Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 28
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O Botsoa ka ho Itima Lijo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ke Hobane’ng ha Barutuoa ba Jesu ba sa Itime Lijo?
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Ho Itima Lijo—Na ho U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 28

Khaolo ea 28

O Botsoa ka ho Itima Lijo

HO SE ho batla ho fetile selemo Jesu a bile Pasekeng ea 30 C.E. Joale, e se e le likhoeli Johanne Mokolobetsi a kentsoe teronkong. Le hoja a ne a batla hore barutuoa ba hae ba fetohe balateli ba Kreste, hase bohle ba entseng seo.

Joale ba bang ho barutuoa bana ba Johanne ea kentsoeng teronkong ba tla ho Jesu ’me baa ’motsa: “Rōna le bafarisi, re itimela’ng lijo hangata, athe barutuoa ba hao ha ba itime tsona?” Bafarisi ba itima lijo habeli ka beke e le mokhoa oa bolumeli ba bona. ’Me mohlomong barutuoa ba Johanne ba ne ba latela mokhoa o tšoanang. Hape e ka ’na eaba ba ne ba itima lijo ho siamela ha Johanne a kentsoe teronkong ’me ba ipotsa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba sa ikopanye le bona pontšong ena ea ho hlomoha.

Ha Jesu a arabela, oa hlalosa: “Balekane ba monyali na ba ka lla, monyali ha a sa le ho bona na? Empa nako ea tla eo monyali a tla tlosoa ho bona, ke hona ba tla itima lijo.”

Barutuoa ba Johanne ba lokela ho hopola hore Johanne o buile ka Jesu e le Monyali. Kahoo ha Jesu a sa le teng, Johanne o ne a ke ke a ho nka e le ho loketseng ho itima lijo, ’me ho ne ho le joalo le ka barutuoa ba Jesu. Hamorao, ha Jesu a shoa, barutuoa ba hae baa siama ba bile ba itima lijo. Empa ha a tsosoa ’me a nyolohela leholimong, ha ba sa na lebaka le leng la ho siama ka ho itima lijo.

Joale, Jesu o etsa litšoantšo tsena: “Ha ho motho ea ka beang setsiba se secha seaparong se tsofetseng, hobane setsiba se kenntsoeng se ka hahola seaparo, sa eketsa taboho. Hape, batho ha ba tšèle veine e ncha makukeng a khale; hobane makuka a ka phatloha; ’me joale veine ea tšoloha, makuka le ’ona a timela. Veine e ncha e mpa e tšèloa makukeng a macha.” Litšoantšo tsee li amana joang le ho itima lijo?

Jesu o ne a thusa barutuoa ba Johanne Mokolobetsi ho ananela hore ha ho motho ea lokelang ho lebella hore balateli ba hae ba ipapise le mekhoa ea khale ea Sejode, e kang mokhoa oa bolumeli oa ho itima lijo. O ne a sa tlela ho tla beha setsiba kapa ho lelefatsa litsamaiso tsa borapeli tse seng li tsofetse tse neng li loketse hore li lahloe. Bokreste bo ne bo sa tl’o etsoa hore bo ipapise le Sejode sa mehleng eo hammoho le lineano tsa sona tsa batho. Che, ho ne ho sa tl’o tšoana le ho beha setsiba se secha seaparong sa khale kapa ho tšela veine e ncha lekukeng la khale. Mattheu 9:14-17; Mareka 2:18-22; Luka 5:33-39; Johanne 3:27-29.

▪ Ke bo-mang ba neng ba itima lijo, hona ka morero ofe?

▪ Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ne ba sa itime lijo ha a sa na le bona, ’me ka morao ho moo lebaka la ho itima lijo le ile la phakisa la fela kapele joang?

▪ Jesu o ile a etsa litšoantšo life, ’me li bolela eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela