Ithute Seo ’Mōpi oa hao a Leng Sona
“Ke tla fetisa molemo oohle oa ka pontšeng ea hao, ke bolele lebitso la Jehova pel’a hao.”—EXODA 33:19.
1. Ke hobane’ng ha ’Mōpi a lokeloa ke ho hlomphuoa?
MOAPOSTOLA JOHANNE, mongoli oa buka ea ho qetela ea Bibele, o ile a tlaleha phatlalatso ena e matla ka ’Mōpi: “Ua tšoaneleha, Jehova, uena Molimo oa rōna, ho amohela khanya le tlhompho le matla, hobane u bōpile lintho tsohle, ’me ka lebaka la thato ea hao li ile tsa ba teng ’me tsa bōptjoa.” (Tšenolo 4:11) Joalokaha sehlooho se fetileng se behile taba, litšibollo tsa saense tsa morao tjena hangata li tlatsetsa mabakeng a ho lumela ho ’Mōpi oa lintho tsohle.
2, 3. (a) Ho hlokahala hore batho ba ithute eng ka ’Mōpi? (b) Ke hobane’ng ha ho sa utloahale ho kopana le ’Mōpi ka seqo?
2 Joalokaha e le habohlokoa ho amohela hore ’Mōpi o teng, ho ithuta seo a leng sona ke habohlokoa ka tsela e tšoanang—hore ke motho oa sebele, ea nang le botho le litsela tse hulelang batho ho eena. Ho sa tsotellehe hore na u entse seo ho ea bohōleng bofe, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho mo tseba hamolemonyana ho feta moo? Seo ha se hloke hore u kopane le eena ka seqo, ka tsela eo re kopanang le batho ba bang ka eona.
3 Jehova ke Mohloli esita le oa linaleli, letsatsi la rōna e le feela naleli e boholo bo lekanyelitsoeng. Na u ka nahana ho leka ho atamela haufi haholo le letsatsi? Le hanyenyane! Batho ba bangata ba hlokolosi esita le ka ho le sheba feela kapa ho ntšetsa letlalo la bona nako e telele mahlaseling a lona a matla. Mocheso oa lona o moholo ke likhato tse 15 000 000 tsa Celsius. Motsotsoaneng o mong le o mong, sebōpi sena sa mocheso oa matla a nyutlelie se ntša lithane tse limilione tse ’nè tsa matla. Ke karoloana e itseng feela ea lona e fihlang lefatšeng e le mocheso le khanya, empa karoloana eo e boloka bophelo bohle bo le teng mona lefatšeng. Linnete tseo tsa motheo li lokela ho etsa hore re tsote matla a susumetsang tšabo ao ’Mōpi a nang le ’ona. Esaia o ne a ka ngola ka nepo ka ‘bongata ba matla a [’Mōpi] a maholo, kaha o boetse o na le matla a sa feleng.’—Esaia 40:26, NW.
4. Moshe o ile a kōpa eng, ’me Jehova o ile a arabela joang?
4 Leha ho le joalo, na u ne u tseba hore likhoeli tse itseng ka mor’a hore Baiseraele ba tlohe Egepeta ka 1513 B.C.E., Moshe o ile a kōpa ’Mōpi: “Ka kōpo, etsa hore ke bone khanya ea hao.” (Exoda 33:18, NW) Ha u hopola hore Molimo ke Mohloli oa letsatsi, u ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha a ile a bolella Moshe: “U ke ke ua bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang, ’me a phela.” ’Mōpi o ile a lumella Moshe hore a ipate Thabeng ea Sinai ha A ne a “feta.” Joale ho ile ha e-ba joalokaha e ka Moshe o bone Molimo ‘ka morao,’ khanyeng e itseng e ileng ea sala ka mor’a hore khanya ea ’Mōpi e fete, kapa boteng ba hae.—Exoda 33:20-23; Johanne 1:18.
5. ’Mōpi o ile a khotsofatsa kōpo ea Moshe joang, a paka eng?
5 Moshe o ile a khotsofala takatsong eo a neng a e-na le eona ea ho tseba ’Mōpi hamolemonyana. Ho hlakile hore Molimo o ne a bua a sebelisa lengeloi, ’me o ile a feta pela Moshe a re: “Jehova, Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete, o hauhelang meloko e likete, o tšoarelang motho bokhopo le boikhantšo le sebe, o sa latoleng molato oa motho ea nang le oona.” (Exoda 34:6, 7) Sena se bontša hore ho tseba ’Mōpi oa rōna hamolemo ho akarelletsa ho utloisisa ka ho feletseng seo a leng sona, botho ba hae le litšoaneleho tsa hae, eseng ho bona sebōpeho sa ’mele oa hae.
6. Tsamaiso ea rōna ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e hlolla ka tsela efe?
6 Tsela e ’ngoe eo re ka etsang seo ka eona ke ka ho lemoha litšobotsi tsa Molimo ka lintho tseo a li bōpileng. Nahana ka tsamaiso ea hao ea ’mele ea ho itšireletsa mafung. Scientific American e itse tabeng ea ho itšireletsa ha ’mele mafung: “Ho tloha pele motho a hlaha ho isa lefung, tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e lula e loketse ho sebetsa ka linako tsohle. Sehlopa sa limolek’hule tse fapaneng le lisele . . . li re sireletsa likokoana-hlokong le linthong tse bakang mafu a itseng. Ha tšireletso e joalo e ne e le sieo, batho ba ne ba ke ke ba pholoha.” Mohloli oa tsamaiso eo ke eng? Sehlooho se makasineng eo se ile sa re: “Sehlopha se hlollang sa lisele tse sebelisanang hantle tse sireletsang ’mele tlhaselong ea mafu le likokoana-hlokong se hlaha liseleng tse ’maloa tse bileng teng pele, hoo e ka bang libeke tse robong ka mor’a kemolo.” Mosali ea immeng o fetisetsa tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho lesea la hae le ntseng le hōla ka pōpelong. Hamorao, o boetse o fetisetsa ho lesea la hae lisele tsa ho itšireletsa mafung le lik’hemik’hale tse molemo ka lebese leo a le anyesang lona.
7. Ke eng eo re ka nahanang ka eona ka tsamaiso ea ’mele ea rōna ea ho itšireletsa mafung, ’me see se lebisa qetong efe?
7 U na le lebaka le utloahalang la ho etsa qeto ea hore tsamaiso ea hao ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e feta hōle ntho leha e le efe eo meriana ea kajeno e ka fanang ka eona. Ka hona, ipotse, ‘See se bolela’ng ka Moqapi oa eona le Mofani oa eona?’ Tsamaiso ena ‘e qalang ho hlaha ka mor’a libeke tse robong tsa kemolo,’ e bile e itokiselitse ho sireletsa lesea le sa tsoa tsoaloa, ka sebele e bonahatsa bohlale le monahano o ileng oa etsoa esale pele. Empa na re ka lemoha ’Mōpi ka ho eketsehileng tsamaisong ee? Ba bangata ba rōna re etsa qeto efe ka Albert Schweitzer le ba bang ba ileng ba nehela bophelo ba bona ho fana ka tlhokomelo ea bongaka ho batho ba se nang hona? Hangata re fa batho ba nang le kutloelo-bohloko joalo tlotla ea ho ba le litšoaneleho tse ntle. Ha ho bapisoa, re ka fihlela qeto efe ka ’Mōpi, ea fanang ka tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ho batho ba ruileng le ho ba futsanehileng ka tsela e tšoanang? Ka ho hlakileng, o lerato, ha a leeme, o na le kutloelo-bohloko hape o na le toka. Na see ha se lumellane le tlhaloso ea ’Mōpi eo Moshe a ileng a e utloa?
O Senola Seo A Leng Sona
8. Jehova o itšenola ho rōna ka tsela efe e khethehileng?
8 Leha ho le joalo, ho na le tsela e ’ngoe ea ho tseba ’Mōpi oa rōna hamolemo—ka Bibele. Sena ke sa bohlokoa haholo hobane ho na le lintho tse ling ka eena tseo saense le bokahohle li ke keng tsa li senola ho hang, le lintho tse ling tse hlakileng haholoanyane ka Bibeleng. Mohlala o ka sehloohong ke oa lebitso la ’Mōpi. Ke Bibele feela e senolang lebitso la ’Mōpi le tlhaloso ea lona. Libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tsa Seheberu tsa Bibele, lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a 7 000 e le lilumisoa tse ’nè tse ka fetoleloang e le YHWH kapa JHVH, tseo hangata li bitsoang Jehovah ka Senyesemane.—Exoda 3:15; 6:3.
