Khaolo 1
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Bala Bibele?
Re phela lefatšeng le nang le mathata a mangata haholo le le nang le likarabelo tse fokolang haholo. Ba limillione tse ngata ba lula ba lapile ka mehla. Ba bangata ba ntseng ba eketseha ke makhoba a lithethefatsi. Malapa a mangata aa qhalana. Likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa batho ba amanang haufi le pefo ka lapeng li hlaha litabeng ka mehla. Moea oo re o phefumolohang le metsi ao re a noang li ntse li kena chefu butle-butle. Ho sa le joalo, ba bangata ba rōna ba hlaseloa ke tlōlo ea molao. Na u nahana hore mathata a kang aa a tla ke a rarolloe?
1. (Akarelletsa kenyelletso.) Ke mathata afe a kajeno a bontšang hore batho ba hloka tataiso?
HO PHAELLA moo, re phela mehleng ea likhetho tse thata. Ka mohlala, ba bangata ba hanyetsa ka tieo eohle ho ntšoa ha limpa, ba ho bitsa polao ea lesea le e-s’o tsoaloe. Ba bang ba ikutloa ka matla ka ho tšoanang hore basali ba na le matla a ho iketsetsa qeto ka ’mele ea bona ’me ba lokela ho iketsetsa qeto ka bobona ka taba e joalo. Ba bangata ba talima bosodoma, bofebe, le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo e le boitšoaro bo bobe ka ho fetisisa. Ba bang ba lumela hore mekhoa ena ke taba ea boikhethelo ba botho. Ke mang ea ka reng e mong o nepile ’me e mong o fositse?
2, 3. Kajeno ba bangata ba talima Bibele joang?
2 Bibele e fana ka tataiso litabeng tsa boitšoaro, ’me e hlalosa litharollo tse sebetsang mathateng a tlōlo ea molao, tlala, le tšilafalo. Bothata ke hore, batho ba bangata ha ba sa talima Bibele e le matla a etsang qeto litabeng tse joalo. Ka nako e ’ngoe, e ne e mameloa ka hlompho—bonyane ka Bophirimela. Le hoja Bibele e ngotsoe ke batho, nakong e fetileng batho ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba ne ba e amohela e le Lentsoe la Molimo ’me ba lumela hore Molimo ka booona o bululetse litaba tse ka har’a eona.
3 Leha ho le joalo, kajeno ho se ho tloaelehile ho belaella hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe: meetlo, likhopolo, boitšoaro, esita le boteng ba Molimo. Ka ho khethehileng, batho ba belaella molemo oa Bibele. Ho bonahala eka ba bangata ba e talima e le e siiloeng ke nako le eo litaba tsa eona li tsoileng lekoteng. Ke bahlalefi ba fokolang feela kajeno ba e talimang e le Lentsoe la Molimo. Batho ba bangata ba ka mpa ba lumellana le setsebi James Barr, se ngotseng: “Tlaleho ea ka ea ho theoa ha neano ea Bibele ke tlaleho ea mosebetsi oa motho. Ke polelo ea motho ea litumelo tsa hae.”1
4, 5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho tseba hore na Bibele e bululetsoe ke Molimo kapa che? Morero oa buka ee ke ofe?
4 Na boo ke boikutlo ba hao? Na u nahana hore Bibele ke lentsoe la Molimo, kapa la motho? Ho sa tsotellehe hore na u arabela potso eo joang, nahana ka ntlha ena: Haeba Bibele ke lentsoe feela la motho, joale ka ho utloahalang ha ho karabelo e hlakileng mathateng a batho. Batho ba tla lokela feela hore ba leke ho phopholetsa hamolemo ka hohle kamoo ba ka khonang, ba tšepile hore ka tsela e itseng ba tla qoba ho itjesa chefu e ka ba bolaeang kapa ho iphatlola ntoeng ea nuclear. Empa haeba Bibele ke Lentsoe la Molimo, ke eona ntho eo re e hlokang e ka re fetisang nakong ena e thata.
5 Buka ena e tla fana ka bopaki ba hore kannete Bibele ke Lentsoe la Molimo. ’Me bahatisi ba tšepa hore ka mor’a hore u hlahlobe bopaki, u tla hlokomela hore Bibele e tšoere likarabelo tsa sebele feela mathateng a batho. Empa, pele re rata ho u hlokomelisa linnete tse ling tseo, tsona ka botsona, li etsang hore e be ho tšoanelehang hore u hlahlobe Bibele.
Buka e Rekoang ka ho Fetisisa ka Linako Tsohle
6, 7. Ke linnete life tse hlollang mabapi le Bibele tseo ho hlokahalang hore re li ele hloko?
6 Taba ea pele, ke buka e rekoang ka ho fetisisa, e abjoang ka ho pharalletseng ho feta tsohle historing. Ho latela khatiso ea 1988 ea Guinness Book of World Records, ho hakanngoa hore ho hatisitsoe likopi tse 2 500 000 000 pakeng tsa 1815 le 1975. Eo ke palo e khōlō ka ho fetisisa. Ha ho buka e ’ngoe historing e kileng ea atamela Bibele ka lenane la tse abjoang.
7 Ntle le moo, ha ho buka e ’ngoe e fetoletsoeng ka lipuo tse ngata joaloka eona. Hona joale Bibele e ka baloa, e felletse kapa e sa fella, ka maleme a fetang 1 800 a fapaneng. Mokhatlo oa Bibele oa Amerika o tlaleha hore hona joale e ka fumanoa ke karolo ea 98 lekholong ea baahi ba qitikoe ea rōna. Nahana hore na ho ne ho ameha boiteko bo bongata hakae bakeng sa ho hlahisa liphetolelo tse ngata hakaalo! Ke buka efe e ’ngoe e kileng ea eloa hloko hakaalo?
Buka e Nang le Tšusumetso
8, 9. Ba bang ba buile lipolelo life tse bontšang tšusumetso eo Bibele e bileng le eona?
8 The New Encyclopædia Britannica e bitsa Bibele “pokello ea libuka eo mohlomong e leng eona e nang le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa historing ea batho.”2 Seroki sa Lejeremane sa lekholong la bo19 la lilemo Heinrich Heine se ile sa lumela: “Ke hlalefisitsoe feela ke ho bala buka . . . Bibele. Ke ka nepo e bitsoang Mangolo a Halalelang. Ea lahlehetsoeng ke Molimo oa hae a ka O fumana hape bukeng ena.”3 Lekholong lona leo la lilemo, motšehetsi e moholo oa toantšo ea ho etsa batho makhoba William H. Seward o boletse: “Tšepo eohle ea tsoelo-pele ea batho e leketlile tšusumetsong ea Bibele e ntseng e hōla ka mehla.”4
9 Abraham Lincoln, mopresidente oa bo16 oa United States, o ile a bitsa Bibele “mpho e molemo ka ho fetisisa eo Molimo o kileng oa e fa motho . . . Hoja hase ka eona re ne re ke ke ra tseba se nepahetseng ho se fosahetseng.”5 Ramolao oa Lenyesemane Monghali William Blackstone o ile a totobatsa tšusumetso ea Bibele ha a re: “Melao eohle ea batho e itšetlehile ka metheo ena e ’meli, molao oa tlhaho le molao oa tšenolo [Bibele], ke hore, ha ho melao e meng ea batho e lokelang ho lumelloa ho hanyetsa ena.”6
E ne e Hloiloe e Bile e Ratoa
10. Ho hanyetsoa ha Bibele ho ’nile ha bontšoa joang?
10 Ka nako e tšoanang, re lokela ho hlokomela hore ho theosa le histori ha ho buka e ’ngoe e kileng ea hlaseloa ke khanyetso e mabifi hakana esita le lona lehloeo joaloka eona. Libibele li ’nile tsa chesoa mollong pontšeng, ho tloha Mehleng e Bohareng ho theosa ho tla fihlela lekholong la rōna la bo20 la lilemo. ’Me kotlo ea ho bala kapa ho aba Bibele e ’nile ea e-ba litefiso le ho kenngoa chankaneng esita le mehleng ea kajeno. Makholong a lilemo a fetileng, hangata “litlōlo tsa molao” tse joalo li ne li tlisa tlhokofatso le lefu.
11, 12. Tyndale o ile a bontša joang lerato la hae Bibeleng?
11 Ho hong ho ka bapisoang le sena ke boinehelo boo Bibele e bo susumellelitseng. Ba bangata ba ’nile ba qophella ho e bala ho sa tsotellehe mahloriso a sa khaotseng. Nahana ka William Tyndale, monna oa Lenyesemane oa lekholong la bo16 la lilemo ea ithutileng Univesithing ea Oxford ’me a fetoha morupeli ea hlomphehang Univesithing ea Cambridge.
12 Tyndale o ne a rata Bibele. Empa mehleng ea hae, ba boholong bolumeling ba ile ba tsitlallela ho e boloka e ngotsoe ka Selatine, puo e shoeleng. Kahoo, e le ho etsa hore batho ba naha ea habo ba e fumane, Tyndale o ile a ikemisetsa ho fetolela Bibele Senyesemaneng. Kaha sena se ne se le khahlanong le molao, Tyndale o ile a lokela ho tela mosebetsi oa hae o motle oa ho ruta le ho balehela K’hontinenteng ea Europe. O ile a phela bophelo bo thata e le mophaphathehi ka nako e telele ka ho lekaneng hore a ka fetolela Mangolo a Segerike (“Testamente e Ncha”) le a mang a Mangolo a Seheberu (“Testamente ea Khale”) lelemeng la habo; empa qetellong o ile a tšoaroa, a qosoa ka bokhelohi, a fenethoa, ’me setopo sa hae sa chesoa.
13. Ntho e ’ngoe e etsang hore ruri Bibele e be e ikhethang ke efe?
13 Tyndale ke e mong feela oa batho ba bangata ba ileng ba tela tsohle e le hore ba ka bala Bibele kapa ba etsa hore ba bang ba e fumane. Ha ho buka e ’ngoe e kileng ea susumetsa banna le basali ba tloaelehileng ba bangata hakana hore ba fihle boemong ba ho ba le sebete se joalo. Ntlheng ena, kannete ha ho buka e lekanang le Bibele.
Ho Bolela Hore ke Lentsoe la Molimo
14, 15. Khafetsa lingoli tsa Bibele li bolela eng?
14 Hape Bibele e-ea ikhetha ka baka la se boletsoeng ke lingoli tse ngata tsa eona. Batho ba ka bang 40, ba akarelletsang marena, balisa, batšoasi ba litlhapi, bahlanka ba ’muso, baprista, bonyane molaoli a le mong oa lebotho la sesole, le ngaka, ba kentse letsoho ha ho ngoloa likarolo tse fapaneng tsa Bibele. Empa nako le nako, lingoli li ne li bolela ntho e tšoanang: hore li ne li sa ngole mehopolo ea tsona empa li ne li ngola ea Molimo.
15 Ka hona, ka Bibeleng re atisa ho bala lipolelo tse kang ena: “Moea oa Jehova o bua ka ’na, lentsoe la hae le lelemeng la ka” kapa, “Sena ke seo Morena ’Musi, Jehova oa makhotla, a se boletseng.” (2 Samuele 23:2; Esaia 22:15, NW) Lengolong leo a neng a le romella ’moleli oa evangeli hammoho le eena, moapostola Pauluse o ngotse: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
16. Bibele e tšohla lipotso life?
16 Tumellanong le polelo ea hore ke lentsoe la Molimo, eseng la motho, Bibele e arabela lipotso tse ka arabeloang ke Molimo feela. Ka mohlala, e hlalosa hore na ke hobane’ng ha mebuso ea batho e sitiloe ho tlisa khotso e sa feleng, kamoo batho ba ka fumanang khotsofalo e tebileng ka ho fetisisa bophelong, le hore na bokamoso bo tšoere eng bakeng sa lefatše le batho ba holim’a lona. Joale, joaloka motho ea nahanang, e tlameha e be ka makhetlo-khetlo u ’nile ua ipotsa lipotso tsena le tse tšoanang le tsona. Ke hobane’ng ha bonyane u sa hlahlobe monyetla oa hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le hore ka mokhoa o ikhethang e khona ho fana ka likarabelo tse khaolang khang?
17, 18. (a) Tse ling tsa liqoso tse phahamisoang khahlanong le Bibele tse tšohloang bukeng ee ke life? (b) Ho tla koaheloa litaba life tse eketsehileng?
17 Re u khothalletsa hore u hlahlobe ka hloko bopaki bo fanoeng bukeng ena. Likhaolo tse ling tsa eona li tla tšohla lintho tseo re li utloang hangata tse nyatsang Bibele. Na Bibele ha e lumellane le mahlale? Na e-ea ikhanyetsa? Na e tšoere histori ea ’nete kapa tšōmo feela? Na kannete mehlolo e tlalehiloeng ka Bibeleng e ile ea etsahala? Ho fanoe ka bopaki bo utloahalang ho arabela lipotso tsena. Ka mor’a sena, ho tšohloa lipontšo tse matla tsa hore Bibele e bululetsoe ke Molimo: boprofeta ba eona, bohlale ba eona bo tebileng, le tšusumetso e tsotehang eo e nang le eona bophelong ba batho. Qetellong, re tla bona hore na Bibele e ka ba le tšusumetso efe bophelong ba hao.
18 Empa, pele re tla tšohla hore na re fumane Bibele joang. Esita le histori ea buka ena e hlollang e fana ka bopaki ba hore ha e-ea simoloha ho batho feela.
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 4]
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Bibele ke buka e abjoang ka ho pharalletseng ka ho fetisisa le e fetoletsoeng ka ho fetisisa historing eohle
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Joalokaha setšoantšo sena se entsoeng sefateng sa lekholong la bo15 la lilemo se bontša, ba bangata ba ile ba chesoa ba ntse ba phela ka baka la “tlōlo ea molao” ea ho bala Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Lingoli tsa Bibele li ne li bolela hore li bululetsoe ke Molimo