetseng.”

Tabeng ea pele, ho hlakile hore hase bacha bohle ba ka khonang ho reka liaparo tse nang le lebitso le tummeng. Haeba u boemong bo joalo, mohlomong u tlameha ho ithuta ho ‘kholisoa ke lijo le liaparo’—esita leha liaparo tseo e se tsa morao-rao kapa tse ntle haholo. (1 Timothea 6:8) Ho fapana le ho ba le mohono, o senyang, leka ho sebelisa boemo ba hao hamolemonyana. (Tite 3:3) Mohlomong liaparo tsa hao ha li na label e ratoang, empa li ka ba makhethe, tsa hloeka, ’me tsa tšoaneleha.

Ho Reka ka Bohlale

Seo u se aparang ha se sa bohlokoa ho feta mofuta oa motho eo u leng eena ka hare. (1 Petrose 3:3, 4) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe boemo ba hao, ke ho utloahalang ho apara lintho tse tšoanelang ketsahalo e ’ngoe le e ’ngoe. Joaloka Mokreste, u boetse u tlamehile ho apara ka tsela e tšoanelang ’moleli ea mocha.—2 Ba-Korinthe 6:3.

Ka ho thahasellisang, boitlhopho ba Bakreste ha bo bolele hore u lokela ho salla morao mokhoeng oa ho apara. Tamaria e mocha o hlalositse hantle ha a re: “Ha ho letho le phoso ka ho khema le mokhoa oa ho apara—hafeela u sa ho fetelletse.” Leha e le hore ho na le ntho e phoso ka ho apara liaparo tsa boleng bo phahameng. Ha e le hantle, ho latela buka Dressing Smart, ea Pamela Redmond Satran, litsebi “li khothalletsa ho reka liaparo tse molemo tseo u ka khonang ho li reka ’me li hatisa boleng ho feta bongata ba liaparo.” Ka ho tšoanang Know Your Merchandise e fana ka keletso ena: “Liaparo tse seng ngata tsa boleng bo botle, tse khethuoeng hantle, li molemo ho feta liaparo tse ngata tse senyehang kapele ebile e le tse ka bang fesheneng ka nako e khutšoanyane.”

Hona ho ka hloka hore u be moreki ea hlokolosi—joaloka “mosali ea khabane” ea hlalosoang ka Bibeleng ho Liproverbia 31:10, 14, 18. O ne a tla ea “hole” ho fumana ‘lintho tse molemo bakeng sa chelete e sebelisoang.’ Le uena u ka ithuta ho bona ‘lintho tse molemo tsa chelete e sebelisoang.’ Tokollo ea Ladies’ Home Journal e ile ea etsa tlhahiso: “Batla litheolelo—esita le mabenkeleng a maholo. . . . Etsa patlisiso. Batlisisa litheko tsa lintho mabenkeleng a ’maloa.” U ka ithuta le ho buisana ka litheko tsa lintho le batho ba rekisang, haholo-holo mabenkeleng a manyenyane.

Leha ho le joalo, makasine oa Consumer Reports o re hopotsa hore “theko ea ntho le ho tsejoa ha se tataiso e sa foseng ea boleng.” Ha e le hantle, patlisiso ea bona e fumane hore liaparo tse ling tse seng theko e boima haholo li lekana ka boleng le liaparo tse nang le lebitso le tummeng tse theko e phahameng. Buka Dressing Smart e re: “Ka linako tse ling, liaparo li behoa theko e phahameng haholo feela hobane li le fesheneng, li na le lebitso le tummeng, kapa ho se tsotelle.” Ka linako tse ling mabitso a tummeng a khomaretsoa liaparong tsa maiketsetso tsa boleng bo tlaase. Esita leha lebitso e le la sebele, liphoso li ka hlaha liaparong.

Kahoo u se ke ua qhekelloa ke li-label kapa theko ea lintho. E-ba hlokolosi. (Liproverbia 14:15) Hlahloba seaparo ka hloko—lesela la sona, moseho, moroko, joalo-joalo. Na sea u tšoanela? Na ho na le lesela le lekaneng bakeng sa ho lokisoa? Na ho na le matšoao a khethollang, boleng joaloka furumu le lesela le tiileng momenong? Ho thoe’ng ka lintho tse nyenyane, joaloka ho leka-lekana ha mekhabiso e ka mathōko?

U ka qoba ho lumella khoheli ea label ea lebitso le tummeng ho u susumetsa hore u etse khetho e mpe ka ho ba hlokolosi le ho ba bohlale. U ka apara hantle, ka ntle le ho apara ka tsela e fetelletsang.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Hang-hang ha marikhoe a denim a e-na le setlankana sa lebitso le tummeng la liaparo e ba senotlolo sa ho tsejoa, nyakallo le lerato!

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

U se ke ua lahlehisoa ke “label.” Hlahlobisisa seaparo se seng le se seng pele u se reka

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela