Liaparo li Bolela Eng ho Uena?
“Ho ’Na, liaparo li bolela mofuthu, ho koahela ’mele le boiketlo,” ho arabile mosali e mong. “Mokhabo!” ho arabile e mong.
“Li bolela ntho e ’ngoe le e ’ngoe,” ho boletse monna e mong. “E, ntle ho tsona nke ke ka tsoela ka ntle kapa ka etsa mosebetsi oa ka.”
Ho na le lipono tse sa tšoaneng ka liaparo, joalokaha ho se na batho ba babeli ba tšoanang hantle. Ka hona pono ea hao ka liaparo ke efe? Na u ee u nahanisise ka seo u se aparang le kamoo u se aparang kateng? Liaparo li re’ng ka uena?
Ho Fetang ho Koahela ’Mele
Koana, mosebetsi oa motheo oa liaparo ke ho koahela ’mele. Empa tabeng ea ho koahela ’mele ho na le mefuta e sa feleng ea liaparo. Ka mohlala, sari ea ma-India, kimono ea Majapane, muumuu ea Mahawaii, aba ea batho ba Bochabela bo Hare, liaparo tsohle li koahela ’mele empa ka litsela tse fapaneng haholo. Katiba ea Majeremane homburg, beret ea Mafora, le kafflyeh ea Maarabia kaofela li koahela hlooho, empa li fapane e ’ngoe ho e ’ngoe. Sabot, meqhathatso, le boot kaofela li koahela maoto empa ka litsela tse sa tšoaneng. Ke mang ea ka bolelang hore ke efe ho tsena e loketseng ’mele—sek’hethe sa Scotland kapa marikhoe a Amerika?
Ho sa tsotellehe kamoo re ikutloang ka liaparo, li senola seo re leng sona le maikutlo a rōna ka ba bang. Le pele re tsoa molomo, liaparo tsa rōna li se li buile ho hong ka rōna ho ba bang. Batho ba re ahlola le ho re beha sehlopheng se itseng motheong oa seo re se apareng le kamoo re se apareng kateng. Ka mohlala, mokopi ea apereng likatana le monna ea apereng ka bokhabane ka bobeli ba apere liaparo tsa bona, empa ho na le phapang e khōlō ponahalong eo ba fanang ka eona le tsela eo ba tšoaroang ka eona.
Ka ho eketsehileng, liaparo li sebelisoa ho bonahatsa khetho ea motho ea tsela ea bophelo, maikutlo a lipolotiki, le boikhethollo ba sechaba, le tse joalo. Ka mohlala, Shanghai, Chaena, basali ba bangata ba rata litlolo, mese e hlahisang serope, le liaparo tsa lechato tsa Bophirimela—ba suthile haholo tloaelong ea bona ea nako e fetileng. Ka lehlakoreng le leng, linaha tse ling tse Bochabela bo Hare le tsa Bomoseleme, basali ba khutlela meseng ea Boiselame ea boholo-holo.
Esita le litabeng tsa botho, liqeto li lokela ho etsoa mabapi le seo motho a se aparang, le hore na o se apara neng hona hokae. Lijean, li ka tšoanela mosebetsi oa masimo kapa oa ntlo kapa mesebetsi e meng e sa reng letho, empa ha li tšoanele mesebetsi e hlomphehang ea khoebo kapa liboka tsa borapeli. Liaparo tseo ka tloaelo re li aparang ha re ea mabenkeleng li ka ’na tsa se tšoanele nako ea mantsiboea ea ho intša le metsoalle. Hape tlhokomelo e lokela ho bontšoa ha ho khethoa mefuta e itseng ea liaparo, kaha litšekamelo tse ling le lifeshene li susumetsoa haholo ke “boitšoaro bo bocha” le mokhoa oa bophelo oo li o bonahatsang.
Mefuta e mengatangata ea liaparo e behela e mong le e mong, ba batona le ba batšehali, bana kapa ba hōlileng, phephetso e thahasellisang e hlokang qeto ea botho le tlhahlobisiso. Na u nahanela seo u se aparang le kamoo u tla se tena kateng? Khetho ea hao e itšetlehile ho eng? ’Me liaparo tsa hao li bonahatsa eng ka uena?
Khetho e Phephetsang
“Nakong e fetileng ho ne ho amehiloe ka boleng ba liaparo empa joale ke lebitso la tsona,” ho boletse Barbaralee Diamonstein makasineng oa Vogue. Batho ba bangata ha ba khethe liaparo ka boleng ba tsona, mosebetsi, le ho hlokahala ha tsona. Empa kamehla re bontšoa liphatlalatso tsengata tse tšepisang botle, boemo, botumo, le lebitso haeba re apara liaparo tsa mabitso a itseng kapa tsa moetsi ea tsejoang.
Ho hlokahala boikhalemelo hore motho a hanele liphatlalatso tse joalo tse thetsang, kapa a laole maikutlo a hae a ho reka phahlo e itseng. Batho ba ’maloa haholo ba ka hanang tlhahiso ena: “Oh! Reka. Li u tšoanela hantle hakaakang.” Le hoja mantsoe ao a ka utloahala e le mololi litsebeng tsa hao, a ka re amoha chelete ea rōna. Na u inehela habonolo mantsoeng a phehellang a morekisi? Na u ka hanela tšusumetso ea ho reka phahlo eo u sa e hlokeng kapa eo u se nang chelete ea eona? Haeba u ka atleha ho etsa joalo, u’a babatsoa.
Hona ha se ho bolela hore motho ha a lokela ho khetha ntho e itseng e ncha kapa e leng fesheneng. Empa ho ba le temoho ke senotlolo. Kamehla ke mokhoa o motle ho apara ho ea ka lilemo tsa hao, botho ba hao, le tsela ea bophelo, ho ena le ho laoloa ke lintho tsa moraorao kapa khatello ea lithaka le ho amohela mokhoa o itseng. Hobane feela chebahalo e itseng e le “fesheneng” ha ho bolele hore e u loketse. Ka mohlala, morao tjena libini tse ling tsa ’mino oa rock li hōlisitse mokhoa oa ho itokisa oa chebahalo, le moriri o etsang hore banna le basali ba tšoane. Ha ho bohlale ho amohela mekhoa e joalo kahobane feela e tloaelehile lihlopheng tse itseng. Hlokomela se boleloang ke Bibele ho Deuteronoma 22:5 tabeng ena.
Buka ea mantsoe e hlalosa mokhoa e le tsela eo ntho e itseng e etsoang ka eona, ho feta ntho eo ka boeona. Liaparong, ponahalo ea motho ke eona e khōlō ho feta mofuta oa liaparo tseo a li aparang. Ho molemo haholo ho hlaolela mokhoa o bonahatsang khetho e ntle le tekanyo liaparong ho feta ho phehella lifeshene tsa morao-rao.
Ho Reka ka Bohlale
Lekase le letle la liaparo hase le tletseng liaparo kapa le nang le liaparo tsa moraorao empa hangata ke le bontšang ho reka ka tsela e hlokolosi le ho khetha. Ka hona, pele u ea lebenkeleng la liaparo, hlahlobisisa liaparo tseo u nang le tsona. Mohlomong u ka lokisa kapa ua lahla lintho tseo u sa li sebeliseng kamehla. Leka sena ka liaparo tseo u nang le tsona ’me u bone haeba u ke ke ua li apara le tse ling ho etsa hore li talimehe li le ncha. U tla khona ho lekanya seo u hlileng u se hlokang.
Ha u ea mabenkeleng a liaparo, nahanela hore na seaparo se secha se tla tšoanela joang tseo u nang le tsona. Khetha lintho tse tla tšoanela ’mala le moseho oa liaparo tsa hao. Meseho e tloaelehileng e boloka chelete hobane e ka sebelisoa ka litsela tse ngata le ka nako e telele. Hape, ithute ho sebelisa liaparo tseo u nang le tsona le lintho tse khabisang liaparo. Ho etsa joalo ho tla u nolofaletsa ho apara liaparo halelele le ho li thabela haholo.
Ho reka liaparo ka nako e loketseng le sebakeng se loketseng ho ka etsa phapang e khōlō. U lokela ho rera e sa le pele, ’me liphello e tla ba tse ntle. “Ke ea mabenkeleng a liaparo ha litheko li theotsoe,” ho boletse mosali e mong. Leha ho le joalo, hobane feela theko ea seaparo se itseng e theotsoe ha ho bolele hore ho molemo ho se reka. Leka ho hōlisa leihlo le bonang liaparo tsa boleng bo molemo. “Ke batla mabenkele ao litheko tsa oona li theotsoeng,” a eketsa. “Ka tsela eo ke fumana lintho tsa boleng bo molemo ’me leha ho le joalo ha ke reke se fetang chelete ea ka.”
Boloka ho Leka-lekana
Ponahalo e bohlasoa e ka fana ka maikutlo a ho iphapanya kapa ho se itsotelle, esita le boithati ba ho se hlomphe kamoo ba bang ba ka ikutloang kateng ka uena.Ka lehlakoreng le leng, motho ea amehileng haholo ka feshene a ka ’na a senola boikutlo ba boithati. Ka baka leo, ho ka ba hotle ho hlahloba maikutlo a hao. Ipotse: Na ke batla ho hlahella ka mahetla ka liaparo tsa ka? Na ke sebelisa liaparo ho phehisana kapa ho ipoloka bohatong le ba bang? Na liaparo tsa ka li loketse nako, sebaka, le ketsahalo?
Ntle ho pelaelo, liaparo li bua ho hongata ka rōna. Li ka bua haeba re le batho ba bontšang bokhabane kapa re ikhohomosa, kapa re hlompheha kapa re ikakasa. Li ka bontša haeba re na le khetho e ntle ea liaparo le boitlhompho, kapa haeba re inahanela le ho ba bohlasoa. E, liaparo li ka hoeshetsa, tsa bua, tsa etsa lerata ka rōna. Ka hona, ho boloka boemo bo lekalekaneng ha re khetha liaparo tsa rōna ke habohlokoa.
Hopola hore liaparo e mpa feela e le ponahatso ea motho ea ka hare, liaparo tsa rōna e lokela ho ba tse ntle le tse hohelang, empa re qobe feshene tse sa bontšeng bokhabane kapa tse fetelletsang. Haeba re le seli ka liaparo le kamoo re li aparang kateng li tla bua se molemo ka rōna.
[Lebokose leqepheng la 30]
Thuso Bakeng sa Liaparo Tsa Boleng bo Botle
“Seaparo sa boleng se fana ka tiiso ea hore e tla ba se molemo, se tla u tšoanela le ho lula se sa fetoha kamor’a ho hlatsuoa ka lilemo,” ho bolela mohlokomeli e mong oa lebenkele la Liaparo la Hart Schaffner & Marx. Lithuso tse ling tsa liaparo tsa boleng polokelong ea hao ke tsena.
◻ Sebelisa nako e ngata ho fumana lintho tsa boleng
◻ Qoba meseho ea moraorao e fetelletseng ’maleng, leseleng, le mokhoeng
◻ Batla ntho tse u tšoanelang hantle le tsa moetso o motle
◻ Khetha lesela, le ’mala tse tla tšoanela morero oa seaparo
◻ Aneha seaparo, se fokise moea, ’me u se apere kamor’a lihora tse 24
◻ Se hlatsoe feela ha ho hlokahala; u latele litaelo ka hloko
[Litšoantšo leqepheng la 28, 29]
Liaparo tse khabane le tse ntle li fapana ka linaha