9. Lebitso la ’Mōpi la botho le bolela eng, ’me re ka etsa qeto efe ka see?
9 Hore re tle re tsebe ’Mōpi hamolemo, ho hlokahala hore re utloisise hore hase feela “Moqapi oa Tsohle” ea inahaneloang kapa “Ke ’Na” e sa hlakang. Lebitso la hae le bontša seo. Ke mofuta oa leetsi la Seheberu le bolelang “ho ba” kapa “ho ipaka ho ba.”a (Bapisa le Genese 27:29; Moeklesia 11:3.) Lebitso la Molimo le bolela “O Etsa Hore ho be,” ’me le totobatsa hore oa rera a be a etse. Ka ho mo tseba le ho sebelisa lebitso la hae, re ka utloisisa hamolemo hore o phethahatsa litšepiso le ho etsa hore ka mafolofolo merero ea hae e phethahale.
10. Re ka fumana temohisiso efe ea bohlokoa tlalehong ea Genese?
10 Bibele ke mohloli oa tsebo ea merero ea Molimo le botho ba hae. Tlaleho ea Genese e senola hore ka nako e ’ngoe batho ba ne ba le khotsong le Molimo ’me ba na le monyetla oa bophelo bo bolelele, bo nang le morero. (Genese 1:28; 2:7-9) Tumellanong le tlhaloso ea lebitso la hae, re ka kholiseha hore Jehova o tla felisa mahlomola le tsieleho tseo e leng khale batho ba tobane le tsona. Re bala tjena ka ho phethahala ha tšepiso ea hae: “Lefatše le ile la behoa tlas’a tsieleho, eseng ka takatso ea lona, empa ka thato ea ’Mōpi, eo ka ho etsa joalo, a le fileng tšepo ea hore ka letsatsi le leng le ka ’na . . . la etsoa hore le kene tokolohong e khanyang ea bana ba Molimo.”—Baroma 8:20, 21, The New Testament Letters, ka J. W. C. Wand.
11. Ke hobane’ng ha re ka hlahloba litlaleho tsa Bibele, ’me e ’ngoe ea tsona e na le boitsebiso bofe?
11 Bibele e ka boetse ea re thusa hore re tsebe ’Mōpi oa rōna hamolemo kaha e senola liketso tsa hae le tsela eo a ileng a etsa lintho ka eona ha a sebetsana le Iseraele ea boholo-holo. Nahana ka mohlala o amang Elisha le Naamane, molaoli oa makhotla a Baasyria ba neng ba tletse bora. Ha u bala tlaleho ena ho 2 Marena, khaolong ea 5, u tla bona hore ngoananyana oa Moiseraele ea neng a le botlamuoeng o ile a phehella hore lepera la Naamane le ka fola ka thuso ea Elisha ea neng a le Iseraele. Naamane o ile a ea moo a lebeletse hore Elisha o tla tsoka matsoho a hae ka tsela ea mohlolo e folisang. Ho e-na le hoo, Elisha o ile a bolella Moasyria eo hore a eo tola Nōkeng ea Jordane. Le hoja ba ka tlas’a taolo ea Naamane ba ile ba tlameha ho mo kōpa hore a mamele seo, ka mor’a ho etsa joalo, o ile a fola. Naamane o ile a fana ka limpho tsa bohlokoa tseo Elisha a ileng a li hana. Hamorao, e mong oa metsoalle o ile a nyenyelepa ho ea ho Naamane ’me a fumana tse ling tsa lintho tsa bohlokoa ka ho bua leshano. Ho se tšepahale ha hae ho ile ha etsa hore a otloe ka lepera. Ena ke tlaleho e thahasellisang ea motho—eo re ka ithutang ho itseng ho eona.
12. Re ka fihlela qeto efe ka ’Mōpi tlalehong ea Elisha le Naamane?
12 Tlaleho ena e bontša ka tsela e ipiletsang hore ’Mōpi e Moholo oa bokahohle ha aa phahama hoo a ke keng a hlokomela ngoananyana e monyenyane, ntho e fapaneng haholo le se tloaelehileng meetlong e mengata kajeno. E boetse e bontša hore ’Mōpi ha a rate morabe kapa sechaba se le seng feela. (Liketso 10:34, 35) Ho thahasellisang, ho e-na le ho lebella hore batho ba sebelise bolotsana—bo neng bo tloaelehile ho “bafolisi” ba bangata ba mehleng e fetileng le ba kajeno—’Mōpi o bonahalitse bohlale bo babatsehang. O ne a tseba ho phekola lepera. O ile a boela a bonahatsa temoho le toka ka ho se lumelle bomenemene hore bo atlehe. Hape, na seo ha se lumellane le botho ba Jehova boo Moshe a ileng a utloa ka bona? Le hoja tlaleho eo ea Bibele e le khutšoanyane, re ka fumana ho hongata hakaakang ho eona mabapi le seo ’Mōpi a leng sona!—Pesaleme ea 33:5; 37:28.
13. Bontša kamoo re ka fumanang thuto ea bohlokoa kateng litlalehong tsa Bibele.
13 Litlaleho tse ling tsa liketso tse sa thabiseng tsa Iseraele le tsela eo Molimo a ileng a itšoara ka eona li paka hore ruri Jehova oa tsotella. Bibele e re Baiseraele ba ile ba mo beha tekong ka makhetlo-khetlo, ba mo utloisa bohloko le ho mo hlokofatsa. (Pesaleme ea 78:40, 41) Ka hona, ’Mōpi o na le maikutlo, ’me o tsotella seo batho ba se etsang. Ho boetse ho na le ho hongata ho ka ithutoang litlalehong tsa batho ba tsebahalang. Ha Davida a ne a khethoa hore e be morena oa Iseraele, Molimo o ile a bolella Samuele: “Motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7) E, ’Mōpi o bona seo re leng sona ka hare, eseng feela kamoo re bonahalang re le kateng kantle. See se khotsofatsa hakaakang!
14. Ha re bala Mangolo a Seheberu, re ka etsa eng e molemo?
14 Libuka tse 39 tsa Bibele li ngotsoe pele ho mehla ea Jesu, ’me ho molemong oa rōna hore re li bale. Sena ha ea lokela ho ba ka sepheo sa ho ithuta litlaleho tsa Bibele feela kapa histori. Haeba ka sebele re batla ho ithuta seo ’Mōpi oa rōna a leng sona, re lokela ho nahanisisa ka litlaleho tseo, mohlomong re ipotse, ‘Ketsahalo ee e senola eng ka botho ba hae? Ke litšoaneleho life tsa hae tse hlahellang moo?’b Ho etsa joalo ho ka thusa le babelaeli ho bona hore Bibele e tlameha ebe e qaliloe ke Molimo, ka ho etsa joalo, a rala motheo bakeng sa hore ba tsebe Mongoli oa eona hamolemo.
Mosuoe e Moholo o re Thusa Hore re Tsebe ’Mōpi
15. Ke hobane’ng ha liketso tsa Jesu le lithuto tsa hae e lokela ho ba tse rutang?
15 Ke ’nete hore batho ba belaellang boteng ba ’Mōpi kapa bao pono ea bona ka Molimo e leng lerootho e ka ’na eaba ba tseba ho fokolang ka Bibele. Mohlomong u kopane le batho ba ke keng ba bolela hore na Moshe o phetse pele kapa ka mor’a Matheu le ba sa tsebeng letho ka liketso tsa Jesu kapa lithuto tsa hae. Seo se hlomola pelo haholo hobane motho a ka ithuta ho hongata ka ’Mōpi ho Mosuoe e Moholo, Jesu. Kaha o bile le kamano e haufi le Molimo, o ne a ka senola seo ’Mōpi oa rōna a leng sona. (Johanne 1:18; 2 Bakorinthe 4:6; Baheberu 1:3) ’Me o ile a etsa joalo. Ha e le hantle, o kile a re: “Ea mponeng o bone Ntate ka ho tšoanang.”—Johanne 14:9.
16. Ho sebelisana ha Jesu le mosali oa Mosamaria ho bontša eng?
16 Nahana ka mohlala ona. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a khathetse ke ho tsamaea, o ile a bua le mosali oa Mosamaria haufi le Sikare. O ile a arolelana le eena linnete tse tebileng, a hatella tlhoko ea ho “rapela Ntate ka moea le ’nete.” Bajuda ba mehleng eo ba ne ba nena Basamaria. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a bontša ho ikemisetsa ha Jehova ho amohela banna le basali ba tšepahalang ba lichaba tsohle, feela joalokaha re bone ketsahalong e amang Elisha le Naamane. Sena se lokela ho re kholisa hore Jehova ha a amohele lehloeo le tletseng hohle lefatšeng kajeno le bontšang ho se amohele likhopolo tse ncha litabeng tsa bolumeli. Re ka boela ra lemoha ntlha ea hore Jesu o ne a ikemiselitse ho ruta mosali, le hona boemong bona e le mosali ea neng a lula le monna eo e seng oa hae. Ho e-na le hore a mo nyatse, Jesu o ile a mo tšoara ka tlhompho, ka tsela eo ka sebele e neng e ka mo thusa. Ka mor’a moo, Basamaria ba bang ba ile ba mamela Jesu ’me ba etsa qeto: “Rea tseba hore monna enoa kannete-nete ke mopholosi oa lefatše.”—Johanne 4:2-30, 39-42; 1 Marena 8:41-43; Matheu 9:10-13.
17. Tlaleho ea ho tsosoa ha Lazaro e lebisa qetong efe?
17 A re ke re hlahlobeng mohlala o mong oa kamoo re ka ithutang ka ’Mōpi kateng ka ho itloaetsa liketso tsa Jesu le lithuto tsa hae. Nahana ka ketsahalo ea ha motsoalle oa Jesu, Lazaro, a ne a e-shoa. Nakong e fetileng, Jesu o ne a ile a bontša matla ao a nang le ’ona a ho tsosa bafu. (Luka 7:11-17; 8:40-56) Leha ho le joalo, o ile a itšoara joang ha a bona khaitseli ea Lazaro, Maria, e lla? Jesu o ile “a bobola moeeng ’me a khathatseha.” Ha aa ka a iphapanya kapa a bontša ho se amehe, o ile “a ntša meokho.” (Johanne 11:33-35) ’Me ana e ne e se feela maikutlo a mponeng. Jesu o ile a susumelletseha hore a nke khato e nepahetseng—o ile a tsosa Lazaro. U ka inahanela hore na sena se ile sa thusa baapostola hakaakang hore ba utloisise maikutlo le liketso tsa ’Mōpi. Sena se boetse se lokela ho thusa rōna le ba bang hore re utloisise botho ba ’Mōpi le litsela tsa hae.
18. Batho ba tlameha ho ikutloa joang ka ho ithuta Bibele?
18 Ha ho na lebaka la ho ba lihlong ka ho ithuta Bibele le ho tseba ho eketsehileng ka ’Mōpi oa rōna. Bibele hase buka e fetiloeng ke nako. E mong ea ileng a ithuta eona ’me ea e-ba motsoalle ea haufi oa Jesu e bile Johanne. Hamorao o ile a ngola: “Rea tseba hore Mora oa Molimo o tlile, ’me o re file matla a kelello e le hore re ka fumana tsebo ea oa ’nete. ’Me re kopanong le oa ’nete, ka Mora oa hae Jesu Kreste. Enoa ke Molimo oa ’nete le bophelo bo sa feleng.” (1 Johanne 5:20) Hlokomela hore ho sebelisa “matla a kelello” ho fumana tsebo ea “oa ’nete,” ’Mōpi, ho ka lebisa ‘bophelong bo sa feleng.’
U ka Thusa ba Bang Joang Hore ba mo Tsebe?
19. Ho nkiloe khato efe ho thusa batho ba nang le lipelaelo?
19 Ho hlokahala ho hongata hore batho ba bang ba lumele hore ho na le ’Mōpi ea nang le kutloelo-bohloko ea re tsotellang le hore ba ananele seo a leng sona. Ho na le batho ba limilione-milione ba ntseng ba belaela ka ’Mōpi kapa bao pono ea bona ka eena e sa lumellaneng le se fumanoang ka Bibeleng. U ka ba thusa joang? Likopanong tsa setereke le tsa machaba tsa Lipaki tsa Jehova tsa 1998/99, ho ile ha lokolloa kofuto e ncha e sebetsang ka lipuo tse ngata—buka ea Is There a Creator Who Cares About You?
20, 21. (a) Buka ea Creator e ka sebelisoa ka katleho joang? (b) Fana ka liphihlelo tsa kamoo buka ea Creator e seng e ipakile e le e sebetsang kateng.
20 Ke sengoliloeng se tla matlafatsa tumelo ea hao ho ’Mōpi oa rōna le kananelo ea hao ka botho ba hae le litsela tsa hae. Ke hobane’ng ha re kholisehile ka see? Hobane buka ena ea Is There a Creator Who Cares About You? e entsoe ka ho khetheha ho nahannoe ka lipakane tseo. ’Moko-taba o pholletsang le buka ena eohle ke oa hore na “Ke eng e ka etsang hore bophelo ba hao bo be le morero?” Boitsebiso bo ka hare bo fanoe ka tsela eo esita le batho ba nang le thuto e itekanetseng ba tlang ho e fumana e le e thahasellisang. Leha ho le joalo, e ama lintho tseo kaofela ha rōna re li labalabelang. E na le boitsebiso bo hlollang le bo susumetsang bakeng sa babali ba belaellang boteng ba ’Mōpi. Buka ena ha e nke hore babali ba na le tumelo ho ’Mōpi. Ba nang le lipelaelo ba tla haptjoa ke ho bua ha eona ka lintho tse sibolotsoeng ke saense ea morao-rao le ke likhopolo tsa eona. Lintlha tseo li tla thusa ho matlafatsa esita le tumelo ea ba lumelang ho Molimo.
21 Ka ho ithuta buka ena e ncha, ho tla hlokomeloa hore likarolo tse itseng tsa eona li fana ka kakaretso ea histori ea Bibele ka tsela e totobatsang litšobotsi tsa botho ba Molimo, e leng se tla thusa babali ho tseba Molimo hamolemonyana. Ba bangata ba seng ba e balile ba boletse kamoo seo e bileng ’nete kateng ho bona. (Bona sehlooho se latelang, leqepheng la 25-6.) E se e ka ho ka ba joalo le ho uena ha u itloaetsa buka ena le ho e sebelisa ho thusa ba bang hore ba tsebe ’Mōpi oa bona hamolemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Setsebi sa Mojesuite, M. J. Gruenthaner, ebile e le mohlophisi ea ka sehloohong oa The Catholic Biblical Quarterly, se ile sa sebelisa leetsing lena seo se neng se se bitsa leetsi-’moho le lona, ho re “ha le e-s’o ka le e-ba le mohopolo oa ho ba teng ka tsela e inahaneloang, empa kamehla le hlalosa ho ba kapa ho fetoha ntho ea sebele, ke hore, ntho e iponahatsang e le ea sebele.’’
b Ha batsoali ba phetela bana ba bona litlaleho tsa Bibele, ba ka thusa bana ba bona ka ho botsa lipotso tse joalo. Ka tsela eo, bacha e ka ba metsoalle ea Molimo, hammoho le ho ithuta ho nahanisisa ka Lentsoe la hae.
Na U Hlokometse?
◻ Moshe o ile a tloaelana hamolemo le Jehova joang Thabeng ea Sinai?
◻ Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele ho thusa ho tseba seo Molimo a leng sona?
◻ Ha re bala Bibele, re ka etsa eng hore re atamele ’Mōpi oa rōna haholoanyane?
◻ U rera ho sebelisa buka ea Creator joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Tsamaiso ea ’mele ea rōna ea ho itšireletsa mafung e bolela eng ka ’Mōpi oa rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Karolo ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, moo ho totobalitsoeng Litlhaku Tse ’nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo (Lebitso la Molimo ka Seheberu)
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy of the Shrine of the Book, Israel Museum, Jerusalem
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Re ka ithuta eng tseleng eo Jesu a ileng a itšoara ka eona mesarelong ea Maria?