Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 6/15 maq. 30-31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ikitlaetseng ka Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mosebetsi oa Jesu Perea
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Re Tlameha ho Etsa Eng e le Hore re Pholosoe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 6/15 maq. 30-31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Jesu o ile a phehella: “Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane, hobane ba bangata, kea le bolella, ba tla batla ho kena empa ha ba na ho khona.” (Luka 13:24) O ne a bolela eng, hona seo se sebetsa joang kajeno?

Re ka utloisisa temana ena e thahasellisang ka ho hlahloba boemo boo e builoeng tlas’a bona. Likhoeli tse ka bang tse tšeletseng pele ho lefu la hae, Jesu o ne a le Jerusalema nakong ea mokete oa boikhopotso ba ho neheloa bocha ha tempele. O ile a ipolela hore ke eena molisa oa linku tsa Molimo empa a bontša hore Bajuda ka kakaretso e ne e se karolo ea linku tseo hobane ba hanne ho mamela. Ha a ne a re eena le Ntate oa hae ba “bang,” Bajuda ba ile ba thonaka majoe ho mo tlepetsa ka ’ona. O ile a balehela Perea ka mose ho Jordane.—Johanne 10:1-40.

Ha a le moo monna e mong o ile a botsa: “Morena, na ba ntseng ba pholosoa ke ba seng bakae?” (Luka 13:23) Eo e ne e le potso e loketseng hore a ka e botsa, kaha Bajuda ba nakong eo ba ne ba lumela hore ke ba seng bakae feela ba neng ba tla tšoaneloa ke pholoho. Ka boikutlo boo ba neng ba bo bontša, ha ho thata ho utloisisa hore na ke bo-mang bao ba neng ba nahana hore ba balelloa har’a bao ba seng bakae. Ba ne ba fositse hakaakang, joalokaha liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa bontša!

Ka lilemo tse ka bang tse peli, Jesu o ne a bile har’a bona, a ruta, a etsa mehlolo, a ba memela ho ba majalefa a ’Muso oa leholimo. Ka phello efe? Bona le baeta-pele ba bona ka ho khetheha, ba ne ba le motlōtlō ka hore ke litloholo tsa Abrahama le ka hore Molao oa Molimo o ne o behiloe tlhokomelong ea bona. (Matheu 23:2; Johanne 8:31-44) Empa ba ile ba sitoa ho lumela le ho amohela lentsoe la Molisa ea Molemo. Ho bile joalokaha eka ba buletsoe monyako, oa ho ba litho ’Musong e le oona moputso o ka sehloohong oa ho kena ka monyako oo, empa ba hana ho kena ka oona. Ke ba seng bakae feela, haholo-holo ba sehlopha se tlaase, ba ileng ba utloa molaetsa oa Jesu oa ’nete, ba arabela hamolemo ’me ba mo khomarela.—Luka 22:28-30; Johanne 7:47-49.

Ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., e bile bana ba morao ba ileng ba e-ba mocheng oa ho tlotsoa ka moea. (Liketso 2:1-38) Ba ne ba se har’a basebetsi ba ho se loke bao Jesu a boletseng hore ba ne ba tla lla ’me ba tsikitlanye meno hobane ba hlōlehile ho sebelisa monyetla oo ba neng ba o filoe.—Luka 13:27, 28.

Kamoo ho bonahalang kateng, lekholong la pele la lilemo “ba bangata” ka kakaretso e ne e le Bajuda, haholo-holo baeta-pele ba bolumeli. Bana ba ne ba bolela hore ba batla ho amoheloa ke Molimo—empa ho ea ka litekanyetso le litsela tsa bona, eseng tsa Molimo. Ho fapana le bao, “ba seng bakae” ba amohetseng memo hobane ba ne ba hlile ba thahasella ho ba karolo ea ’Muso ba ile ba fetoha litho tse tlotsitsoeng tsa phutheho ea Bokreste.

Joale hlahloba tšebeliso ea eona e batsi mehleng ea rōna. Batho ba se nang palo ba eang likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba rutoa hore ba tla ea leholimong. Leha ho le joalo, takatso ena ha ea thehoa lithutong tse nepahetseng tsa Mangolo. Joaloka Bajuda ba mehleng ea pele, ba batla ho amoheloa ke Molimo ho latela litekanyetso tsa bona.

