Bacha Baa Botsa . . .
Lekunutu la ho Khetha Liaparo tse Loketseng ke Lefe?
Mike o tseba ho khetha liaparo tsa boleng bo phahameng—le kamoo a ka li fumanang ka theko e tlaase kateng. Ka linako tse ling litho tsa lelapa la habo li bile li mo kōpa ho li rekela! Ka lekhetlo le leng ha a il’o reka, o ile a khethela ’mè oa hae, khaitseli ea hae ea nyetsoeng, le mochana oa hae ea lilemo li robeli mese—e boholo bo nepahetseng le meseho eo ba e batlang! Ha a ntse a le moo, a inkela seaparo sa ho tola se bitsang kotara ea theko ea sona e tloaelehileng. Ho mike, sena e ne e se bothata empa monyaka oa sebele.
Mohlomong ha u thabele ho reka joaloka Mike. Empa joaloka bacha ba bangata, mohlomong u batla ho boheha hantle sekolong, mosebetsing, le papaling. Bothata ke hore, hobane feela moseho o itseng o nkoa o le fesheneng ho bacha ha ho bolele hore ke moseho o loketseng ho aparoa, leha e le hore ho reka ntho ea “feshene” ke ho sebelisa chelete ea hao hamolemo. Le hoja batsoali ba hao ba u lumella ho ikhethela liaparo, litlhahiso tse ’maloa kamoo u ka khethang le ho reka liaparo tse loketseng ke tsena.
Ho Khetha “Seaparo” se Loketseng
Pele, ha re lahleng khopolo ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokile ka moaparo. Ua hōla, ’me mohlomong litebello tsa ho iphelisa le ho hlokomela lelapa li u letetse. Tsela eo u aparang ka eona e ke ke ea ama feela litebello tsa mosebetsi oa hao empa hape le tsela eo ba bang ba tla u talima ka eona le ho u tšoara ka eona. Ha bohlokoahali, rōna Bakreste ha rea lokela ho “batla ho khahlisang rōna feela,” empa re lokela ho ameha kamoo seo re se etsang—kapa re se aparang—se tlang ho ama ba bang kateng.—Ba-Roma 15:1.
Liproverbia 25:20 e bua ka motho ea “hlobolang kobo mohla ho hatsetseng.” Ke ho sa lokelang hakaakang! Ka ho tšoanang ke ho sa lokelang ho apara seaparo se sa lokeleng boemo. Sebapali sa litšoantšiso tsa sethalleng se khetha ka hloko seaparo se tla tšoanela karolo ea sona. Bophelong ba sebele, hangata likarolo tseo re li phethang li hloka “liaparo” tse fapaneng. Ka mohlala, na u ea tlhahlobong ea mosebetsi? Kahoo ho apara sutu ke hona ho loketseng. Na u ea mabenkeleng? Kahoo ponahalo ea hao e ka ’na eaba e tloaelehileng empa e makhethe.
Millie, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a kena sekolo United States moo ho tletseng pefo. Ho apara joalokaha eka o ea libokeng tsa Bokreste ho ka be ho mo entse ea hlahelletseng haholo. Kahoo o ile a apara li-jeans tsa moseho o khabane nakong ea sekolo, kaha li ne li amoheloa sekolong sa bona. Empa kaha o ne a etsa mosebetsi oa ho ruta Bibele ka mor’a lithuto tsa sekolo, o ne a nka le mese. Ho fetoha ha mosebetsi ho bolela ho fetoha ha moaparo.
Bacha ba Lipaki tsa Jehova ba nahana haholo ka seo ba se aparang libokeng tsa Bokreste le boboleling ba bona ba phatlalatsa. Ka mohlala, li-jeans le liteki tseo mohlomong li loketseng nakong ea pikiniki, ha li ea lokela nakong ea borapeli; hobane li sira ’nete ea hore motho ke mosebeletsi oa Molimo.—Bapisa 2 Ba-Korinthe 6:3.
Bohlokoa ba ho Apara ka Boitekanelo
Mohlomong monahano oa Rudy e mocha o ka u makatsa. O re: “Ke rata liaparo tseo batho tsa moseho o neng o aparoa lilemong tse 50 tse fetileng.” Na li tsoile fesheneng? Che. Rudy o ithutile hore le hoja ‘pono ea lefatše e fetoha,’ mekhoa ea moseho oa meaparo e fetoha ka seoelo. (1 Ba-Korinthe 7:31, NW) Tekanyetso eo a e latelang ke ena: U se ke ua apara letho le fesheneng leo kapele le tsoang fesheneng! “Ka tsela ena, u lula u le fesheneng,” ho eletsa Rudy.
Litsebi lia lumela. Ka mohlala, moeletsi Amelia Fatt, o bolela hore meseho e sa feto-fetoheng ke “polokelo e molemo.” Ha e tsoe fesheneng hobane ha e bonahale e ikhetha hakaalo. Moputso oa moseho o joalo ke hore ho bonolo ka mehla ho e kopanya le liaparo tse ling tse ka ho wardrobe ea hao.
Lifeshene tse ling tsa kajeno ha lia lokela Bakreste. Tse ling li shebahala hantle. A re nke hore batsoali ba hao ba a lumela, haeba u fumana hore moseho o itseng o motle ’me hape o nyalana hantle le liaparo tse ling tse ka ho wardrobe ea hao, u ka ’na ua nahana ka ho o apara. Empa hlokomela hore u se be lekhoba la feshene! Moeletsi oa feshene Carole Jackson oa hlokomela: “Haeba u latela mekhoa e leng ‘fesheneng,’ esita le haeba e sa u tšoanele, ua ithetsa.”
Ho na le melemo e meng ea ho ba ea aparang ka ho itekanetseng. Basali ba bang ba bacha ba fumana sena se fokotsa ho khathatsoa ke ba batona sekolong le mesebetsing. Ho feta moo, mocha e mong ea khomarelang moaparo o itekanetseng a ka ’na a nkoa ke ba bang e le ea hōlileng, ea tsitsitseng, ea sa khelosoeng habonolo ke feshene.
Ka mohlala Tammy, ke mosali ea sebeletsang e le ’moleli oa nako e tletseng. Le hoja mese e mekhutšoaane e le feshene moo a lulang teng, o re, “Ho ’na, mose o khutlang hanyenyane ka tlas’a mangole ke oa bolelele bo loketseng.” Sena se lumellana le ho itlhopha ha Bokreste. (1 Timothea 2:9) Leha ho le joalo, litekanyetso tsa boitlhopho lia fapana hohle lefatšeng. ’Me haeba u belaela hore mohlomong moseho o itseng o lokile kapa che, buisana sena le motsoali kapa motsoalle ea hōlileng.
Ho Reka ka Bohlale
“U rere ntoa ka ho nahanisisa,” ho eletsa Bibele ho Liproverbia 20:18. Ho nahanisisa hoa hlokahala esita le litabeng tse amanang le ho reka. Ka mohlala, na u thatafalloa ho khetha liaparo tse u tšoanelang? U ka fumana bohlale ka ho ea laebraring le ho etsa lipatlisiso! Ho na le libuka le lihlooho tse tla u thusa ho sebelisa meseho e fapaneng, mebala, le mefuta ea liaparo e tla hlōla mathata a ponahalo ea sefahleho, bolelele, molala, sebōpeho, le tse ling.
Ho thoe’ng ka boleng ba liaparo tseo u li rekang? Le hoja Jesu Kreste a ne a futsanehile linthong tse bonahalang ha a le lefatšeng, ka ho hlakileng o ile a apara seaparo sa boleng bo phahameng hoo babolai ba hae ba ileng ba se laola ka lotho hore e ne e tla ba sa mang! (Johanne 19:23, 24) Ka ho tšoanang, u lokela ho leka ka matla ho khomarela liaparo tsa boleng bo phahameng esita leha chelete ea hao e haella u lokela ho e bokella pele u reka. Hamorao u tla hlokomela hore seaparo sa boleng se turang seo u ka se sebelisang ka lilemo tse ngata se fetoha se theko e tlaase ho ena le sa “theolelo” se senyahang kapele.
Ke joang u ka hōlisang pono ea ho bona lintho tsa boleng bo phahameng? Leka ho sheba mabenkeleng a rekisang liaparo tse turang tsa boleng bo phahameng. Tseba ho sheba liaparo tse loketseng le tse molemo. Buka Elegance e re: “U se ke ua haptjoa ke lebitso; seaparo se lokela ho ipuella ... Boleng bo tlaase, ho sa tsotellehe ho khahla ha sona, hase theolelo.” Tšoara lesela leo se entsoeng ka lona. Hlahloba molala, momeno le masoba a likonopo. Sheba meroko e eketsehileng.
Mike (ea boletsoeng pelenyana) o ile a hōlisa pono ea boleng ba liaparo. Ka hona, o ile a hlokomela hore seaparo seo sa ho tola e ne e le theolelo ea sebele! Leha ho le joalo, “u se thetsoe ke ‘litheolelo,’” ho lemosa Amelia Fatt. Jeresi e theko e phahameng e ka tšoanelang lintho tse ling ka ho wardrobe ea hao e ka ba molemo ho feta jeresi ea “theolelo” e sa tšoaneleng letho. Liproverbia 21:5 e re: “Ea potlakang o tla oela bofumeng.” Qoba ho reka ha u potlakile. Reka ha mabenkele a sa tlala haholo. Tseba esale pele seo u se batlang. Ha u nahana haholoanyane ka boleng, moseho, ’mala, le theko eo u e batlang, u ka qoba hore u reke ntho eo u sa e hlokeng.
Basebetsi ba lebenkele e ka ba thuso e khōlō haeba u ba bolella seo u se hlokang. (Ha e le hantle, ebile ka thuso ea morekisi e mong Mike a tsebileng ho rekela lelapa la habo lintho.) Empa u se ke ua lumella barekisi ho u ratisa ntho eo u sa e rateng. “Sethoto se lumela litaba tsohle, empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”—Liproverbia 14:15.
Apara le ho itlhopha hantle ha u il’o reka. U ka bolela joang ha baki ea sutu e shebahala hantle haeba u e apara holim’a hempe e se nang molala? Kapa u ka bolela joang haeba gown kapa mose o roneha haeba u roetse liteki? Mongoli e mong o hatisa hore ha u apere ha bohlasoa, barekisi ba atisa ho “nahana hore u motho ea se nang khetho kapa chelete,” ’me ba tla thusa bareki ba bang.
Hangata ha u il’o reka u tla fumana hore “ba babeli ba feta a le mong.” (Moeklesia 4:9) Motsoalle kapa motsoali a ka u bolella kamoo seaparo se shebahalang ka morao, hore na se u tiisitse, kapa se otlolohile, kapa ka tsela e ’ngoe ha sea lokela.
Lintho Tse Bohlokoa Haholoanyane
Ho Ba-Filippi 1:10 (NW), Bakreste ba khothalletsoa ho “nepisisa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa.” Lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong li theiloe tsebong ea Molimo—e seng liaparong. Ka masoabi, bacha ba bang ba ka ’na ba apara ka makhethe empa ba ba bohlasoa mosebetsing oa ho bolela tumelo ea bona phatlalatsa.
Le hoja ho le molemo ho ba moreki ea bohlale le ea shebahalang hantle kamoo chelete ea hao e u lumellang, nahanisisa ka ho ba Mokreste ea hōlileng. Ithute ho phetha karolo eo, ’me ho e aparela ho tla itlela feela.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Liaparo tsa morao-rao li tsoa fesheneng kapele. Meseho e sa feto-fetoheng bakeng sa mosebetsi e fapaneng e atisa ho tšoarella nako e telele