Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 11/15 maq. 5-7
  • Na Molimo o Hloka Hore Re Itime Lijo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Molimo o Hloka Hore Re Itime Lijo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ho Itima Lijo ho Tšoanetse Bakreste?
  • Ho Thoe’ng ka Lente?
  • Nako eo ka Eona ho Itima Lijo ho ka Bang Molemo
  • Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 11/15 maq. 5-7

Na Molimo o Hloka Hore Re Itime Lijo?

MOLAO oa Molimo o fanoeng ka Moshe o ne o hloka ho itima lijo ketsahalong e le ’ngoe feela—Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo. Molao o ne o laela hore letsatsing leo Baiseraele ba lokela ho ‘hlokofatsa meea ea bona,’ e leng se utloisisoang e le hore ba ne ba itima lijo. (Levitike 16:29-31, bapisa le NW; 23:27; Pesaleme ea 35:13.) Leha ho le joalo, ho itima lijo hona e ne e se mokhoa feela tjee. Ho boloka Letsatsi la ho Koaheloa ha Libe ho ile ha susumelletsa Baiseraele ho ba seli haholoanyane ka boetsalibe ba bona le tlhokahalo ea topollo. Ba ne ba boetse ba itima lijo letsatsing leo ho bontša masoabi bakeng sa libe tsa bona hammoho le pako ka pel’a Molimo.

Le hoja hona e ne e le hona feela ho itima lijo ho tlamang tlas’a Molao oa Moshe, Baiseraele ba ne ba itima lijo liketsahalong tse ling. (Exoda 34:28; 1 Samuele 7:6; 2 Likronike 20:3; Esdrase 8:21; Esthere 4:3, 16) Har’a liketsahalo tsena ho ne ho e-na le ho itima lijo ka boithaopo e le mokhoa oa ho bontša pako. Jehova o ile a phehella batho ba Juda ba etsang liphoso: “Khutlelang ho ’na ka pelo tsohle tsa lōna, ka ho itima lijo, le ka lillo, le ka maikoahlaeo.” Sena e ne e sa lokela ho ba pontšo ea mponeng hobane Molimo o tsoela pele ka ho re: “Haholang lipelo tsa lōna, e seng liaparo tsa lōna.”—Joele 2:12-15.

Qetellong, ba bangata ba ile ba itima lijo e le ponahalo feela tjee ea ka ntle. Jehova o ne a hloile ho itima lijo ho joalo ho sa tšepahaleng ’me ka lebaka leo o ile a botsa Baiseraele ba baikaketsi: “Na hoo ke ho itima lijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moea oa hae na? Ho kebisa hlooho joalo ka loli, le ho robala holim’a lesela le mahoashe le melora, na ke hona hoo u ho bitsang ho itima lijo le letsatsi le ka khahlisang Jehova na?” (Esaia 58:5) Ho e-na le ho itima lijo ha mponeng, batho bana ba khelohileng ba ile ba kōptjoa ho hlahisa mesebetsi e tšoanelang pako.

Mekhoa e meng ea ho itima lijo e qalisitsoeng ke Bajuda ha ea ka ea amoheleha ho Molimo ho tloha qalong feela. Ka mohlala, ka nako e ’ngoe batho ba Juda ba ne ba e-na le mekete e mene ea selemo le selemo ea ho hopola liketsahalo tse mahlonoko tse amanang le ho thibelloa ha Jerusalema le ho timetsoa ha eona lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. (2 Marena 25:1-4, 8, 9, 22-26; Zakaria 8:19) Ka mor’a hore Bajuda ba lokolloe botlamuoeng Babylona, ka moprofeta Zakaria, Jehova o ile a re: “Ha le ’nile la itima lijo . . . , ka lemo tseo tse mashome a supileng, hleka, le ne le itimela ’na na?” Molimo o ne a sa amohele mekhoa ena ea ho itima lijo hobane Bajuda ba ne ba itima lijo le ho siama ka lebaka la likahlolo tse neng li tsoa ho Jehova ka boeena. Ba ne ba itima lijo ka lebaka la tlokotsi e neng e ba oetse holimo, e seng ka lebaka la phoso ea bona e lebisitseng tlokotsing eo. Ka mor’a hore ba khutlisetsoe lefatšeng la habo bona, e ne e le nako ea hore ba nyakalle ho e-na le ho siama ka lebaka la lintho tsa nakong e fetileng.—Zakaria 7:5.

Na ho Itima Lijo ho Tšoanetse Bakreste?

Le hoja ho se mohla Jesu Kreste a kileng a laela barutuoa ba hae ho itima lijo, eena le balateli ba hae ba ne ba itima lijo Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe hobane ba ne ba le tlas’a Molao oa Moshe. Ho phaella moo, ba bang ba barutuoa ba hae ba ile ba itima lijo ka ho rata ka linako tse ling kaha ho se mohla Jesu a kileng a ba laela ho qoba mokhoa oo ka ho feletseng. (Liketso 13:2, 3; 14:23) Leha ho le joalo, le ka mohla ba ne ba sa lokela ho ‘senya sebōpeho sa lifahleho tsa bona e le hore ba ka bonahala ho batho hore ba itima lijo.’ (Matheu 6:16) Pontšo e joalo ea mponeng ea boinehelo e ne e ka etsa hore batho ba bang ba u qekotse ka kamohelo le ho ōma ka hlooho ka kananelo. Leha ho le joalo, Molimo ha a thabisoe ke pontšo e joalo ea mponeng.—Matheu 6:17, 18.

Jesu o boetse o buile ka ho itima lijo ha balateli ba hae nakong ea lefu la hae. Ka ho etsa joalo o ne a sa qalise tloaelo ea ho itima lijo. Ho e-na le hoo, o ne a bontša karabelo masoabing a tebileng ao ba neng ba tla ba le ’ona. Hang hoba a tsosoe, o ne a tla ba le bona hape, ’me ho ne ho ke ke ha hlola ho e-ba le lebaka la hore ba itime lijo.—Luka 5:34, 35.

Molao oa Moshe o ile oa fela ha ‘Kreste a nyeheloa hang le ka ho ke keng ha phetoa ho jara libe tsa ba bangata.’ (Baheberu 9:24-28) ’Me ka lebaka la ho fela ha Molao, taelo ea ho itima lijo Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe e ile ea fela. Kahoo, ho itima lijo feela ho tlamang ho boletsoeng ka Bibeleng ho ile ha felisoa.

Ho Thoe’ng ka Lente?

Joale, motheo oa Bokreste-’mōtoana ke ofe bakeng sa tloaelo ea ho itima lijo nakong ea Lente? Likereke tsa K’hatholike le Prostanta ka bobeli li boloka Lente le hoja mokhoa oa ho e keteka o fapana ka likereke. Ba bang ba ja hanngoe feela ka letsatsi nakong ea matsatsi ’ohle a 40 pele ho Easter. Ba bang ba itima lijo ka ho feletseng feela ka Laboraro la Molora le ka Labohlano le Halalelang. Ho ba bang, Lente e hloka hore ba se ke ba ja nama, tlhapi, mahe le lihlahisoa tsa lebese.

Ho nahanoa hore Lente e thehiloe ho itimeng lijo ha Jesu ka matsatsi a 40 ka mor’a kolobetso ea hae. Na o ne a qalisa tloaelo e neng e lokela ho lateloa selemo le selemo? Le hanyenyane. Sena se hlakile tabeng ea hore Bibele ha e tlalehe mokhoa leha e le ofe o joalo har’a Bakreste ba pele. Lente e qalile ho ketekoa lekholong la bone la lilemo ka mor’a Kreste. Ho tšoana le lithuto tse ling tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana, e kopilitsoe mehloling ea bohetene.

Haeba Lente ke ho etsisa ho itima lijo ha Jesu lehoatateng ka mor’a kolobetso ea hae, ke hobane’ng ha e ketekoa libekeng tse tlang pele ho Easter—e leng nako eo ho lumeloang hore ke ea tsoho ea hae? Jesu ha aa ka a itima lijo nakong ea matsatsi a pele ho lefu la hae. Litlaleho tsa Kosepele li bontša hore eena le barutuoa ba hae ba ile ba etela malapa le ho ea ja lijo Bethani matsatsi a se makae feela pele a e-shoa. ’Me o ile a ja Paseka bosiung ba pele ho lefu la hae.—Matheu 26:6, 7; Luka 22:15; Johanne 12:2.

Ho na le se ka ithutoang tabeng ea ho itima lijo ha Jesu ka mor’a kolobetso ea hae. O ne a qalisa tšebeletso ea bohlokoa ka ho fetisisa. Ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova le bokamoso ba moloko oohle oa batho li ne li ameha. Ena e ne e le nako ea ho thuisa ka ho tebileng le ho retelehela ho Jehova ka thapelo bakeng sa thuso le tataiso. Nakong ena Jesu o ile a itima lijo ka ho loketseng. Sena se bontša hore ho itima lijo ho ka ba molemo ha ho etsoa ka sepheo se setle le hona e le boemong bo tšoanetseng.—Bapisa le Bakolose 2:20-23.

Nako eo ka Eona ho Itima Lijo ho ka Bang Molemo

A re ke re hlahlobeng a mang a maemo ao kajeno morapeli oa Molimo a ka itimang lijo ka ’ona. Motho ea entseng sebe a ka ikutloa a sa batle ho ja ka nako e itseng. Sena e ke ke ea e-ba ho khahlisa ba bang kapa hona ho halefa ka lebaka la taeo e fanoeng. ’Me, ha e le hantle, ho itima lijo ka bohona ho ke ke ha lokisa litaba le Molimo. Leha ho le joalo, motho ea bakileng e le kannete o tla ikutloa a soabile ka ho tebileng ka ho utloisa Jehova bohloko mohlomong le metsoalle esita le lelapa. Bohloko le thapelo e etsoang ka tieo bakeng sa tšoarelo li ka ’na tsa thibela takatso ea lijo.

Morena oa Iseraele Davida o bile le phihlelo e tšoanang. Ha a ne a talimane le tebello ea ho lahleheloa ke mora eo a mo tsoaletsoeng ke Bathe-Sheba, o ile a tsepamisa boiteko bohle ba hae ho rapeleng Jehova ho fumana mohau mabapi le ngoana. Ha a ntse a rapela ka tieo eohle, o ile a itima lijo. Ka ho tšoanang, kajeno ho ja ho ka ’na ha bonahala ho sa lokela tlas’a maemo a itseng a hatellang mehleng ena.—2 Samuele 12:15-17.

Ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona motho oa Molimo a batlang ho nahanisisa ka lintho tse itseng tse tebileng tsa moea. Ho etsa lipatlisiso Bibeleng le likhatisong tsa Bokreste ho ka ’na ha hlokahala. Ho ka ’na ha hlokahala nako ea ho thuisa. Nakong ea ho ithuta ho joalo ka ho tebileng, motho a ka ’na a khetha ho se sitisoe ke ho ja lijo.—Bapisa le Jeremia 36:8-10.

Ho na le mehlala ea Mangolo ea bahlanka ba Molimo ba ileng ba itima lijo ha ho ne ho tlameha ho etsoa liqeto tse tebileng. Mehleng ea Nehemia ho ile ha tlameha hore ho etsoe kano ho Jehova, ’me Bajuda ba ne ba lokeloa ke bomalimabe haeba ba tlōla kano eo. Ba ile ba tšepisa ho lahla basali ba bona ba balichaba le ho ipoloka ba arohile lichabeng tse ba pota-potileng. Pele ba etsa kano ena e nakong ea ho ipolela ha bona molato, phutheho eohle e ile ea itima lijo. (Nehemia 9:1, 38; 10:29, 30) Ha Mokreste a talimane le liqeto tse boima, a ka ’na a se ke a ja ka nako e khutšoaane.

Ho etsoa ha liqeto ke lihlopha tsa baholo phuthehong ea pele ea Bokreste ho ne ho tsamaea le ho itima lijo ka linako tse ling. Kajeno, baholo ba phutheho ba talimaneng le liqeto tse boima, mohlomong tse mabapi le nyeoe ea boahloli, ba ka ’na ba khaotsa ho ja ha ba ntse ba nahanisisa ka taba.

Ho khetha ho itima lijo maemong a itseng ke khetho ea botho. Ha ho motho ea lokelang ho ahlola e mong tabeng ena. Ha re batle ho ‘bonahala re lokile ho batho’; kapa hona ho etsa lijo ntho ea bohlokoa hoo li kena-kenanang le ho hlokomela boikarabelo ba rōna bo tebileng. (Matheu 23:28; Luka 12:22, 23) ’Me Bibele e bontša hore Molimo ha a hloke hore re itime lijo kapa hona ho re thibela ho itima tsona.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a itima lijo ka matsatsi a 40 ka mor’a kolobetso ea hae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela