Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 2/8 maq. 25-27
  • Nka Ntlafatsa Liaparo tsa Ka Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nka Ntlafatsa Liaparo tsa Ka Joang?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Theko e Phahameng ea Feshene
  • Ho Nahana ka Litlhoko tsa Hao
  • Ho Etsa Lenane la Liaparo Tseo U Nang le Tsona
  • Ho Reka ka Bohlale
  • Liaparo li Bolela Eng ho Uena?
    Tsoha!—1987
  • Lekunutu la ho Khetha Liaparo tse Loketseng ke Lefe?
    Tsoha!—1989
  • Liaparo Tseo re li Aparang—Na ho hlile hoa tsotelleha Hore na ke Tsa Mofuta Ofe?
    Tsoha!—1999
  • Na Tsela eo U Aparang ka Eona e Tlotlisa Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 2/8 maq. 25-27

Bacha Baa Botsa . . .

Nka Ntlafatsa Liaparo tsa Ka Joang?

ROBERT o tsielehile! O tlameha ho ea lechatong la khaitseli ea hae ’me ho hang ha ho seo a ka se aparang. Hase hore Robert o boemong boo Bibele e bo bitsang ‘ho hlobola.’ (Jakobo 2:15) Empa feela e le hore liaparo tsa Robert tsa letsatsi le letsatsi li ke ke tsa tšoanela ketsahalo ena e hlophisitsoeng.

Leha ho le joalo, Angela e mocha eena o tlameha ho ea meketeng e meraro ea boithabiso, mokete ka mong o hloka liaparo tse fapaneng. Leha ho le joalo, ho fapana le Robert, ha a na bothata ba ho fumana seaparo se loketseng. Hase hore Angela ke morui. Empa feela a e-na le liaparo tse lumellanang le maemo tse mo lumellang hore a apare hantle maemong a fapa-fapaneng.

Sehlooho se seng makasineng oa Woman’s Day se itse: “Liaparo ke tsa bohlokoa. Li phetha karolo e khōlō tabeng ea hore u ikutloe hantle.” Seo u se aparang se boetse se susumetsa haholo tsela eo ba bang ba u talimang le ho u tšoara ka eona. Kahoo, ka lebaka le letle Bibele e re phehella hore re apare “seaparo se lokelang, [re] itlhophe ka boitlhompho le ka tšabo.” (1 Timothea 2:9) Haeba u Mokreste, ho ba le liaparo tse loketseng e lokela ho ba ntho ea bohlokoa ho uena.

Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore ho sa tsotellehe liaparo tse ngata tseo u nang le tsona kamoo ho behoang liaparo, ebe ka linako tse ling u ikutloa eka ha u na letho leo u ka le aparang? Bothata ke bofe, hona u ka lokisa litaba joang?

Theko e Phahameng ea Feshene

Hangata bothata hase chelete empa ke phello ea ho ba lekhoba la mekhoa le lifeshene tsa lefatše tse lulang li ntse li fetoha. Buka Youthtrends e bolela hore “lefatše la khoebo lea hlokomela hore bacha ba tla sebelisa chelete e ngata bakeng sa liaparo tsa mabitso.” Kaha indasteri ea liaparo e susumetsoa ke meharo ea chelete, e sebelisa limakasine tse thahasellisang le liphatlalatso tsa TV ho hohela bacha hore ba reke—’me ba reke, ba be ba reke! Kaha leqheka lena le matlafatsoa ke khatello ea lithaka, lea sebetsa. Tichere ea tletleba: “E mong le e mong o sebelisa chelete e ngata haholo liaparong ’me bana ba sitoang ho etsa sena . . . ba batla mesebetsi ea ka mor’a linako tsa sekolo hore feela ba reke libokate tse mabitso a tummeng.”

Ho ba lekhoba la feshene ho bitsa chelete e ngata ’me ho ka u siea u e-na le e fokolang feela bakeng sa ho reka liaparo tse sebetsang haholoanyane tseo u hlileng u li hlokang. Ba-Roma 12:2 e fana ka keletso e ntle ha e re: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna.” Ke ’nete hore ho hlahella u le ea fapaneng hase kamehla ho leng bonolo. Charlene ea lilemo li 16 oa lumela: “Bana ba sekolo ba nka u le sephoqo ha u sa apare joaloka bona.” Leha ho le joalo, haeba u lumella ba bang hore ba rere hore na u etse eng, u fetoha lekhoba la bona. (Bapisa le Ba-Roma 6:16.) Mosali e mocha ea bitsoang Johanna oa lumela: “Ke khopisoa ke hore ke ikutloa eka kamehla ke aparela motho e mong.”

Na see se bohlale kamehla? Ka mohlala, nahana ka liaparo tsa kenke ea seterata, hip-hop, le tse “bohlasoa.” Ba bangata ba apara lifeshene tsena hobane feela li ratoa haholo. Leha ho le joalo, li bonahatsa bohale le bofetoheli ka ho totobetseng. Na ho li apara ha ho fe ba bang boikutlo bo fosahetseng ka uena? (Johanne 15:19; bapisa le 2 Ba-Korinthe 6:4.) Ha re sa re letho ka hore ho shebahala joaloka setho sa kenke ho ka etsa hore u bolaoe. Ka hona likolo tse ling tsa United States li thibetse ho aparoa ha lifeshene tsa kenke. Thuto ke efe? Ha ho na kelello ho lumella lithaka tsa hao hore li u khethele liaparo, ’me ha ho na kelello haholoanyane hore li laole bophelo ba hao. Ho e-na le ho tšoenyeha ka se tla ba thabisa, “le qamake se khahlisang Morena”! (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Ba-Efese 5:10.

Ho Nahana ka Litlhoko tsa Hao

Hang ha u itšoasollotse khatellong ea feshene e ratoang ka ho feteletseng, u ka qala ho etsa hore u be le liaparo tse finyellang litlhoko tsa hao tsa sebele. Ka mohlala, nako ea hao e ngata u e qeta sekolong. Haeba sekolo sa hao se hloka junifomo kapa se e-na le melao e bolelang hore na ho aparoe joang, khetho ea hao e tla lekanyetsoa. Empa likolong tse ngata ho fanoa ka khetho, ’me ho apara feela tjee ho tloaelehile.

Boemong bo joalo, e ka ’na ea se be bohlale ho iketsa ea bonahalang haholo ka ho apara baki le tae kapa mose oa letheka o motle haholo. U ka batla ho apara feela tjee empa o sa tšehetsa feshene e ratoang ka ho feteletseng kapa o sa apara ka mokhoa o bohlasoa. Ngoanana ea lilemo li 18 ea bitsoang Millie o ile a etsa seo. Ha a ntse a le sekolong o ile a qoba lifeshene tse feteletseng. Haeba u le boemong bo tšoanang, mohlomong u tla hloka marikhoe a seng makae a aparoang feela tjee, lihempe, kapa mabolause liaparong tsa hao. Haeba u se na chelete, ho ba le lintho tse seng kae tsa tsena ho ka lekana.—Bapisa le Luka 10:42.

Ho ba le liaparo tse lekaneng tsa sekolo ho ka u siela chelete e lekaneng bakeng sa ho hlokomela litlhoko tse ling. Ka mohlala, na ho na le moo u hiriloeng teng kapa mesebetsi ea lelapa eo u tlamehang ho e etsa? Joale u tla hloka liaparo tse sa taboheng kapele, tse thata. Liaparo tse loketseng li ka boela tsa hlokahala bakeng sa lipapali le mesebetsi e meng ea ho bapala. Le hoja e ka ’na eaba ho tloaelehile ho apara marikhoe a makhutšoaane a tummeng, liaparo tsa ka holimo, le liteki, u tla fumana hore liaparo tse seng theko e thata hakaalo li ntse li ka sebetsa ka mokhoa o tšoanang.

Haeba u e mong ua Lipaki tsa Jehova, u tla boetse u nahane ka tlhokahalo ea liaparo tse loketseng tseo u tla li apara libokeng tsa Bokreste, joalokaha liaparo tse aparoang feela tjee li sa lokela borapeli. Linaheng tseo ho tsona ho aparoang ho ea ka setaele sa Bophirimela, hangata banna ba apara marikhoe a sa aparoeng feela tjee, hempe, tae, le baki. Hangata basali ba bacha ba apara mose oa sefuba kapa mose oa letheka le bolause. Liaparo tse tšoanang li ka boetse tsa aparoa mosebetsing oa boboleli ba ntlo le ntlo. Hore na u tla khona ho reka liaparo tse kae tse joalo ho tla itšetleha ka chelete eo u nang le eona. Ka lehlohonolo, liaparo tsa hao ha ho hlokahale hore li be ngata kapa e be tsa feshene ea morao-rao. Li lokela ho ba makhethe ’me li hloeke.

Jesu Kreste o ile a ea lechatong, ’me mohlomong le uena u ka memeloa ho ba teng liketsahalong tse itseng tsa boithabiso. (Johanne 2:1, 2) Haeba ho tloaelehile ho itereka ha batho ba e-ea liketsahalong tse joalo, joale hoa utloahala ho ba le liaparo tse itseng tse tšoanelehang. Johanna oa lumela: “Ke bile maemong ao ho ’ona ke neng ke sa aparela ketsahalo eo, ’me ho ne ho se monate.” Ho ba le bonyane seaparo se le seng se setle ho ka boetse ha u thusa hore u se be tlas’a khatello le litšenyehelo tsa ho reka motsotsong oa ho qetela.

Ho Etsa Lenane la Liaparo Tseo U Nang le Tsona

U ka ’na ua etsa seo mongoli Jean Patton a se bitsang tlhahlobo ea moo ho behoang liaparo. (Color to Color) Arola liaparo tsa hao, ho kopanyelletsa tse behiloeng. U ka ’na ua fumana liaparo tseo u neng u se u li lebetse. Ka nako e tšoanang, u ka lahla tse seng li sa u lekane kapa tseo u seng u sa li rate.

Joale, etsa lenane la liaparo tseo u nang le tsona, mohlomong u li hlophisa ka likarolo tse khōlō (lijase, lisutu, mese ea sefuba, maboleisara, libaki tse ka aparoang ka marikhoe a mebala esele), liaparo tse tsamaisanang le tse ling (mabolause, lijesi, le lihempe tse aparoang ka liketsahalo tse khethehileng), le lintho tse tšesaane (lituku, mabanta, lihanekausi, likatiba, lieta, mekotla ea bo-’mè, lik’hafo). Lenane le joalo le thusa ho totobatsa liaparo tseo u li hlokang pokellong eo u nang le eona ea liaparo.

Ho Reka ka Bohlale

Linaheng tse ling liaparo tse ncha ke ntho e fumanehang ka thata. Bacha ba etsa boiteko ba ho hlokomela liaparo tseo ba nang le tsona le ho li boloka li le makhethe ’me li hloekile. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u le boemong ba ho reka liaparo tse ncha? Bukeng ea hae, Working Wardrobe, Janet Wallach o bolela hore “mosali a ka boloka nako le chelete haeba a reka liaparo tsa hae ka morero o itseng.” Ke ’nete le ho banna ba bacha. Mohlomong u na le chelete e nyenyane, kahoo ho hlokahala hore u lekanye litšenyehelo tsa ntho leha e le efe eo u e rekang. (Bapisa le Luka 14:28.) Sena se ka ’na sa bolela hore u fokotse lenane la lintho tseo u il’o li reka, u tšoarelle linthong tsa bohlokoa. Ho bontša kahlolo e molemo ke ho sebelisa chelete e ngata liaparong tseo u tla li apara haholo.

The Better Business Bureau A to Z Buying Guide e fana ka keletso ena: “Hlophisa liaparo tsa hao motheong oa sehlopha se le seng sa mebala, joaloka ’mala o bolou le o mothokoa kapa o merune le o motšo. Khetha liaparo tse ngata mebaleng ena, ’me mebala e khanyang e be ea lihempe, mabolause, le lintho tse tšesaane.” Liaparo tse mebala e seng bohale li ba fesheneng nako e telele. Ka ho tšoarella sehlopheng se le seng sa mebala, ka ho bonolo feela u ka leka ’me ua iketsetsa liaparo tse ncha.

Liproverbia 14:15 e re: “Ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng,” ’me ho rera ka ho tobileng seo u tla se reka ho ka u qobisa tšusumetso e bitsang chelete e ngata ea ho reka u sa rera. Mosali e mong e mocha o re: “Ka linako tsohle ke tšoara lenane la lintho tseo ke il’o li reka ha ke ea mabenkeleng.” Hopola hape hore qetellong, ho molemo ho reka liaparo tsa boleng ho e-na le tse ngata. Seaparo sa boleng se ka ba teng ka lilemo tse ngata. Mosali e mong e mocha o re: “Ke ntse ke e-na le lijesi tseo ke neng ke li apara ke sa le mocha ea ka tlaase ho lilemo tse 20.” Leha ho le joalo, lebitso la seaparo ha le bolele hakaalo boleng ba sona, kaha boleng bo bonoa ka ho hlahlobisisa seaparo ka bosona.a

Sebelisa liaparo tse tloaelehileng tse sa tsamaisaneng haholo le feshene. Mose oa boleng bo itekanetseng kapa sutu ea monna kamehla li tla lula li le fesheneng. Lifeshene tse ratoang ka ho fetisisa li tsoa fesheneng kapele. Amelia Fatt bukeng ea hae Conservative Chic, o re: “Liaparo tse tloaelehileng tse sa tsamaisaneng le feshene ho bonolo ho li apara le lintho tse ling tse tšesaane, ho bonolo ho li apara selemong se tlang, ke poloko e molemo ea chelete.”

U se ke ua lebala hore batsoali ba hao ba na le phihlelo ea lilemo tse ngata ea ho reka liaparo. Tse ling tsa lintho tseo u li ratang li ka ’na tsa fapana le tsa bona haholo, empa liaparong tsa motheo le ka ’na la lumellana ho feta kamoo u nahanang kateng. Angela oa hopola: “’Mè o ile a thusa ’na le ngoan’eso hore re rate liaparo tsa boleng bo botle.” Ha nako e ntse e feta le ka ho bontša mamello, le uena u ka khona ho ba le liaparo tse tšoanelehang, tse sebetsang. Mohlomong ho ke ke ha etsahala hore u boele u re, ‘Ha ho na seo nka se aparang!’

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Bacha Baa Botsa . . . Lekunutu la ho Khetha Liaparo tse Loketseng ke Lefe?” tokollong ea rōna ea October 8, 1989.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Pele etsa lenane la seo u seng u ntse u e-na le sona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela