Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gm khao. 2 maq. 12-24
  • Bibele e Loanela ho ba Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Loanela ho ba Teng
  • Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Bibele Feela e Pholohileng
  • Bahlokomeli ba Lentsoe
  • Likopi Tse Nang le Liphoso
  • Batho le Lipuo Tsa Bona
  • Thuto ea 6—Taba e Ngotsoeng ka Segerike ea Bokreste ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Buka ee e Ile ea Phonyoha Joang?
    Buka ea Batho Bohle
  • Thuto ea 5—Taba e Ngotsoeng ka Seheberu ea Mangolo a Halalelang
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Kamoo Bibele e Sirelelitsoeng Kateng Hore re e Fumane
    Tsoha!—2007
Bala Tse Ling
Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
gm khao. 2 maq. 12-24

Khaolo 2

Bibele e Loanela ho ba Teng

Ho na le likarolo tse ngata tsa bopaki tse pakang hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo. Karolo ka ’ngoe e matla, empa ha li nkoa li kopane kaofela, li ke ke tsa khaoloa. Khaolong ena le e e latelang, re tla tšohla karolo e le ’ngoe feela ea bopaki: histori ea Bibele joaloka buka. ’Nete ke hore, e hlile ke mohlolo hore e be buka ena e tsotehang e pholohile ho fihlela kajeno. Hlahloba linnete uena ka bouena.

1. Lintlha tse ling tse amang Bibele ke life?

BIBELE hase buka feela tjee. Ke pokello e enneng ea libuka tse 66, tse ling e le tse khutšoanyane ’me tse ling e le tse telele haholo, tse nang le molao, boprofeta, histori, thoko, keletso, le tse ling tse ngata. Makholo a lilemo pele ho tsoalo ea Kreste, libuka tse qalang tse 39 har’a tsena li ile tsa ngoloa—karolo e khōlō e le ka puo ea Seheberu—ke Bajode ba tšepahalang, kapa Baiseraele. Hangata karolo ena e bitsoa Testamente ea Khale. Libuka tsa ho qetela tse 27 li ne li ngotsoe ke Bakreste ka Segerike ’me li tsejoa ka ho pharalletseng e le Testamente e Ncha. Ho latela bopaki bo ka har’a eona le lineano tse ngata tsa boholo-holo, libuka tsena tse 66 li ngotsoe ka nako e fetang hoo e ka bang lilemo tse 1 600, ho tloha ha Egepeta e le ’muso o ka holimo-limo ho fihlela ha Roma e le mofumahali oa lefatše.

Ke Bibele Feela e Pholohileng

2. (a) Boemo ba Iseraele e ne e le bofe ha Bibele e qala ho ngoloa? (b) Lingoliloeng tse ling tse ngotsoeng nakong eona eo ke life?

2 Nakong e ka holimo ho lilemo tse 3 000 tse fetileng, ha Bibele e qala ho ngoloa, Iseraele e ne e le sechaba se le seng feela se senyenyane se ka har’a tse ngata Bochabela bo Hare. Jehova e ne e le Molimo oa bona, empa lichaba tse ba pota-potileng li ne li e-na le melimo le melimotsana e fapa-fapaneng e mengata ka ho makatsang. Nakong eo, Baiseraele e ne e se bona feela ba neng ba ngola libuka tsa bolumeli. Lichaba tse ling le tsona li ile tsa ngola lingoliloeng tse neng li bontša bolumeli ba tsona le litekanyetso tsa tsona tsa bochaba. Ka mohlala, khopolo-taba ea Gilgamesh ea Seakkad e tsoang Mesopotamia le lipale tsa Ras Shamra, tse ngotsoeng ka Seugarit (puo e buuoang sebakeng seo hona joale e leng Syria leboea), ntle le pelaelo li ne li tloaelehile haholo. Libuka tse ngata haholo tsa mehleng eo le tsona li ne li akarelletsa lingoliloeng tse kang The Admonitions of Ipu-wer le The Prophecy of Nefer-rohu tse ngotsoeng ka Seegepeta, lifela tse neng li bineloa melimo e fapaneng tsa Sesumer, le lingoliloeng tsa boprofeta tse ngotsoeng ka Seakkad.⁠1

3. Ke eng e khethollang Bibele e le e fapaneng le libuka tse ling tsa bolumeli tse ngotsoeng Bochabela bo Hare nakong eona eo?

3 Leha ho le joalo, lingoliloeng tsena kaofela tsa Bochabela bo Hare li ile tsa fella ka mokhoa o tšoanang. Li ile tsa lebaloa, esita le lipuo tseo li neng li ngotsoe ka tsona li ile tsa nyamela. Ke feela lilemong tsa morao tjena baepolli ba lintho tsa khale le litsebi tsa lipuo le lingoliloeng tsa boholo-holo ba ileng ba ithuta ka boteng ba tsona ’me ba sibolla hore na li baloa joang. Ka lehlakoreng le leng, libuka tsa pele tse ngotsoeng tsa Bibele ea Seheberu li pholohile ho fihlela mehleng ea rōna ’me li sa ntsane li baloa ka ho pharalletseng. Ka linako tse ling litsebi li bolela hore libuka tsa Seheberu tse ka Bibeleng ka tsela e itseng li nkiloe ho lingoliloeng tseo tsa litsebi tsa boholo-holo. Empa ’nete ea hore boholo ba libuka tseo li ile tsa lebaloa ha Bibele ea Seheberu eona e pholohile e khetholla Bibele e le e fapaneng ka ho totobetseng.

Bahlokomeli ba Lentsoe

4. Ke mathata afe a tebileng a Baiseraele a neng a ka ’na a bonahala a hlahisa khoao ea hore na Bibele e tla pholoha?

4 U utloisise hantle, ho tsoa ponong ea litaba ea motho ho pholoha ha Bibele hase phello e neng e lebelletsoe. Sechaba se e ngotseng se ile sa feta litekong tse thata le khatellong e bohloko hoo hore e be se pholohile ho fihlela mehleng ea rōna e leng ho tsotehang kannete. Lilemong tsa pele ho Kreste, ha ho bapisoa, Bajode ba ngotseng Mangolo a Seheberu (“Testamente ea Khale”) e ne e le sechaba se senyenyane. Ba ne ba lutse ba sa sireletseha har’a linaha tsa bopolotiki tse matla tse neng li qhoebeshana ka baka la bobusi. Iseraele e ile ea lokela ho loanela bophelo ba eona khahlanong le lichaba tse hlahlamanang, tse kang Bafilista, Bamoabe, Baammone, le Baedomo. Nakong ea ha Baheberu ba aroloa ho ba mebuso e ’meli, ’Muso oa Assyria o sehlōhō o ne o bonahala eka o felisitse ’muso o ka leboea, ha Bababylona ba ne ba timelitse ’muso o ka boroa, ba isa batho kholehong eo ho eona ho ileng ha khutla masala feela lilemo tse 70 hamorao.

5, 6. Ho ile ha etsoa boiteko bofe bo neng bo beha boteng ba Baheberu kotsing e le sechaba se khethehileng?

5 Ho bile ho na le litlaleho tsa boiteko ba ho felisa Baiseraele. Morao koana mehleng ea Moshe, Faro o ile a laela hore ho bolaoe bana bohle ba bona ba bashemane ba sa tsoa tsoaloa. Hoja taelo ea hae e ile ea bolokoa, sechaba sa Baheberu se ka be se ile sa felisoa. (Exoda 1:15-22) Nako e telele hamorao, ha Bajode ba le tlas’a puso ea Persia, lira tsa bona li ile tsa etsa ’momori oa hore ho fetisoe molao o neng o reretsoe ho ba felisa. (Esthere 3:1-15) Ho hlōleha ha morero ona oa bolotsana ho sa ntsane ho ketekoa Moketeng oa Bajode oa Purim.

6 Hamorao hape, ha Bajode ba le tlas’a Syria, Morena Antiochus IV o ile a leka ka matla ho fetola sechaba seo Bagerike, a se qobella ho latela meetlo ea Bagerike le ho rapela melimo ea Bagerike. Le eena o ile a hlōleha. Ho e-na le hore ba felisoe kapa ba kenngoe sechabeng se seng, Bajode ba ile ba pholoha ha, ka ho latellana, boholo ba lichaba tse ba pota-potileng li nyamela lefatšeng. Hape Mangolo a Seheberu a Bibele a ile a pholoha le bona.

7, 8. Ho pholoha ha Bibele ho ile ha sokeloa joang ke mahloriso a Bakreste?

7 Bakreste, ba ngotseng karolo ea bobeli ea Bibele (“Testamente e Ncha”), le bona e ne e le sehlopha se hatelletsoeng. Moeta-pele oa bona, Jesu, o ile a bolaoa joaloka senokoane feela se tloaelehileng. Matsatsing a pele ka mor’a lefu la hae, Bajode ba boholong Palestina ba ile ba leka ho ba hatella. Ha Bokreste bo hasana ho ea linaheng tse ling, Bajode ba ile ba ba tsoma, ba leka ho thibela mosebetsi oa bona oa boromuoa.—Liketso 5:27, 28; 7:58-60; 11:19-21; 13:45; 14:19; 18:5, 6.

8 Mehleng ea Nero, boikutlo ba mamello boo qalong ba boholong Roma ba neng ba e-na le bona bo ile ba fetoha. Tacitus o ile a ithorisa ka “litlhokofatso tse phethahetseng” tseo Bakreste ba ileng ba hlorisoa ka tsona ke moemphera ea sehlōhō, ’me ho tloha mehleng ea hae ho ea pele, ho ba Mokreste e ne e le tlōlo ea molao e tšoaneloang ke kahlolo ea lefu.⁠2 Ka 303 C.E., Moemphera Diocletian o ile a nka khato e tobileng ea ho loantša Bibele.a Ka boiteko ba ho ntša Bokreste ka metso, o ile a laela hore ho chesoe Libibele tsohle tsa Bakreste.⁠3

9. Ho ka be ho etsahetse joang hoja liphutuho tsa ho timetsa Bajode le Bakreste li ile tsa atleha?

9 Liphutuho tsena tsa khatello le tsa ho felisa sechaba e ne e le tšokelo ea sebele bakeng sa ho pholoha ha Bibele. Hoja Bajode ba ile ba latela Bafilista le Bamoabe kapa hoja boiteko ba ho ntša Bokreste ka metso bo qaliloeng ke Bajode ba boholong ’me hamorao ba etsoa ke Baroma ba boholong bo ile ba atleha, ke mang ea ka beng a ngotse Bibele a bile a e bolokile? Ho thabisang, bahlokomeli ba Bibele—bao pele e neng e le Bajode ’me hamorao ea e-ba Bakreste—ha baa ka ba felisoa, ’me Bibele e ile ea pholoha. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le tšokelo e ’ngoe e tebileng eo haeba e ne e sa sokele ho pholoha ha Bibele bonyane e neng e sokela botšepehi ba eona.

Likopi Tse Nang le Liphoso

10. Qalong Bibele e ile ea bolokoa joang?

10 Lingoliloeng tse ngata tsa boholo-holo tse seng li boletsoe tseo hamorao li ileng tsa lebaloa li ne li betliloe lejoeng kapa li hatisitsoe matlapeng a letsopa a sa senyeheng. Ho ne ho se joalo ka Bibele. Qalehong eona e ne e ngotsoe bukeng ea loli kapa letlalong la nku—e leng lintho tse senyehang habobebe haholo. Ka hona, ke khale haholo libuka tse ngotsoeng ka letsoho ke lingoli qalong li nyametse. Joale, Bibele e ile ea bolokoa joang? Ka mosebetsi o boima likopi tse likete-kete li ile tsa ngoloa ka letsoho. Pele mokhoa oa khatiso o fihla ena e ne e le tsela e tloaelehileng ea ho hlahisa buka hape.

11. Ho etsahala eng e ke keng ea qojoa ha libuka tse ngotsoeng ka letsoho li kopitsoa ka letsoho?

11 Leha ho le joalo, ho na le kotsi e ’ngoe ha ho kopitsoa ka letsoho. Monghali Frederic Kenyon, moepolli oa lintho tsa khale ea tummeng e bile e le ’moloki oa libuka Ntlong ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Brithani, o hlalositse: “Ha ho e-s’o boptjoe letsoho le boko ba motho tse ka kopitsang buka eohle e telele li sa etse phoso ho hang. . . . Joang kapa joang liphoso li tla kenella.”⁠4 Ha phoso e kenella bukeng e ngotsoeng ka letsoho, e ne e phetoa ha buka eo e ngotsoeng ka letsoho e e-ba eona motheo oa likopi tsa ka moso. Ha ho etsoa likopi tse ngata ka mor’a nako e telele, liphoso tse ngata tsa motho li ne li kenella.

12, 13. Ke bo-mang ba ileng ba nka boikarabelo ba ho boloka taba e ngotsoeng Mangolong a Seheberu?

12 Ha re talima likopi tse likete-kete tsa Bibele tse entsoeng, re tseba joang hore mokhoa ona oa ho hlahisa buka bocha ha oa ka oa e fetola hoo e neng e ke ke ea amoheloa e le ’nete? Koana, nka mohlala oa Bibele ea Seheberu, “Testamente ea Khale.” Halofong ea bobeli ea lekholo la botšelela la lilemo B.C.E., ha Bajode ba khutla kholehong ea bona Babylona, sehlopha sa litsebi tsa Baheberu se neng se tsejoa e le Basofere, “bangoli,” se ile sa fetoha bahlokomeli ba taba e ngotsoeng Bibeleng ea Seheberu, ’me e ne e le boikarabelo ba sona hore se kopitse Mangolo ao bakeng sa ho a sebelisa borapeling ba pontšeng le ba boinotšing. E ne e le banna ba khothetseng haholo, ba litsebi, ’me mosebetsi oa bona e ne e le oa boleng bo phahameng ka ho fetisisa.

13 Ho tloha lekholong la bosupa la lilemo ho ea lekholong la leshome la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, bahlahlami ba Basofere e ne e le Bamasorete. Lebitso la bona le tsoa lentsoeng la Seheberu le bolelang “neano,” ’me ha e le hantle le bona e ne e le bangoli ba neng ba nehiloe boikarabelo ba ho boloka taba e ngotsoeng ea neano ea Seheberu. Bamasorete ba ne ba le seli haholo. Ka mohlala, mongoli o ne a lokela ho sebelisa kopi e pakiloeng hantle hore ke ea ’nete e le eona taba e ngotsoeng eo a kopitsang ho eona, ’me o ne a sa lumelloa ho ngola eng kapa eng eo a e hopolang ka hlooho. O ne a lokela ho hlahloba tlhaku ka ’ngoe pele a e ngola.⁠5 Moprofesa Norman K. Gottwald oa tlaleha: “Ntho e ’ngoe e bontšang kelo-hloko eo ba neng ba phetha boikarabelo ba bona ka eona e bontšoa ke tlhokahalo ea baruti ba molao oa Bajode ea hore libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse ncha kaofela li ne li lokela ho baloa bakeng sa ho hlahloba liphoso ’me likopi tse nang le liphoso li lahloe hang-hang.”⁠6

14. Ke tšibollo efe e ileng ea etsa hore batho ba khone ho tiisa hore taba e ngotsoeng Bibeleng e fetisitsoeng ke sehlopha sa Basofere le Bamasorete e nepahetse?

14 Taba e ngotsoeng e fetisitsoeng ke sehlopha sa Basofere le Bamasorete e ne e nepahetse hakae? Ho fihlela ka 1947 ho ne ho le thata ho arabela potso eo, kaha libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tse felletseng tsa khale ka ho fetisisa e ne e le tsa lekholong la leshome la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna. Leha ho le joalo, ka 1947, mesaletsa ea libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tsa khale haholo e ile ea fumanoa mahaheng a mathōkong a Leoatle le Shoeleng, ho akarelletsa likarolo tsa libuka tsa Bibele ea Seheberu. Mesaletsa e ’maloa e ne e le ea mehleng ea pele ho Kreste. Litsebi li ile tsa bapisa mesaletsa ena le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tse neng li ntse li le teng ho tiisa hore taba e ngotsoeng e fetisitsoe ka mokhoa o nepahetseng. Phello ea papiso ee e bile efe?

15. (a) Phello ea ho bapisa moqolo oa Esaia o ngotsoeng ka letsoho oa Leoatle le Shoeleng le taba e ngotsoeng ke Bamasorete e bile efe? (b) Re lokela ho fihlela qeto efe ka ’nete ea hore libuka tse ling tse ngotsoeng ka letsoho tse fumanoeng Leoatleng le Shoeleng li bontša phapang e itseng tabeng e ngotsoeng? (Bona se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe.)

15 E ’ngoe ea lingoliloeng tsa khale ka ho fetisisa tse ileng tsa sibolloa ke buka e felletseng ea Esaia, ’me taba e ngotsoeng ho eona e nyalana haufi-ufi ka ho hlollang le Bibele ea Bamasorete eo re nang le eona kajeno. Moprofesa Millar Burrows oa ngola: “Liphapang tse ngata tse pakeng tsa moqolo oa Esaia oa St. Mark [o sa tsoa sibolloa] le taba e ngotsoeng ke Bamasorete li ka hlalosoa e le liphoso tsa ho kopitsa. Ntle le liphoso tsena, ka kakaretso, ho na le tumellano e tsotehang pakeng tsa oona le taba e ngotsoeng libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mehleng e Bohareng. Tumellano e joalo ka har’a buka e ngotsoeng ka letsoho ea khale hakaalo e fana ka bopaki bo kholisang ba ho nepahala ho akaretsang ha taba e ngotsoeng ea neano.”⁠7 Burrows oa phaella: “Ke taba e makatsang hore ho theosa le nako e ka etsang lilemo tse sekete taba e ngotsoeng e fetohile hanyenyane hakaalo.”b

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore taba e ngotsoeng Mangolong a Segerike a Bokreste e nepahetse? (b) Monghali Frederic Kenyon o tiisitse eng mabapi le taba e ngotsoeng Mangolong a Segerike?

16 Ntlheng ea karolo ea Bibele e ngotsoeng ke Bakreste ka Segerike, e bitsoang Testamente e Ncha, bakopitsi ba ne ba tšoana haholo le batho ba ratang mosebetsi ba nang le neo ho feta litsebi tse koetlisitsoeng haholo tsa Basofere. Empa le hoja ba ne ba sebetsa tlas’a tšokelo ea ho otloa ke ba boholong, ba ne ba nka mosebetsi oa bona ka ho teba. Hape lintho tse peli li re kholisa hore rōna kajeno re na le taba e ngotsoeng eo ha e le hantle e tšoanang le e neng e ngotsoe ke lingoli qalong. Pele, re na le libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa moraonyana feela ho nako ea ho ngola ho feta kamoo ho leng kateng ka karolo ea Bibele ea Seheberu. Ka sebele, mosaletsa o mong oa Molaetsa o Molemo oa Johanne ke oa halofong ea pele ea lekholo la bobeli la lilemo, nako e ka tlaase ho lilemo tse 50 ho tloha nakong eo mohlomong Johanne a ngotseng Molaetsa oa hae o Molemo ka eona. Taba ea bobeli, lenane la libuka tse ngotsoeng ka letsoho tse pholohileng ka bolona le fana ka bopaki bo matla ba ho nepahala ha taba e ngotsoeng moo.