Leha ho le joalo, ho bile le ba seng bakae mehleng ea rōna bao ka boikokobetso ba amohetseng molaetsa oa ’Muso, ba inehetseng ho Jehova, ’me ba ba mocheng oa ho amoheloa ke eena. Sena se lebisitse hore ba fetohe “bara ba ’muso.” (Matheu 13:38) “Bara” bana ba tlotsitsoeng ba qalile ho mengoa ka Pentekonta ea 33 C.E. Ke khale Lipaki tsa Jehova li lumela hore bopaki ba hore Molimo o ne a sebelisana le batho ba hae bo bontša hore ha e le hantle litho tsa sehlopha seo sa leholimo li se li bitsitsoe. Kahoo, ba ithutileng ’nete ea Bibele lilemong tsa morao tjena ba utloisisa hore hona joale ho fanoa ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. Bana ba feta ka palo Bakreste ba masala a tlotsitsoeng ba ntseng ba fokotseha, bao tebello ea bona e hlileng e leng ho ea leholimong. Luka 13:24 ha e hlile ha e bue hakaalo ka bao tebello ea bona e seng ho ea leholimong, empa bonneteng e ba tšoaretse keletso e bohlale.

Ka ho re phehella hore re ikitlaetse ka matla, Jesu o ne a sa bolele hore eena kapa Ntate oa hae ba beha litšitiso tseleng ea rōna e le ho re sitisa. Empa ho Luka 13:24 rea utloisisa hore litekanyetso tsa Molimo li ka tsela e etsang hore ba sa tšoaneleheng ba behelloe ka thōko. Ho ‘ikitlaetsa ka matla’ ho bolela ho etsa boiteko bo matla, ho ikakhela ka setotsoana. Kahoo re ka ’na ra ipotsa, ‘Na ke ikakhetse ka setotsoana?’ Luka 13:24 e ka ’na ea hlalosoa ka hore, ‘Ke tlameha ho ikitlaetsa ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane hobane ba bangata ba tla batla ho kena empa ha ba na ho khona. Kahoo, na e hlile ke ikitlaetsa ka matla? Na ke tšoana le moatlelete ea ka lebaleng la lipapali mehleng ea khale ea neng a tela sohle seo a nang le sona hore a hape moputso? Ha ho moatlelete ea joalo ea neng a ka ba monyebe, a nka lintho habobebe. Na ke joalo?’

Mantsoe a Jesu a bontša hore ba bang ba ka ’na ba batla ‘ho kena monyako’ feela ba iketlile, ba itsamaela ka lebelo leo ba le batlang. Boikutlo bo joalo bo ka ’na ba ama le Lipaki ka bomong. Tse ling li ka ’na tsa beha lebaka la hore ‘Ke tseba Bakreste ba bang ba inehetseng ba ileng ba ikakhela ka setotsoana ka lilemo tse ngata, ba itela ka makhetlo-khetlo; leha ho le joalo, ha ba e-shoa, bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo ne bo ntse bo e-s’o fihle. Mohlomong ho molemo hore ke fokotse lebelo, ke iphelele bophelo bo tloaelehileng.’

Ho bonolo ho nahana joalo, empa na e hlile ke bohlale? Ka mohlala, na baapostola ba ile ba nahana ka tsela eo? Le hanyenyane. Ba ile ba tela tsohle tsa bona ka lebaka la borapeli ba ’nete—ho fihlela lefung la bona. Ka mohlala, Pauluse o ne a ka re: “[Kreste] ke eena eo re mo phatlalatsang . . . Ho finyella sena ka sebele ke sebetsa ka thata, ke ikitlaetsa tumellanong le tšebetso ea hae le e sebetsang ho ’na ka matla.” Hamorao o ile a ngola: “Ho finyella sena re sebetsa ka thata ’me rea ikitlaetsa, hobane re behile tšepo ea rōna ho Molimo ea phelang, eo e leng Mopholosi oa mefuta eohle ea batho, haholo-holo oa ba tšepahalang.”—Bakolose 1:28, 29; 1 Timothea 4:10.

Rea tseba hore Pauluse o ne a nepile ka ho feletseng ka hore a ikitlaetse. E ka ba ho khotsofatsang hakaakang ha e mong le e mong oa rōna a ka khona ho bua joalokaha Pauluse a buile: “Ke loanne ntoa e ntle, ke mathile tseleng ea peiso ho fihlela qetellong, ke bolokile tumelo.” (2 Timothea 4:7) Kahoo, tumellanong le mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Luka 13:24, e mong le e mong oa rōna a ka ipotsa, ‘Na ke ikitlaetsa ka mafolofolo le ka khothalo mosebetsing? E, na ke fana ka bopaki bo lekaneng, ba kamehla ba hore ke nka keletso ea Jesu ka ho teba: “Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o moqotetsane”?’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela