Khaolo 3
Motsoalle oa Bohata oa Bibele
Khaolong ena, re tšohla lebaka la sehlooho leo ka lona batho ba bangata ba linaheng tseo e seng tsa Bokreste ba hanang ho amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo. Ho latela histori, Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba bolela hore bo lumela Bibele le hore ke mohlokomeli oa eona. Empa mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana e ’nile ea amahanngoa le a mang a masetla-libete a sisimosang ka ho fetisisa historing, ho tloha Lintoeng tsa Bokreste le lipolaong tsa batho ba bangata ba neng ba sitoa ho itšireletsa ba Mehleng e Bohareng ho isa Ho Ripitloeng ha Bajode ba Europe ke Manazi hoa mehleng ea rōna. Na boitšoaro ba Bokreste-’mōtoana ke lebaka le letle la ho furalla Bibele? ’Nete ke hore, Bokreste-’mōtoana bo ipakile e le motsoalle oa bohata oa Bibele. Ka sebele, ha Bokreste-’mōtoana bo qaleha lekholong la bone la lilemo C.E., ho loanela ha Bibele ho ba teng ho ne ho e-s’o fele.
1, 2. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Ke hobane’ng ha ba bangata ba hana ho amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo? (b) Ho phethiloe mosebetsi ofe o motle lekholong la pele le la bobeli la lilemo, empa ke phetoho efe e kotsi e neng e ntse e tsoela pele?
HOO e ka bang qetellong ea lekholo la pele la lilemo, ho ngoloa ha libuka tsohle tsa Bibele ho ne ho se ho phethiloe. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, Bakreste ba ne ba le ka pele-pele ho kopitsoeng le ho abjoeng ha Bibele e felletseng. Ka nako e tšoanang, ba ne ba tšoarehile ka ho e fetolela lipuong tse ngata tse tloaelehileng tsa mehleng eo. Leha ho le joalo, ha phutheho ea Bokreste e ntse e tšoarehile mosebetsing ona o babatsehang, ho na le ntho e ’ngoe e ileng ea qala ho hlaha e neng e tla ipaka e le kotsi haholo bakeng sa ho pholoha ha Bibele.
2 Bibele ka boeona e ile ea bolela phetoho ena esale pele. Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bolela papiso ea monna ea neng a jetse lipeō tse ntle tsa koro tšimong ea hae. Empa “ha ho robetsoe ke batho,” sera se ile sa jala lipeō tse neng li tla hlahisa mofoka. Lipeō tseo ka bobeli li ile tsa hōla, ’me ka nakoana mofoka o ne o pupelitse koro hoo e neng e sa bonahale. Ka papiso ena, Jesu o ne a bontša hore litholoana tsa mosebetsi oa hae e ne e tla ba Bakreste ba ’nete empa ka mor’a lefu la hae, Bakreste ba bohata ba ne ba tla silafatsa phutheho. Qetellong, ho ne ho tla ba thata ho khetholla bao e leng ba ’nete har’a ba bohata.—Mattheu 13:24-30, 36-43.
3. Ho latela moapostola Petrose, tšusumetso ea “Bakreste” ba kang mofoka e ne e tla ba efe tabeng ea ho lumela Bibele?
3 Ka ho toba moapostola Petrose o ile a lemosa ka tšusumetso ea “Bakreste” bana ba kang mofoka ka tsela eo batho ba neng ba tla talima Bokreste le Bibele ka eona. O lemositse: “Ka mokhoa o joalo ho tla ba le baruti ba bohata har’a lōna, ba tla tlisa ka sekhukhu lithuto tse khelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ea ba lopolotseng, ’me ka hona ba itlisetse timelo ka potlako. Ba bangata ba tla ba latela tseleng ea bokhopo; ’me ka baka la bona tsela ea ’nete e tla nyefoloa.”—2 Petrose 2:1, 2, TLP.
4. Boprofeta ba Jesu le ba Petrose bo ile ba phethahatsoa joang esita le lekholong la pele la lilemo?
4 Esita le lekholong la pele la lilemo, boprofeta ba Jesu le Petrose bo ne bo se bo ntse bo phethahatsoa. Banna ba ipatlelang litulo ba ne ba silafatsa phutheho ea Bokreste ’me ba jala likhaohano. (2 Timothea 2:16-18; 2 Petrose 2:21, 22; 3 Johanne 9, 10) Makholong a mabeli a lilemo a ileng a latela, bohloeki ba ’nete ea Bibele bo ile ba silafatsoa ke filosofi ea Bagerike, ’me ka phoso ba bangata ba ile ba amohela lithuto tsa bohedene e le ’nete ea Bibele.
5. Constantine o ile a kenya leano lefe le fetohileng qalong ea lekholo la bone la lilemo?
5 Lekholong la bone la lilemo, moemphera oa Roma Constantine o ile a amohela “Bokreste” e le bolumeli ba molao ba ’Muso oa Roma. Empa “Bokreste” boo a neng a bo tseba bo ne bo fapane haholo le bolumeli bo rutiloeng ke Jesu. Joale, “mofoka” o ne o ntse o tlokoma, feela joalokaha Jesu a ne a boletse esale pele. Ho ntse ho le joalo, re ka kholiseha hore nakong eo kaofela, ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba emela Bokreste ba ’nete le ba neng ba sebetsa ka thata ho latela Bibele e le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng.—Mattheu 28:19, 20.
Ho Fetolela Bibele Hoa Hanyetsoa
6. Bokreste-’mōtoana bo qalile ho hlahella neng, ’me tsela e ’ngoe eo ka eona bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo neng bo fapane le Bokreste ba Bibele ke efe?
6 Ke mehleng ea Constantine ha Bokreste-’mōtoana boo re bo tsebang kajeno bo qala ho hlahella. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, mofuta oa Bokreste bo khelohileng o neng o se o metse ka metso e ne e se e se feela mokhatlo oa bolumeli. E ne e se e le karolo ea ’muso, ’me baeta-pele ba bona ba ne ba phetha karolo e khōlō lipolotiking. Qetellong, kereke e koenehileng e ile ea sebelisa matla a eona a bopolotiki ka tsela e neng e hanyetsa Bokreste ba Bibele ka ho felletseng, e leng ho ileng ha tlisa tšokelo e ’ngoe e kotsi ho Bibele. Joang?
7, 8. Ke neng ha mopapa a bontša khanyetso ea ho fetolela Bibele, ’me ke hobane’ng ha a ile a etsa see?
7 Ha Selatine se khaotsa ho ba puo e tloaelehileng, ho ne ho hlokahala liphetolelo tse ncha tsa Bibele. Empa Kereke ea K’hatholike e ne e se e sa tšehetse sena. Ka 1079 Vratislaus, eo hamorao e ileng ea ba morena oa Bohemia, o ile a kōpa tumello ea Mopapa Gregory VII bakeng sa ho fetolela Bibele ka puo ea batho bao a ba busang. Karabelo ea mopapa e ile ea e-ba che. O ile a re: “Ho hlakile ho ba nahanang hangata ka hona, hore ke ka lebaka le letle Molimo o Matla ’Ohle o khahliloeng ke hore lengolo le halalelang e be sephiri libakeng tse itseng, esere, haeba le ne le ka bonoa ka ho hlakileng ke batho bohle, mohlomong le ne le tla khelloa fatše ’me le se hlonephuoe; kapa le ne le ka ’na la utloisisoa ka mokhoa o fosahetseng ke bao ba thuto e tlaase, ’me hoo ha lebisa phosong.”1
8 Mopapa o ne a batla hore Bibele e bolokoe ka puo ea Selatine eo joale e neng e se e shoele. Litaba tsa eona li ne li lokela ho bolokoa e le “sephiri,” li sa fetoleloe lipuong tsa batho ba tloaelehileng.a Vulgate ea Selatine ea Jerome, e ngotsoeng lekholong la bo5 la lilemo ho etsa hore Bibele e fumanoe ke bohle, joale e ne e fetohile mokhoa oa ho e boloka e patiloe.
9, 10. (a) Khanyetso ea Roma e K’hatholike ho fetoleloeng ha Bibele e ile ea hōla joang? (b) Morero oa khanyetso ea Kereke ho Bibele e ne e le ofe?
9 Ha Mehla e Bohareng e ntse e-ea, khato eo Kereke e ileng ea e nka khahlanong le Libibele tsa lipuo lisele e ile ea ipha matla. Ka 1199 Mopapa Innocent III o ile a ngolla moarekabishopo oa Metz, Jeremane, lengolo le matla haholo hoo moarekabishopo a ileng a chesa Libibele tsohle tsa puo ea Sejeremane tseo a ka li fumanang.3 Ka 1229 lekhotla le busang la Toulouse, France, le ile la laela hore “batho ba sa rutehang” ba ne ba ke ke ba e-ba le libuka leha e le life tsa Bibele ka leleme le tloaelehileng.4 Ka 1233 lekhotla le busang la setereke la Tarragona, Spain, le ile la laela hore ho tlisoe libuka tsohle tsa “Testamente e Ncha kapa ea Khale” hore li tl’o chesoa.5 Ka 1407 lekhotla le busang la baruti le neng le bitselitsoe Oxford, Engelane, ke Moarekabishopo Thomas Arundel le ile la thibela pepenene ho fetoleloa ha Bibele ka Senyesemane kapa ka leleme leha e le lefe le leng la mehleng eo.6 Ka 1431, hona Engelane, Mobishopo Stafford oa Wells o ile a thibela ho fetolela Bibele ka Senyesemane le ho ba le liphetolelo tse joalo.7
10 Batho bana ba boholong bolumeling ba ne ba sa leke ho timetsa Bibele. Ba ne ba leka ho e etsa mosalla oa lintho tsa khale, ho e boloka ka puo e neng e ka baloa ke batho ba seng bakae feela. Ka tsela ena, ba ne ba tšepile hore ba tla thibela seo ba neng ba se bitsa bokhelohi empa seo ha e le hantle e neng e le ho phephetsoa ha matla a bona. Hoja ba ile ba atleha, Bibele e ka be e fetohile ntho feela eo bahlalefi ba chesehelang ho e bona, e nang le tšusumetso e fokolang kapa e se nang tšusumetso ho hang bophelong ba batho ba tloaelehileng.
Linatla Tsa Bibele
11. Phello e bile efe ha Julián Hernández a kenya Libibele tsa puo ea Sepanishe ka sekhukhu Spain?
11 Empa, ho thabisang ke hore batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba ile ba hana ho latela litaelo tsena. Empa ho hana ho joalo ho ne ho le kotsi. Batho ba ile ba hlokofatsoa ka ho tšabehang ka baka la “tlōlo ea molao” ea ho ba le Bibele. Ka mohlala, nahana ka taba ea Lesepanishe le bitsoang Julián Hernández. Ho latela History of Christian Martyrdom ea Foxe, Julián (kapa, Juliano) “o ile a itherela ho thotha Libibele tse ngata ho tloha Jeremane ho ea naheng ea habo, li patiloe ka meqomong, ’me li pakiloe joaloka veine ea Rhine.” Ba bang ba ile ba mo loma ’me o ile a tšoaroa ke Lekhotla le Otlang Bakhelohi la Roma e K’hatholike. Bao Libibele tseo li neng li romeloa ho bona “kaofela ba ile ba hlokofatsoa ntle le khethollo, eaba ba bangata ho bona ba ahloleloa likotlo tse fapaneng. Juliano o ile a chesoa, ba mashome a mabeli ba ile ba halikoa holim’a lithupa tseo ho hlajoang nama ka tsona, ba ’maloa ba kenngoa chankaneng bophelo bohle ba bona, ba bang ba shapuoa pontšeng, ba bangata ba isoa maifong a likepe.”8
12. Re tseba joang hore ba boholong bolumeling Mehleng e Bohareng e ne e se baemeli ba Bokreste ba Bibele?
12 A tšebeliso e mpe ka ho tšabehang hakaakang ea matla! Ka ho hlakileng, batho bana ba boholong bolumeling e ne e se baemeli ba Bokreste ba Bibele ho hang! Bibele ka boeona e ile ea senola hore na e ne e le ba mang ha e re: “Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa etseng ho lokileng hase oa Molimo, leha e le ea sa rateng ngoan’abo. Hobane taba eo le e utloileng, e sa le ho qaleng, ke hore re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoan’abo.”—1 Johanne 3:10-12.
13, 14. (a) Ke ’nete efe e tsotehang mabapi le Bibele nakong ea Mehla e Bohareng e bontšang hore e tsoa ho Molimo? (b) Boemo bo ile ba fetoha joang mabapi le Bibele Europe?
13 Empa, ke ho tsotehang hakaakang hore e be banna le basali ba ne ba ikemiselitse ho feta tšoarong e sisimosang joalo hore feela ba be le Bibele! Hape mehlala e joalo e ’nile ea phetoa-phetoa ka makhetlo a mangata ho tla fihlela mehleng ea rōna. Boinehelo bo tebileng boo Bibele e susumellelitseng batho ho ba le bona, boikemisetso ba ho mamella ho hlokofatsoa le ho inehela ba sa belaele hore ba shoe ka mokhoa o tšabehang ntle le ho iphetetsa ho bahlokofatsi ba bona, ke bopaki bo matla ba hore Bibele e hlile ke Lentsoe la Molimo.—1 Petrose 2:21.
14 Qetellong, ka mor’a hore Baprostanta ba fetohele ’muso oa Roma e K’hatholike lekholong la bo16 la lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike ka boeona e ile ea tlameha ho ngola liphetolelo tsa Bibele ka lipuo tse tloaelehileng tsa Europe. Empa esita le ka nako eo, Bibele e ne e amahanngoa haholo le Boprostanta ho feta Bok’hatholike. Ho joalokaha moprista oa Roma e K’hatholike Edward J. Ciuba a ngotse: “Motho o ne a tla tlameha ho lumela ka botšepehi hore e ’ngoe ea liphello tse bohloko tsa Phetoho ea Bolumeli ea Prostanta e bile ho hlokomolohuoa ha Bibele har’a Mak’hatholike a tšepahalang. Le hoja ho se mohla e kileng ea lebaloa ka ho felletseng, ho Mak’hatholike a mangata Bibele e ne e le buka e koetsoeng.”9
Tlhahlobisiso e Phahameng
15, 16. Ke hobane’ng ha Boprostanta bo le molato mabapi le khanyetso ea Bibele?
15 Empa likereke tsa Prostanta ha li hloke molato ka ho felletseng mabapi le ho hanyetsoa ha Bibele. Ha lilemo li ntse li e-ea, litsebi tse itseng tsa Prostanta li ile tsa qala mofuta o mong oa tlhaselo bukeng eo: tlhaselo ea bahlalefi. Lekholong la bo18 le la bo19 la lilemo, li ile tsa qapa mokhoa oa ho ithuta Bibele o tsejoang e le tlhahlobisiso e phahameng. Bahlahlobisisi ba phahameng ba ne ba ruta hore karolo e khōlō ea Bibele e ne e le khopolo-taba le tšōmo. Ba bang ba ne ba bile ba bolela hore ha ho mohla Jesu a kileng a ba teng. Ho e-na le ho e bitsa Lentsoe la Molimo, litsebi tsena tsa Prostanta li ne li re Bibele ke lentsoe la motho, le hona ke le ferekaneng haholo.
16 Le hoja ho se ho sa lumeloe likhopolo tsena tse fetelletseng haholo, tlhahlobisiso e phahameng e sa ntsane e rutoa liseminaring, ’me ho tloaelehile ho utloa baruti ba Prostanta ba latola likarolo tse khōlō tsa Bibele pontšeng. Ke ka hona moruti e mong oa Chache a ileng a qotsoa koranteng e ’ngoe ea Australia a bolela hore boitsebiso bo bongata bo ka Bibeleng “ke bo fosahetseng feela. Karolo e ’ngoe ea histori e fosahetse. Ka ho totobetseng lintlha tse ling li sothiloe.” Monahano ona ke tholoana ea tlhahlobisiso e phahameng.
‘E-ea Nyefoloa’
17, 18. Boitšoaro ba Bokreste-’mōtoana bo tliselitse Bibele thohako joang?
17 Empa, mohlomong boitšoaro ba Bokreste-’mōtoana ke bona bo hlahisitseng tšitiso e khōlō ka ho fetisisa ea hore batho ba amohele Bibele e le Lentsoe la Molimo. Bokreste-’mōtoana bo bolela hore bo latela Bibele. Empa, boitšoaro ba bona bo tliselitse Bibele thohako e khōlō le lebitso la Bokreste ka bolona. Joalokaha moapostola Petrose a boletse esale pele, tsela ea ’nete e ’nile ‘ea nyefoloa.’—2 Petrose 2:2, TLP.
18 Ka mohlala, ha kereke e thibela ho fetoleloa ha Bibele, mopapa o ne a ntse a tšehetsa ka chelete boiteko bo boholo ba sesole khahlanong le Masolomane a Bochabela bo Hare. Boiteko bona bo boholo ba sesole bo ile ba bitsoa Lintoa tsa Bokreste “tse halalelang,” empa ho ne ho se letho le halalelang ho tsona. Ea pele—e ileng ea bitsoa “Ntoa ea Bokreste ea Batho”—e ile ea bontša se neng se tla latela. Pele le tloha Europe, lebotho le sa laoleheng le hlohlellelitsoeng ke baruti, le ile la futuhela Bajode ba Jeremane, la ba bolaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong. Hobane’ng? Rahistori Hans Eberhard Mayer o re: “Khang ea hore Bajode, joaloka lira tsa Kreste, ba ne ba lokela ho otloa e ne e mpa e le boiteko bo fokolang ba ho pata sepheo sa sebele: meharo.”10
19-21. Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo, hammoho le boiteko ba baromuoa ba Europe le katoloso ea likolone, li tliselitse Bibele thohako joang?
19 Phetohelo ea Prostanta ea lekholong la bo16 la lilemo e ile ea amoha Bok’hatholike ba Roma matla linaheng tse ngata tsa Europe. Phello e ’ngoe e bile Ntoa ea Lilemo tse Mashome a Mararo (1618-48)—“e ’ngoe ea lintoa tse tšabehang ka ho fetisisa historing ea Europe,” ho latela The Universal History of the World. Sesosa sa motheo sa ntoa e ne e le sefe? “Lehloeo la Mak’hatholike ho Maprostanta, la Maprostanta ho Mak’hatholike.”11
20 Nakong ena, Bokreste-’mōtoana bo ne bo qalile ho namela ka ntle ho Europe, ho isa tsoelo-pele ea “Bokreste” likarolong tse ling tsa lefatše. Katoloso ena ea sesole e ne e tsejoa ka sehlōhō le meharo. Amerika Leboea le Amerika Boroa, baeta-pele ba khapo ba Spain ba ile ba potlakela ho felisa tsoelo-pele ea baahi ba Amerika. Buka e ’ngoe ea histori e boletse: “Ka kakaretso, babusisi ba Spain ba ile ba felisa tsoelo-pele ea baahi, ntle le ho kenya ea Europe. Lenyora la gauda e ne e le sepheo sa sehlooho se ileng sa ba hulela ho Lefatše le Lecha.”12
21 Baromuoa ba Prostanta le bona ba ile ba tloha Europe ba ea lik’hontinenteng tse ling. E ’ngoe ea liphello tsa mosebetsi oa bona e ne e le ho khothalletsa katoloso ea likolone. Boikutlo bo atileng kajeno mabapi le boiteko ba baromuoa ba Prostanta ke hore: “Maemong a mangata mosebetsi oa boromuoa o ’nile oa sebelisoa e le ho lokafatsa le ho koahela ho hatelloa ha batho. Kamano e pakeng tsa tšebeletso ea baromuoa, mahlale, le puso ea bokolone e-ea tsebahala.”13
22. Bokreste-’mōtoana bo tliselitse lebitso la Bokreste thohako joang lekholong la bo20 la lilemo?
22 Kamano e haufi pakeng tsa malumeli a Bokreste-’mōtoana le ’muso e ’nile ea tsoela pele ho fihlela mehleng ea rōna. Lintoa tse peli tsa ho qetela tsa lefatše li loannoe haholo-holo pakeng tsa lichaba tsa “Bokreste.” Baruti ka mahlakoreng a mabeli ba ile ba khothalletsa bahlankana ba habo bona ho loana le ho leka ho bolaea sera—seo hangata e neng e le sa bolumeli bo tšoanang. Joalokaha ho boletsoe bukeng If the Churches Want World Peace: “Ka sebele hase tlotla ho [likereke] hore tsamaiso ea ntoa kajeno e ile ea hōla ’me ea tlisa tšenyo ea eona e khōlō ka ho fetisisa har’a linaha tse inehetseng ho Bokreste.”14
Lentsoe la Molimo Lea Pholoha
23. Histori ea Bokreste-’mōtoana e bontša joang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?
23 Re pheta histori ena e telele, e bohloko ea Bokreste-’mōtoana ho totobatsa lintlha tse peli. Ea pele, liketsahalo tse joalo li phethahatsa boprofeta ba Bibele. Ho ile ha boleloa esale pele hore ba bangata ba ipolelang e le Bakreste ba ne ba tla tlisetsa Bibele le lebitso la Bokreste thohako, ’me ’nete ea hore sena se etsahetse e phahamisa Bibele e le ’nete. Ho ntse ho le joalo, ha rea lokela ho lebala ’nete ea hore boitšoaro ba Bokreste-’mōtoana ha bo emele Bokreste bo theiloeng Bibeleng.
24. Ke eng e khethollang Bakreste ba ’nete ’me ka ho etsa joalo e nyatsa Bokreste-’mōtoana ka ho hlaka e se Bokreste?
24 Tsela eo Bakreste ba sebele ba ka tsejoang ka eona e hlalositsoe ke Jesu ka boeena: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:35) Ho feta moo, Jesu o itse: “Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” (Johanne 17:16) Maemong ao ka bobeli, Bokreste-’mōtoana bo ipaka ka ho hlakileng hore ha bo emele Bokreste ba Bibele. Bo bolela hore ke motsoalle oa Bibele, empa e bile motsoalle oa bohata.
25. Ke hobane’ng ha Bibele e pholohile mahloriso ’ohle a eona ho fihlela mehleng ea rōna?
25 Ntlha ea bobeli ke ena: Ha re talima ’nete ea hore Bokreste-’mōtoana ka kakaretso bo loantšitse lithahasello tsa Bibele hakana, ka sebele, ke ho tsotehang hore e be buka eo e pholohile ho fihlela kajeno ’me e sa ntsane e e-na le tšusumetso e ntle bophelong ba batho ba bangata. Bibele e pholohile khanyetso e mabifi ea ho fetoleloa ha eona, tlhaselo ea litsebi tsa sejoale-joale, le boitšoaro boo e seng ba Bokreste ba motsoalle oa eona oa bohata, Bokreste-’mōtoana. Hobane’ng? Hobane Bibele e fapane le lingoliloeng leha e le life tse ling. Bibele e ke ke ea timela. Ke Lentsoe la Molimo, ’me Bibele ka boeona ea re bolella: “Joang boa omella, palesa ea foforeha, empa lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”—Esaia 40:8.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ile ha etsoa liphetolelo tse seng kae ka lipuo lisele. Empa hangata li ne li ngoloa haboima libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse khabisitsoeng haholo ’me ho hang li ne li sa etsetsoa ho sebelisoa ke mang le mang.2
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 34]
Likereke tse khōlō tsa Prostanta li ’nile tsa kenya letsoho tlhaselong e khōlō e entsoeng ke bahlalefi Bibeleng
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Histori ea Bokreste-’mōtoana e hlile e qalile ha Constantine a etsa “Bokreste” bolumeli ba molao mehleng ea hae
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Bapapa Gregory VII le Innocent III ba ne ba hlahelletse ntoeng ea Kereke e K’hatholike ea ho thibela Bibele ho fetoleloa lipuong tse tloaelehileng tsa batho
[Setšoantšo se leqepheng la 33]
Boitšoaro bo nyarosang ba Bokreste-’mōtoana bo entse hore ba bangata ba belaelle hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 35]
Ntoeng ea pele ea lefatše, masole ana a Russia a khumametse setšoantšo se ferefiloeng sa bolumeli pele a e-tsoa ho ea bolaea “Bakreste” ba habo ’ona