Ananela Lintho Tse Qapiloeng Ithute ka Moqapi
NA U kile ua utloela ka Michelangelo? Ke motaki le ’metli oa litšoantšo oa Motaliana oa nakong e fetileng. Ha u ka bona se seng sa litšoantšo tsa hae, mohlomong u tla lumellana le rahistori oa tsa bonono ea ileng a re ke “moetsi oa litšoantšo ea ipabolang le eo ho seng ea ka bapisoang le eena.” Bokhoni ba Michelangelo bo ke ke ba latoloa. Ke mang ea neng a ka ananela litšoantšo tsa Michelangelo empa a latola hore ke moetsi oa litšoantšo ea ipabolang?
Joale nahana ka tsela e hlollang eo lintho tse phelang lefatšeng li rarahaneng li bileng li sa tšoaneng ka eona. Ke ho loketseng hore ebe The New York Times e ile ea qotsa mantsoe a moprofesa e mong oa thuto ea lintho tse phelang a reng: “Likarolo tse itseng tsa thuto ea lintho tse phelang li fana ka bopaki ba hore li qapiloe.” O ile a eketsa ka ho re: “Lintho tse phelang li fana ka bopaki bo bongata ba hore li qapiloe.” Na hoa utloahala ho ananela lintho tse qapiloeng empa re sa lumele hore ho na le moqapi?
Moapostola Pauluse, ea neng a ela hloko lintho tse mo potolohileng, o ile a bua ka ba neng ba “khumamela sebōpuoa, ba se sebeletsa ho e-na le ’Mōpi.” (Baroma 1:25, Bibele Phetolelo e Ncha) Batho ba bang ba susumelitsoeng ke khopolo e atileng ea ho iphetola ha lintho, baa hana kapa ha ba lumele hore ka sebele lintho tse qapiloeng li bontša hore ho na le moqapi. Empa na khopolo ea ho iphetola ha lintho e lumellana le saense ea sebele? Hlokomela qeto ena eo Christoph Schönborn, moarekabishopo oa K’hatholike oa Vienna a e boletseng ho The New York Times: “Khopolo efe kapa efe e hanang kapa e lekang ho hlokomoloha bopaki bo bongata ba hore lintho tse phelang li qapiloe, ke khopolo-taba, eseng saense.”
Na e ne e Tla ba ho Fela ha Saense?
Leha ho le joalo, ho na le batho ba lumelang hore ho amohela hore ho na le bopaki ba boteng ba ’Mōpi ho ne ho tla “etsa hore batho ba khaotse ho etsa lipatlisiso.” Sehlooho se makasineng ea New Scientist se ile sa bontša hore eo ke taba eo ho amehiloeng ka eona, sa bolela hore “lipatlisiso tse eketsehileng tsa saense li ne li tla thibeloa ke polelo e reng ‘moqapi o e entse.’” Na ba na le lebaka le utloahalang la ho ameha ka taba eo? Le hanyenyane. Ha e le hantle, ho tla etsahala se fapaneng. Hobane’ng?
Ho amohela taba ea hore lintho li bile teng ka mohlolo le hore bokahohleng le bophelo lefatšeng bo hlahisitsoe ke ho iphetola ha lintho, ho ne ho tla etsa hore batho ba khaotse ho batla tlhaloso e utloahalang. Ka lehlakoreng le leng, ho amohela hore lintho tse re potolohileng li entsoe ke ’Mōpi ea bohlale ho ka etsa hore re batlisise bohlale ba hae bo bonahalang bokahohleng le hore na o bo sebelisitse joang. Nahana ka taba ena: Ho tseba hore Leonardo da Vinci o ile a taka “Mona Lisa” ha hoa thibela bo-rahistori ba tsa bonono hore ba batlisise mokhoa le thepa eo a e sebelisitseng. Ka ho tšoanang, ho lumela hore ho na le Moqapi ha hoa lokela ho re thibela ho batlisisa makolopetso le ho rarahana ha lintho tseo a li qapileng le tseo a li bōpileng.
Ho e-na le ho khina batho hore ba se ke ba etsa lipatlisiso tse eketsehileng, Bibele e ba khothalletsa ho batlisisa likarabo tsa lipotso tsa saense le tsa lintho tsa moea. Morena Davida oa boholo-holo o ile a nahana ka sebōpeho sa ’mele oa hae o entsoeng ka mokhoa o tsoileng matsoho. Ke ka lebaka leo a ileng a re: “Ka tsela e tšosang ke entsoe ka mokhoa o hlollang. Mesebetsi ea hao ea hlolla, joalokaha moea oa ka o hlokomela hantle haholo.” (Pesaleme ea 139:14) Ha e le hantle, Bibele e bontša hore ’Mōpi o ile a botsa mopatriareka Jobo potso ena: “Na u nahanne ka bohlale ka libaka tse pharaletseng tsa lefatše?” (Jobo 38:18) Ka sebele potso eo ha e khine motho hore a se ke a etsa lipatlisiso. Ho e-na le hoo, mona Moqapi e Moholo o khothalletsa batho hore ba hlahlobe mosebetsi oa matsoho a hae. Hape nahana ka mantsoe ana a ngotsoeng ke moprofeta Esaia a re khothalletsang ho eketsa tsebo ea rōna ka Ea bōpileng lintho tse re potolohileng: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee?” Ka sebele, Esaia 40:26 e bua ka ’nete ea hore bokahohleng bo entsoe ke mohloli oa matla a maholo. ’Nete eo e lumellana le lipatlisiso tsa saense.
Ke ’nete hore hase kamehla likarabo tsa lipotso tse mabapi le pōpo li fumanehang habonolo. Le leng la mabaka ke hore matla a rōna a kutloisiso aa fokola ebile ha re khone ho utloisisa ka ho feletseng lefatše leo re phelang ho lona. Jobo o ne a utloisisa ntlha ena. O ile a rorisa ’Mōpi ea etsang hore lefatše la rōna le leketle holim’a lefeela le ea etsang hore maru a tletseng metsi a leketle sebakeng. (Jobo 26:7-9) Empa Jobo o ile a hlokomela hore mehlolo e joalo ‘ke linyane feela tsa litsela tsa ’Mōpi.’ (Jobo 26:14) Ha ho pelaelo hore Jobo o ne a batla ho ithuta ho eketsehileng ka lefatše leo a neng a phela ho lona. Davida o ile a lumela hore oa haelloa ha a ngola a re: “Tsebo e joalo ke e hlollang haholo ho ’na. E phahame haholo hoo nke keng ka e fihlela.”—Pesaleme ea 139:6.
Ho lumela hore ho na le ’Mōpi ha ho khine tsoelo-pele ea saense. Ho batla tsebo e pharaletseng mabapi le pōpo e bonahalang le lintho tsa moea ho ke ke ha fela. Morena e mong oa boholo-holo ea tsebahalang ka ho ba le tsebo e batsi, ka boikokobetso o ile a ngola mantsoe a latelang: “O kentse mehopolo ea bophelo bo sa feleng kelellong ea motho, empa motho a ke ke a utloisisa mosebetsi oo Molimo a o entseng ho tloha qalong ho fihlela qetellong.”—Moeklesia 3:11, Holy Bible—New Life Version.
Na ke “Molimo ea Koalang Likheo”?
Ba bang ba re neng kapa neng ha saense e sa khone ho fana ka tlhaloso e utloahalang bakeng sa lintho, ho boleloa hore Molimo ke “tharollo” ntle ho bopaki ba letho. Ka mantsoe a mang, ho boleloa hore Molimo ea joalo, eo e leng Moqapi o fetoha “Molimo ea koalang likheo,” joalokaha eka “Molimo” ke lentsoe le ka sebelisoang hohle moo batho ba sa khoneng ho hlalosa lintho ka tsela e utloahalang le ea saense. Empa likheo tseo ho buuoang ka tsona moo ke life? Na ke likheo tse nyenyane le tse sa reng letho tsebong ea rōna? Che, ke likheo tse khōlōhali tsa hore na khopolo ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ea utloahala kapa che. Ke likheo tse khōlō tseo khopolo ea ho iphetola ha lintho e ’nileng ea hlōleha ho li koala likarolong tse itseng tsa thuto ea lintho tse phelang. Ho bua ’nete, batho ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba itšetlehileng ka lipolelo tse se nang motheo, bonneteng ba etsa khopolo ea Darwin ‘Molimo oa bona ea koalang likheo.’
’Mōpi eo Bibele e buang ka eena hase “Molimo ea koalang likheo.” Ho e-na le hoo, mosebetsi oa hae o akarelletsa likarolo tsohle tsa pōpo. Mopesaleme o ile a totobatsa mosebetsi oa Jehova o akaretsang pōpo ea lintho tsohle ha a re: “U mohloli oa bophelo bohle, ’me ka lebaka la leseli la hao re bona leseli.” (Pesaleme ea 36:9, Today’s English Version) O hlalosoa hamolemo e le Ea “entseng leholimo le lefatše le leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.” (Liketso 4:24; 14:15; 17:24) Ke ka lebaka le utloahalang mosuoe e mong oa lekholong la pele la lilemo a ileng a ngola hore Molimo ke eena ea “bōpileng lintho tsohle.”—Baefese 3:9.
Ho phaella moo, Molimo o ile a beha “litaelo tse hlomamisitsoeng tsa maholimo,” e leng melao ea tlhaho e laolang lintho le matla, melao eo bo-rasaense ba sa ntseng ba ithuta eona. (Jobo 38:33) Kaha lintho tseo a li qapileng li phethahetse ebile o li entse ka morero, li finyella sepheo sa hae sa hore lefatše le tlale mefuta-futa ea lintho tse phelang.
Lintho Tse Qapiloeng le ho Sebelisa Kelello
Qetellong, ho hlokahala hore re hlahlobe taba ea ho sebelisa kelello. Ha John Horgan, mongoli oa litaba tsa saense, a ipuela ka kakaretso ka hore na likhopolo tse sa tšoaneng tsa saense lia utloahala kapa che, o ile a re: “Ha re se na bopaki bo tiileng, ha rea lokela ho soabela ho sebelisa likelello tsa rōna.”
Na ehlile hoa utloahala ho bolela hore bophelo bo bile teng ka tsietsi kapa bo hlahisitsoe ke matla a mohlolo? Le hoja khopolo ea ho iphetola ha lintho e atile, batho ba bangata ba nang le kelello, ho akarelletsa le bo-rasaense, ba kholisehile hore ho na le ’Mōpi ea bohlale. Moprofesa e mong oa saense o bolela hore ‘ka ho utloahalang, batho ba bangata haholo ba tloaelehileng ba nahana hore bophelo bo bile le moqapi.’ Hobane’ng? Batho ba bangata ba ka lumellana le polelo ena ea moapostola Pauluse ba sa tsilatsile: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng.” (Baheberu 3:4) Joale Pauluse o tsoela pele ho etsa qeto e utloahalang ha a re: “Ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” Ho latela pono ea Bibele, ha ho utloahale ho hang hore motho a lumele hore ntlo e hloka moqapi le mohahi ’me ka nako e tšoanang a bolele hore sele e rarahaneng e bile teng ka mohlolo.
Ha Bibele e bua ka ba latolang boteng ba Moqapi le ’Mōpi e re: “Ea se nang kelello o itse ka pelong ea hae: ‘Jehova ha a eo.’” (Pesaleme ea 14:1) Mona, mopesaleme o khalemela ba sa ntseng ba sa lumele. Motho a ka ’na a laoloa ke maikutlo a hae ho e-na le hore a talime lintho ka tsela ea sebele. Ka lehlakoreng le leng, motho ea bohlale, ea nang le temoho, ka boikokobetso oa lumela hore ho na le ’Mōpi.—Esaia 45:18.
Batho ba bangata ba nang le kelello ba lumela hore ho na le bopaki bo hlakileng ba hore ho na le Moqapi ea Phahameng ka ho Fetisisa.
U ka Tseba Moqapi
Haeba re nahana hore re bōpiloe, re bōpiloe ka morero ofe? Morero oa bophelo ba rōna ke ofe? Saense ka boeona ha e khone ho araba lipotso tseo ka tsela e khotsofatsang. Leha ho le joalo, ho hlokahala hore lipotso tsena tsa bohlokoa li arajoe ka tsela e kholisang le e khotsofatsang. Bibele e ka thusa haholo tabeng ena. E bontša hore Jehova ke eena ’Mōpi ebile ke Moreri, ea nang le mabaka a utloahalang a ho etsa lintho. Mangolo a senola morero oa Molimo bakeng sa moloko oa batho, a re thusa ho ba le bokamoso le tšepo.
Empa Jehova ke mang? Ke Molimo oa mofuta ofe? Lipaki Tsa Jehova li u khothalletsa hore u ithute hore Moqapi oa rōna e Moholo ke motho oa sebele. U ka ithuta lebitso la hae le litšobotsi tsa hae le kamoo a sebelisanang le batho kateng. Lentsoeng la hae Bibele, u tla fumana lebaka leo ka lona re lokelang ho boha lintho tseo a li qapileng re be re mo tlotlise joaloka Moqapi.—Pesaleme ea 86:12; Tšenolo 4:11.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Michelangelo
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Ho lumela hore Moqapi o teng ho lumellana le saense ea sebele
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ho se tšoane le ho ikamahanya le maemo ke bopaki ba boqapi bo bohlale bo etsang hore mofuta o le mong o hlahise e sa tšoaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lintho tse qapiloeng li hloka moqapi