Liaparo Tseo re li Aparang—Na ho hlile hoa tsotelleha Hore na ke Tsa Mofuta Ofe?
“HA KE tsebe hore na ke apare eng!” Na boipiletso boo bo batlang thuso bo utloahala e le bo tloaelehileng? Ha e le hantle, mabenkele a feshene kajeno a lula a thahasella ho u thusa—kapa ho u ferekanya le ho feta—ka lifeshene tsa ’ona tsa morao-rao.
Ho thatafatsa ho etsa liqeto le ho feta, matsatsing ana u ka khothalletsoa ho apara ka tsela e sa tsotelleng ho e-na le ho apara ka tsela e hlomphehang. Taba e ’ngoe e ngotsoeng ke mohlophisi makasineng ea lifeshene e bua tjena ka mokhoa ona o fetohileng oa lilemo tsena tsa bo-1990: “E ka ba ho khothatsang ho tseba hore hase feela hore ke ntho e amohelehang ho apara lintho tse shebahalang eka li sohlokehile, li tsofetse, li felile le tse shebahalang li thuntse, empa ke ntho e ratehang.”
Ka sebele, lilemong tsa morao tjena papatso ea boemo bo phahameng, bo-’motlelara ba TV ba etsisoang, lithaka, boikutlo ba ho iphahamisa hammoho le ho lakatsa ho ikhetholla, li ’nile tsa e-ba le tšusumetso e matla mokhoeng oo batho ba aparang ka oona, haholo-holo bacha. Ba bang ba bona ba bile baa utsoa moo ba batlang ho shebahala ba khema le feshene.
Litaele tse ngata tsa lilemong tsena tsa bo-1990 li simolohile mekhoeng ea batho ba lilemong tse sa tsoa feta ba neng ba e-na le monahano o feteletseng ba kang sehlopha sa mahipi har’a batho ba Bophirimela lilemong tsa bo-1960. Litelu, sehlotho se sa kangoang, le liaparo tse sosobaneng li ne li bontša ho se batle ho latela litekanyetso tse tloaelehileng. Empa moaparo oo oa borabele o ile oa boela oa hlohlelletsa hore batho ba ikamahanye le maemo a macha, khatello e ncha ea lithaka.
Moaparo o fetohile mokhoa o pharaletseng le o hlalosang haholoanyane seo motho a leng sona. Liaparo, haholo-holo likipa, li fetohile mamatjana a phatlalatso ao le hoja a sa bue, a phatlalatsang lipapali tse ratoang le likhalala tsa lipapali, metlae, ho hloka thahasello, mabifi, boitšoaro—kapa ho haelloa ke bona—hammoho le lihlahisoa tsa khoebo. Kapa li ka ’na tsa fetisa melaetsa e tšosang. Nahana ka sehlooho sa haufi tjena sa Newsweek: “Bacha ba Nka Mabifi e le Feshene.” Sehlooho seo se qotsa mocha ea lilemo li 21 ha a bua ka sekipa sa hae: “Ke se apara hobane se bolella batho hore na ke moeeng ofe. Ha ke na ho lumella leha e le mang ho mpolella hore na ke etse eng ebile ha ke batle ho khathatsoa.”
Se bontšitsoeng ka ho hlaka lifubeng kapa ka mokokotlong se ka ’na sa fapana ho ea ka batho. Leha ho le joalo, ho batla ho ikamahanya le maemo—ho khetholloa le sehlopha se itseng kapa moea o atileng oa borabele, boikutlo ba ’na pele, ho se laolehe kapa pefo—ke ntho e totobetseng. Sesehi se seng sa liaparo se phohlotsa masoba liaparong ho latela se batliloeng ke moreki oa tsona. Se re: “Ba ka khetha masoba a sethunya se senyenyane, masoba a sethunya se seholo kapa masoba a morathatha. Empa feela e le se nkoang e le feshene.”
Feshene e Fana ka Maikutlo Afe?
Jane de Teliga, mookameli oa lifeshene Musiamong oa Powerhouse o Sydney, Australia, o re: “Ka tloaelo, liaparo ke mokhoa oa ho ikhetholla hore na u oela sehlopheng sefe sechabeng.” Oa phaella: “U khetha sehlopha seo u batlang ho khetholloa le sona ebe u apara ka tsela e lumellanang le sona.” Dr. Dianna Kenny, morupeli oa thuto ea kelello Univesithing ea Sydney, o boletse hore tabeng ea ho khetholla batho ka lihlopha, moaparo ke oa bohlokoa joaloka bolumeli, leruo, mosebetsi, morabe, thuto le aterese ea lehae. Ho latela makasine ea Jet, sekolong se seng seo e batlang e le sa batho ba basoeu feela United States, “ho ile ha qhoma” khohlano ea morabe “khahlanong le banana ba kenang sekolo ba Basoeu ba neng ba loha moriri, ba apara liaparo tse habuhabu, le lifeshene tse ling tsa ‘hip-hop,’ hobane lifeshene tseo li amahanngoa le Batho ba Batšo.”