17 Ntlheng ena, Monghali Frederic Kenyon o tiisitse: “Ho ke ke ha phehoa khang e matla ka hore ha e le hantle taba e ngotsoeng Bibeleng ke ’nete. Ho joalo haholo-holo ka Testamente e Ncha. Lenane la libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Testamente e Ncha, la liphetolelo tsa eona tsa pele, le la litaba tse qotsitsoeng ho eona ke lingoli tsa khale ka ho fetisisa tsa Kereke, le leholo hoo ka sebele ho baloa ho nepahetseng ha karolo e ’ngoe le e ’ngoe e belaetsang ho ntseng ho bolokiloe ho e ’ngoe ea libuka tsena tsa boholo-holo tseo ho itšetlehiloeng ka tsona. Ho ke ke ha boleloa tjena ka buka leha e le efe e ’ngoe ea boholo-holo e teng lefatšeng.”⁠10

Batho le Lipuo Tsa Bona

18, 19. Ho tlile joang hore e be Bibele ha e-ea ka ea lekanyetsoa lipuong tseo e neng e ngotsoe ka tsona qalong?

18 Lipuo tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona qalong le tsona, ka mor’a nako e telele, li ile tsa fetoha tšitiso bakeng sa ho pholoha ha eona. Boholo ba libuka tsa pele tse 39 li ne li ngotsoe ka Seheberu, leleme la Baiseraele. Empa ha ho mohla Seheberu se kileng sa tsejoa ka ho pharalletseng. Hoja Bibele e ile ea lula e ngotsoe ka puo eo, le ka mohla e ne e ke ke ea e-ba le tšusumetso ea letho haese sechabeng sa Bajode le balichaba ba seng bakae ba neng ba ka se bala. Leha ho le joalo, lekholong la boraro la lilemo B.C.E., molemong oa Baheberu ba neng ba phela Alexandria, Egepeta, ho ile ha qala ho fetoleloa karolo ea Seheberu ea Bibele ho ea Segerikeng. Ka nako eo Segerike e ne e le puo ea machaba. Ka hona, Bibele ea Seheberu e ile ea fumaneha habobebe ho batho bao e seng Bajode.

19 Ha ho fihla nako ea ho ngola karolo ea bobeli ea Bibele, Segerike e ne e sa ntsane e le puo e buuoang ka ho pharalletseng haholo, kahoo libuka tsa ho qetela tsa Bibele tse 27 li ile tsa ngoloa ka leleme leo. Empa e ne e se motho e mong le e mong ea neng a ka utloisisa Segerike. Kahoo, ka potlako likarolo tsa Seheberu le tsa Segerike tsa Bibele li ile tsa qala ho hlaha ka lipuo tse tloaelehileng tsa makholong ao a pele a lilemo, tse kang Sesyria, Secopt, Searmenia, Segeorgia, Segoth, le Seethiopia. Puo ea molao ea ’Muso oa Roma e ne e le Selatine, ’me liphetolelo tsa Selatine li ile tsa etsoa li le ngata haholo hoo ho ileng ha lokela hore ho lumelloe “phetolelo e lumelletsoeng.” Phetolelo ena e ile ea phethoa hoo e ka bang ka 405 C.E. ’me ea tsejoa e le Vulgate (e bolelang e “tummeng” kapa e “tloaelehileng”).

20, 21. Litšitiso tsa ho pholoha ha Bibele e ne e le life, hona ke hobane’ng ha litšitiso tsee li ile tsa hlōloa?

20 Ka hona, ho sa tsotellehe litšitiso tse ngata, Bibele e ile ea pholoha ho fihlela makholong a lilemo a qalang Mehleng e Tloaelehileng ea rōna. Ba e ngotseng e ne e le lihlotšoana tse nyelisoang le tse hlorisoang tse phelang bophelo bo thata lefatšeng le tletseng bora. E ne e ka ’na ea sothoa moelelo hampe nakong ea ha e ntse e kopitsoa, empa ha hoa ka ha e-ba joalo. Ho feta moo, e ile ea pholoha kotsi ea hore e fumanoe feela ke batho ba buang lipuo tse itseng.

21 Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata hakaale hore Bibele e pholohe? Bibele ka boeona e re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Ha re talima sena, re ne re ka lebella hore lefatše le hloee ’nete e phatlalalitsoeng, ’me ho ipakile ho le joalo. Ka hona, ke hobane’ng ha Bibele e ile ea pholoha ha likarolo tse ling tse ngata hakaale tsa libuka tse sa kang tsa thulana le mathata a tšoanang li ile tsa lebaloa? Le sona sena Bibele e-ea se arabela. E re: “Lentsoe la Morena le hlola ka ho sa feleng.” (1 Petrose 1:25) Haeba kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo, ha ho matla leha e le afe a batho a ka e timetsang. Hape ho tla fihlela lekholong lena la bo20 la lilemo, sena se ipakile e le ’nete.

22. Ho bile le phetoho efe qalong ea lekholo la bone la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna?

22 Leha ho le joalo, lekholong la bone la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ho ile ha etsahala ntho e ’ngoe e ileng ea tlisa litlhaselo tse ncha holim’a Bibele ’me ea ama histori ea Europe haholo. Lilemo tse leshome feela ka mor’a hore Diocletian a leke ho timetsa likopi tsohle tsa Bibele, leano la ’muso le ile la fetoha ’me “Bokreste” ba lumelloa ka molao. Lilemo tse leshome le metso e ’meli hamorao, ka 325 C.E., moemphera oa Roma o ile a okamela Seboka sa “Bokreste” sa Nicaea. Ke hobane’ng ha phetoho e neng e bonahala e le molemo hakaalo e ne e tla ipaka e le kotsi bakeng sa Bibele? Re tla bona karabelo khaolong e latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bukeng ena, ho fapana le “A.D.” le “B.C.” tse tloaelehileng, ho sebelisitsoe “C.E.” (Mehla e Tloaelehileng) le “B.C.E.” (pele ho Mehla e Tloaelehileng) tse nepahetseng haholoanyane.

b Hase libuka tsohle tse ngotsoeng ka letsoho tse fumanoeng Leoatleng le Shoeleng tse neng li lumellana hantle hakaalo le taba e ngotsoeng Bibeleng e ntseng e le teng. Tse ling li ne li bontša phapang e khōlō tabeng e ngotsoeng. Leha ho le joalo, liphapang tsena ha li bolele hore moelelo oa mantlha oa taba e ngotsoeng o sothiloe. Ho latela Patrick W. Skehan oa Univesithi ea K’hatholike ea Amerika, boholo ba tsona bo emela “ho hlophisoa bocha [ha taba e ngotsoeng ka Bibeleng] motheong oa hore na e utloahala hakae ka hare, hoo sebopeho sa eona e bang se atolositsoeng empa ’moko-taba o lula o tšoana . . . Boikutlo bo susumetsang seo ke ba tlhompho ea borapeli e pepenene bakeng sa taba e ngotsoeng e talingoang e le e halalelang, boikutlo ba ho hlalosa (kamoo re ka ho behang kateng) Bibele ka Bibele ha ho fetisoa taba e ngotsoeng ka boeona.”⁠8

Mohlalosi e mong oa phaella: “Ho sa tsotellehe lipelaelo tsohle, ’nete e khōlō e-ea sala ea hore taba e ngotsoeng eo re nang le eona hona joale, ka kakaretso, e emela hantle mantsoe a sebele a bangoli bao, ba bang ba bona, ba phetseng hoo e ka bang lilemo tse likete tse tharo tse fetileng, ’me ha rea lokela ho ba le khoao e tebileng ea ho silafatsoa ha litaba tsa eona mabapi le hore na molaetsa oo Testamente ea Khale e ka re fang oona ke oa ’nete hakae.”⁠9

[Lebokose le leqepheng la 19]

Taba e Ngotsoeng Bibeleng e Tiisitsoeng

Ho utloisisa hore na taba e ngotsoeng Bibeleng e tiisitsoe hantle hakae, re lokela feela ho e bapisa le pokello e ’ngoe ea libuka tse tlileng ho rōna tsa mehleng ea boholo-holo: mengolo ea neano ea Greece le Roma. Ha e le hantle, boholo ba libuka tsena li ngotsoe ka mor’a hore ho phethoe Mangolo a Seheberu. Ha ho boiteko bo tlalehiloeng ba ho felisa Bagerike kapa Baroma, ’me libuka tsa bona ha lia ka tsa bolokeha ha li thulana le mahloriso. Empa, hlokomela litlhaloso tsa Moprofesa F. F. Bruce:

“Bakeng sa Gallic War ea Cesare (e hlophisitsoeng pakeng tsa 58 le 50 B.C.) ho na le libuka tse ’maloa tse ngotsoeng ka letsoho tse ntseng li le teng, empa ke tse robong kapa tse leshome feela tse ntseng li le ntle, ’me ea khale ka ho fetisisa ke ea lilemong tse ka bang 900 ka mor’a mehla ea Cesare.

“Har’a libuka tse 142 tsa histori ea Roma ea Livy (59 B.C.-A.D. 17), ke tse 35 feela tse pholohileng; re tseba libuka tsena ho tsoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse ka tlaase ho mashome a mabeli tseo e leng tsa bohlokoa bo itseng, ’me ke e le ’ngoe feela, e bile e le e nang le mesaletsa ea Libuka III-VI, eo e leng ea khale lekholong la bone la lilemo.

“Har’a libuka tse leshome le metso e mene tsa Histories ea Tacitus (oa hoo e ka bang ka A.D. 100) ke tse ’nè le halofo feela tse pholohileng; har’a libuka tsa hae tse leshome le metso e tšeletseng tsa Annals, tse leshome li pholohile li ntse li le kaofela ’me tse peli ha lia fella. Taba e ngotsoeng likarolong tsena tse ntseng li le teng tsa lingoliloeng tsa hae tse peli tsa histori e itšetlehile ka ho felletseng ka libuka tse peli tse ngotsoeng ka letsoho, e ’ngoe e le ea lekholong la borobong ’me e ’ngoe e le ea lekholong la leshome le motso o le mong la lilemo. . . . 

“Re tseba Histori ea Thucydides (oa hoo e ka bang ka 460-400 B.C.) ho tsoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse robeli, ea khale ka ho fetisisa e le ea hoo e ka bang ka A.D. 900, le masalla a fokolang a libuka tsa loli, a hoo e ka bang qalong ea mehla ea Bokreste.

“Hoa tšoana le ka Histori ea Herodotus (oa hoo e ka bang ka 488-428 B.C.). Empa ha ho setsebi leha e le sefe sa neano se neng se ka mamela khang ea ho belaella ho ba teng ha Herodotus kapa Thucydides kahobane libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa khale ka ho fetisisa har’a lingoliloeng tsa bona tse ka bang le molemo ho rōna e le tsa lilemong tse ka holimo ho 1 300 ka morao ho libuka tse ngotsoeng qalong.”—The Books and the Parchments, leqephe 180.

Bapisa sena le ’nete ea hore ho na le libuka tse likete-kete tse ngotsoeng ka letsoho tsa likarolo tse fapaneng tsa Bibele. Hape tse ling tsa libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa Mangolo a Segerike a Bokreste ke tsa morao koana nakong ea lilemo tse lekholo ka mor’a ho ngoloa ha libuka tse ngotsoeng qalong.

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Baheberu e ne e le sechaba se senyenyane seo ka mehla se neng se sokeloa ke lichaba tse matla. Mongolo ona oa boholo-holo o bontša ha Baheberu ba bang ba isoa kholehong ke Baassyria

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Pele ho qaptjoa mokhoa oa ho hatisa, Mangolo a ne a kopitsoa ka letsoho

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Nero o ile a etsa hore ho fetoha Mokreste e be tlōlo ea molao eo kahlōlo ea eona e neng e le lefu

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Ho ithuta moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng ho pakile hore ha e le hantle buka ena e ile ea lula e sa fetoha ka nako e fetang lilemo tse 1 000

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Moemphera Diocletian o ile a hlōleha boitekong ba hae ba ho felisa Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela