Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/1 maq. 2-4
  • Lefatše le se Nang Toka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le se Nang Toka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ha Linako Tse Thata li Hlaha ka Tšohanyetso”
  • Na ho Tla Lula ho le Joalo Kamehla?
  • Na ho na le Motho ea Hlileng a ka Fetolang Lefatše?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Fumana Katleho ea Sebele Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Ho Fela ha Bofutsanea ho Atametse
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/1 maq. 2-4

Lefatše le se Nang Toka

NA UA lumela hore re phela lefatšeng le se nang toka? Ha ho pelaelo hore u lumela seo. Ke ’nete hore ho sa tsotellehe hore na re na le litalenta life le hore na re rera litaba tsa bophelo ba rōna ka bohlale hakae, seo ha se re tiisetse hore re tla rua kapa re atlehe kapa hona hore re be le lijo. Hangata litaba li qetella joalokaha Morena Solomone oa mehleng ea khale a boletse a itse: “Bohobe hase ba ba bohlale, le leruo hase la ba kelello, le katleho hase ea ba nang le tsebo.” Hobane’ng? Solomone o tsoela pele ho re lebaka ke hore “tsohle li laoloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”—Moeklesia 9:11, The New English Bible.

“Ha Linako Tse Thata li Hlaha ka Tšohanyetso”

E, “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” tseo hangata li bolelang ho ba sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng, li atisa ho nyopisa merero eo re e entseng ka hloko le ho senya lintho tse thabisang ka ho fetisisa tseo re tšepileng ho li fumana. Ho ea ka Solomone, re ba “joaloka tlhapi e tšoasoang ka letlooa, joaloka nonyana e tšoasitsoeng ke leraba, . . . ha linako tse thata li hlaha ka tšohanyetso.” (Moeklesia 9:12, NE) Ka mohlala, batho ba limilione ba sebetsa ka thata ho lema masimo a bona hore ba fumanele malapa a bona lijo, empa ba hlaheloa ke “linako tse thata” ha lipula li sa ne ’me komello e senya lijalo tsa bona.

Ba bang ba leka ho thusa, empa esita le thuso e fuoang batho ba hlasetsoeng ke “linako tse thata” e tsoang linaheng tse ling tsa lefatše, hangata ho bonahala e sa fanoe ka toka. Ka mohlala, ho latela mokhatlo o mong oa liphallelo o hlaheletseng, e le ho loantša tlala ea sekoboto, ka selemo se le seng feela haufinyane tjena, “k’honthinente eohle [ea Afrika] e ile ea fumana karolo ea bohlano feela ea chelete e neng e beheletsoe ka thōko bakeng sa ntoa ea Koung ea Persia.” Na e ne e le toka hore ebe chelete eo linaha tse ruileng li e sebelisitseng ha li loana naheng e le ’ngoe e feta ka makhetlo a mahlano chelete eo li e sebelisitseng ho fokotsa bohloko le mahlomola a bakoang ke tlala ea sekoboto k’honthinenteng eohle? Kapa na ke toka ha ba bangata ba hafa ka nkatana ha ka nako e tšoanang moahi a le mong ho ba bane ba lefatše a ntse a robala ka tlala kapa ha selemo le selemo bana ba limilione ba bolaoa ke mafu a neng a ka thibeloa? Ruri hase toka!

Ho hlakile hore ha “linako tse thata li hlaha ka tšohanyetso” hoo ha ho bakoe ke “nako le ketsahalo e sa lebelloang” feela. Ho na le litšusumetso tse matla tseo ho hang re ke keng ra li laola tseo le tsona li laolang bophelo ba rōna li bileng li rerang hore na re etsahalloa ke eng. Ka sebele ho bile joalo Beslan, Alania, hoetla ka 2004, ha batho ba makholo, bao bongata ba bona e neng e le bana ba banyenyane ba qalang ho ea sekolong letsatsing leo, ba ne ba bolaoa ntoeng e mahlo-mafubelu e pakeng tsa likhukhuni le mabotho a tšireletso. Hore na ho ile ha shoa bo-mang ’me ha pholoha bo-mang koluoeng eo, e mpile ea e-ba ntho e iketsahallang feela e sa lebelloa—empa sesosa se ka sehloohong sa ‘linako tseo tse thata’ ke hore e ne e le ntoa e bakiloeng ke batho.

Na ho Tla Lula ho le Joalo Kamehla?

Batho ba bang ha ba bua ka ho hloka toka ba re, “Empa ke kamoo bophelo bo leng kateng. Esale ho le joalo kamehla ebile ho tla lula ho le joalo kamehla.” Ho ea ka bona, ba matla ba tla lula ba hatella ba fokolang le barui ba tlatlapa bafutsana. Ba bolela hore ho phaella tabeng ea “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” boemo boo bo tla lula bo re ama hafeela batho ba ntse ba le teng.

Na ruri litaba li lokela ho lula li le joalo? Na batho ba sebelisang bokhoni ba bona ka bohlale le masene ba sa tla ke ba fumane moputso o loketseng mosebetsi oa bona o boima? Na ho na le motho leha e le ofe ea ka tlisang phetoho ea ka ho sa feleng lefatšeng lee le se nang toka? Ak’u hlahlobe sehlooho se latelang u utloe hore na se re’ng ka taba ena.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Man with a child: UN PHOTO 148426/McCurry/Stockbower

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

MAXIM MARMUR/AFP/Getty Images

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela