Bokamoso ba Lefatše la Rōna ke Bofe?
World Military and Social Expenditures 1996 e re: “Ha ho lekholo le leng la lilemo tlalehong le lekanang le lena la bo20 ka boqaba ba pefo ea sechaba, lintoeng tse ngata tse loannoeng, tse bakileng matšoele-tšoele a baphaphathehi, batho ba limilione ba bolailoeng lintoeng le litšenyehelo tse khōlōhali tsa ‘tšireletso.’” Na boemo boo bo tla ke bo fetohe?
Moapostola Petrose o ile a hopotsa Bakreste ka tšepiso e ileng ea etsoa ke Molimo makholong a ’maloa a lilemo a fetileng: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea [Molimo], ’me ho tsena ho loka ho tla aha.” (2 Petrose 3:13) Mantsoe ao a qalile e le karolo ea boprofeta ba Esaia. (Esaia 65:17; 66:22) Iseraele ea boholo-holo e ile ea latsoa phethahatso ea ’ona ea pele ha sechaba se ne se khutlisetsoa naheng eo se neng se e tšepisitsoe ka mor’a ho ba botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70. Ka ho pheta tšepiso ea “maholimo a macha le lefatše le lecha,” Petrose o ne a bontša hore boprofeta boo e ne e le hona bo tlang ho phethahala ka tekanyo e khōloanyane—lefatšeng ka bophara!
Thato ea Molimo ke ho theha maemo a lokileng lefatšeng lohle, ’me e tla phethahatsoa ke ’Muso oa hae oa leholimo ka Kreste e le Morena. “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Esaia 2:4) Khotso le tšireletseho tse feletseng joalo lefatšeng ke tsona tseo Jesu a rutileng balateli ba hae hore ba li lebelle le ho li rapella ho seo ka tloaelo se bitsoang thapelo ea Ntat’a Rōna, kapa Thapelo ea Morena, a re: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng.”—Matheu 6:9, 10.
Na u ka thabela ho phela lefatšeng le lokileng joalokaha leholimo le lokile? Ke eona tšepo eo Bibele e fanang ka eona ho e mong le e mong eo ka pelo eohle a batlang ho tseba Molimo le ho phela tumellanong le litsela tsa hae tse lokileng.