Nkang Baprofeta ba Molimo e le Mohlala
“Barab’eso, nkang baprofeta ba buileng ka lebitso la Jehova e le mohlala oa ho utloisoa bohloko ke bobe le ho sebelisa mamello.”—JAKOBO 5:10, NW.
1. Ke eng se thusang bahlanka ba Jehova ho ba ba thabileng esita leha ba hlorisoa?
BAHLANKA ba Jehova ba bontša thabo ho sa tsotellehe moea oa ho nyahama o atileng lefatšeng ka bophara mehleng ena ea qetello. Ho joalo hobane baa tseba hore ba khahlisa Molimo. Lipaki tsa Jehova li boetse lia mamella ha li hlorisoa leha li hanyetsoa tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa hobane lia hlokomela hore li utloisoa bohloko ka lebaka la ho loka. Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae hore: “Ho lehlohonolo ba hlorisetsoang ho loka; hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata. Thabang, le hlasimolohe ka ho nyakalla; hobane moputso oa lōna o tla ba moholo leholimong; hobane ba hlorisitse joalo baporofeta ba bileng teng pele ho lōna.” (Mattheu 5:10-12) Ka sebele, neng le neng ha bahlanka ba Molimo ba talimane le liteko tsa tumelo, ba li nka e le ntho e thabisang.—Jakobo 1:2, 3.
2. Ho ea ka Jakobo 5:10, ke eng se ka re thusang ho sebelisa mamello?
2 Morutuoa Jakobo o ile a ngola: “Barab’eso, nkang baprofeta ba buileng ka lebitso la Jehova e le mohlala oa ho utloisoa bohloko ke bobe le ho sebelisa mamello.” (Jakobo 5:10, NW) W. F. Arndt le F. W. Gingrich ba hlalosa lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “mohlala” (hy·poʹdeig·ma) ka hore ke “example, model, mohlala, ka kutloisiso e molemo e le ho [hong] hoo ka sebele ho susumeletsang kapa ho lokelang ho susumeletsa motho hore a ho etsise.” Joalokaha ho bontšitsoe ho Johanne 13:15, “hona hase mohlala feela. Ke ntho eo ka ho hlakileng e ka etsisoang.” (Theological Dictionary of the New Testament) Kahoo, he, bahlanka ba Jehova ba kajeno ba ka nka baprofeta ba hae ba tšepahalang e le mohlala mabapi le “ho utloisoa bohloko ke bobe” le “ho sebelisa mamello.” Ke eng hape eo re ka e lemohang ha re ithuta bophelo ba bona? Hona see se ka re thusa joang mosebetsing oa rōna oa ho bolela?
Ba Ile ba Utloisoa Bohloko ke Bobe
3, 4. Moprofeta Amose o ile a itšoara joang khanyetsong ea Amatsia?
3 Baprofeta ba Jehova ba ne ba utloisoa bohloko ke bobe kapa tšoaro e mpe hangata. Ka mohlala, lekholong la borobong la lilemo B.C.E., moprista Amatsia ea rapelang namane ka bokhopo o ile a hanyetsa moprofeta Amose. Amatsia ka leshano o ile a bolela hore Amose o lohile leano la bolotsana khahlanong le Jeroboame oa II ka ho profeta hore morena eo o ne a tla shoa ka lerumo le hore Iseraele o ne a tla ea botlamuoeng. Ka nyeliso, Amatsia o ile a bolella Amose: “Ra-lipono, tloha, u balehele lefatšeng la Juda; u jele bohobe teng, u porofete teng. Empa ha e le Bethele, u se hlole u porofeta teng, hobane ke nģalo e khethehileng ea morena; hape, ke eona ntlo ea borena.” A sa nyahama ke ho hlaseloa hona ka mantsoe, Amose o ile a araba: “’Na, ha ke moporofeta, leha e le mor’a moporofeta; empa ke molisa, ke phela ka ho ikhella litholoana tsa sikomora. Empa Jehova o ntšoere ke alositse mohlape, ’me Jehova a re ho ’na: E-ea, u porofete holim’a sechaba sa ka sa Iseraele.”—Amose 7:10-15.
4 Moea oa Jehova o ile oa matlafatsa Amose hore a profete ka sebete. Nahana hore na Amatsia o ile a itšoara joang ha Amose a re: “Utloa lentsoe la Jehova, uena u reng: U se ke ua porofeta holim’a Iseraele, u se ke ua bua holim’a ntlo ea Isaaka; ka baka leo, ho itsoe ke Jehova: Mosali oa hao o tla betoa har’a motse, bara ha hao le barali ba hao ba lihuoe ke lerumo; naha ea hao e tla aroloa ka khoele, uena u tla shoa lefatšeng le litšila, ’me Iseraele o tla isoa kholehong, a ntšoe lefatšeng la hae.” Boprofeta boo bo ile ba phethahala kaofela ha bona. (Amose 7:16, 17) Amatsia oa mokoenehi o tlameha a be a ile a nyaroha hakaakang!
5. Ke ho tšoana hofe ho ka bontšoang pakeng tsa boemo ba bahlanka ba Jehova ba kajeno le ba moprofeta Amose?
5 Sena se tšoana le boemo ba batho ba Jehova kajeno. Re utloisoa bohloko ke bobe re le ba bolelang melaetsa ea Molimo, ’me batho ba bangata ba bua ka mokhoa o nyelisang ka mosebetsi oa rōna oa boboleli. Ke ’nete hore tumello ea hore re bolele ha e tsoe seminaring ea thuto ea bolumeli. Ho e-na le hoo, moea o halalelang oa Jehova o re susumeletsa hore re bolele litaba tse molemo tsa ’Muso. Ha re fetole leha e le hona ho tšela molaetsa oa Molimo ka metsi. Ho e-na le hoo, ho tšoana le Amose, re o bolela ka boikokobetso ho sa tsotellehe hore na bamameli ba rōna ba itšoara joang.—2 Ba-Korinthe 2:15-17.
Ba Sebelisitse Mamello
6, 7. (a) Ke eng e neng e khetholla ho profeta ha Esaia? (b) Bahlanka ba kajeno ba Jehova ba itšoara joaloka Esaia joang?
6 Baprofeta ba Molimo ba ile ba sebelisa mamello. Ka mohlala, Esaia, ea sebelelitseng e le moprofeta oa Jehova lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. o ile a bontša mamello. Molimo o ile a re ho eena: “E-ea, u bolelle sechaba seno, u re: Le tla mamela, empa le ke ke la utloisisa; le tla talima, empa le ke ke la bontšisa. Nontša pelo tsa batho bao, u thatafatse litsebe tsa bona, u ba pompatse mahlo, hore ba se bone ka mahlo, ba se utloe ka litsebe, lipelo tsa bona li se elelloe, ba se ke ba baka, ba fola.” (Esaia 6:9, 10) Ka sebele sechaba se ile sa itšoara ka tsela eo. Empa na see se ile sa etsa hore Esaia a tlohele? Che. Ho e-na le hoo, ka mamello le ka cheseho o ile a bolela melaetsa ea Jehova ea temoso. Sebōpeho sa Seheberu sa mantsoe a Molimo a sa tsoa qotsoa se tšehetsa mohopolo oa hore liphatlalatso tsa moprofeta enoa, tseo sechaba se ileng sa li utloa “khafetsa,” li ile tsa “tsoela pele halelele.”—Gesenius’ Hebrew Grammar.
7 Kajeno ba bangata ba arabela litaba tse molemo ka tsela eo sechaba se ileng sa arabela ka eona mantsoeng a Jehova a neng a boleloa ke Esaia. Leha ho le joalo, joaloka moprofeta eo ea tšepahalang, re pheta molaetsa oa ’Muso “khafetsa.” Re etsa joalo ka cheseho le ka ho phehella ho nang le mamello hobane ena ke thato ea Jehova.
