Re na le Lebaka la ho Hooa ka Thabo
“Lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”—ESAIA 35:10.
1. Ke bo-mang ba nang le lebaka le khethehileng la ho thaba kajeno?
MOHLOMONG u hlokometse hore ke batho ba seng bakae ba thabileng ka sebele matsatsing ana. Empa, joaloka Bakreste ba ’nete, Lipaki tsa Jehova li thabile. ’Me tebello ea ho fumana thabo eona eo e larile ka pel’a limilione tse eketsehileng tsa ba e-so’ng ho kolobetsoe, ba banyenyane le ba baholo, ba kopanelang le Lipaki. ’Nete ea hore hona joale u bala mantsoe ana a makasineng ena e bontša hore thabo ena e se e ntse e le ea hao kapa ho ka etsahala hore u e fumane.
2. Thabo ea Mokreste e ka bapisoa joang le boemo bo akaretsang ba batho ba bangata?
2 Batho ba bangata ba na le boikutlo ba hore ho na le se haellang bophelong ba bona. Ho thoe’ng ka uena? Ke ’nete hore u ka ’na ua se be le lintho tsohle tse bonahalang tseo u neng u ka li sebelisa, ka sebele e seng tsohle tseo barui ba kajeno le ba matla ba nang le tsona. ’Me u ka ’na ua rata ho ba le bophelo bo botle haholoanyane le matla a eketsehileng. Ho ntse ho le joalo, ntle ho tšabo ea ho hanyetsoa ho ka boleloa hore u thabile haholoanyane ho feta ba likete tsa limilione lefatšeng. Ka tsela efe?
3. Ke mantsoe afe a nang le moelelo ao re lokelang ho lebisa tlhokomelo ea rōna ho ’ona, hona hobane’ng?
3 Hopola mantsoe a Jesu: “Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ea ka e lule ho lōna, ’me thabo ea lōna e tlale.” (Johanne 15:11) “Thabo ea lōna e tlale.” Ke tlhaloso e tsotehang hakaakang! Thuto e tebileng ea tsela ea bophelo ba Bokreste e tla senola mabaka a mangata a ho tlala ha thabo ea rōna. Empa hona joale, hlokomela mantsoe a nang le moelelo ho Esaia 35:10. A na le moelelo hobane a hlile a na le se sengata seo a se bolelang ho rōna kajeno. Rea bala: “Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”
4. Ho Esaia 35:10 ho buuoa ka thabo ea mofuta ofe, hona ke hobane’ng ha re lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna ho eona?
4 “Thabo e sa feleng.” Poleloana “e sa feleng” ke phetolelo e nepahetseng ea seo Esaia a ileng a se ngola ka Seheberu. Empa, joalokaha mangolo a mang a paka sena e le ’nete, ntho ea bohlokoa temaneng ena ke “ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 45:6; 90:2; Esaia 40:28) Kahoo thabo e tla ba e sa feleng, maemong a loketseng—e, a loketseng—ho thaba ka ho sa feleng. Na seo ha se utloahale se thabisa? Leha ho le joalo, mohlomong temana eo u e nka e le tlhaloso ea boemo boo e seng ba sebele, bo u fang maikutlo a hore: ‘Ha e le hantle hoo ha ho nkame maikutlo ka tekanyo eo mathata a ka a letsatsi le letsatsi le lintho tseo ke li thahasellang li nkamang ka eona.’ Empa linnete li bontša se fapaneng. Tšepiso ea boprofeta e ho Esaia 35:10 e na le seo e se bolelang ho uena kajeno. Hore na joang, a re hlahlobeng khaolo ena e ipiletsang, Esaia 35, u hlokomele taba e potolohileng karolo ka ’ngoe. Kholiseha hore u tla thabela seo re se fumanang.
Batho ba Neng ba Batla ho Thaba
5. Boprofeta ba Esaia khaolo ea 35 bo theiloe maemong afe a boprofeta?
5 Ho fumana thuso, a re hetleng morao, historing ea boprofeta bona bo hlollang. Moprofeta oa Moheberu Esaia o e ngotse hoo e ka bang ka 732 B.C.E. E ne e le mashome a lilemo pele makhotla a Babylona a timetsa Jerusalema. Joalokaha Esaia 34:1, 2 e bontša, Molimo o ne a boletse esale pele hore o ne a tla iphetetsa lichabeng, tse kang Edomo, e boletsoeng ho Esaia 34:6. Ho hlakile hore o ile a sebelisa Bababylona ba boholo-holo ho etsa hoo. Ka ho tšoanang, Molimo o ile a etsa hore Bababylona ba etse Juda lesupi kahobane Bajode ba ne ba sa tšepahale. Phello e bile efe? Batho ba Molimo ba ile ba isoa botlamuoeng, ’me naha ea habo bona e ile ea lula e le lesupi ka lilemo tse 70.—2 Likronike 36:15-21.
6. Ho na le phapang efe pakeng tsa se ileng sa hlahela Baedomo le se ileng sa hlahela Bajode?
6 Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa Baedomo le Bajode. Ho iphetetsa ha Molimo ho Baedomo e ne e le ho sa feleng; qetellong ba ile ba nyamela e le sechaba. E, u ka ’na ua etela masupi sebakeng seo Baedomo ba neng ba lula ho sona, a kang mesaletsa ea Petra e tummeng lefatšeng. Empa kajeno, ha ho na sechaba leha e le batho se ka khetholloang e le ‘Baedomo.’ Ka lehlakoreng le leng, na Babylona e ne e tla etsa Juda lesupi ka ho sa feleng, e siee naha eo e hloka thabo ka ho sa feleng?
7. Bajode ba neng ba le botlamuoeng Babylona ba ile ba arabela joang ho Esaia khaolo ea 35?
7 Mona boprofeta bo babatsehang ho Esaia khaolo ea 35 bo na le moelelo o thabisang. Re ka bo bitsa boprofeta ba tsosoloso, hobane ho phethahala ha bona ha pele ho etsahetse ha Bajode ba khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. Baiseraele ba bileng botlamuoeng Babylona ba ile ba fuoa bolokolohi ba ho khutlela naheng ea habo bona. (Esdrase 1:1-11) Empa, ho fihlela seo se etsahala Bajode ba neng ba le botlamuoeng Babylona ba ileng ba hlahloba boprofeta bona ba bomolimo ho ka etsahala hore ebe ba ile ba ipotsa hore na ba ne ba tla fumana maemo afe naheng ea habo bona, Juda. Hona ba ne ba tla ba boemong bofe? Likarabo li amana ka ho toba le hore na ke hobane’ng ha kannete re e-na le lebaka la ho hooa ka thabo. A re boneng.
8. Bajode ba ne ba tla fumana maemo afe ha ba khutla Babylona? (Bapisa le Ezekiele 19:3-6; Hosea 13:8.)
8 Boemo bo ne bo ke ke ba bonahala bo tšepisa ho Bajode esita leha ba ne ba utloa hore ba ne ba ka khutlela ha habo bona. Naha ea bona e ne e bile lesupi ka lilemo tse mashome a supileng, e leng nako e pheloang ke motho. Ho ne ho etsahetse eng ka naha eo? Masimo afe kapa afe a neng a lenngoe, masimo a morara, kapa lirapa tsa lifate tsa litholoana li ne li fetohile lefeella. Lirapa kapa masimo a noselitsoeng a ne a tla be a fetohile naha e omeletseng kapa lehoatata. (Esaia 24:1, 4; 33:9; Ezekiele 6:14) Hape nahana ka liphoofolo tse hlaha tse neng li tla ata. Li ne li tla akarelletsa tse jang tse ling, tse kang litau le mangau. (1 Marena 13:24-28; 2 Marena 17:25, 26; Sefela sa Lifela 4:8) Hape ba ne ba ke ke ba hlokomoloha libere, tse neng li e-na le matla a ho hlasela monna, mosali kapa ngoana. (1 Samuele 17:34-37; 2 Marena 2:24; Liproverbia 17:12, NW) Re se re sa re letho ka bo-marabe le linoha tse ling tse mahloko kapa liphepheng. (Genese 49:17; Deuteronoma 32:33; Jobo 20:16; Pesaleme ea 58:4; 140:3; Luka 10:19) Haeba u ne u e-na le Bajode ba neng ba khutla Babylona ka 537 B.C.E., mohlomong u ne u tla tsila-tsila ho tsamaea sebakeng se joalo. Ka sebele e ne e se paradeise ha ba fihla ho sona.
9. Ke ka lebaka lefe ba khutlileng ba neng ba e-na le lebaka la tšepo le kholiseho?
9 Ho ntse ho le joalo, Jehova ka boeena o ne a eteletse barapeli ba hae pele ho ea ha habo bona, ’me o na le matla a ho etsolla boemo ba lesupi. Na ha u lumele seo ka ’Mōpi? (Jobo 42:2; Jeremia 32:17, 21, 27, 37, 41) Ka hona, o ne a tla etsa’ng—o ile a etsa’ng—bakeng sa Bajode ba khutlang le bakeng sa naha ea bona? Sena se na le phello efe ho batho ba Molimo ba kajeno le boemong ba hao—ba hona joale le ba kamoso? A re ke re boneng pele hore na ho ile ha etsahala eng ka nako eo.
Ba Ile ba Thabela Boemo bo Fetohileng
10. Esaia 35:1, 2 e boletse phetoho efe esale pele?
10 Ho ne ho tla etsahala eng ha Cyruse a lumella Bajode ho khutlela naheng eo e sa khahliseng? Bala boprofeta bo hlollang ho Esaia 35:1, 2: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma. A tla mela lipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole lifela tsa hlōlo; a tla fuoa khanya ea Lebanone le menono ea Karmele le ea Sarone; batho ba tla bona khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.”
11. Esaia o ile a sebelisa tsebo efe ea naha?
11 Mehleng ea Bibele, Lebanone, Karmele le Sarone li ne li tsebahala ka botle ba tsona bo botalana. (1 Likronike 5:16; 27:29; 2 Likronike 26:10; Sefela sa Lifela 2:1; 4:15; Hosea 14:5-7) Esaia o ile a sebelisa mehlala eo ho hlalosa seo naha e fetotsoeng ka thuso ea Molimo e neng e tla ba sona. Empa na see e ne e mpa e tla ba phello mobung feela? Le hanyenyane!
12. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore boprofeta ba Esaia khaolo ea 35 bo lebisitse tlhokomelo ho batho?
12 Esaia 35:2 e bua ka naha ‘e le e thabileng e nyakaletseng ka thabo.’ Rea tseba hore mobu le limela li ne li sa ‘thaba le ho nyakalla’ ka tsela ea sebele. Empa ho fetoha ha tsona ho ba tse nonneng le tse behang ho ne ho ka etsa hore batho ba ikutloe ka tsela eo. (Levitike 23:37-40; Deuteronoma 16:15; Pesaleme ea 126:5, 6; Esaia 16:10; Jeremia 25:30; 48:33) Liphetoho tsa sebele naheng ka boeona li ne li tla tšoana le liphetoho tse bathong, hobane boprofeteng bona tlhokomelo e lebisitsoe bathong. Ka hona, re na le lebaka la ho utloisisa mantsoe a Esaia e le a lebisang tlhokomelo e ka sehloohong liphetohong tse ho Bajode ba khutlileng, haholo-holo thabo ea bona.
13, 14. Esaia 35:3, 4 e boletse esale pele phetoho efe bathong?
13 Ka ho loketseng, a re hlahlobeng boprofeta bona bo hlasimollang ka ho eketsehileng ho bona kamoo bo ileng ba phethahala kateng ka mor’a tokoloho ea Bajode le ho khutla ha bona Babylona. Temaneng ea 3 le ea 4, Esaia o bua ka liphetoho tse ling tse ho batho bao ba khutlileng: “A le ke le feng matsoho a tepeletseng matla, le tiise mangole a tetemang. E-reng ho ba lipelo li tšohileng: Betang pelo, le se ke la tšaba! Bonang, Molimo oa lōna o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Molimo; o tla tla, o le boloke.”
14 Na ha ho matlafatse ho nahana hore Molimo oa rōna, ea neng a ka etsolla boemo ba lesupi ba naha, o thahasella barapeli ba hae hakaalo? O ne a sa batle hore Bajode ba botlamuoeng ba ikutloe ba fokola, ba nyahame, kapa ba tšoenyehile ka bokamoso. (Ba-Heberu 12:12) Nahana ka boemo ba batlamuoa bao ba Bajode. Ka ntle ho tšepo eo ba neng ba ka e fumana boprofeteng ba Molimo mabapi le bokamoso, ho ne ho tla ba thata hore ba be le tšepo. Ho ne ho tšoana leha ba le ka tlaase ho lefatše moo ho leng lefifi, ba sa lokoloha hore ba ka tsamaea le ho sebeletsa Jehova ka mafolo-folo. Ho bona ho ne ho ka ’na ha bonahala eka ha ho leseli leha e le lefe ka pele.—Bapisa le Deuteronoma 28:29; Esaia 59:10.
15, 16. (a) Re ka etsa qeto ea hore Jehova o ile a etsetsa ba khutlileng eng? (b) Ke hobane’ng ha ba khutlileng ba ne ba ke ke ba lebella ho phekoloa ’meleng ka mohlolo, empa Molimo o ile a etsa eng tumellanong le Esaia 35:5, 6?
15 Leha ho le joalo, hoo e bile phetoho e kaakang, ha Jehova a etsa hore Cyruse a ba lokolle hore ba khutlele ha habo bona! Ka Bibeleng ha ho na bopaki ba hore sebakeng seo Molimo ka mohlolo o ile a tutubolla mahlo a Bajode ba khutlileng ba foufetseng, a bula litsebe tsa sethōlō leha e le sefe, kapa a folisa maoto a lihlotsa leha e le life kapa matsoho a bo-tsohana. Leha ho le joalo, ka sebele o ile a etsa ho hong ho hoholo le ho feta. O ile a ba khutlisetsa leseling le bolokolohing ba naha ea habo bona e ratoang.
16 Ha ho na pontšo ea hore bao ba khutlileng ba ne ba lebeletse hore Jehova a ba phekole ’meleng ka mohlolo o joalo. E tlameha ebe ba ile ba hlokomela hore Molimo ha aa ka a etsa seo ho Isaaka, Samsone kapa Eli. (Genese 27:1; Baahloli 16:21, 26-30; 1 Samuele 3:2-8; 4:15) Empa haeba ba ne ba lebeletse ho etsolloa ha bomolimo ha boemo ba bona ka tsela ea tšoantšetso, ha baa ka ba soabisoa. Ka sebele ka tsela ea tšoantšetso, temana ea 5 le ea 6 li ile tsa phethahala ka tsela ea sebele. Ka nepo Esaia o boletse esale pele: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina [ka thabo].”
Ho Etsa Hore Naha e Tšoane le Paradeise
17. Ka ho hlakileng Jehova o ile a tlisa liphetoho life ’meleng?
17 Bao ba khutlileng ka sebele ba ile ba e-ba le lebaka la ho hooa ka thabo ka lebaka la maemo a joaloka ao Esaia a ileng a tsoela pele ho a hlalosa: “Hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng. Mahoatata a mahlabathe a tla fetoha matša a metsi, naha e omeletseng e be le liliba tsa metsi; setša sa liphokojoe, moo mesima ea tsona e neng e le teng, e tla ba setša sa moseme le loli.” (Esaia 35:6b, 7) Le hoja re ka ’na ra se ke ra bona sena naheng eo kaofela kajeno, bopaki bo bontša hore sebaka seo e kileng ea e-ba Juda e kile ea e-ba “paradeise ea mehlape.”a
18. Ho ka etsahala hore ebe Bajode ba khutlileng ba arabetse joang litlhohonolofatsong tsa Molimo?
18 Mabapi le lisosa tsa thabo, nahana ka kamoo e tlamehang ebe masala a Bajode a ile a ikutloa kateng ha a busetsoa Naheng e Tšepisitsoeng! A ne a le boemong ba ho lula naheng e omeletseng eo ho eona ho neng ho lula liphokojoe le liphoofolo tse ling tse joalo, le ho e fetola. Na u ka be u sa fumana thabo ka ho etsa mosebetsi o joalo oa ho tsosolosa, haholo-holo haeba u ne u tseba hore Molimo o ne a hlohonolofatsa boiteko ba hao?
19. Ho khutla botlamuoeng Babylona ho ne ho itšetlehile ka litlhokahalo ka kutloisiso efe?
19 Leha ho le joalo, e ne e se motšoaruoa ofe le ofe oa Mojode ea neng a le Babylona ea neng a ka khutla kapa ea ileng a khutla ho kopanela phetohong eo e thabisang. Molimo o ile a beha litlhokahalo. Ha ho ea neng a silafalitsoe ke mekhoa ea bolumeli ba bohetene ea Babylona ea neng a e-na le tokelo ea ho khutla. (Daniele 5:1, 4, 22, 23; Esaia 52:11) Leha e le mang kapa mang eo ka bothoto a neng a kene tseleng e seng bohlale. Batho bohle ba joalo ba ne ba sa tšoanelehe. Ka lehlakoreng le leng, ba neng ba finyella litekanyetso tsa Molimo, bao a neng a ba talima ba halalela ka tekanyo e itseng, ba ne ba ka khutlela Juda. Ba ne ba ka tsamaea joalokaha eka ba Tseleng ea Khalalelo. Esaia o ile a etsa hore seo se hlake temaneng ea 8: “’Mila o tla ba teng le tsela e bitsoang tsela ea khalalelo; ha ho motho ea litšila ea tlang ho feta teng, e tla ba ea ba lokileng feela; ea tsamaeang tseleng eo, leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.”
20. Ho ne ho sa hlokahale hore Bajode ba tšabe eng ha ba khutla, ho ile ha fella ka eng?
20 Ho ne ho sa hlokahale hore Bajode ba khutlileng ba tšabe ho hlaseloa ke batho ba kang libatana kapa lihlopha tsa masholu. Hobane’ng? Hobane Jehova o ne a ke ke a lumella hore ba joalo ba be Tseleng eo batho ba hae ba rekiloeng hape ba neng ba le ho eona. Ka hona ba ne ba ka tsamaea ba lebelletse ho atleha le ho thaba. Hlokomela kamoo Esaia a ileng a hlalosa seo ha a qetella boprofeta bona: “Teng ha ho tau, ha ho sebata se tlang ho bea leoto teng, leha e le ho fumanoa teng, empa ba lopolotsoeng ba tla tsamaea teng. Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla, ba boele Sione ka lifela tsa hlōlo, ba roetse thabo e sa feleng hloohong; lehlohonolo le thabo li tla tla ho ba khahlanyetsa, bohloko le masisa-pelo li balehe.”—Esaia 35:9, 10.
21. Kajeno re lokela ho talima phethahatso e seng e etsahetse ea Esaia khaolo ea 35 joang?
21 See ke setšoantšo se setle hakaakang sa boprofeta! Leha ho le joalo, ha rea lokela ho talima sena e le se sebetsanang feela le histori e fetileng, joaloka hoja e ne e le pale e monate e sa amaneng le boemo ba rōna kapa bokamoso ba rōna. ’Nete ke hore boprofeta bona bo phethahala ka tsela e makatsang kajeno har’a batho ba Molimo, kahoo kannete bo ama e mong le e mong oa rōna. Bo re fa mabaka a utloahalang a hore re hooe ka thabo. Likarolo tsena tse amang bophelo ba hao ba hona joale le ba kamoso li tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ithuteng ha hae ka naha ena, setsebi sa temo Walter C. Lowdermilk (ea emelang U.N. Food and Agriculture Organization) o ile a etsa qeto: “Naha ena e kile ea e-ba paradeise ea mehlape.” O ile a boela a bontša hore boemo ba leholimo sebakeng seo ha boa fetoha haholo “ho tloha mehleng ea Baroma,” ’me “‘lehoatata’ le ileng la nkela naha e kileng ea atleha sebaka le ne le entsoe ke motho, e se la tlhaho.”
Na Ua Hopola?
◻ Esaia khaolo ea 35 e phethahetse neng ka lekhetlo la pele?
◻ Phethahatso ea pele ea boprofeta boo e ne e tla ba le phello efe?
◻ Jehova o ile a phethahatsa Esaia 35:5, 6 joang?
◻ Bajode ba khutlileng ba ile ba tobana le liphetoho life naheng eo le boemong ba bona?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Mesaletsa ea Petra, sebaka se kileng sa busoa ke Baedomo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ha Bajode ba ne ba le botlamuoeng, boholo ba Juda bo ile ba tšoana le lefeella, le aparetsoeng ke libatana tse sehlōhō tse kang libere le litau
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian
Bear and Lion: Safari-Zoo of Ramat-Gan, Tel Aviv