Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 6/1 maq. 8-9
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 6/1 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso Tsa Hae

O Botsoa ka ho Itima Lijo

HO SE ho batla ho fetile selemo Jesu a bile Pasekeng ea 30 C.E. E se e le likhoeli joale Johanne Mokolobetsi a le litlamong. Le hoja a ne a batla ha barutuoa ba hae ba fetoha balateli ba Kreste, hase bona kaofela ba ho entseng.

Joale ba bang ho barutuoa bana ba Johanne ea litlamong ba tla ho Jesu ’me baa mo botsa; “Rōna le bafarisi, re itimelang lijo hangata, athe barutuoa ba hao ha ba itime tsona?” Bafarisi ba itima lijo habeli ka beke e le mokhoa oa bolumeli ba bona. ’Me barutuoa ba Johanne mohlomong ba ne ba latela mokhoa o tšoanang. E ka ’na eaba hape ba ne ba itima lijo ho siamela ha Johanne a kentsoe litlamong ’me ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba sa ikopanye le bona pontšong ena ea ho hlomoha.

Ha a arabela Jesu a hlalosa: “Balekane ba monyali na ba ka lla, monyali ha a sa le ho bona na? Empa nako ea tla eo monyali a tla tlosoa ho bona, ke hona ba tla itima lijo.”

Barutuoa ba Johanne ba lokela ho hopola hore Johanne ka boeena o itse Jesu ke monyali. Kahoo, ha Jesu a sa le teng, Johanne o ne a ke ke a ho nka e le ho loketseng ho itima lijo, ’me ho ne ho le joalo le ka barutuoa ba Jesu. Hamorao, ha Jesu a e-shoa, barutuoa ba hae ba siama le ho itima lijo. Empa ha a tsosoa ’me a nyolohela leholimong, ha ba sa na lebaka le leng la ho siama ka ho itima lijo.

Joale, Jesu o etsa litšoantšo tsena: “Ha ho motho ea ka beang setsiba se secha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsoeng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho. Hape, batho ha ba tšèle veine e ncha makukeng a khale; hobane makuka a ka phatloha; ’me joale veine ea tšoloha, makuka le ’ona a timela. Veine e ncha e mpa e tšèloa makukeng a macha.” Litšoantšo tsee li amana kae le ho itima lijo?

Jesu o ne a thusa barutuoa ba Johanne ho ananela hore ha ho motho ea lokelang ho lebella hore balateli ba hae ba lumellane le mekhoa ea khale ea Sejode, e kang mokhoa oa bolumeli oa ho itima lijo. O ne a sa tlela ho tla bea setsiba kapa ho lelefatsa litsamaiso tsa borapeli tse seng li tsofetse tse neng li loketse hore li lahloe. Bokreste bo ne bo sa tl’o etsoa hore bo lumellane le Bojode ba mehleng eo ka lineano tsa bona tsa batho. Che, ho ne ho sa tl’o tšoana le ho bea setsiba se secha seaparong sa khale kapa ho tšela veine e ncha lekukeng la khale. Mattheu 9:14-17; Mareka 2:18-22; Luka 5:33-39; Johanne 3:27-29.

◆ Ke bo-mang ba neng ba itima lijo, hona e le ka morero ofe?

◆ Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba sa itime lijo ha a sa na le bona, ’me kamorao ho moo lebaka la ho itima lijo le ile la phakisa la fela kapele joang?

◆ Jesu o ile a etsa litšoantšo life, ’me li bolela eng?

[Setšoantšo se tletseng leqephe la 8]

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela