Na Boqapi bo ka ba Teng ho se na Moqapi?
HO FETILE lilemo tse ka bang 150 esale Charles Darwin a bolela hore mefuta e sa tšoaneng le e rarahaneng ea lintho tse phelang e hlahisitsoe ke ho iphetola ha lintho. Leha ho le joalo, khopolo ea hae ea hore lintho li iphetotse le litlhaloso tsa eona tse sa tšoaneng tsa morao-rao li sa tsoa hlaseloa ke batho ba lumelang hore kaheho e tsotehang ea lintho tse phelang e bontša hore li entsoe ka morero. Esita le bo-rasaense ba bangata ba rutehileng haholo ha ba lumellane le hore mefuta-futa ea lintho tse phelang tseo re li bonang lefatšeng e hlahisitsoe ke ho iphetola ha lintho.
Bo-rasaense ba bang ba joalo ba re ho na le lebaka le leng la hore ebe ho na le mefuta-futa ea lintho tse phelang—e leng hore lintho li qapiloe ka bohlale—ba fana ka mabaka a tiileng a hore pōpo e tšehetsoa ke thuto ea lintho tse phelang, ea lipalo le ho sebelisa kelello. Ba khothalletsa likolo hore li rute khopolo ena thutong ea saense. Batho ba ngangisana ka khopolo ea ho iphetola ha lintho haholo-holo United States, empa ho tlalehoa hore ho etsahala se tšoanang Engelane, Netherlands, Pakistan, Serbia le Turkey.
Ntho eo ho Makatsang Hore Ebe e Siiloe
Leha ho le joalo, ho na le ntho eo ho totobetseng hore baa e siea ha ka bokheleke ba buella hore lintho li qapiloe ka bohlale. Ke hore ha ho thoe letho ka moqapi. Na u lumela hore ke ntho e ka etsahalang hore ho be le boqapi ho se na moqapi? The New York Times Magazine e re, batho ba buellang hore lintho li qapiloe ka bohlale “ha ba totobatse hore na moqapi ke mang kapa ke eng.” Mongoli Claudia Wallis o ile a bolela hore ba buellang hore lintho li qapiloe ka bohlale ba “seli hore ba se ke ba bua ka Molimo tabeng ena.” Makasine ea Newsweek e boletse hore “thuto ea hore lintho li qapiloe ka bohlale ha e bolele hore na ho na le moqapi kapa hore na ke mang.”
Leha ho le joalo, u ka utloisisa hore ha ho thuse ho leka ho qoba taba ea moqapi. Na tlhaloso e amanang le tsela eo bokahohleng le bophelo bo qapiloeng ka eona e ne e ka utloahala haeba ho patiloe hore na moqapi o teng le hore na ke mang kapa ho sa nahanoe letho ka eena?
Ho ea bohōleng bo itseng, taba e ka sehloohong ngangisanong ea hore na ho lumeloe boteng ba moqapi kapa che e itšetlehile ka lipotso tsena: Na ho amohela boteng ba moqapi ea phahametseng motho ho ne ho tla sitisa khatelo-pele ea saense kapa ea tsa mahlale? Na re lokela ho lumela hore ho na le moqapi ea bohlale hafeela ho se na tlhaloso e ’ngoe eo re ka e fumanang? Na ehlile hoa utloahala ho etsa qeto ea hore ho na le moqapi ha re talima lintho tse qapiloeng? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena le tse ling tse amanang le tsona.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Charles Darwin o ne a lumela hore mefuta e rarahaneng ea lintho tse phelang e hlahisitsoe ke ho iphetola ha lintho
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Darwin: From a Photograph by Mrs. J. M. Cameron/U.S. National Archives photo