Khaolo ea Leshome le Metso e Robong
Boikaketsi Boa Pepesoa!
1. Jehova le Jesu ba talima boikaketsi joang, hona bo hlahile ka sebōpeho sefe mehleng ea Esaia?
JESU o ile a re ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae: “Ka sebele ka ntle, le bonahala le lokile ho batho, empa ka hare le tletse boikaketsi le tlōlo ea molao.” (Matheu 23:28) Ho nyatsa ha Jesu boikaketsi ho bonahatsa pono ea Ntate oa hae oa leholimo. Khaolo ea 58 ea boprofeta ba Esaia e lebisa tlhokomelo ka ho khetheha boikaketsing bo atileng Juda. Ntoa, khatello le pefo e se e le kobo-anela, ’me ho bolokoa ha Sabatha ho fetohile tloaelo feela tjee e se nang thuso. Batho ba etsetsa Jehova tšebeletso ea ho itlosa molato feela ’me ba rapela ka tsela ea mponeng ka ho itima lijo ho sa tsoeng pelong. Hase feela Jehova a pepesang seo ba leng sona!
‘Bolella Batho Libe Tsa Bona’
2. Esaia o bonahatsa boikutlo bofe ha a ntse a phatlalatsa molaetsa oa Jehova, hona ke bo-mang bao kajeno ba tšoanang le eena?
2 Le hoja Jehova a khopisitsoe ke boitšoaro ba Juda, mantsoe a Hae a fupere boipiletso ba pelo eohle ba hore sechaba se bake. Leha ho le joalo, Jehova ha a batle hore khalemelo ea hae e be e sa hlakang. Kahoo, o laela Esaia: “Hoeletsa ka lentsoe le phahameng; u se ke ua ithiba. Phahamisa lentsoe joaloka lenaka, ’me u bolelle batho ba ka bofetoheli ba bona, le ntlo ea Jakobo libe tsa eona.” (Esaia 58:1) Ho phatlalatsa mantsoe a Jehova ka sebete ho ka ’na ha etsa hore Esaia a hlouoe ke batho, empa ha a cheche. O ntse a bonahatsa boikutlo ba boinehelo bo tšoanang le boo a ileng a bo bonahatsa ha a ne a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 6:8) Esaia ke mohlala o motle hakaakang oa mamello ho Lipaki tsa Jehova kajeno, tseo ka ho tšoanang li laetsoeng ho bolela Lentsoe la Molimo le ho pepesa boikaketsi ba bolumeli!—Pesaleme ea 118:6; 2 Timothea 4:1-5.
3, 4. (a) Batho ba mehleng ea Esaia ba iponahatsa eka ba etsa’ng empa ho se joalo? (b) Boemo ba sebele ba litaba bo joang Juda?
3 Batho ba mehleng ea Esaia ba iponahatsa eka ba batla Jehova ’me ba bolela hore ba thabela likahlolo tsa hae tse lokileng. Re bala mantsoe a Jehova: “Ke ’na eo ba neng ba mo batla letsatsi le letsatsi, ’me ba ne ba bolela hore ba thabela ho tseba litsela tsa ka, joaloka sechaba se etsang ho loka le se sa kang sa tlohela toka ea Molimo oa sona, ka hore ba ’nile ba kōpa likahlolo tse lokileng ho ’na, ho atamela ho Molimo eo ba mo thabelang.” (Esaia 58:2) Na ho ipolela hore ba thabela litsela tsa Jehova ka tsela ee ho tsoa pelong? Che. Ba “joaloka sechaba se etsang ho loka,” ho tšoana hoo ke ponahalo e ka ntle feela. Ha e le hantle, sechaba sena se ‘tlohetse toka ea Molimo oa sona.’
4 Boemo bo batla bo tšoana le bo ileng ba senoleloa moprofeta Ezekiele hamorao. Jehova o ile a bolella Ezekiele hore Bajuda ba ne ba re e mong ho e mong: “Ka kōpo tloong, le utloe lentsoe le tsoang ho Jehova.” Empa Molimo o ile a lemosa Ezekiele ka boikaketsi ba bona: “Ba tla tla ho uena, . . . ’me ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao empa ba ke ke ba a phetha, etsoe ba bolela litakatso tse feteletseng ka melomo ea bona ’me lipelo tsa bona li batla phaello ea ho hloka toka. Bona! Ho bona u joaloka pina e tsosang maikutlo a lerato, joaloka motho ea nang le lentsoe le letle ’me a letsa seletsa se likhoele hantle. Ka sebele ba tla utloa mantsoe a hao, empa ha ho le ea mong ea a phethang.” (Ezekiele 33:30-32) Batho ba mehleng ea Esaia le bona ba bolela hore ba batla Jehova kamehla, empa ha ba mamele mantsoe a hae.
Ho Itima Lijo ka Tsela ea Boikaketsi
5. Bajuda ba leka ho fumana kamohelo ea Molimo joang, hona Jehova o arabela joang ho seo?
5 Ha ba leka ho fumana kamohelo ea Molimo, Bajuda ba latela tloaelo ea ho itima lijo, empa ho iketsa ha bona eka ba lokile ho fella ka ho ba arohanya le Jehova. Ho bonahala eka ka ho tsieleha baa botsa: “Re itimme lijo ka lebaka lefe ’me ua se ke ua bona, ra hlorisa meea ea rōna eaba ha u ele hloko?” Jehova o arabela ka ho toba, o re: “Le ile la thabela letsatsi leo le itimmeng lijo ka lona, ha ho ne ho e-na le batho bohle ba lōna ba sehlang bao le ’nileng la ba qobella ho sebetsa. Le ne le itima lijo bakeng sa qabang le ntoa, le bakeng sa ho otla ka setebele sa bokhopo. Na ha lea ka la itima lijo joaloka letsatsing la ha le etsa hore mantsoe a lōna a utluoe phahameng? Na ho itima lijo hoo ke ho khethang ho lokela ho ba tjee, joaloka letsatsi leo ka lona motho oa lefatše a hlorisang moea oa hae? Bakeng sa ho inamisa hlooho ea hae joaloka loli, le hore a phutholle lesela la mokotla le molora joaloka setulo sa hae se kang bethe? Na see ke sona seo le se bitsang ho itima lijo le letsatsi le amohelehang ho Jehova?”—Esaia 58:3-5.
6. Bajuda ba etsa liketso life tse senolang hore ho itima lijo ha bona ke ha boikaketsi?
6 Le hoja ba itima lijo, ba iketsa eka ba lokile, ba bile ba kōpa likahlolo tsa Jehova tse lokileng, batho ba phehella menyaka ea boithati le mesebetsi ea khoebo. Ba ikakhetse ka setotsoana litoantšanong, khatellong le pefong. E le ho leka ho koahela boitšoaro ba bona bo sa rateheng, ba bonahatsa ho siama ka tsela ea mponeng—ba inamisa lihlooho joaloka loli ’me ba lula holim’a lesela la mokotla le molora—hore ho bonahale eka ba baketse libe tsa bona. See sohle se na le molemo ofe haeba ba tsoela pele ka borabele? Ha ba bontše tšoabo leha e le efe ea bomolimo le pako tse lokelang ho tsamaisana le ho itima lijo ho tlohang pelong. Ho bokolla ha bona—le hoja ho le lerata—ha ho utloahale leholimong.
7. Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba etsa liketso tsa boikaketsi joang, hona ba bangata kajeno ba etsa ho tšoanang joang?
7 Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba latela tloaelo e tšoanang ea ho itima lijo, ba itima lijo habeli ka beke! (Matheu 6:16-18; Luka 18:11, 12) Baeta-pele ba bangata ba bolumeli le bona ba ne ba etsisa batho ba mehleng ea Esaia ka ho hloka kutloelo-bohloko le ho hatella. Kahoo, Jesu o ile a pepesa baikaketsi bao ba bolumeli ka sebete, a ba bolella hore mofuta oa bona oa borapeli ke oa lefeela. (Matheu 15:7-9) Le kajeno, ba limilione “ba bolela phatlalatsa hore ba tseba Molimo, empa ba mo latola ka mesebetsi ea bona, hobane ba manyala ’me ha ba mamele ’me ha ba amohelehe bakeng sa mosebetsi o molemo oa mofuta leha e le ofe.” (Tite 1:16) Ba joalo ba ka ’na ba tšepa ho fumana mohau oa Molimo, empa boitšoaro ba bona bo senola ho hloka botšepehi ha bona. Ka lehlakoreng le leng, Lipaki tsa Jehova li bonahatsa boinehelo ba sebele ho Molimo le lerato la ’nete la bara ba motho.—Johanne 13:35.
Seo Pako ea Sebele e se Akarelletsang
8, 9. Pako ea sebele e lokela ho tsamaea le liketso life tse loketseng?
8 Jehova ha a batle hore batho ba hae ba itime lijo feela ka lebaka la libe tsa bona; o batla hore ba bake. Ka ho etsa joalo ba tla fumana kamohelo ea hae. (Ezekiele 18:23, 32) O hlalosa hore e le hore ho itima lijo ho be le morero, ho tlameha ho tsamaea le ho lokisa libe tsa nakong e fetileng. Nahana ka lipotso tse fatisisang maikutlo tseo Jehova a li botsang: “Na hona hase ho itima lijo hoo ke ho khethang? Ho lokolla litlamo tsa bokhopo, ho lokolla marapo a joko, le ho re ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, le hore le khaole joko e ’ngoe le e ’ngoe likoto tse peli?”—Esaia 58:6.
9 Litlamo le joko ke matšoao a loketseng a kholeho e sehlōhō. Kahoo ho e-na le ho itima lijo ’me ka nako e tšoanang ba hatella balumeli-’moho le bona, batho ba lokela ho mamela taelo e reng: “U rate oa heno joalokaha u ithata.” (Levitike 19:18) Ba lokela ho lokolla bohle bao ba ba hateletseng le bao ka leeme ba ba entseng makhoba.a Liketso tsa bolumeli tsa mponeng, tse kang, ho itima lijo, ha li nke sebaka sa boinehelo ba ’nete ho Molimo le liketso tse bontšang lerato la bara ba motho. Moprofeta Mikea, ea phetseng mehleng ea Esaia, oa ngola: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—Mikea 6:8.
10, 11. (a) Ke eng e neng e tla ba molemo ho Bajuda ho feta ho itima lijo? (b) Bakreste kajeno ba ka sebelisa keletso ea Jehova ho Bajuda joang?
10 Toka, mosa le ho inyenyefatsa li bolela ho etsetsa ba bang molemo, e leng oona motheo oa Molao oa Jehova. (Matheu 7:12) Ho neng ho tla ba molemo ho feta ho itima lijo e ne e tla ba ho arolela bahloki leruo la bona. Jehova oa botsa: “Na [ho itima lijo hoo ke ho khethang] hase hore le arolele ea lapileng bohobe, le hore le tlise batho ba hlorileng, ba hlokang mahae ka matlung a lōna? Hore, haeba le bona ea hlobotseng, le mo apese, le hore le se ke la ipatela nama ea lōna?” (Esaia 58:7) E, ho e-na le ho itima lijo ka mokhoa oa mponeng, ba nang le matla a ho etsa joalo ba lokela ho fa bahloki ba ahileng le bona Juda—e leng nama ea bona—lijo, liaparo, kapa bolulo.
11 Melao-motheo ena e lokileng ea lerato la bara ba motho le kutloelo-bohloko eo Jehova a e bontšang ha e sebetse ho Bajuda ba mehleng ea Esaia feela. E tataisa le Bakreste. Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ka sebele, joale, hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.” (Bagalata 6:10) Phutheho ea Bokreste e lokela ho ba sebaka se sireletsehileng se nang le lerato le kameho e mofuthu ea bara ba motho, haholo-holo linakong tsena tse ntseng li e-ba mahlonoko le ho feta tseo re phelang ho tsona.—2 Timothea 3:1; Jakobo 1:27.
