“Le Hanyetse Diabolose” Joalokaha Jesu A Ile a mo Hanyetsa
“Le hanyetse Diabolose, ’me o tla le balehela.”—JAK. 4:7.
1. Jesu o ne a tseba hore ha a le lefatšeng o ne a tla thulana le khanyetso efe, ’me seo se ne se tla hlahisa litholoana life?
JESU KRESTE o ne a tseba hore Diabolose o tla mo hanyetsa. Taba ena e ile ea totobatsoa ke seo Molimo a ileng a se bolella noha, e leng mantsoe a neng a tobisitsoe ho moea o khopo oa lerabele o neng o sebelisa noha eo: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali [e leng karolo ea leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova] le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E [ke hore, Jesu Kreste, o] tla u khoba hlooho ’me uena u tla [mo] loma serethe.” (Gen. 3:14, 15; Tšen. 12:9) Kaha Jehova o ne a tla tsosa Jesu hore a ee khanyeng ea leholimong, ho longoa serethe ha hae ho ne ho bolela hore o tla utloa bohloko ba nakoana feela ka hore a bolaoe ha a le lefatšeng. Empa hore noha e ne e tla khojoa hlooho ho ne ho bolela hore Diabolose o tla bolaoa ’me o ne a ke ke a tsoha.—Bala Liketso 2:31, 32; Baheberu 2:14.
2. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a kholisehile hore Jesu o ne a tla atleha ho hanyetsa Diabolose?
2 Jehova o ne a kholisehile hore ha Jesu a ntse a le lefatšeng mona, o ne a tla atleha ho phethahatsa mosebetsi oa hae a be a hanyetse Diabolose. Ke hobane’ng ha Jehova a ne a kholisehile hakaale ka seo? Ke hobane lilemo tse ngata pejana, o ne a ile a bōpa Jesu leholimong, a mo ela hloko ’me a tseba hore “mosebetsi [enoa] ea hloahloa” eo e bileng e leng “letsibolo la pōpo eohle” o ne a mamela ebile a tšepahala. (Liprov. 8:22-31; Bakol. 1:15) Kahoo, ha Jesu a ne a romeloa lefatšeng ’me Diabolose a lumelloa hore a mo leke ho isa lefung, Molimo o ne a kholisehile ka hore Mora oa Hae ea tsoetsoeng a ’notši o ne a tla hlōla.—Joh. 3:16.
Jehova o Sireletsa Bahlanka ba Hae
3. Diabolose o na le maikutlo afe ka bahlanka ba Jehova?
3 Jesu o ile a re Diabolose ke “’musi oa lefatše lena” ’me a lemosa barutuoa ba Hae hore ba ne ba tla hlorisoa joalokaha le eena a ile a hlorisoa. (Joh. 12:31; 15:20) Lefatše le rapaletseng matleng a Satane Diabolose le hloile Bakreste ba ’nete hobane ba sebeletsa Jehova ebile e le baboleli ba ho loka. (Mat. 24:9; 1 Joh. 5:19) Ka ho khetheha, Diabolose o batla ho hlasela masala a batlotsuoa ao qetellong a tla busa le Kreste ’Musong oa hae oa leholimong. Satane o boetse o batla ho hlasela Lipaki Tsa Jehova tse ngata tse nang le tšepo ea phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng. Lentsoe la Molimo lea re lemosa: “Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—1 Pet. 5:8.
4. Ke eng e bontšang hore batho ba Molimo ba atlehile ho hanyetsa Diabolose mehleng ea rōna?
4 Kaha Jehova Molimo o tšehetsa mokhatlo oa rōna, re atleha ho hanyetsa Diabolose. Nahana ka lintlha tsena: Lilemong tse 100 tse fetileng, babusi ba bahatelli ba mabifi joaloka libatana ba ’nile ba leka ho felisa Lipaki Tsa Jehova. Empa Lipaki li ntse li eketseha ’me hona joale li se li ka ba 7 000 000 liphuthehong tse fetang 100 000 lefatšeng lohle. Babusi ba bahatelli ba sehlōhō ba ileng ba hlorisa batho ba Jehova ke bona ba felisitsoeng!
5. Esaia 54:17 e phethahetse joang ho bahlanka ba Jehova?
5 Ha Molimo a ne a bua le phutheho ea Iseraele ea boholo-holo joaloka “mosali” oa hae, o ile a e tšepisa a re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova, ’me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na.” (Esa. 54:11, 17) Tšepiso eo e phethahetse ho batho ba Jehova lefatšeng lohle “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Tim. 3:1-5, 13) Re tsoela pele ho hanyetsa Diabolose, ’me ha ho sebetsa seo a lekang ho se sebelisa ho felisa batho ba Molimo se atlehang, kaha Jehova o ka lehlakoreng la rōna.—Pes. 118:6, 7.
6. Boprofeta ba Daniele bo re bolella eng ka bokamoso ba puso ea Diabolose?
6 Nakong ena eo bofelo ba tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho bo ntseng bo atamela ka potlako, likarolo tsohle tsa puso ea Satane li tla felisoa ka ho feletseng. Moprofeta Daniele o ile a susumetsoa ke Molimo hore a ngole sena esale pele: “Matsatsing a marena ao [a teng mehleng ea rōna] Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso [leholimong] o ke keng oa senngoa le ka mohla. ’Muso oo o ke ke oa fetisetsoa ho batho leha e le bafe ba bang. O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela [e teng hona joale], ’me o tla ema ho isa linakong tse sa lekanyetsoang.” (Dan. 2:44) Ha seo se etsahala, puso ea Satane le puso ea batho ba sa phethahalang li tla fela. Karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsamaiso ea lintho ea Diabolose e tla be e feletse ruri, ’me ’Muso oa Molimo o tla busa holim’a lefatše lohle ntle ho khanyetso.—Bala 2 Petrose 3:7, 13.
7. Re tseba joang hore bahlanka ba Jehova ba ka atleha ho hanyetsa Diabolose e le batho ka bo-mong?
7 Ha ho pelaelo hore mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o tla sireletsoa le hore o tla atleha moeeng. (Bala Pesaleme ea 125:1, 2.) Ho tla etsahala’ng ka rōna? Bibele e re bolella hore re ka atleha ho hanyetsa Diabolose joalokaha Jesu a ile a atleha. Ka sebele, boprofeta boo Kreste a faneng ka bona a sebelisa moapostola Johanne bo bontša hore ho sa tsotellehe khanyetso ea Satane, “bongata bo boholo” ba batho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng bo tla pholoha bofelo ba tsamaiso ena. Ho latela Mangolo, boa hooa bo re: “Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana [Jesu Kreste].” (Tšen. 7:9-14) Ho boleloa hore batlotsuoa ba hlōla Satane, ’me metsoalle ea bona e leng “linku tse ling,” le eona e atleha ho mo hanyetsa. (Joh. 10:16; Tšen. 12:10, 11) Empa sena se hloka hore ba ikitlaetse ba be ba rapele ka tieo hore ba ‘lopolloe ho ea khopo.’—Mat. 6:13.
Mohlala o Phethahetseng oa ho Hanyetsa Diabolose
8. Ke teko efe ea pele e tlalehiloeng ka Bibeleng eo Diabolose a ileng a leka Jesu ka eona lefeelleng, hona Kreste o ile a etsa’ng?
8 Diabolose o ile a leka ho senya botšepehi ba Jesu. Ha Jesu a ne a le lefeelleng, Satane o ile a sebelisa liteko ho etsa hore Jesu a se ke a mamela Jehova. Leha ho le joalo, Jesu o ile a beha mohlala o phethahetseng oa ho hanyetsa Satane. Ka mor’a hore Jesu a itime lijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40, ho ka etsahala hore ebe o ne a lapile haholo. Satane o ile a re: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.” Empa Jesu o ile a hana ho sebelisa matla ao a neng a a filoe ke Molimo ho ithuisa molemo. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a re: “Ho ngoliloe, ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.’”—Mat. 4:1-4; Deut. 8:3.
9. Ke hobane’ng ha re lokela ho hana boiteko ba Diabolose ba ho sebelisa hampe litakatso tsa nama tseo re nang le tsona ka tlhaho?
9 Kajeno, Diabolose o batla ho sebelisa hampe litakatso tsa nama tseo bahlanka ba Jehova ba nang le tsona ka tlhaho. Ka lebaka leo re lokela ho ikemisetsa ho hana liteko tsa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, bo tloaelehileng haholo lefatšeng lena le hlokang boitšoaro. Lentsoe la Molimo le bua ka matla le re: “Khele! Na ha le tsebe hore batho ba sa lokang ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo? Le se ke la khelosoa. Leha e le lihlola, kapa barapeli ba litšoantšo, kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna, . . . ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakor. 6:9, 10) Kahoo, ho hlakile hore batho ba phelang ka boitšoaro bo bobe ’me ba hana ho fetoha ba ke ke ba lumelloa ho phela lefatšeng le lecha la Molimo.
10. Ho latela Matheu 4:5, 6, ke teko efe e ’ngoe eo Satane a ileng a e sebelisa ho leka Jesu hore a se ke a tšepahala ho Molimo?
10 Mabapi le e ’ngoe ea liteko tseo Jesu a ileng a thulana le tsona ha a le lefeelleng, Mangolo a re: “Diabolose a tsamaea le eena ho kena motseng o halalelang, ’me a mo emisa holim’a tora ea tempele eaba o re ho eena: ‘Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše; etsoe ho ngoliloe, “O tla laela mangeloi a hae malebana le uena, ’me a tla u kakasa ka matsoho, e le hore ho se ke ha e-ba le nako eo ka eona leoto la hao le ka khoptjoang ke lejoe.”’” (Mat. 4:5, 6) Mohlomong Satane o ne a nahanne hore sena se tla fella ka hore Jesu a bontše ka mokhoa o hlollang hore ke Mesia. Leha ho le joalo, ’nete ke hore seo se ne se tla be se fosahetse ’me e ne e tla be e le boikakaso ’me Molimo o ne a ke ke a bo amohela ebile o ne a ke ke a bo tšehetsa. Le lekhetlong lena, Jesu o ile a tšepahala ho Jehova eaba o ikarabella ka ho qotsa lengolo. O ile a re: “Ho boetse ho ngoliloe, ‘U se ke ua leka Jehova Molimo oa hao.’”—Mat. 4:7; Deut. 6:16.
11. Satane a ka ’na a re leka joang, ’me litholoana tsa seo e ka ba life?
11 Satane a ka ’na a re leka hore re ipatlele botumo ka litsela tse sa tšoaneng. A ka ’na a re susumetsa hore re etsise lifeshene tsa lefatše tsa moaparo le tsa ho itlhopha kapa hore re kopanele boithabisong bo sa lokang. Empa haeba re ne re ka iphapanyetsa keletso ea Bibele eaba re etsisa lefatše, na re ne re tla lebella hore mangeloi a re sireletse litholoaneng tse bosula tse ka hlahisoang ke ho etsa lintho tse joalo? Le hoja Morena Davida a ile a bakela libe tsa hae tse mabapi le Bathe-sheba, ha aa ka a sireletsoa litholoaneng tsa liketso tsa hae. (2 Sam. 12:9-12) A re se keng ra leka Jehova ka litsela tse sa lokelang, mohlomong ka ho etsa setsoalle le lefatše.—Bala Jakobo 4:4; 1 Johanne 2:15-17.
12. Ke teko efe e boletsoeng ho Matheu 4:8, 9, ’me Mora oa Molimo o ile a etsa joang ha a ne a lekoa?
12 Teko e ’ngoe eo Diabolose a ileng a e sebelisa lefeelleng e ne e le ea ho tšepisa ho fa Jesu matla a lipolotiki. Satane o ile a bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše le khanya ea eona eaba o re: “Lintho tsena tsohle ke tla u fa tsona haeba u ka itihela fatše ’me ua nketsetsa ketso ea borapeli.” (Mat. 4:8, 9) Ebile bolotsana bo bokaakang ba ho leka ho fumana borapeli boo e leng ba Jehova le ho etsa hore Jesu a se ke a tšepahala ho Molimo! Lengeloi leo le kileng la tšepahala le ile la oela sebeng ka lebaka la mohono ’me kahoo la fetoha moleki ea khopo, e leng Satane Diabolose. (Jak. 1:14, 15) Leha ho le joalo, ho fapana le eena, Jesu o ne a ikemiselitse ho lula a tšepahala ho Ntate oa hae ea leholimong ’me ka lebaka leo o ile a re: “Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” Ka tsela ena Jesu o ile a boela a hanyetsa Diabolose ka tsela e hlakileng a bile a sa cheche. Mora oa Molimo o ne a sa batle karolo ea lefatše la Satane ’me o ne a ke ke a rapela eo ea khopo le ka mohla!—Mat. 4:10; Deut. 6:13; 10:20.
“Le Hanyetse Diabolose, ’Me o Tla le Balehela”
13, 14. (a) Ha Diabolose a ne a bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše o ne a mo tšepisa eng? (b) Satane o leka ho re silafatsa joang?
13 Ka hore ebe o ile a bontša Jesu mebuso eohle ea lefatše, Diabolose o ne a mo tšepisa ho mo fa matla ao ho seng motho ea kileng a ba le ’ona. Satane o ne a tšepile hore Jesu o ne a tla khahloa ke seo a se bonang le hore seo se ne se tla mo kholisa hore e ka ba moeta-pele oa lefatše oa lipolotiki ea matla ka ho fetisisa. Kajeno, Diabolose ha a re tšepise mebuso, empa o leka ho silafatsa lipelo tsa rōna a sebelisa lintho tseo re li bonang, tseo re li utloang le tseo re li nahanang.
14 Diabolose o laola lefatše lena. Kahoo, o laola mecha ea phatlalatso. Ke kahoo ho sa makatseng hore ebe lintho tsa lefatše tse shebelloang, tse mameloang le lingoliloeng tsa lona li tletse boitšoaro bo litšila le mabifi. Tsamaiso ea lefatše lena ea papatso e leka ho kenya ka hare ho rōna takatso ea ho ba le lintho tse ngata tseo re sa li hlokeng. A sebelisa mekhoa eo, Diabolose o lula a re leka ka lintho tse bonahalang tse ka khahlang mahlo, litsebe le likelello tsa rōna. Empa ha re hana ho shebella, ho mamela le ho bala lintho tse khahlanong le Mangolo, ha e le hantle re re: “Tloha, Satane!” Ka tsela eo, re etsisa Jesu ka hore re eme re tiile re bile re ikemiselitse ho hana lefatše la Satane le litšila. Taba ea hore ha re karolo ea lefatše la Satane e boetse e bonahala ha ka sebete re itsebahatsa hore re Lipaki Tsa Jehova le hore re balateli ba Kreste nakong eo re leng mosebetsing, sekolong, moo re lulang teng le ha re e-na le beng ka rōna.—Bala Mareka 8:38.
15. Ke hobane’ng ha ho hanyetsa Satane ho bolela hore re lokela ho lula re falimehile kamehla?
15 Ka mor’a ho hlōleha lekhetlo la boraro ho leka ho etsa hore Jesu A se ke a tšepahala ho Molimo, “Diabolose [o ile] a mo tlohela.” (Mat. 4:11) Leha ho le joalo, Satane o ne a sa rera ho khaotsa ho leka Jesu hobane re bolelloa sena: “Kahoo Diabolose, ha a qetile moleko oo oohle [lefeelleng], a mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Ha re atleha ho hanyetsa Diabolose, re lokela ho leboha Jehova. Empa re boetse re lokela ho kōpa hore Molimo a tsoele pele ho re thusa, kaha Diabolose o tla khutla hape ka nako e mo loketseng ho tla re leka empa eseng hakaalo ka nako eo rōna re lebeletseng hore o tla re leka ka eona. Kahoo, re lokela ho lula re falimehile ka linako tsohle, re ikemiselitse ho mamella ho etsetsa Jehova tšebeletso e halalelang ho sa tsotellehe liteko tseo re lokelang ho thulana le tsona.
16. Jehova o re fa moea ofe o matla, hona ke hobane’ng ha re lokela ho o rapella?
16 E le ho re thusa hore re hanyetse Diabolose, re lokela ho rapella ho fuoa moea o matla ka ho fetisisa bokahohleng bohle, e leng moea o halalelang oa Molimo, re kholisehile hore re tla o fuoa. O tla re thusa hore re etse lintho tseo ho neng ho ke ke ha khoneha hore re li etse ka matla a rōna feela. Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore moea o halalelang oa fumaneha ha a ne a re: “Haeba lōna, le hoja [le sa phethahala ’me ha ho bapisoa] le le khopo, le tseba ho fa bana ba lōna limpho tse ntle, Ntate ea leholimong o tla fana ka moea o halalelang hakaakang ho ba mo kōpang!” (Luka 11:13) A re tsoeleng pele re rapela Jehova hore a re fe moea oa hae o halalelang. Ha moea ona o matla ka ho fetisisa o re tšehelitse boikemisetsong ba rōna ba ho hanyetsa Diabolose, re tla hlōla. Ho phaella tabeng ea ho rapela ka tieo le ho rapela kamehla, re lokela ho apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tsa moea tse tsoang ho Molimo e le hore re ka ‘ema re tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.’—Baef. 6:11-18.
17. Ke thabo efe e ileng ea thusa Jesu hore a hanyetse Diabolose?
17 Ho na le ntho e ’ngoe e ileng ea thusa Jesu hore a hanyetse Diabolose ’me le rōna e ka re thusa. Bibele e re: “Ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a [Jesu] o ile a mamella thupa ea tlhokofatso, a sa natse lihlong, ’me o lutse ka letsohong le letona la terone ea Molimo.” (Baheb. 12:2) Re ka thaba ka tsela e tšoanang haeba re tšehetsa bobusi ba Jehova, re tlotlisa lebitso la hae le halalelang re bile re lula re nahana ka moputso oa bophelo bo sa feleng. Re tla thaba hakaakang ha Satane a felisoa ka ho sa feleng le mesebetsi eohle ea hae ’me ‘ba bonolo ba rua lefatše, ba bile ba fumana thabo e phethehileng khotsong e ngata’! (Pes. 37:11) Ka lebaka leo, tsoelang pele le hanyetsa Diabolose joalokaha Jesu a ile a mo hanyetsa.—Bala Jakobo 4:7, 8.
U ka Araba Joang?
• Ho na le bopaki bofe ba hore Jehova o sireletsa batho ba hae?
• Jesu o ile a beha mohlala joang tabeng ea ho hanyetsa Satane?
• U ka hanyetsa Diabolose ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho ba metsoalle ea lefatše ho etsa hore re be lira tsa Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Jesu o ile a hana ho amohela tšepiso ea Satane ea ho mo fa mebuso eohle ea lefatše