“Ba Fela ba Etsa Joalo”
8, 9. Ke ka litsela life moprofeta oa Jehova Moshe e leng mohlala o motle?
8 Moprofeta Moshe e ne e le mohlala tabeng ea mamello le ho mamela litaelo. O ile a ikhethela ho ema le Baiseraele ba entsoeng makhoba, empa o ile a tlameha ho leta ka mamello bakeng sa nako ea ho lopolloa ha bona. O ile a phela Midiane ka lilemo tse 40 ho fihlela Molimo a mo sebelisetsa ho etella sechaba sa Iseraele pele ha se e-tsoa bokhobeng. Ha Moshe le Aarone ngoan’abo ba ne ba le ka pel’a ’musi oa Egepeta, ka boikokobetso ba ile ba bolela le ho etsa seo Molimo a se laetseng. Ha e le hantle, “ba fela ba etsa joalo.”—Exoda 7:1-6; Ba-Heberu 11:24-29.
9 Moshe o ile a mamella ka boikemisetso lilemo tse boima tse 40 tseo Iseraele a neng a le lefeelleng ka tsona. Ka boikokobetso a boela a latela tataiso ea bomolimo ha a haha tabernakele ea Iseraele le ha a etsa lintho tse ling tse neng li sebelisoa borapeling ba Jehova. Moprofeta enoa o ile a latela litaelo tsa Molimo haufi-ufi hoo re balang: “Moshe a etsa joalo; a etsa tsohle kamoo Jehova a mo laetseng kateng.” (Exoda 40:16) Ha re etsa tšebeletso ea rōna kamanong le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, a re hopoleng ho mamela litaelo ha Moshe ’me re sebelise keletso ea moapostola Pauluse ea hore re ‘utloe balisa ba rōna.’—Ba-Heberu 13:17.
Ba ne ba E-na le Boikutlo bo Botle
10, 11. (a) Ke eng e bontšang hore moprofeta Hosea o ne a e-na le pono e ntle? (b) Re ka boloka boikutlo bo botle joang ha re atamela batho masimong a rōna?
10 Ho ne ho hlokahala hore baprofeta ba be le boikutlo bo botle ha ba fetisa melaetsa ea kahlolo haesita le boprofeta bo bontšang kameho e lerato ea Molimo bakeng sa ba tšepahalang ba neng ba hasa-hasane Iseraeleng. Sena e bile ’nete ka Hosea, eo e bileng moprofeta ka lilemo tse seng ka tlaase ho 59. Ka tsela e ntle, o ile a tsoela pele a fetisa melaetsa ea Jehova ’me o ile a phetha buka ea hae ea boprofeta ka mantsoe ana: “Ke ofe ea bohlale, ea ka utloisisang taba tseo, ea nang le kelello hore a li tsebe? Hobane litsela tsa Jehova li lokile; ba lokileng ba tla tsamaea ho tsona, empa baikhantši ba tla khopjoa ho tsona.” (Hosea 14:9) Hafeela Jehova a re lumella ho fana ka bopaki, a re beng le boikutlo bo botle ’me re tsoele pele ho batla bao ka bohlale ba tla amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo.
11 Ho ‘batla ba tšoanelehang,’ ho hloka hore re phehelle le hore re talime litaba ka mokhoa o motle. (Mattheu 10:11, NW) Ka mohlala, haeba re ne re ka lebala moo re behileng linotlolo tsa rōna, re ne re ka khutlela morao eaba re batla libakeng tse sa tšoaneng tseo re bileng ho tsona. Mohlomong re tla li fumana feela ka mor’a hore re etse joalo ka makhetlo a mangata. A re phehelleng ka mokhoa o tšoanang ha re batla ba kang linku. Re thaba hakaakang ha ba arabela litabeng tse molemo tšimong e sebetsoang khafetsa! ’Me re thaba hakaakang hore ebe Molimo o hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna linaheng tseo ho tsona lithibelo li ileng tsa lekanyetsa mosebetsi oa rōna oa phatlalatsa!—Ba-Galata 6:10.
Mehloli ea Khothatso
12. Ke boprofeta bofe ba Joele bo phethahalang lekholong la bo20 la lilemo, hona joang?
12 Mantsoe a baprofeta ba Jehova e ka ba khothatso e khōlō ho rōna tšebeletsong ea rōna. Ka mohlala, nahana ka boprofeta ba Joele. Bo na le melaetsa ea kahlolo e neng e tobisitsoe ho Baiseraele ba bakoenehi le ba bang lekholong la borobong la lilemo B.C.E. Leha ho le joalo, Joele o ile a boela a bululeloa hore a profete: “Ke [Jehova] tla tšollela moea oa ka holim’a nama eohle, ho be ho porofete bara ba lōna le barali ba lona, maqheku a lōna a lore litoro, le bahlankana ba lōna ba bone lipono. Le holim’a bahlanka le makhabunyane, ka matsatsi ao, ke tla tšollela moea oa ka.” (Joele 2:28, 29) Sena e bile ’nete ka balateli ba Jesu ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ’Me re bona phethahatso e khōlō hakaakang ea boprofeta bona lekholong lena la bo20 la lilemo! Kajeno re na le ba limilione ba ‘porofetang,’ kapa ba bolelang molaetsa oa Jehova—har’a bona ke ba ka holimo haholo ho 600 000 ba tšebeletsong ea nako e tletseng ea bopula-maliboho.
13, 14. Ke eng e ka thusang Bakreste ba banyenyane hore ba fumane thabo tšebeletsong ea tšimo?
13 Baboleli ba bangata ba ’Muso ke morolo o mocha. Hase kamehla ho leng bonolo ho bona hore ba bue le batho ba baholo ka Bibele. Ka linako tse ling bahlanka ba banyenyane ba Jehova baa bolelloa: ‘U senya nako ea hao ka ho bolela bolumeli,’ hape ‘u ne u tšoanetse ebe u etsa ho hong hosele.’ Ka masene Lipaki tsa Jehova tse nyenyane li ka araba ka hore li masoabi hore ebe motho eo o ikutloa ka tsela eo. ’Moleli e mong e monyenyane oa litaba tse molemo o fumana ho thusa ho eketsa ka ho re: “Ke ikutloa hore ke fumana molemo oa sebele ka ho bua le batho ba baholo joaloka uena, ’me kea ho thabela.” Ha e le hantle, ho bolela litaba tse molemo ka sebele hase tšenyo ea nako. Bophelo bo kotsing. Molimo o ile a bolela ho eketsehileng ka Joele: “Ho tla bolokeha e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova.”—Joele 2:32.
14 Bana ba tsamaeang le batsoali ba bona mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ba amohela ka thabo thuso ea batsoali ha ba ipehela lipakane tsa botho. Bacha ba joalo ba tsoela pele bohato ka bohato ba qala ka ho bala lengolo le le leng ho fihlela ba hlalosa tšepo e thehiloeng Bibeleng le ho fana ka libuka tse loketseng ho batho ba thahasellang. Ha ba bona tsoelo-pele ea bona le tlhohonolofatso ea Jehova, bahoeletsi ba ’Muso ba banyenyane ba thabisoa haholo ke ho bolela litaba tse molemo.—Pesaleme ea 110:3; 148:12, 13.
Cheseho le Boikutlo ba ho Leta
15. Mohlala oa Ezekiele o ka re thusa joang ho tsosolosa cheseho ea rōna bakeng sa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso?
15 Baprofeta ba Molimo ba ne ba beha mohlala hape ho bontšeng cheseho le boikutlo ba ho leta—e leng litšobotsi tseo re li hlokang tšebeletsong ea rōna kajeno. Ha re qala ho ithuta ’nete e tsoang Lentsoeng la Molimo, mohlomong re ile ra tlala cheseho e ileng ea re susumeletsa ho bua ka sebete. Empa e ka ’na eaba joale ho se ho fetile lilemo, ’me mohlomong re koahetse ka makhetlo a mangata tšimo eo re pakang ho eona. Mohlomong ke batho ba seng bakae ba amohelang molaetsa oa ’Muso. Na see se fokolitse cheseho ea rōna? Haeba ho joalo, nahana ka moprofeta Ezekiele, eo lebitso la hae le bolelang “Molimo oa Matlafatsa.” Le hoja Ezekiele a ile a talimana le batho ba lipelo li thata Iseraeleng ea boholo-holo, Molimo o ile a mo matlafatsa ’me ka tšoantšetso a thatafatsa phatla ea hae ho feta lejoe la morema-phofu. Kahoo, Ezekiele o ile a khona ho etsa tšebeletso ea hae ka lilemo tse ngata haholo ho sa tsotellehe hore na batho baa mamela kapa che. Mohlala oa hae o bontša hore re ka etsa se tšoanang, ’me o ka re thusa ho tsosolosa cheseho ea rōna bakeng sa mosebetsi oa ho bolela.—Ezekiele 3:8, 9; 2 Timothea 4:5.
16. Ke boikutlo bofe ba Mikea boo re lokelang ho bo hlaolela?
16 Ea hapang tlhokomelo ka mamello ea hae ke Mikea, ea ileng a profeta lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. O ile a ngola: “Ha e le ’na, ke tla talima ho Jehova, ke lebelle Molimo oa poloko ea ka; Molimo oa ka o tla nkutloa!” (Mikea 7:7) Tšepo ea Mikea e ne e metse ka metso tumelong ea hae e matla. Joaloka moprofeta Esaia, Mikea o ne a tseba hore seo Jehova a se rerileng, kannete O tla se etsa. Le rōna sena rea se tseba. (Esaia 55:11) Ka hona a re hlaoleleng boikutlo ba ho leta mabapi le phethahatso ea litšepiso tsa Molimo. ’Me a re boleleng litaba tse molemo ka cheseho, esita le libakeng tseo ho tsona batho ba bontšang thahasello e nyenyane molaetseng oa ’Muso.—Tite 2:14; Jakobo 5:7-10.
Ho Sebelisa Mamello Kajeno
17, 18. Ke mehlala efe ea boholo-holo le ea kajeno e ka re thusang ho sebelisa mamello?
17 Ka lilemo, ba bang ba baprofeta ba Jehova ba ile ba phehella ka mamello likabelong tsa bona empa ha baa ka ba bona phethahatso ea boprofeta ba bona. Leha ho le joalo, ho phehella ha bona ho nang le mamello, hangata e le ha ba ntse ba utloisoa bohloko ke tšoaro e mpe, ho re thusa ho hlokomela hore re ka phetha tšebeletso ea rōna. Hape re ka rua molemo mohlaleng oa batlotsuoa ba tšepahalang ba mashomeng a pele a lilemo a lekholo la bo20 la lilemo. Le hoja tšepo ea bona ea leholimo e sa ka ea phethahala kapele kamoo ba neng ba lebeletse, ha baa ka ba lumela hore masoabi a ho neng ho bonahala eka ke tieho a fokotse cheseho ea bona ea ho etsa thato ea Molimo ha a ntse a ba senolela eona.
18 Ka lilemo, ba bangata ho Bakreste bana ba ne ba aba kamehla Molula-Qhooa le koranta eo e leng molekane oa eona Tsoha!, (eo pele e neng e bitsoa The Golden Age ’me hamorao ea bitsoa Consolation). Ka cheseho ba ile ba etsa hore likoranta tsena tsa bohlokoa li fumanoe ke batho literateng le malapeng a bona ka seo kajeno re se bitsang litselana tsa limakasine. Khaitseli e mong ea hōlileng ea phethileng tsela ea hae ea lefatšeng eo bo-mo-feta-ka-tsela ba neng ba tloaetse ho mo bona a paka seterateng ba ile ba mo hloloheloa kapele. O fane ka bopaki bo hlollang hakaakang ka lilemo tse ngata tsa tšebeletso ea hae e tšepahalang, joalokaha ho bontšitsoe ka lipolelo tse nang le kananelo tsa ba neng ba ile ba lemoha tšebeletso ea hae ea phatlalatsa! U le mohoeletsi oa ’Muso, na u siea Molula-Qhooa le Tsoha! kamehla matsohong a bao u kopanang le bona tšebeletsong ea hao?
19. Ba-Heberu 6:10-12 e re fa khothatso efe?
19 Hape, nahana ka mamello le tšebeletso e tšepahalang tsa baena ba sebeletsang e le litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Ba bangata ba bona ba na le lilemo tse mashome a robong kapa tse lekholo ba phela, empa e sa ntse e le baboleli ba ’Muso ba chesehelang ho hlokomela mesebetsi eo ba e abetsoeng. (Ba-Heberu 13:7) ’Me ho thoe’ng ka ba bang ba hōlileng ba nang le tšepo ea leholimo esita le ba bang har’a “linku tse ling” ba ntseng ba hōla lilemong? (Johanne 10:16) Ba ka kholiseha hore Molimo ha a khopo hore a lebale mosebetsi oa bona le lerato leo ba le bontšang bakeng sa lebitso la hae. Hammoho le balumeli ba bang ba banyenyane, e se eka Lipaki tsa Jehova tse hōlileng li ka tsoela pele li etsa seo li ka se khonang, li sebelisa tumelo le ho bontša mamello tšebeletsong ea Molimo. (Ba-Heberu 6:10-12) Joale, ebang ke ka tsoho, joalokaha ho tla ba joalo ka baprofeta ba khale, kapa ka ho pholoha ka ho toba ‘mahlomoleng a maholo’ a tlang, ba tla kotula moputso o moholo oa bophelo bo sa feleng.—Mattheu 24:21.
20. (a) U ithutile eng ka “mohlala” oa baprofeta? (b) Mamello e kang ea baprofeta e ka re thusa joang?
20 Baprofeta ba Molimo ba re sietse mohlala o motle hakaakang! Kaha ba tiiselitse ho utloa bohloko, ba sebelisa mamello, ’me ba bonahatsa litšoaneleho tse ling tsa bomolimo, ba ile ba fuoa tokelo ea ho bua ka lebitso la Jehova. Re le Lipaki tsa hae tsa kajeno, a re tšoaneng le bona ’me re etse qeto e tiileng joaloka moprofeta Habakuke, ea ileng a re: “Ke tla ema tulong ea ka ea bolebeli, ke tla hloella toreng ea seboholi, ke tle ke lebele ho bona seo Jehova a tla se bolela ka ho ’na.” (Habakuke 2:1) A re beng le boikemisetso bo tšoanang ha re sebelisa mamello ’me ka thabo re tsoela pele ho bolela phatlalatsa lebitso le khanyang ka ho fetisisa la ’Mōpi e Moholo oa rōna, Jehova!—Nehemia 8:10; Ba-Roma 10:10.
Na U Utloisisitse Lintlha Tsee?
◻ Moprofeta Amose o ile a beha mohlala ofe o bonahatsang sebete?
◻ Moprofeta Moshe e ne e le mohlala ka litsela life?
◻ Lipaki tsa Jehova tsa kajeno li ka itšoara joaloka Amose le Esaia joang?
◻ Basebeletsi ba Bakreste ba ka ithuta eng ka boitšoaro ba Hosea le Joele?
◻ Re ka rua molemo joang mehlaleng ea Ezekiele le Mikea?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ho sa tsotellehe khanyetso e befileng haholo ea Amatsia, moea oa Jehova o ile oa matlafatsa Amose hore a profete ka sebete
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batlotsuoa ba tšepahalang ba behile mohlala o motle ka ho sebelisa mamello tšebeletsong ea Jehova