Ho tšepahalla ho iketsa ngatana-’ngoe ho boetse hoa bonahala le lihlopheng tse ling tse nyenyane, joaloka tabeng ea ’mino: Makasine ea Maclean’s e bolela hore “maemong a mangata, liaparo li tsamaisana le hore na motho o rata ’mino ofe: batšehetsi ba ’mino oa reggae ba apara liaparo tsa mebala e khanyang le likatiba tsa Jamaica, ha ba ratang ’mino oa grunge rock ba roala li-ski tuque ’me ba apara lihempe tse sekoche.” Leha ho le joalo, khetho leha e le efe, ebang ke liaparo tse akheloang feela, tse bontšang ho se tsotelle, tse etsang hore motho ea li apereng a bonahale eka ke mohloki ea lelerang, tseo ho thoeng ke tse bohlasoa, e ka bitsa chelete e ngata.
Ho Etsahala’ng ka Litekanyetso Tsa Boitšoaro Mabapi le Moaparo?
Mongoli e mong oa koranta, Woody Hochswender, o re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e fapane le kamoo u ka nahanang kateng. Feshene ea banna eo pele e neng e laoloa ke litekanyetso tse tiileng tsa boitšoaro, e ’nile ea tsoela pele ho fetoha e sa laoleheng ho hang . . . Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho shebahala joalokaha eka e akhetsoe ho sa reroa.” Leha ho le joalo, maemong a mang mokhoa ona o ka ’na oa bonahatsa boikutlo ba ho se tsotelle. Kapa o ka ’na oa senola ho se itlhomphe kapa ho se hlomphe ba bang.
Sehloohong se neng se bua ka tsela eo liithuti li ikutloang ka eona ka matichere, koranta ea Perceptual and Motor Skills e hlalosa hore “le hoja tichere e tenang bokate e ne e nkoa e le e etsang hore ho be monate ka tlelaseng, maikutlo a eona a ne a sa nkeloe hloohong ’me hangata e ne e khethoa e le tichere e bonahalang e sa tsebe letho.” Eona koranta eo e hlalosa hore “tichere ea mosali e tenang bokate e ne e nkoa e le e thabisang, e atamelehang, eseng hakaalo-kaalo e nang le tsebo, e sa hlokeng ho hlomphuoa haholo, e sa shebahaleng joaloka tichere ’me hangata e le eona e ratoang.”
Ho sa le joalo, lefatšeng la khoebo re na le se seng se nkoang e le feshene: ho apara ka tsela e tla hapa tlhokomelo. Lilemong tsa morao tjena basali ba bangata ba ’nile ba batla ho behoa boemong bo phahameng mosebetsing. Marie, motsamaisi oa mokhatlo oa khoebo oa khatiso o re: “Ke apara ka tsela e qobellang batho ho ncheba.” Oa phaella: “Ke batla ho hlahella. Ke batla ho itlhahisa ke le ntho e ’ngoe e sa tloaelehang.” Marie o ipuela ’nete ha a senola hore o ichebile boeena.
Ka ho ke keng ha qojoa, lifeshene tse ling tse tloaelehileng li bonoa le likerekeng. Ba bang ba batho ba amehileng haholo ka feshene ba bile ba sebelisa likereke tsa bona ho bontša liaparo tsa bona tsa morao-rao. Leha ho le joalo, matsatsing ana ha baruti ba khabile ka lipurapera tsa bona, ba le sefalaneng, hangata ba bona phutheho e tenneng libokate le e roetseng liteki kapa e apereng liaparo tsa feshene.
Ke Hobane’ng ha Batho ba Amehile Hakaale ka Bobona le ka ho Ikhetholla?
Litsebi tsa kelello li re liaparo tsa feshene—haholo-holo ho bacha—ke tšobotsi ea boithati, kaha li bonahatsa takatso ea ho hapa tlhokomelo ea batho. Li li hlalosa e le “tloaelo eo batho ba leng lilemong tsa bocha ba e lemaletseng ea ho bona hore ba hapa thahasello ea ba bang.” Ha e le hantle, ba re: “Ke nahana hore u amehile ka ’na hantle feela ka tsela eo le ’na ke amehileng ka eona ka ’na ka bonna.”—American Journal of Orthopsychiatry.
Lifilosofi tse hatellang bohlokoa ba motho le ho hlokomoloha Molimo ’me li mo nka e le ea sa hlokahaleng, le tsona li khothalelitse maikutlo (ao hangata a jetsoeng ke khoebo) a hore ke uena motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bokahohleng. Bothata ke hore hona joale, batho bana bao e leng ba ‘bohlokoa ka ho fetisisa’ ba ka ba limilione tse likete tse tšeletseng. Ba limilione ba likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana le bona ba inehetse tlas’a tlhaselo ena ea ho rata lintho tse bonahalang, ba loanela ho phela “bophelo ba maemo, hona joale.” (Bapisa le 2 Timothea 3:1-5.) Ho phaella ho sena, malapa aa senyeha le lerato la sebele lea fela, ’me ha ho makatse ha batho ba bangata, haholo-holo bacha, ba hahamalla ntho leha e le efe e le hore ba ikutloe e le ba khethollehileng le ba sireletsehileng.
Leha ho le joalo, joalokaha ho ka lebelloa, ba amehileng ka moaparo oa bona le boemo ba bona ka pel’a Molimo baa ipotsa: Ke lokela ho latela mekhoa e ntseng e fetoha ea moaparo ho isa bohōleng bofe? Ke tla tseba joang hore na moaparo oa ka o loketse? Na o fana ka maikutlo a ferekanyang kapa hona ho fetisa melaetsa e fosahetseng ka ’na?
Na ke Apere ka Mokhoa o Loketseng?
Ha e le hantle, seo re se aparang ke khetho ea rōna ea botho. Litšekamelo tsa rōna tsa botho ha li tšoane, feela joalokaha maemo a rōna a lichelete a sa tšoane. Hape, mekhoa e fapana ho ea ka libaka, ho ea ka linaha ka ho fapana le ho latela hore na boemo ba leholimo bo joang libakeng ka ho fapana. Empa ho sa tsotellehe hore na u boemong bofe, hopola molao-motheo ona: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona, ’me nako e teng ea tsohle tse etsoang tlas’a letsatsi.” (Moeklesia 3:1) Ka mantsoe a mang, apara ho latela hore na u ea hokae. ’Me hape, ‘u be ea inyenyefatsang ha u tsamaea le Molimo oa hao.’—Mikea 6:8, NW.
Seo ha se bolele ho apara liaparo tse mahalihali, empa ho e-na le hoo, se bolela ho apara ka mokhoa o “hlophehileng hantle” le o bontšang “ho hlaphoheloa kelellong.” (1 Timothea 2:9, 10) Hangata sena se mpa se bolela ho bontša ho ithiba, e leng tšobotsi eo makasine ea Working Woman e e amahanyang le khetho e ntle le bokhabane. E le ho bontša kahlolo e molemo, le ka mohla u se lumelle liaparo tsa hao hore ebe tsona tse bonoang pele ha u fihla sebakeng se itseng, tse khotsoang ke ba bang. Working Woman e re: “Apara . . . ka tsela eo ka eona batho ba ke keng ba lebisa tlhokomelo liaparong tsa hao, empa ho e-na le hoo, ba bone bohlokoa ba hao joaloka motho.”
Koranta ea Perceptual and Motor Skills e re: “Libuka tse ngata tse hlahlobang hore na moaparo o phetha karolo efe tabeng ea ho fana ka maikutlo a itseng ka motho ea li apereng le ho fetisa molaetsa oa mofuta o itseng ka eena li bontša hore moaparo ke letšoao la bohlokoa le sebelisoang ho ahlola ba bang.” Tabeng ena, mosali e mong ea lilemong tsa bo-40 eo pele a neng a khotsofalla bokhoni boo a neng a e-na le bona ba ho hapa thahasello ea ba bang ka tsela eo a neng a apara ka eona, o re: “Hoo ho ne ho mpakela mathata a maholo hobane ho ne ho se na phapang lipakeng tsa bophelo ba ka ba ha ke le mosebetsing le bophelo ba ka ba botho. Banna bao ke kopanang le bona ka tsa khoebo ba ne ba lula ba batla ho ’ntša bakeng sa lijo tsa mantsiboea.” Mosali e mong ea bolokang libuka tsa khoebo, ha a hlalosa mokhoa o fapaneng le oo, o re: “Ke ’nile ka bona kamoo banna ba itšoarang kateng ho basali ba aparang ka tsela e sa tsotelleng, kapa ba aparang litaele tsa banna. Banna ba nahana hore ke basali ba leqhōkō, ba lulang ba loketse ho hlasela, ’me ba ba tšoara ka tsela e sa nahaneleng haholoanyane.”
Ngoananyana e mong ea bitsoang Jeffie o ile a hlokomela hore o ne a fetisa melaetsa e ferekanyang ha a kutile setaele se seng se fesheneng hloohong. Oa hopola: “’Na ke ne ke nahana feela hore se shebahala e le se ‘fapaneng.’ Empa batho ba ile ba qala ho mpotsa, ‘Na u hlile u e mong oa Lipaki tsa Jehova?,’ ’me seo se ne se hlabisa lihlong.” Jeffie o ile a tlameha ho ipotsa lipotso tse phenyang maikutlo. Ka sebele, na hase ’nete hore hase molomo feela ‘o buang ho tsoa ho se tletseng pelong’ empa le moaparo le boitlhopho tsa rōna le tsona li bua ka ho tšoanang? (Matheu 12:34) Moaparo oa hao o senola eng—pelo e sekametseng ho lebiseng tlhokomelo ho ’Mōpi kapa ho uena?
Apara ka “ho Hlaphoheloa Kelellong”
Hape, nahana ka phello eo liaparo tsa hao li bang le eona ho uena. Ho apara ka tsela e hapang tlhokomelo le ka tsela e mahalihali ho ka ’na ha etsa hore u ikhohomose, ho apara ka mokhoa o bohlasoa ho ka ’na ha matlafatsa maikutlo a fosahetseng ao u nang le ’ona ka uena, ’me likipa tse phatlalatsang filimi eo u e ratang haholo kapa khalala ea lipapali kapa bahale ba itseng li ka ’na tsa u lebisa ho rapeleng bahale—borapeli ba litšoantšo. E, moaparo oa hao o bua le ba bang—’me o ba bolella se itseng ka uena.
Liaparo tsa hao li re’ng ka uena ha u inoele kapa ha u apere hore u tsebe ho hohela ba bang? Na ebe u matlafatsa litšobotsi tse mpe tsa botho ba hao tseo ha e le hantle e lokelang ebe u loana ka thata hore u li hlōle? Ho feta moo, u leka ho hohela motho oa mofuta ofe? Keletso e tlalehiloeng ho Baroma 12:3 e ka re thusa hore re hlōle boithati, boikakaso le maikutlo a fosahetseng. Moo moapostola Pauluse o re eletsa hore ‘re se ke ra inahana borōna haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa re nahane e le hore re be le kelello e hlaphohileng.’ Ho ba le “kelello e hlaphohileng” ho bolela ho bontša hore re batho ba nahanang.
Sena ke sa bohlokoa haholo ho batho ba leng maemong a boikarabelo le ba tšeptjoang. Mohlala oa bona o na le tšusumetso e matla ho ba bang. Ha ho pelaelo hore ba hahamallang litokelo tsa tšebeletso ka phuthehong ea Bokreste, hammoho le basali ba bona ba Bakreste, ba tla bontša ho itekanela le boikutlo bo nang le tlhompho moaparong le boitlhophong ba bona. Le ka mohla ha re na ho batla ho tšoana le monna eo Jesu a ileng a mo khetholla papisong ea hae ea mokete oa lenyalo: “Ha morena a kena ho tla hlahloba baeti a re heli! ’me a bona mane monna e mong ea sa aparang seaparo sa lenyalo.” Ka mor’a ho hlokomela hore monna enoa o ne a se na lebaka le utloahalang la ho apara liaparo tse sa hlompheheng joalo, “morena a re ho bahlanka ba hae, ‘Mo tlameng matsoho le maoto ’me le mo lahlele . . . ka ntle.’”—Matheu 22:11-13.
Ka hona, ke habohlokoa hore ka lipuo le ka mohlala oa bona batsoali ba hōlise boikutlo bo botle baneng ba bona mabapi le khetho e ntle le moaparo. Sena se ka ’na sa bolela hore ka linako tse ling batsoali ba lokela ho tiea ha ba behela mora kapa morali oa bona mabaka. Empa, ho khothatsa hakaakang ha re fumana pabatso eo re sa e lebellang mabapi le mokhoa o hlomphehang oo bana ba rōna, hammoho le rōna, re aparang ka oona le oo re itšoarang ka oona!
E, bahlanka ba Jehova ba lokolotsoe boikakasong, lifesheneng tse bitsang chelete e ngata le ho ameheng ho tlōlisa ka bona ka bobona. Ba tataisoa ke melao-motheo ea Molimo, eseng moea oa lefatše. (1 Bakorinthe 2:12) Haeba u phela ka melao-motheo ena, u ke ke ua thatafalloa ke ho khetha liaparo. Ho feta moo, joaloka foreimi ea setšoantšo e khethiloeng hantle, liaparo tsa hao li ke ke tsa pata botho ba hao kapa hona ho bo hlahisa hampe. ’Me ha u ntse u leka ho ba joaloka Molimo haholoanyane, u tla hlaolela botle ba moea boo joang kapa joang bo sa itšetlehang ka liaparo tsa hao.