Bokahohle ha bo Qete ho re Makatsa
LILEMONG tse lekholo tse fetileng, bo-rasaense ba ne ba lumela hore sehlopha sa rōna sa linaleli, e leng Milky Way, ke sona feela se teng bokahohleng. Leha ho le joalo, ka lebaka la tsoelo-pele e bileng teng ea botsebi ba linaleli, ea fisiks le theknoloji lekholong la bo20 la lilemo, ho bonahetse hore bokahohle bo boholo haholo. Tse ling tsa lintho tse sibolotsoeng li etsa hore motho a ikutloe a le mosesaane. Ka mohlala, lilemong tse mashome a seng makae tse fetileng, litsebi tsa linaleli li ile tsa hlokomela hore ha li tsebe hore na karolong e fetang 90 lekholong ea bokahohle ho na le eng. Ho phaella moo, lintho tseo bo-rasaense ba li sibolotseng e le hore ba fihlele qeto ena, li entse hore ba belaelle kutloisiso ea bona ea melao-motheo ea fisiks. Ha e le hantle, ha ba qale ho ba le lipelaelo tse joalo.
Ka mohlala, ho elella qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, litsebi tsa fisiks li ile tsa hlokomela ntho e ’ngoe e sa tloaelehang ka lebelo leo khanya e tsamaeang ka lona. Li ile tsa hlokomela hore ha motho a e shebile, khanya e tsamaea ka lebelo le tšoanang nako ena kaofela ho sa tsotellehe hore na motho ea e shebileng eena o tsamaea ka lebelo le lekae. Empa seo se ne se bonahala se sa utloahale! Bothata bona bo ile ba tšohloa ka 1905 ha Albert Einstein a phatlalatsa khopolo ea hae e khethehileng ea kamoo lintho li amanang kateng, ’me a bontša hore sebaka seo ntho e leng ho sona (bohōle), nako le boima ba eona bo itšetlehile ka likarolo tse ling. Joale, ka 1907, ka mor’a hore Einstein a tleloe ke khopolo e ncha eo a ileng a re ke khopolo e thabisang ka ho fetisisa bophelong ba hae, o ile a qala ho hlalosa khopolo e akaretsang ea kamoo lintho li amanang kateng, eo a ileng a e phatlalatsa ka 1916. Ka khopolo ea hae e ncha, Einstein o ile a hlalosa kamoo matla a khoheli, sebaka le nako li sebelisanang kateng a ba a ntlafatsa tlhaloso ea fisiks ea Isaac Newton.
Bokahohle Boa Saroloha
A itšetlehile ka bopaki bo neng bo fumaneha ka nako eo, Einstein o ne a lumela hore bokahohle ha bo fetohe—ha bo sarolohe ebile ha bo honyele. Empa ka 1929 Edwin Hubble, e leng setsebi sa linaleli sa Leamerika, o ile a fana ka bopaki bo bontšang hore bokahohle bo ntse bo saroloha.
Hubble o ile a boela a rarolla taba e ’ngoe e bileng qaka ka nako e telele ea likarolo tse itseng tsa sepakapaka tse bonahalang li e-na le khanya e lerootho bosiu, tseo ho ileng ha thoe ke li-nebula, kaha li ne li bonahala eka ke maru a nang le khase. Empa na li-nebula tsee tsohle li ne li le sehlopheng sa rōna sa linaleli, kapa li ne li le ka ntle ho sona, joalokaha setsebi sa linaleli sa Lebrithani, e leng Sir William Herschel (1738-1822) a ne a nahana joalo, lilemong tse fetang lekholo tse fetileng?
Ha Hubble a qala ho hakanyetsa hore na Great Nebula, e sehlopheng sa linaleli sa Andromeda e hōle hakae, o ile a hlokomela hore ha e le hantle ke sehlopha sa linaleli se bohōle boo khanya e nkang lilemo tse milione ho fihla ho sona. Seo se bolela hore e hōle haholo le Milky Way, eo khanya e ka nkang lilemo tse 100 000 “feela” ho tšekalla le bophara ba eona. Ha Hubble a lekanya bohōle ba li-nebula tse ling, o ile a qala ho hlokomela kamoo bokahohle bo leng boholo kateng ’me seo sa tlisa liphetoho tse khōlō thutong ea linaleli le ea tšimoloho ea bokahohle.a
Nakoana ka mor’a moo, Hubble o ile a hlokomela hore bokahohle bo ntse bo saroloha, kaha o ile a bona hore lihlopha tsa linaleli tse hōle le lefatše li ntse li suthela hōle le ho feta. O ile a boela a hlokomela hore lihlopha tsa linaleli tse hōjana le lefatše li phatlalla ka lebelo le holimo. Seo a se hlokometseng se fana ka maikutlo a hore maobane bokahohle bo ne bo le bonyenyane ho feta kajeno. Ka mor’a hore Hubble a phatlalatse khopolo ea hae e ikhethang ka 1929, ho ile ha qala khopolo ea hore ho bile le ho phatloha ho hoholo ho ileng ha hlahisa bokahohle, lilemong tse ka bang limilione tse likete tse 13 tse fetileng. Empa ho ntse ho e-na le lintho tse ngata tseo batho ba lokelang ho ithuta tsona ka sena.
Bo Saroloha ka Lebelo le Lekae?
Ka mor’a hore Hubble a sibolle seo, litsebi tsa linaleli li ’nile tsa leka ka matla ho lekanyetsa hore na bokahohle bo saroloha hakae, ho ea ka seo li se bitsang “molao oa Hubble.” Ke hobane’ng ha ho tseba see e le habohlokoa? Haeba litsebi tsa linaleli li ka tseba hore na bokahohle bo saroloha ka lebelo le lekae, li ka sebelisa seo ho lekanyetsa hore na bo bile teng neng. Ho feta moo, tsela eo bo sarolohang ka eona e ka ’na ea e-ba le liphello tse tebileng. Joang? Ka mohlala, ho ’nile ha hlalosoa hore haeba bokahohle bo lieha ho saroloha, matla a khoheli a ka ’na a ipha matla ’me a senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe! Empa haeba bokahohle bo saroloha ka lebelo, bo ka ’na ba saroloha ho ea ho ile ’me ba qetella bo phatlohile.
Le hoja lipalo tse tobileng li thusitse ho araba lipotso tse ling, li hlahisitse lipotso tse ling—tse etsang hore re belaelle seo re se tsebang ka lintho tse sepakapakeng le matla a bokahohleng.
Matla a Sarollang Bokahohle le Karolo e sa Bonahaleng ea Bona
Ka 1998, bafuputsi ba neng ba hlahloba supernova ea mofuta o ikhethang, e leng naleli e phatlohang, ba ile ba fumana bopaki ba hore ha e le hantle bokahohle bo ntse bo saroloha ka lebelo le ho feta!b Qalong, bo-rasaense ba ne ba belaella taba eo, empa bopaki bo bontšang seo bo ne bo ntse bo eketseha. Ka ho utloahalang, ba ile ba batla ho tseba hore na ke eng e potlakisang ho saroloha hona. Lebaka ke hore ho ne ho bonahala eka seo se loantšana le matla a khoheli; lebaka le leng ke hore seo se ne se sa lumellane le likhopolo tseo bo-rasaense ba neng ba e-na le tsona. Ka nepo, ho ’nile ha thoe matla ana a sa tsejoeng, ke matla a sarollang bokahohle, ’me e ka ’na eaba a etsa hoo e ka bang karolo ea 75 lekholong ea bona!
Leha ho le joalo, hase matla ana feela a “mohlolo” a sarollang bokahohle a sa tsoa sibolloa. Litsebi tsa linaleli li ile tsa sibolla ntho e ’ngoe e hlollang lilemong tsa bo-1980 ha li ntse li hlahloba lihlopha tse ling tsa linaleli. Ho ne ho bonahala eka lihlopha tsena tsa linaleli, hammoho le sehlopha sa rōna sa linaleli, li bilika ka potlako hoo li ka ’nang tsa hasana. Kahoo e tlameha ebe ho na le ntho e itseng e nang le matla a khoheli e li tšoeroeng hammoho. Empa ntho eo ke eng? Kaha bo-rasaense ha ba tsebe, ba ’nile ba e bitsa karolo e sa bonahaleng ea bokahohle, hobane ha e amohele mahlaseli, ha e a ntše kapa hona ho a bontša.c Karolo ee e sa bonahaleng e khōlō hakae? Ha ho sebetsoa lipalo, ho bonahala eka e ka ’na ea etsa karolo ea 22 lekholong kapa ho feta ea bokahohle.
Ak’u nahane ka sena: Ho ea ka likhakanyo tsa morao tjena, hoo e ka bang karolo ea 4 lekholong ea bokahohle ke karolo e bonahalang. Karolo e setseng e etsoa ke lintho tse peli tseo ho sa tsejoeng hantle ka tsona—e leng matla a sarollang bokahohle le karolo e sa bonahaleng ea bona. Ka hona, batho ba ntse ba sa tsebe letho ka hoo e ka bang karolo ea 95 lekholong ea bokahohle!d
Lenyora le sa Feleng
Bo-rasaense ba ntse ba batla likarabo, empa hangata ha ba fumana karabo ea potso e itseng e etsa hore ba ipotse lipotso tse ling tse eketsehileng. Sena se re hopotsa ’nete e tlalehiloeng ka Bibeleng ho Moeklesia 3:11. E re: “[Molimo] o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona. O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona, e le hore le ka mohla moloko oa batho o se ke oa fumana mosebetsi oo Molimo oa ’nete a o entseng ho tloha qalong ho isa qetellong.”
Ho hlakile hore hona joale re ka utloisisa lintho tse seng kae feela kaha re phela nako e khutšoanyane, ’me boholo ba lintho tseo re li tsebang bo thehiloe khopolo-tabeng, e ka ’nang ea fetoha ha nako e ntse e ea. Empa boemo boo ke ba nakoana, kaha Molimo o rerile ho fa batho ba tšepahalang bophelo bo sa feleng lefatšeng la Paradeise, moo ba tla hlahloba pōpo eohle ka ho sa feleng ’me ba fumane tsebo e nepahetseng.—Pesaleme ea 37:11, 29; Luka 23:43.
Ka hona ha ho hlokahale hore re tšohe hore bokahohle bo haufi le ho fela. Ha e le hantle, bo-rasaense ba ithutile karoloana feela ea se fumanehang bokahohleng, empa ’Mōpi o tseba tsohle.—Tšenolo 4:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Thuto ea linaleli (astronomy) e shebane le lintho tse sepakapakeng. Ho latela The World Book Encyclopedia, thuto ea tšimoloho ea bokahohle (cosmology), eo e leng karolo ea thuto ea linaleli, “e shebane le tsela eo bokahohle bo entsoeng ka eona le eo bo sebetsang ka eona, esita le matla a ho bona. Batho ba ithutetseng thuto ea tšimoloho ea bokahohle ba leka ho hlalosa hore na bo bile teng joang, ho etsahetse’ng ho bona le hore na ho ka ’na ha etsahala’ng ka bona nakong e tlang.”
b Linaleli tse phatlohang li ka ’na tsa phatsima ka nakoana, ka khanya e lekanang le ea letsatsi ka makhetlo a limilione tse sekete. Litsebi tsa linaleli li lekanyetsa lintho tse ling li itšetlehile ka linaleli tsena.
c Lilemong tsa bo-1930 ho ile ha hlahisoa khopolo ea hore ho na le karolo e sa bonahaleng ea bokahohle ’me khopolo eo ea tiisoa lilemong tsa bo-1980. Kajeno litsebi tsa linaleli li ntse li lekanyetsa hore na ho na le karolo e kae e sa bonahaleng lihlopheng tse sa tšoaneng tsa linaleli ka ho sheba hore na lihlopha tseo li koba hakae khanya e tsoang libakeng tse hōle.
d Selemo sa 2009 se khethiloe hore e be “Selemo sa Machaba sa Thuto ea Linaleli,” ’me se tšoaea selemo sa bo400 batho ba qalile ho sebelisa sebonela-hōle sa linaleli se entsoeng ke Galileo Galilei.
[Lebokose le leqepheng la 17]
TALIMA HOLIMO ’ME U HLOLLOE
Ha mohlanka e mong oa boholo-holo oa Molimo a ne a talima leholimo le hlakileng bosiu, o ile a hlolloa, ’me a ngola seo fatše. Pesaleme ea 8:3, 4, e re: “Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea menoana ea hao, khoeli le linaleli tseo u li lokisitseng, motho ea shoang ke’ng hore u ’ne u mo hopole, le mora oa motho oa lefatše ke’ng hore u mo hlokomele?” Leha ho le joalo, mopesaleme o ne a se na libonela-hōle kapa tsona lik’hamera tse khethehileng. Hakaakang ka rōna!
[Setšoantšo leqepheng la 18]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
74% matla a sarollang bokahohle
22% karolo e sa bonahaleng ea bokahohle
4% karolo e bonahalang ea bokahohle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]
Background: Based on NASA photo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 18]
Background: Based on NASA photo