Kutlo e Tlisa Litlhohonolofatso Tse Enneng
12. Jehova o tla etsa’ng haeba batho ba hae ba mo mamela?
12 Hoja feela batho ba Jehova ba ka ba le temohisiso ea ho ela hloko khalemelo ea hae e lerato! Jehova o re: “Tabeng eo leseli la lōna le ne le tla khanya joaloka mafube; ’me le ne le tla fola ka potlako. Ka sebele ho loka ha lōna ho ne ho tla tsamaea ka pel’a lōna; khanya ea Jehova e ne e tla ba molebeli oa lōna ea ka morao. Tabeng eo le ne le tla hooa, ’me Jehova o ne a tla araba; le ne le tla hoeletsa ho kōpa thuso, ’me o ne a tla re, ‘Ke ’na enoa!’” (Esaia 58:8, 9a) Ke mantsoe a mofuthu le a ipiletsang hakaakang! Jehova o hlohonolofatsa le ho sireletsa ba thabelang mosa o lerato le ho loka. Haeba batho ba Jehova ba bakela ho hloka kutloelo-bohloko le boikaketsi ba bona ’me ba mo mamela, lintho li tla ba tsamaela hantle. Jehova o tla lumella sechaba ho “fola,” ho hlaphoheloa moeeng le nameng. Hape o tla se sireletsa, joalokaha a ile a sireletsa baholo-holo ba sona ha ba tloha Egepeta. ’Me o tla arabela hang-hang ha se hooa se kōpa thuso.—Exoda 14:19, 20, 31.
13. Bajuda ba letetsoe ke litlhohonolofatso life haeba ba arabela khothatsong ea Jehova?
13 Joale Jehova o tsoela pele ka khothatso ea hae ea pejana, o re: “Haeba le tlosa joko [ea bokhoba bo sehlōhō, bo leeme] har’a lōna, ho supa ha lōna ka monoana [mohlomong ka ho soma kapa ka ho qosa ka bohata] le ho bua se kotsi; ’me le fa ea lapileng takatso ea lōna ea moea, ’me le khotsofatsa moea o hlorisoang, ka sebele leseli la lōna le tla khanya lefifing, le botšo ba lōna bo be joaloka motšehare.” (Esaia 58:9b, 10) Boithati le ho hloka kutloelo-bohloko li kotsi ho motho ka boeena ’me li tlisa khalefo ea Jehova. Leha ho le joalo, ho ba mosa le ho fana ka seatla se bulehileng, haholo-holo ho ba lapileng le ba hlorisoang, ho tlisa tlhohonolofatso e enneng ea Molimo. Hoja feela Bajuda ba ka nka linnete tsena ka ho teba! Joale khanya le nala tsa bona tsa moea li tla etsa hore ba khanye joaloka letsatsi motšehare o moholo, li tlose mesarelo leha e le efe. Ka holim’a tsohle, li tla tlisa tlhompho le thoriso ho Jehova, eo e leng eena Mohloli oa khanya le litlhohonolofatso tsa bona.—1 Marena 8:41-43.
Sechaba Sea Tsosolosoa
14. (a) Batho ba mehleng ea Esaia ba arabela joang mantsoeng a hae? (b) Jehova o tsoela pele ho fana ka eng?
14 Ka masoabi, sechaba se hlokomoloha boipiletso ba Jehova ’me se kenella bokhopong bo tebileng le ho feta. Qetellong, Jehova ha a sa na boikhethelo haese hore a se ise botlamuoeng joalokaha a lemositse. (Deuteronoma 28:15, 36, 37, 64, 65) Leha ho le joalo, mantsoe a latelang ao Jehova a a buang ka Esaia a tsoela pele ho fana ka tšepo. Molimo o bolela esale pele hore masala a amohetseng taeo, a soabetseng libe tsa ’ona a tla khutlela naheng ea Juda a thabile, le hoja e lutse e le lesupi.
15. Ke tsosoloso efe e thabisang eo Jehova a e bolelang esale pele?
15 Ha a supa pele tsosolosong ea batho ba hae ka 537 B.C.E., Jehova o re ka Esaia: “Jehova o tla tlameha ho le tsamaisa kamehla le ho khotsofatsa meea ea lōna naheng e omeletseng, ’me o tla matlafatsa masapo a lōna; le tla tšoana le serapa se nang le metsi a mangata, le tšoane le mohloli [“seliba,” Bibele ea Sesotho] oa metsi, oo metsi a oona a ke keng a thetsa [‘psha,’ BS].” (Esaia 58:11) Jehova o tla tsosolosa naha ea Iseraele e chesitsoeng ke letsatsi hore e be naha e behang litholoana tse atlehileng. Ho tsotehang le ho feta ke hore o tla hlohonolofatsa batho ba hae ba bakileng, a ba tiise “masapo” ho ba tlosa boemong ba ho se phele moeeng ho ba isa boemong ba ho ba mahlahahlaha ka ho feletseng. (Ezekiele 37:1-14) Batho ka bobona ba tla tšoana le “serapa se nang le metsi a mangata” se tletseng litholoana tsa moea.
16. Naha e tla tsosolosoa joang?
16 Tsosoloso e tla akarelletsa ho hahuoa bocha ha metse e timelitsoeng ke bahlaseli ba Babylona ka 607 B.C.E. “Ka tšusumetso ea lōna ka sebele batho ba tla haha libaka tse ripitliloeng nako e telele; le tla tsosa metheo ea meloko e tsoelang pele. Le tla bitsoa ba lokisang likheo, ba tsosolosang litsela tseo ho tla luloa ho tsona.” (Esaia 58:12) Lipoleloana tsena tse tšoanang, poleloana e reng “libaka tse ripitliloeng nako e telele” le e reng “metheo ea meloko e tsoelang pele” (kapa, metheo eo e ’nileng ea e-ba lesupi melokong e mengata), li bontša hore masala a khutletseng ha habo ’ona a tla haha bocha metse ea Juda e ripitliloeng, haholo-holo Jerusalema. (Nehemia 2:5; 12:27; Esaia 44:28) A tla koala “likheo”—e leng lentsoe le ka bongateng le bontšang makhalo a teng marakong a Jerusalema ao ntle ho pelaelo a leng teng le metseng e meng.—Jeremia 31:38-40; Amose 9:14.
Litlhohonolofatso Tse Tlisoang ke ho Boloka Sabatha ka Botšepehi
17. Jehova o ipiletsa ho batho ba hae joang hore ba mamele melao ea Sabatha?
17 Sabatha e ne e le pontšo ea kameho e tebileng ea Molimo ka boiketlo ba batho ba hae nameng le moeeng. Jesu o ile a re: “Sabatha e bile teng ka lebaka la motho.” (Mareka 2:27) Letsatsi lena leo Jehova a ileng a le halaletsa le ne le fa Baiseraele monyetla o khethehileng oa ho bontša lerato la bona ho Molimo. Ka masoabi, mehleng ea Esaia le se le fetohile letsatsi la ho phetha lineano tse se nang thuso le la ho khotsofatsa litakatso tsa boithati. Kahoo, Jehova o na le lebaka la ho khalemela batho ba hae ka matla. ’Me o boetse o leka ho finyella lipelo tsa bona. O re: “Haeba ka lebaka la sabatha le tla khutlisa maoto a lōna tabeng ea ho etsa seo le se thabelang ka letsatsi la ka le halalelang, ’me le bitse sabatha thabo ea lōna e phethehileng, letsatsi le halalelang la Jehova, le tlotlisoang, ’me le le tlotlise ho e-na le ho etsa litsela tsa lōna, ho e-na le ho batla se le thabisang le ho bua lentsoe; tabeng eo le tla fumana thabo e phethehileng ho Jehova, ’me ke tla le palamisa libakeng tse phahameng tsa lefatše; ’me ke tla etsa hore le je lefa la moholo-holo oa lōna Jakobo, kaha molomo oa Jehova o ho boletse.”—Esaia 58:13, 14.
18. Ho hlōleha ha Juda ho hlompha Sabatha ho tla fella ka eng?
18 Sabatha ke letsatsi la ho nahanisisa ka lintho tsa moea, ho rapela le ho kopana ha lelapa borapeling. E lokela ho thusa Bajuda ho nahanisisa ka liketso tse hlollang tseo Jehova a ba etselitseng tsona le ka toka le lerato tse bonahatsoang ke Molao oa hae. Kahoo, ho tšepahalla ho boloka letsatsi lena le halalelang ho lokela ho thusa batho ho atamelana haufi le Molimo oa bona. Ho e-na le hoo, ba silafatsa Sabatha ’me kahoo ba kotsing ea ho amohuoa tlhohonolofatso ea Jehova.—Levitike 26:34; 2 Likronike 36:21.
19. Batho ba Molimo ba letetsoe ke litlhohonolofatso life tse enneng haeba ba ka boela ba boloka Sabatha?
19 Leha ho le joalo, haeba Bajuda ba ithuta ho hong taeong eo ’me ba boela ba hlompha tokisetso ea Sabatha, ba letetsoe ke litlhohonolofatso tse enneng. Liphello tse molemo tse tlisoang ke borapeli ba ’nete le ho hlompha Sabatha li tla ba susumetsa litšobotsing tsohle tsa bophelo ba bona. (Deuteronoma 28:1-13; Pesaleme ea 19:7-11) Ka mohlala, Jehova o tla “palamisa [batho ba hae] libakeng tse phahameng tsa lefatše.” Poleloana ena e bontša ho sireletseha le ho hlōla lira tsa motho. Motho leha e le ofe ea laolang libaka tse phahameng—maralla le lithaba—o laola naha. (Deuteronoma 32:13; 33:29) Ka nako e ’ngoe Iseraele e kile ea mamela Jehova, ’me sechaba se ne se thabela tšireletso ea hae se bile se hlomphuoa, esita le ho tšajoa ke lichaba tse ling. (Joshua 2:9-11; 1 Marena 4:20, 21) Haeba se boetse se khutlela ho Jehova ka ho mo mamela, karolo e ’ngoe ea khanya eo se neng se e-na le eona pele e tla khutla. Jehova o tla fa batho ba hae kabelo e feletseng ea ‘lefa la Jakobo’—e leng litlhohonolofatso tse tšepisitsoeng selekaneng sa Hae seo a se entseng le baholo-holo ba bona, ka ho khetheha tlhohonolofatso ea lefa le sireletsehileng Naheng e Tšepisitsoeng.—Pesaleme ea 105:8-11.
20. Bakreste ba na le ‘phomolo efe ea sabatha’?
20 Na ho na le seo Bakreste ba ka ithutang sona ho see? Ha Jesu Kreste a e-shoa, Molao oa Moshe o ile oa felisoa, ho akarelletsa le litlhokahalo tsa oona tsa Sabatha. (Bakolose 2:16, 17) Leha ho le joalo, boikutlo boo ho boloka Sabatha ho neng ho lokela ho bo susumetsa Juda—ba ho beha lithahasello tsa moea pele le ho atamela haufi le Jehova—e ntse e le ba bohlokoa le ho barapeli ba Jehova. (Matheu 6:33; Jakobo 4:8) Ho feta moo, lengolong la hae le eang ho Baheberu, Pauluse o re: “Ho setse phomolo ea sabatha bakeng sa batho ba Molimo.” Bakreste ba kena ‘phomolong ena ea sabatha’ ka ho mamela Jehova le ka ho phehella ho loka ho thehiloeng tumelong maling a Jesu Kreste a tšolotsoeng. (Baheberu 3:12, 18, 19; 4:6, 9-11, 14-16) Bakreste ha ba boloke sabatha ena hanngoe feela ka beke, empa ba e boloka letsatsi le leng le le leng.—Bakolose 3:23, 24.
Iseraele ea Moea e ‘Palamisoa Libakeng Tse Phahameng Tsa Lefatše’
21, 22. Jehova o ‘palamisitse Iseraele ea Molimo libakeng tse phahameng tsa lefatše’ ka tsela efe?
21 Ho tloha ha ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona ka 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ’nile ba tšepahalla ho boloka se neng se tšoantšetsoa ke Sabatha. Ka lebaka leo, Jehova o ba ‘palamisitse libakeng tse phahameng tsa lefatše.’ Ka kutloisiso efe? Morao koana ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a etsa selekane le litloholo tsa Abrahama sa hore haeba li ne li mamela, li ne li tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang. (Exoda 19:5, 6) Ka lilemo tse 40 li le lehoatateng, Jehova o ile a li sireletsa, joalokaha ntsu e jara malinyane a eona ’me a li hlohonolofatsa ka lintho tse ngata. (Deuteronoma 32:10-12) Leha ho le joalo, sechaba se ne se haelloa ke tumelo, ’me qetellong se ile sa lahleheloa ke litokelo tsohle tseo se ka beng se li fumane. Leha ho le joalo, Jehova o na le ’muso oa baprista kajeno. Ke Iseraele ea Molimo ea moea.—Bagalata 6:16; 1 Petrose 2:9.
22 ‘Nakong ena ea bofelo,’ sechaba sena sa moea se entse seo Iseraele ea boholo-holo e ileng ea hlōleha ho se etsa. Se bolokile tumelo ho Jehova. (Daniele 8:17) Ha litho tsa eona li ntse li latela ka tieo litekanyetso tse phahameng tsa Jehova le litsela tsa hae tse phahameng, Jehova o li phahamisetsa holimo ka kutloisiso ea moea. (Liproverbia 4:4, 5, 8; Tšenolo 11:12) Li sirelelitsoe ho se hloekeng ho li pota-potileng, li thabela mokhoa o phahameng oa bophelo, ’me ho e-na le ho phehella ho latela litsela tsa tsona, li ‘ithabela ka ho phethehileng ho Jehova’ le Lentsoeng la hae. (Pesaleme ea 37:4) Jehova o li bolokile li sireletsehile moeeng ho sa tsotellehe khanyetso e matla lefatšeng ka bophara. Ho tloha ka 1919 “naha” ea tsona ea moea ha e e-s’o senngoe. (Esaia 66:8) Li tsoela pele ho ba batho ba lebitso la hae le phahameng, leo li le phatlalatsang ka thabo lefatšeng ka bophara. (Deuteronoma 32:3; Liketso 15:14) Ho feta moo, palo e ntseng e eketseha ea ba bonolo ba tsoang lichabeng tsohle hona joale e kopanela le tsona tokelong e khōlō ea ho rutoa litsela tsa Jehova le ho thusoa ho tsamaea litseleng tsa hae.
23. Jehova o entse hore bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba ‘je lefa la Jakobo’ joang?
23 Jehova o entse hore bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng ba ‘je lefa la Jakobo.’ Ha Isaka a hlohonolofatsa Jakobo sebakeng sa Esau, mantsoe a mopatriareka eo a ile a bolela esale pele litlhohonolofatso tse neng li tla tlela bohle ba neng ba tla bontša tumelo Peōng e tšepisitsoeng ea Abrahama. (Genese 27:27-29; Bagalata 3:16, 17) Ho tšoana le Jakobo—ho fapana le Esau—Bakreste ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ba ‘ananela lintho tse halalelang,’ ka ho khetheha lijo tsa moea tseo Molimo a fanang ka tsona ka bongata. (Baheberu 12:16, 17; Matheu 4:4) Lijo tsena tsa moea—tse akarelletsang ho tseba seo Jehova a se finyellang ka Peō e tšepisitsoeng le metsoalle ea Peō eo—li matlafatsa bophelo ba bona ba moea, li etsa hore e be bo sehlahlo, ’me ke tsa bohlokoahali bakeng sa bona. Kahoo, ke habohlokoa hore ba lule ba iphepa lijo tsa moea kamehla ka ho bala Lentsoe la Molimo le ho thuisa ka lona. (Pesaleme ea 1:1-3) Ke habohlokoa hore ba kopanele libokeng tsa Bokreste le balumeli-’moho le bona. ’Me ho hlokahala hore ba khomarele litekanyetso tse phahameng tsa borapeli bo hloekileng ha ka thabo ba ntse ba arolelana le ba bang lijo tseo tse matlafatsang.
24. Bakreste ba ’nete ba itšoara joang kajeno?
24 Ha ka tabatabelo ba ntse ba letetse ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova, e se eka Bakreste ba ’nete ba ka tsoela pele ho hana boikaketsi ba mofuta o mong le o mong. Ba matlafalitsoe ke ‘lefa la Jakobo,’ e se eka ba ka tsoela pele ho thabela tšireletseho ea moea “libakeng tse phahameng tsa lefatše.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jehova o ile a lokisetsa hore batho ba hae ba kenang sekolotong ba ithekise bokhobeng—ha e le hantle ba fetoha basebetsi ba hiriloeng—e le hore ba ka lefa sekoloto sa bona. (Levitike 25:39-43) Leha ho le joalo, Molao o ne o laela hore makhoba a tšoaroe ka mosa. A tšoeroeng ka sehlōhō a ne a lokela ho lokolloa.—Exoda 21:2, 3, 26, 27; Deuteronoma 15:12-15.
[Setšoantšo se leqepheng la 278]
Bajuda ba ne ba itima lijo ba bile ba inamisa lihlooho sa mokana ba bakile—empa ba ne ba sa fetole litsela tsa bona
[Setšoantšo se leqepheng la 283]
Ba nang le bokhoni ba ho etsa joalo ba fa bahloki bolulo, liaparo, kapa lijo
[Setšoantšo se leqepheng la 286]
Haeba Juda e baka, e tla haha bocha metse ea eona e ripitliloeng