Na ho Itima Lijo ho Siiloe ke Nako?
MRUDULABEN, mosali ea ruileng oa India ea lilemo li 78, o re: “Ke ’nile ka itima lijo ka Mantaha o mong le o mong ho tloha ha ke sa le mocha.” Sena e bile karolo ea borapeli ba hae, tsela ea ho tiisa hore o na le lenyalo le molemo le bana ba phetseng hantle ’meleng, esita le tšireletso bakeng sa monna oa hae. Hona joale e le mohlolohali, o ntse a tsoela pele ho itima lijo ka bo-Mantaha bakeng sa bophelo bo botle ba ’mele le katleho ea bana ba hae. Joaloka eena, bongata ba basali ba Mahindu bo atisa ho itima lijo ka makhetlo a mangata e le karolo ea bophelo ba bona.
Prakash, rakhoebo ea lilemong tse bohareng ea phelang toropong ea Mumbai (Bombay), India, o re o itima lijo selemo le selemo ka bo-Mantaha ba Sawan (Shravan). Khoeli ena ke ea bohlokoa bo khethehileng bolumeling almanakeng ea Sehindu. Prakash oa hlalosa: “Ke qalile ho itima lijo ka mabaka a bolumeli, empa hona joale ke na le lebaka le eketsehileng la ho tsoela pele ka mabaka a bophelo bo botle ba ’mele. Kaha Sawan e tla ho ea qetellong ea nako ea lipula tsa litloebelele, sena se neha ’mele oa ka monyetla oa ho itlhoekisa ka lebaka la maloetse a amanang le nako eo ea lipula.”
Ba bang ba ikutloa hore ho itima lijo ho thusa motho ’meleng, kelellong le moeeng. Ka mohlala, Grolier International Encyclopedia e re: “Liphuputso tsa morao-rao tsa saense li bolela hore ho itima lijo ho ka ’na ha e-ba molemo ’me, ha ho etsoa ka hloko, ho ka hōlisa ho ba seli le temoho.” Ho boleloa hore rafilosofi oa Mogerike Plato o ne a itima lijo ka matsatsi a leshome kapa ho feta le hore setsebi sa lipalo Pythagoras se ne se laela liithuti tsa sona hore li itime lijo pele se li ruta.
Ho ba bang, ho itima lijo ho bolela ho se je le ho se noe metsi ho hang ka nako e itseng e behiloeng, ha ba bang ba inoella mekeli-keli feela nakong ea ho itima lijo ha bona. Ba bangata ba nka ho fosa linako tse itseng tsa lijo kapa ho qoba ho ja mofuta o itseng oa lijo e le ho itima lijo. Empa ho itima lijo ka nako e telele ho sa behoang leihlo ho ka ba kotsi. Moqolotsi oa litaba Parul Sheth o bolela hore ka mor’a hore ’mele o sebelise lik’habohaedreite tseo o li bolokileng, joale o fetola liprotheine tsa mesifa tsoekere ebe joale o sebelisa mafura a ’mele. Ho fetola mafura tsoekere ho ntša metsoako e chefo e bitsoang ketone. Ha metsoako ena e ntse e bokellana, e fetela bokong, e lematse tšebetso ea methapo ea kutlo ea ’mele. Sheth o re: “Ena ke nako eo ho itima lijo ho ka bang kotsi ka eona. U ka ferekana, ua felloa ke botsitso kelellong, le ho hobe ho feta moo. . . . [Ho ka baka] ho ea le mailiili ka nako e telele ’me ho qetelle ka lefu.”
Kofuto le Mokhoa o Tloaetsoeng
Ho itima lijo ho ’nile ha sebelisoa e le kofuto e matla ea ho finyella merero ea lipolotiki kapa ea sechaba. Mosebelisi ea atlehileng ea tummeng haholo oa kofuto ena e bile Mohandas K. Gandhi mane India. E le motho ea hlomphuoang ke batho ba limilione tse makholo, o ile a sebelisa ho itima lijo ho susumetsa matšoele-tšoele a Mahindu a India ka matla. Ha a hlalosa phello ea ho itima lijo hona ha hae bakeng sa ho rarolla qaka ea indasteri mahareng a basebetsi ba maloaleng le beng ba maloala, Gandhi o ile a re: “Phello e akaretsang ea sena e bile hore ho ile ha rena boemo bo khahlehang. Lipelo tsa beng ba maloala li ile tsa susumetseha . . . Seteraeke se ile sa felisoa ka mor’a hore ke itime lijo ka matsatsi a mararo feela.” Mopresidente oa Afrika Boroa, Nelson Mandela, o ile a kopanela seteraekeng sa ho itima lijo sa matsatsi a mahlano lilemong tsa ha e sa le motšoaruoa oa lipolotiki.
Leha ho le joalo, bongata ba ba ileng ba itloaetsa mokhoa oa ho itima lijo ba entse joalo ka mabaka a bolumeli. Ho itima lijo ke mokhoa o tloaetsoeng o ka sehloohong oa Bohindu. Ka matsatsi a mang, buka Fast and Festivals of India e re “ho itima lijo ka ho feletseng ho eloa hloko . . . esita le metsi ha a nooe ho hang. Banna le basali ba itima lijo ka ho feletseng . . . ho tiisa thabo, katleho le tšoarelo ea litšito le libe.”
Ho itima lijo ho sebelisoa ka ho pharaletseng bolumeling ba Bojaine. The Sunday Times of India Review ea tlaleha: “Mojaine oa muni [ea bohlale] Bombay [Mumbai] o ile a noa feela likhalase tse peli tsa metsi a belisitsoeng ka letsatsi—ka matsatsi a 201. O ile a lahleheloa ke lik’hilograma tse 33.” Ba bang ba itima lijo ho isa ntlheng ea hore ba shoe, ba kholisehile hore sena se tla tlisa poloko.
Ho banna ka kakaretso bao e leng Maislamo, ho itima lijo ke tlamo khoeling ea Ramadan. Ha ho lijo tse lokelang ho jeoa kapa metsi a lokelang ho nooa ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela ha le likela khoeli kaofela. Leha e le ofe ea kulang kapa ea leng leetong nakong ena o lokela ho itima lijo ka nako e ’ngoe e lekanang le matsatsi ao hamorao. Lente, nako ea matsatsi a 40 pele ho Easter, ke nako ea ho itima lijo ho ba bang Bokreste-’mōtoaneng, ’me lihlopha tse ngata tsa bolumeli li boloka ho itima lijo ka matsatsi a mang a boletsoeng ka ho khethehileng.
Ka sebele ho itima lijo ha hoa fela. ’Me kaha ke karolo ea malumeli a mangata haholo, re ka botsa, Na Molimo o hloka hore re itime lijo? Na ho na le linako tseo ka tsona Bakreste ba ka etsang qeto ea ho itima lijo? Na see se ka ba molemo? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Bolumeli ba Bojaine bo talima ho itima lijo e le tsela ea ho finyella poloko ea moea
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Mohandas K. Gandhi o ile a sebelisa ho itima lijo e le kofuto e matla ea ho finyella merero ea lipolotiki kapa ea sechaba
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Boislamong, ho itima lijo ke tlamo khoeling ea Ramadan
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian