Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/08 maq. 6-9
  • Lebaka Leo re Leng Teng ka Lona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebaka Leo re Leng Teng ka Lona
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo ka Lefatše
  • Morero oa Molimo o Tla Phethahala Joang?
  • Ho Phela ka Tsela e Nang le Morero
  • Morero oa Sebele oa Bophelo
    Tsoha!—1992
  • Ke Lintho Life Tseo Molimo a li Entseng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2019
  • U ka Phela Lefatšeng U sa Shoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2018
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 12/08 maq. 6-9

Lebaka Leo re Leng Teng ka Lona

BIBELE e senola hore ha ho mohla ’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo a etsang lintho a se na morero. Ka mohlala, nahana ka tokisetso eo a e entseng ea potoloho ea metsi, e etsang hore lintho li khone ho phela lefatšeng. Bibele e hlalosa seo ka mokhoa oa thothokiso empa e le o nepahetseng, e re: “Melapo eohle e phoroselang ea mariha e phallela leoatleng, empa leha ho le joalo leoatle ha le tlale. Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.”—Moeklesia 1:7.

Bibele e tšoantša ho tšepahala ha litšepiso tsa Molimo le potoloho ena e sa tsoa hlalosoa. Joalokaha re tseba kajeno, mocheso oa letsatsi o nyolla metsi maoatleng le matšeng e le mouoane ’me hamorao a khutlela lefatšeng e se e le pula. Jehova o bua ka potoloho ena ’me o hlalosa tjena: “Le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo. Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:10, 11.

Metsi a hloekileng a theohang marung a khutlela fatše ho phelisa lintho tse lefatšeng. Ka ho tšoanang, ‘lentsoe le tsoang molomong oa Molimo’ le khona ho khotsofatsa tlhoko ea rōna ea moea. Ho joalokaha Jesu Kreste a ile a hlalosa, a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela, empa o tla phela ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.”—Matheu 4:4.

Ho ja lijo tsa moea tseo Molimo a re fang tsona ho etsa hore re phele ka tsela e lumellanang le morero oa hae. Empa pele re etsa seo, re lokela ho utloisisa hore na morero oa Molimo ke eng. Ka mohlala, ke hobane’ng ha Molimo a bōpile lefatše? Hona morero oa hae ka lefatše o re ama joang? A re boneng seo.

Morero oa Molimo ka Lefatše

Kaha Molimo o batlela batho se molemo ka ho fetisisa, o ile a beha monna le mosali oa pele, e leng Adama le Eva, serapeng sa paradeise sa Edene. Eaba o ba laela hore ba be le bana, a re: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.”—Genese 1:26-28; 2:8, 9, 15.

Re ka fihlela qeto efe ha re nahana ka litaelo tsee? Na ha ho hlake hore Molimo o ne a batla hore batho ba leme lefatše lohle ho le etsa paradeise eo ba lulang ho eona? Lentsoe la hae le re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.

E le hore batho ba bone ha morero oa Molimo oa hore ba phele ka ho sa feleng lefatšeng o phethahala, ba ne ba tla lokela ho hlompha Jehova ka hore ba mo mamele. Empa na Adama o ile a etsa joalo? Che, o ile a etsa sebe ka hore a se ke a mamela Molimo. Liphello tsa seo e bile life? Bana bohle ba Adama, ho akarelletsa le rōna kaofela kajeno, ba futsitse sebe le lefu, feela joalokaha Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.

Ka lebaka leo, batho kaofela baa shoa ’me lefatše ha le e-s’o lengoe hore e be paradeise ea lefatše lohle. Na joale ho ka etsahala hore ebe morero oa Molimo ka lefatše o fetohile?

Che, ha ho joalo, hopola seo Molimo a se buileng: “Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana” empa “ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.” Ho feta moo, Molimo o ile a tšepisa, a re: “Ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang.” (Esaia 45:18; 46:10; 55:11) Seo Molimo a se thabelang—e leng morero oa hae—ke hore lefatše lena kaofela le fetohe paradeise eo ho eona ho lulang batho ba mo sebeletsang ka ho sa feleng ba thabile, joalokaha a ne a rerile qalong.—Pesaleme ea 37:29; Esaia 35:5, 6; 65:21-24; Tšenolo 21:3, 4.

Morero oa Molimo o Tla Phethahala Joang?

Jehova o ile a bontša bohlale le lerato ka tsela e phahameng ka ho fetisisa ka ho lokisetsa hore batho ba lokolloe sebeng seo ba se futsitseng le liphellong tsa sona—e leng ho se phethahale le ho qetella ba shoele. O entse sena ka ho lokisetsa hore ho tsoaloe mora ea se nang sebe seo batho bohle ba se futsitseng ho motho oa pele, e leng Adama. Tokisetso ena e bitsoang thekollo, e ile ea etsoa e le hore batho ba mamelang melao ea Molimo ba ka fumana bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28; Baefese 1:7; 1 Timothea 2:5, 6) Thekollo e ile ea lokisetsoa joang?

Lengeloi la Jehova le bitsoang Gabriele le ile la bolella moroetsana Maria hore haufinyane o ne a tla ba le ngoana ka tsela ea mohlolo, ’me la mo hlalosetsa kamoo a tlang ho ba le ngoana kateng le hoja a ne a sa “kopanele liphate le monna.” Molimo o ile a etsa mohlolo oo ka hore a tlose bophelo ba Mora oa hae oa letsibolo leholimong a bo fetisetse leheng le ka pōpelong ea Maria. Kahoo o ile a ima ka tšebetso ea moea o halalelang oa Molimo.—Luka 1:26-35.

Likhoeli tse ka bang robong hamorao Jesu o ile a hlaha e le motho ea phethahetseng, a tšoana le motho oa pele, Adama. Ha a se a hōlile o ile a tela bophelo ba hae bo phethahetseng hore a shoe lefu la sehlabelo. Ka tsela eo, Jesu e ile ea e-ba ‘Adama oa bobeli’ ’me ka hona a fana ka motheo oa hore bohle ba tšepahalang ho Molimo ba rekolloe sebeng le lefung.—1 Bakorinthe 15:45, 47.

Ka sebele re lokela ho susumetsoa ke lerato lena le leholo leo Molimo a re bontšitseng lona! Joalokaha Bibele e bolela, “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Potso ke hore na rōna re tla etsa’ng ha e le mona Molimo a re bontšitse lerato? Na ha rea lokela ho bontša kananelo ka mpho eo a faneng ka eona? Nahana ka mehlala ea ba bang ba nang le kananelo joalo.

Ho Phela ka Tsela e Nang le Morero

Denise, ea boletsoeng sehloohong se fetileng, o ile a hlokomela hore ho hlompha Molimo ka ho mamela melao ea hae le litaelo tsa hae ho entse hore bophelo ba hae e be bo tsitsitseng le bo nang le morero. O re: “Ke ile ka ithuta ka Bibeleng hore hase feela hore Molimo o na le seo a se reretseng batho nakong e tlang, empa o na le mosebetsi o tobileng oo a batlang hore ba mo rapelang ba o etse. Ha ke lumele hore ho na le ntho leha e le efe e ’ngoe e khotsofatsang bophelong ho feta ho sebelisa bolokolohi ba ho ikhethela boo a mphileng bona ho mo rorisa ka hore ke phele ka tsela e lumellanang le morero oa hae.”

Re ka etsa se tšoanang ka hore re ithute hore na thato ea Molimo ke’ng re be re e etse. Ke ’nete hore ha re e-s’o rue molemo o feletseng oa sehlabelo sa thekollo, se tla re nolofalletsa ho phela re le batho ba phethahetseng lefatšeng le lecha la ho loka. Empa hajoale, re lokela ho potlakela ho khotsofatsa tabatabelo ea borapeli eo Molimo a entseng e mong le e mong oa rōna a e-na le eona.

Dave, eo ho builoeng ka eena sehloohong sa pele lihloohong tsena, o ile a fumana lijo tsa moea tse khotsofatsang. O ile a fumana likarabo lipotsong tseo a neng a ipotsa tsona mabapi le morero oa bophelo. O re: “Ha ke nahana ka tsela eo ke neng ke phela ka eona pele ke ithuta ka morero oa Molimo, kea elelloa hore lintho tseo ke neng ke li etsa e ne e le ho lelekisa moea feela. Ke ne ke sa tsebe ka nako eo, empa ha e le hantle se neng se etsa hore ke ikutloe ke se na morero bophelong e ne e le tlhoko ea moea eo ke neng ke e-na le eona. Hona joale ha ho mohla ke ikutloang joalo. Ke utloisisa lebaka leo ke leng teng ka lona le hore na ke lokela ho etsa’ng ka bophelo ba ka.”

Ho fapana le lintho tseo batho ba sa phethahalang ba li nahanang, tsela eo Molimo a talimang morero oa bophelo ka eona, joalokaha e boletsoe ka Bibeleng, ruri ea khotsofatsa. Lebaka leo re leng teng ka lona ke hore re phethahatse morero oo Jehova a re etselitseng oona—oa hore re rorise lebitso la hae, re be le kamano e ntle le eena ’me ka tsela eo, re khotsofatse tlhoko ea rōna ea moea. Hona joale le ka ho sa feleng, re ka thabela ho bona mantsoe ana a bululetsoeng a phethahala: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pesaleme ea 144:15.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

BOTHATA BO BAKOANG KE MAHLOMOLA

Ho ’nile ha hlalosoa hore mahlomola ke bo bong ba mathata a maholo a re sitisang ho utloisisa lebaka leo re leng teng ka lona. Viktor Frankl o ile a re: “Haeba bophelo bo na le morero leha e le ofe, joale e tlameha ebe ho na le lebaka leo mahlomola a leng teng ka lona. Mahlomola ke karolo ea bophelo eo re ke keng ra e qoba, ’me a tšoana le ho hlaheloa ke koluoa le lefu.”

Bibele e hlalosa lebaka leo ka lona ho nang le mahlomola le lefu. Hase Molimo ea jarang boikarabelo. Ho e-na le hoo, seo se bakoa ke liphello tse bohloko tsa qeto e entsoeng ke banyalani ba pele ba ileng ba ikhethela ho itaola ho e-na le hore ba laoloe ke ’Mōpi oa bona. Bana bohle ba bona ba futsitse tšekamelo ena ea boetsalibe ’me ke eona ntho e ka sehloohong e bakelang batho mahlomola.

Le hoja ho utloisisa lebaka leo re leng teng ka lona ho sa rarolle mathata ’ohle a bophelo, ho re thusa hore re sebetsane le ’ona ka katleho. Re boetse re fuoa tšepo ka bokamoso, e leng nakong eo Molimo a tla felisa mahlomola le lefu ka ho sa feleng.

[Setšoantšo se Qanollang/Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bibele e tšoantša ho tšepahala ha litšepiso tsa Molimo le potoloho e hlollang ea metsi

[Setšoantšo]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Pula ← Mouoane ← Mouoane

↓ ↑

↓ ↑

Matša, linōka ↑

↓

→ → Maoatle

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ka nako e loketseng, lefatše e tla ba paradeise e tletseng batho ba thabileng, ba phetseng hantle?

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

‘Ha ke lumele hore ho na le ntho leha e le efe e ’ngoe e khotsofatsang bophelong ho feta ho sebelisa bolokolohi ba ka ba ho ikhethela hore ke sebeletse Molimo.’—Denise

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela