Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 33 leq. 80-leq. 81 ser. 1
  • Boprofeta ba Esaia Boa Phethahatsoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Boprofeta ba Esaia Boa Phethahatsoa
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Phethahatsa Boprofeta ba Esaia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na U ka Tima Khole ea Lebone e Kunkelang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova O Rata ho Loka le Toka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 33 leq. 80-leq. 81 ser. 1
Jesu o ruta matšoele a le ka sekepeng se senyane

KHAOLO EA 33

Boprofeta ba Esaia Boa Phethahatsoa

MATHEU 12:​15-21 MAREKA 3:​7-12

  • BATHO BA TŠOLOHELA HO JESU

  • O PHETHAHATSA BOPROFETA BA ESAIA

Ha Jesu a elelloa hore Bafarisi le balateli ba mokha oa Heroda ba batla ho mo bolaea, o tloha le balateli ba hae ’me ba ea Leoatleng la Galilea. Matšoele a batho a tšolohela ho eena a tsoa libakeng tsohle. Ba bang ba tsoa Galilea ha ba bang ba tsoa Tyre le Sidone, e leng metseng e haufi le lebopo. Ba bang ba tsoa ka bochabela ho Noka ea Jordane, ha ba bang ba tsoa Jerusalema le Idumea ka boroa. Jesu o phekola batho ba bangata, kahoo batho ba kulang ka tsela e hlobaetsang ba tšolohela ho eena. Ha ba emele hore Jesu a ba folise empa baa ipetetsa e le hore ba ka fihla ho eena ’me ba mo thetsa.​—Mareka 3:​9, 10.

Batho ba bangata hoo Jesu a joetsang barutuoa ba hae hore ba late sekepe se senyane hore a ka kenella harenyana ho leoatle ka sona. O etsa sena e le hore batho ba se ke ba mo petetsa. A ka nolofalloa ho ruta matšoele a le ka sekepeng, kapa a ee sebakeng se seng hona moo lebopong molemong oa hore a thuse batho ba bang.

Morutuoa Matheu oa elelloa hore mosebetsi ona oa Jesu o phethahatsa “se ileng sa buuoa ka moprofeta Esaia.” (Matheu 12:​17) Ebe ke boprofeta bofe boo Jesu a bo phethahatsang moo?

Ke boprofeta bo reng: “Bonang! Mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, moratuoa oa ka, eo moea oa ka o mo amohetseng! Ke tla beha moea oa ka holim’a hae, ’me o tla hlakisetsa lichaba toka. A ke ke a pheha khang ka lerata, kapa a hoeletsa haholo, leha e le hore mang kapa mang o tla utloa lentsoe la hae litseleng tse sephara. Ha ho lehlaka le tletleraneng leo a tla le silakanya, ’me ha ho khoele ea lebone ea folakse e kunkelang eo a tla e tima, ho fihlela a tlisa toka ka katleho. Ka sebele, lichaba li tla tšepela lebitsong la hae.”​—Matheu 12:​18-21; Esaia 42:​1-4.

Ho hlakile hore Jesu ke mohlanka eo Molimo a mo ratang le eo a mo amohelang. O bontša ka liketso hore na hantle-ntle toka ke eng, e leng seo meetlo e fosahetseng ea bolumeli e se patileng. Bafarisi ba hlokela batho toka ka ho sotha Melao ea Molimo. Ba ke ke ba leka ho thusa motho ea kulang hobane feela e le Sabatha. Meetlo ena e se nang toka e fetohile moroalo ho batho empa Jesu oa ba imolla. Ka ho etsa sena, oa bontša hore na Molimo o ikutloa joang ka toka hape oa bontša hore moea oa Molimo o holim’a hae. Ka lebaka leo baeta-pele ba bolumeli ba rera ntho e mpe ka tsela e makatsang. Ba batla ho bolaea Jesu!

Ho boleloa’ng ha ho thoe: “A ke ke a pheha khang ka lerata, kapa a hoeletsa haholo, leha e le hore mang kapa mang o tla utloa lentsoe la hae litseleng tse sephara”? Ha a phekola batho, ha a batle hore batho bao ba etse hore a tsebahale ’me o laela le bademona hore ‘ba se ke mo tsebahatsa.’ (Mareka 3:​12) Ha a batle hore batho ba phetelane ka eena ba tlatsitse marata literateng kapa hore ba mo tsebe ka lipale tse feteletsoang ha li phetoa.

O boetse o fa batho ba tšoanang le lehlaka le tletleraneng molaetsa o khothatsang. Batho bana ba tšoana le lebone la folakse le kunkelang le ka ’nang la tima neng kapa neng. Jesu ha a silakanye lehlaka le tletleraneng kapa ho tima khoele ea lebone le kunkelang la folakse. Ka mosa le ka lerato, o matlafatsa batho bana. Kannete Jesu ke motho eo lichaba li ka tšepelang ho eena.

  • Ke joang Jesu a bonahatsang toka a sa phehe khang kapa ho hoeletsa a le litseleng tse sephara?

  • Ke bo-mang ba tšoanang le mahlaka a tletleraneng le mabone a kunkelang, hona Jesu o ba tšoara joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela