Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 2/8 maq. 28-30
  • Ke Hobane’ng ha Ke Ikutloa ka Tsela Ee?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha Ke Ikutloa ka Tsela Ee?
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ke Boikutlo ba Tlhaho Kapa bo Hlaoleloang?
  • Litšusumetso tsa Tikoloho
  • Ntate le Mora
  • Tseko ea Boitšoaro
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
    Tsoha!—1995
  • Nka Etsa Joang Hore Maikutlo Aa a Fele?
    Tsoha!—1995
  • Na ho Ratana ha Batho ba Bong bo Tšoanang ho ka Lokafatsoa?
    Tsoha!—2012
  • Nka Qoba Bosodoma Joang?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 2/8 maq. 28-30

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha Ke Ikutloa ka Tsela Ee?

“Ke ikutloa eka ho na le ntoa e loanoang ka hare ho ’na. Ha ke tsebe hore na ke tla thusoa ke mang.”—Bob.

BACHA ba bangata ba hlokofatsoa kelellong ke maikutlo a tšoanang. Ho fapana le lithaka tsa bona tse thahasellang batho ba bong bo fapaneng, bona ba iphumana ba hoheloa haholo ke batho ba bong bo tšoanang le ba bona. Ho ba bangata, sena ke ntho e bakang liphello tse senyang.

Mosali e mong o ile a re ka morali oa hae: “O ile a qala ho fokola ’meleng, a sa khone ho ja kapa ho robala, a tepella maikutlo ’me a ba le maikutlo a feto-fetohang. O bile a leka ho ipolaea.” Sesosa sa sehlooho sa tsieleho ee ke sefe? “O ne a e-na le maikutlo a Bosodoma ba Basali.” Ho ba bang ha ho bonolo ho hlōla litšekamelo tse joalo. Monna e mong e mocha eo re tla ’mitsa Mark o re: “Pele ke fihla lilemong tse 13, ke ile ka qala ho ba le likamano tsa bosodoma le metsoalle e meng ea ka. Ke ile ka tsoela pele ho etsa sena le lilemong tsa bocha ho fihlela ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Empa ka linako tse ling ke ntse ke na le maikutlo a fosahetseng a ntseng a saletse ka ho ’na.”

Ke eng se etsang hore mocha a hoheloe ke motho oa bong bo tšoanang le ba hae? Hona ke eng seo mocha a ka se etsang haeba a hlasetsoe ke maikutlo a joalo?

Na ke Boikutlo ba Tlhaho Kapa bo Hlaoleloang?

Mehleng ena ho tloaelehile ho bolela hore basodoma ba tsoetsoe ba le joalo le hore tšekamelo ea bona ka likamano tsa botona le botšehali e ke ke ea fetoloa. Ka mohlala, makasine oa Time, ka tsela e susumetsang o ile oa re: “Phuputso e ncha e bontša hore ho na le phapang kahehong ea boko ba banna ba basodoma le bao eseng basodoma.” Leha ho le joalo, phuputso ena e ile ea etsoa ho banna ba ileng ba bolaoa ke AIDS. Ka sebele sena hase tiise seo ba se bolelang!

Khopolo e ’ngoe e ama li-hormone. Bo-rasaense ba ile ba hlokomela hore litoeba tse laborathoring tse ntšitsoeng li-hormone tsa botona li ile tsa bonahatsa boitšoaro ba ho batla tse tona bo bontšoang ke litoeba tse “tšehali.” Ba ile ba etsa qeto ea hore basodoma mohlomong ka ho tšoanang ba entsoe hampe ke tsietsi e amanang le bophelo—ho pepesehela li-hormone tse ngata kapa tse fokolang tsa botona pele ho tsoalo. Leha ho le joalo, bo-rasaense ba bangata ba lumela hore boitšoaro bo sa tloaelehang har’a litoeba ke boikutlo ba ho arabela ketsong e itseng—eseng ‘bosodoma.’ Ntle ho moo, batho hase litoeba. The Harvard Medical School Mental Health Letter e beha mabaka ka hore: “Ho hang ho ke ke ha etsahala hore li-hormone tse bang teng pele ho tsoalo li susumetse . . . tšekamelo ea motho ea botona kapa botšehali ka tsela e tobileng e tšoanang le eo li hlophisang boikutlo ba ho arabela ketsong e itseng e amehang boitšoarong ba ha litoeba tse tšehali li batla tse tona.”

Ho boetse ho fanoe ka tlhokomelo e khōlō lithutong tsa liphatsa tsa lefutso. Har’a banna le basali ba basodoma ba nang le mafahla a tšoanang, hoo e ka bang halofo ea mafahla le eona ke basodoma. Kaha mafahla a tsoang leheng le le leng [a tšoanang] ke ho ipheta ha liphatsa tsona tseo tsa lefutso, ho bonahala ho utloahala ho etsa qeto ea hore phatsa e ’ngoe ea mohlolo ea lefutso e ile ea baka karohano. Leha ho le joalo, hlokomela hore halofo ea bana bao e leng mafahla e ne e se basodoma. Haeba botho bona bo ne bo hlile bo hlophisitsoe ke liphatsa tsa lefutso, na e ne e ke ke ea ba mafahla ’ohle a nang le bona? Ke ’nete hore liphatsa tsa lefutso le li-hormone li phetha karolo e itseng. Esita leha ho le joalo, Scientific American e tlalehile liphuputso tsa ba bang hore bopaki “bo bontša ka matla hore tikoloho e tlatsetsa haholo tabeng ea tšekamelo ea likamano tsa botona le botšehali.”

Litšusumetso tsa Tikoloho

Nahana ka tikoloho ea Greece ea boholo-holo. Kaha ba ne ba susumetsoa ke lipale tse tsosang takatso tsa melimo ea bona ea tšōmong, mengolo ea bo-rafilosofi ba kang Plato, le moetlo oa moo ho ikoetlisetsoang teng moo bacha ba neng ba ikoetlisa ba sa apara, bosodoma bo ile ba ata lefatšeng le buang Segerike la batho ba phahameng sechabeng. Ho latela buka Love in Ancient Greece, “Krete ho ne ho nkoa ho le lihlong hore moshemane ea hlahetseng lelapeng la barutehi a hloke moratuoa [e motona].” Ha ho phatsa ea mohlolo ea lefutso kapa hormone e ileng ea baka bobolu bo joalo. E ile ea ata hobane mokhoa oa bophelo oa Magerike o ile oa ho lumella, e, oa ho khothalletsa! Sena se bontša hantle kamoo tikoloho e ka phethang karolo e matla kateng.

Ntle ho pelaelo moroallo oa mashano a buellang bosodoma o entse hore maikutlo ana a ate kajeno. Ho fana ka maikutlo a bosodoma ho TV, lifiliming, ’minong, le limakasineng. Seteishene sa thelevishene se lefelloang ka ho khetheha se nolofalelitse bacha ba bang hore ba shebelle litšoantšo tse hlakileng tsa bootsoa. Meaparo le boitlhopho tse kopanetsoeng (tsa batho ba batona le ba batšehali) li fetohile tse ratoang. Litsebi tse ling li boetse li ikutloa hore mashano a khahlanong le banna a hasoang ke basali ba bang a tlatselitse tabeng ea ho ata ha bosodoma ba basali. Bacha ba ka boela ba pepesehela litšusumetsong tse mpe ka ho tloaelana le liithuti-’moho tseo ka ho pepenene li buellang mokhoa oa bophelo oa bosodoma.—1 Ba-Korinthe 15:33.

Ntate le Mora

Ka linako tse ling, tikoloho ea lelapa e nang le bothata ho bonahala le eona e phetha karolo ea bohlokoa, haholo-holo har’a banna.a Ntate o phetha karolo ea bohlokoa khōlong ea ngoana ea maikutlo. (Ba-Efese 6:4) Buka Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng e re: “Tšusumetso ea litšoaneleho tsa ntate tsa bonna e ka ba ea bohlokoa haholo ho etseng motho ea holang hantle, ea leka-lekaneng.”b Moshemane o boetse o hloka ho bontšoa hore oa hlokahala, a bontšoe lerato, le kamohelo ke ntat’ae. (Bapisa le Luka 3:22.) Liphello e ka ba life haeba ntate a hlōleha ho fa ngoana oa hae tlhokomelo e hlokahalang? Khatello ea maikutlo. Sengoli sa bophelo bo botle ba kelello Joseph Nicolosi se bolela hore bosodoma ba banna ke “hoo e batlang e le phello ea mathata likamanong tsa lelapa, haholo-holo pakeng tsa ntate le mora.”

Mohlomong ka ho se hlokomele ’mè o mpefatsa boemo ka ho nyenyefatsa monna oa hae kapa ka ho tetesa mora oa hae ka ho fetelletseng. Patlisiso e ’ngoe e entsoeng ho bashanyana ba itšoarang joaloka basali e hloko-metse sena: “Batsoali ba bang ba ne ba ka rata ho ba le ngoanana eseng moshanyana ’me ka ho poteletseng ba khothaletsa mora oa bona e monyenyane hore a apare joaloka ngoanana kapa ba mo apesa joalo.”

Sena hase ho bolela hore maikutlo a khopameng a botona le botšehali a ka nkoa hore ka ho iketsahalla feela ke molato oa batsoali. Banna ba bangata ba hōtseng ba e-na le bo-’mè ba ba tetesang le bo-ntate ba sa tsotelleng, ba sa beng teng, kapa ba hlekefetsang ba ntse ba bile le botho ba batho ba batona. Ho feta moo, hase litšekamelo tsohle tsa bosodoma tse bakoang ke ho tsoa malapeng a sa tsamaeeng hantle. Leha ho le joalo, ho bonahala eka bashanyana ba bang ba utloisitsoe bohloko ka tsela e tobileng. Dr. Nicolosi o re: “E le phello ea ho ikutloa hore le lahliloe ke ntate oa lona le sa le lenyenyane . . . , lesodoma le ikutloa le fokola ’me le sa tšoanelehe tabeng ea litšoaneleho tse amanang le bonna, e leng matla, ho tiea, le bonatla. Le hoheloa ke matla a bonna e le ha le batla ho fumana bonna boo le se nang bona.”

Monna e mocha oa Mokreste ea bitsoang Peter oa ngola: “Ntate oa ka e ne e le lekhoba la tahi ’me kamehla o ne a shapa ’Mè, ka linako tse ling, le rōna bana. Ha ke le lilemo li 12, o ile a tloha lapeng. Ke ne ke ikutloa hore ke haelloa ke ho ba le ntate haholo. Kamehla ke ne ke hloloheloa ho fumana motho ea tla koala sekheo seo ke neng ke se utloa letsatsi le leng le le leng. Ha qetellong ke e-ba le botsoalle le ntate ea molemo oa Mokreste eo ke neng ke nahana hore a ka finyella tlhoko eo, ke ile ka qala ho ba le maikutlo a ho kopanela liphate le eena.”

Ho thahasellisang ke hore palo e khōlō ea basodoma ke bahlaseluoa ba ho hleka-hlekoa ha bana.c Ho hleka-hlekoa ho joalo ho ka baka kotsi ea nako e telele ’meleng le maikutlong. Ho ba bang e ka baka seo mongoli e mong a boletseng hore ke “ho se itsebe hore na u motona kapa u motšehali.” Ka ho hlakileng sena se ile sa etsahala Sodoma oa boholo-holo, moo bashanyana ba neng ba bonahatsa takatso e meharo ea likamano tse sothiloeng. (Genese 19:4, 5) Ka ho hlakileng, ba ne ba baketsoe sena ke ho tšoaroa hampe ke batsoali.

Tseko ea Boitšoaro

Mohlomong le ka mohla bo-rasaense ba ke ke ba etsa qeto e tiileng ea hore na tlhaho le ho hlaolela takatso li phetha karolo e kae khoheling ea batho ba bong bo tšoanang. Empa taba e le ’ngoe e hlakile: Batho bohle ba tsoaloa ba e-na le tšekamelo ea ho inehela menahanong le litšekamelong tse fosahetseng.—Ba-Roma 3:23.

Ka hona mocha ea lakatsang ho thabisa Molimo o tlameha ho lumellana le litekanyetso tsa Hae tsa boitšoaro ’me a qobe boitšoaro bo litšila, le hoja mohlomong ho etsa joalo ho ka ba thata ka ho utloisang bohloko. ’Nete ke hore batho ba bang ba ka ’na ba sekamela bosodomeng, joalokaha batho ba bang, joalokaha Bibele e bolela, “ba sekametse khalefong.” (Tite 1:7, NW) Empa Bibele e ntse e nyatsa ponahatso tsa bohale bo sa lokang. (Ba-Efese 4:31) Ka ho tšoanang, Mokreste a ke ke a emela boitšoaro bo litšila ka ho bolela hore ‘o hlahile a le joalo.’ Batlatlapi ba bana ba sebelisa boikemelo bo tšoanang ha ba bolela hore takatso ea bona e sa tloaelehang “e bōpeletsoe ka hare ho bona.” Empa na leha e le mang a ka latola hore takatso ea bona ea likamano tsa botona le botšehali e sothehile? Hoa tšoana le tabeng ea ho lakatsa motho oa bong bo tšoanang le ba hao.

Ka hona bacha ba iphumanang ba hoheloa ke batho ba bong bo tšoanang le ba bona ba tlameha ho qoba ho inehela maikutlong a bona. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Bibele e nyatsa bosodoma ka ho tobileng hakaale? Na ehlile mokhoa oo oa bophelo o ferekane ’me o sothehile? Haeba ho joalo, mocha a ka etsa eng hore a bo qobe? Lipotso tsena li tla tšohloa tokollong e tlang ea Tsoha!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho entsoe lipatlisiso tse batlang li fokola tabeng ea ho ba teng ha bosodoma ba basali. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo ea hore litšusumetso tsa lelapa le tsona li phetha karolo ho sena.

b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

c Ka moo ho bonahalang kateng ho tšoaroa hampe ha ngoana e ne e le sesosa sa ho ata ha bosodoma Greece ea boholo-holo. Baeki ba baholoanyane ba bashanyana ka tloaelo ba ne ba bitsoa “liphiri”—e leng “letšoao la meharo le bohale bo tšosang bo lekang.” Bahlaseluoa ba bona ba banyenyane ba ne ba bitsoa “likonyana.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela