Toka ea ’Nete Neng Hona Joang?
BA SE nang molato ha baa lokela ho tšaba letho mabapi le toka ea ’nete. Ka sebele, baahi ba sebakeng se seng le se seng ba na le lebaka la ho leboha haeba naha ea habo bona e e-na le tsamaiso ea molao e lekang ho tiisa hore ho sebelisoa toka. Tsamaiso e joalo e akarelletsa moralo oa melao, sehlopha sa mapolesa se tiisang hore ea phethoa, le makhotla a phethahatsang toka. Bakreste ba ’nete ba hlompha tsamaiso ea boahloli ea moo ba lulang teng, ka ho sebetsa tumellanong le keletso ea Bibele ea ho ‘ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela.’—Baroma 13:1-7.
Leha ho le joalo, tsamaiso ea boahloli linaheng tse sa tšoaneng e entse liphoso tse kotsi le tse tšoenyang.a Ho e-na le ho otla ba molato le ho sireletsa ba se nang molato, ka linako tse ling batho ba se nang molato ba ’nile ba otleloa litlōlo tsa molao tseo ba sa li etsang. Batho ba bang ba qetile lilemo teronkong, feela hore ba lokolloe pele ba qeta kahlolo eo ho nang le pelaelo e tebileng ea hore na ba ne ba le molato le ea hore na kahlolo ea bona e ne e e-na le bopaki. Kahoo, ba bangata baa botsa, Na ho sa tla ke ho be le toka ea ’nete bakeng sa e mong le e mong? Haeba ho joalo, neng hona joang? Re ka tšepa mang bakeng sa ho sireletsa ba se nang molato? Hona ho na le tšepo efe bakeng sa bahlaseluoa ba ho hloka toka?
Toka e Khopame
Ka bo-1980, Jeremane e bile le phihlelo ea “tsamaiso e ’ngoe e thahasellisang ka ho fetisisa ea nakong ea ka mor’a ntoa,” eo nakong ea eona ’mè e mong a ileng a ahloleloa bophelo bohle teronkong ka lebaka la ho bolaea barali ba hae ba babeli. Leha ho le joalo, lilemo tse ngata hamorao, bopaki bo khahlanong le eena bo ile ba boela ba hlahlobisisoa, ’me o ile a lokolloa ha a ntse a emetse nyeoe e ncha. Ka 1995 Die Zeit e ile ea tlaleha hore kahlolo ea pele “e ne e ka ipaka ho ba phoso ea boahloli.” Ho fihlela nakong ea ha ho ngoloa sehlooho sena, mosali enoa o ne a se a qetile lilemo tse robong teronkong ho se na bonnete ba hore o molato kapa che.
Mantsiboeeng a mang ka November 1974, bohareng ba motse oa Birmingham, Engelane, ho ile ha reketla ka lebaka la ho phatloha ha libomo tse peli tse ileng tsa bolaea batho ba 21. Chris Mullen, e leng setho sa Paramente o ile a ngola hore e bile ketsahalo eo “ho seng motho oa Birmingham ea tla ke a e lebale.” Hamorao, “banna ba tšeletseng ba se nang molato ba ile ba ahloleloa polao ea batho e khōlō ka ho fetisisa historing ea Brithani.” Hamorao likahlolo tsa bona li ile tsa hlakoloa—empa feela ka mor’a hore banna bana ba qete lilemo tse 16 teronkong!
’Muelli oa molao Ken Crispin o ile a etsa tlaleho e mabapi le nyeoe e ileng ea “hapa monahano oa sechaba ka tsela e ikhethang litlalehong tsa histori ea molao ea Australia.” Lelapa le leng le ne le hlomme litente haufi le Ayers Rock ha ngoana oa lona a lahleha, ’me ha aa ka a hlola a fumanoa. ’Mè oa hae o ile a qosoa ka polao, a fumanoa a le molato, ’me a ahloleloa bophelo bohle teronkong. Ka 1987, ka mor’a hore a kenngoe teronkong ka lilemo tse ka holimo ho tse tharo, patlisisong ea ’muso ho ile ha fumanoa hore bopaki bo khahlanong le eena bo ne bo ke ke ba tiisa hore o molato. O ile a lokolloa ’me a tšoareloa.
Mosali e mong ea lilemo li 18 ea lulang United States e ka boroa o ile a bolaoa ka 1986. Monna e mong ea lilemong tse bohareng o ile a qosoa, a fumanoa a le molato, ’me a ahloleloa lefu. O ile a qeta lilemo tse tšeletseng a le teronkong ea batho ba ahloletsoeng lefu pele ho fumanoa hore o ne a sa amehe tlōlong eo ea molao.
Na ee ke mehlala e sa tloaelehang ea liphoso tsa boahloli? David Rudovsky oa Univesithi ea Sekolo sa Molao sa Pennsylvania oa ngola: “Ke bile tsamaisong ena ka lilemo tse ka bang 25 ’me ke bone linyeoe tse ngata. Nka re ba fumanoeng ba le molato feela ha e le hantle ba se na molato . . . nka hakanyetsa hore ba lipakeng tsa karolo ea bohlano le ea 10%.” Crispin o botsa potso e tšoenyang: “Na ho na le batho ba bang ba se nang molato ba lutseng ba nyahame liseleng tsa literonko?” Ho tla joang hore liphoso tse joalo tse bohloko li etsahale?
Tsamaiso ea Boahloli ea Batho—Le Mefokolo ea Batho
Ka 1991 Lekhotla la Brithani la Boipiletso le ile la hatisa: “Ha ho tsamaiso ea batho e ka lebelloang hore e phethahale.” Tsamaiso ea boahloli e ka ba le toka ea ba ea tšepahala joaloka batho ba e entseng le ba e kenyang tšebetsong. Batho ba sekametse ho etseng liphoso, ho se tšepahaleng le khethollong. Kahoo, ha hoa lokela ho makatsa hore ebe tsamaiso ea boahloli ea batho e bontša hantle mefokolo eona eo. Nahana ka se latelang.
Ho latela Moahloli Rolf Bender oa Jeremane, karolong ea 95 lekholong ea linyeoe tsohle tsa tlōlo ea molao, litlhaloso tse tsoang ho lipaki ke bopaki boo qeto e thehoang ho bona. Empa na ke kamehla lipaki tse joalo tsa ka lekhotleng li tšepahalang? Moahloli Bender o nahana hore ha ho joalo. O hakanya hore halofo ea lipaki tse hlahang ka lekhotleng e bua mashano. Bernd Schünemann, eo ka botlalo e leng moprofesa oa molao o amanang le tlōlo ea molao Univesithing ea Munich, Jeremane, o ile a bona litaba ka tsela e tšoanang. Puisanong le Die Zeit, Schünemann o ile a tiisa hore litlhaloso tsa lipaki—le hoja li sa tšepahale—ke mofuta o ka sehloohong oa bopaki. “Ke ne nka re seo e hlileng e leng sesosa sa liphoso tsa boahloli ke hore moahloli o itšetleha ka lipolelo tsa lipaki tse sa tšepahaleng.”
Lipaki lia fosa; le mapolesa aa fosa. Haholo-holo ka mor’a tlōlo ea molao e halefisang sechaba, mapolesa a ba tlas’a khatello ea ho tšoara motho. Tlas’a maemo a joalo, lepolesa ka leng le ’nile la inehela molekong oa ho qapa bopaki kapa ho qobella motho ea belaelloang hore a ipolele. Ha banna ba tšeletseng ba fumanoeng ba le molato oa ho qhomisa libomo Birmingham ba ne ba lokolloa, koranta ea Brithani, The Independent e ile ea e-ba le sehlooho se reng: “Molato oa Kahlolo ea ba Tšeletseng o Behoa ho Mapolesa a Senyehileng.” Ho latela The Times: “Mapolesa a ile a bua leshano, a rera bolotsana ’me a qhekella.”
Maemong a mang, khethollo e ka ’na ea etsa hore mapolesa le sechaba ba belaelle batho ba morabe o itseng, bolumeli kapa ba sechaba se itseng. Joalokaha U.S.News & World Report e bolela, ho lokisa tlōlo ea molao ho ka qetella e le “taba ea khethollo ea morabe ho e-na le hore e be ea mabaka.”
Hang ha nyeoe e tlisoa lekhotleng, liqeto li ka ’na tsa se ke tsa susumetsoa ke seo lipaki li se buang feela empa li ka boela tsa susumetsoa ke bopaki ba saense. Lefapheng le rarahaneng la lipatlisiso tsa molao tse etsoang ho ipapisitsoe le seo bo-rasaense ba se fumanang, moahloli kapa lekhotla la baahloli a ka ’na a biletsoa ho etsa qeto ea hore na motho o molato kapa che a itšetlehile ka tsela eo sethunya se thuntseng ka eona kapa ka lehlahlelo kapa ho bapisa likhatiso tsa menoana, mongolo, lihlopha tsa mali, ’mala oa moriri, boea ba liaparo kapa lisampole tsa DNA. ’Muelli e mong oa molao o ile a hlokomela hore makhotla a talimane le “lihlopha tse khōlō tsa bo-rasaense ba hlalosang mekhoa ea ho etsa lintho e rarahaneng ka tsela e ferekanyang.”
Ho feta moo, makasine ea Nature e hlokomela hore hase bo-rasaense bohle ba lumellanang ka tlhaloso ea bopaki ba lipatlisiso tsa molao tse amanang le saense. “Ho ka ba le ho se lumellane ha sebele pakeng tsa bo-rasaense ba etsang lipatlisiso tsa molao.” Ka masoabi, “bopaki bo fosahetseng ba lipatlisiso tsa molao tse amanang le saense bo se bo ’nile ba ikarabella bakeng sa likahlolo tse ngata tse fosahetseng.”
Ho sa tsotellehe hore na re phela hokae, tsamaiso eohle ea boahloli e sebetsang hona joale e bonahatsa mefokolo ea botho. Ka hona ke mang eo re ka tšepang hore o tla sireletsa ba se nang molato? Na re ka tšepa hore ho na le mohla ho tla ba le toka ea ’nete? ’Me ho na le tšepo efe bakeng sa liphofu tsa phoso ea boahloli?
“’Na, Jehova, ke Rata ho Lokileng”
Ha ho ka etsahala hore uena kapa setho sa lelapa la hao le be liphofu tsa phoso ea boahloli, Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu, ba hlokomela se u etsahallang. Ho hloka toka ho tšosang ka ho fetisisa ho ile ha etsoa ha Kreste a ne a bolaeloa thupeng ea tlhokofatso. Moapostola Petrose o re bolella hore Jesu “ha aa ka a etsa sebe.” Empa, o ile a qosoa ke lipaki tsa bohata, a fumanoa a le molato, ’me a bolaoa.—1 Petrose 2:22; Matheu 26:3, 4, 59-62.
Inahanele hore na e tlameha ebe Jehova o ile a ikutloa joang ka tšoaro e mpe joalo ea Mora oa hae! Toka ke e ’ngoe ea litšoaneleho tsa Jehova tse ka sehloohong. Bibele ea re bolella: “Litsela tsa hae kaofela li lokile.”—Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 33:5.
Jehova o ile a fa Baiseraele tsamaiso ea boahloli e ikhethang. Tabeng ea polao eo tharollo ea eona e sa fumaneheng, lefu leo le ne le etsetsoa pheko ka sehlabelo. Ho ne ho sa be le khatello ea ho rarolla tlōlo e ’ngoe le e ’ngoe ea molao ka ho ipeha kotsing ea ho ahlola motho ea se nang molato. Ha ho motho ea neng a ka ahloleloa polao feela ka bopaki bo sa tobang kapa ba saense; bonyane ho ne ho hlokahala lipaki tse peli tse boneng ka mahlo. (Deuteronoma 17:6; 21:1-9) Mehlala ena e bontša hore Jehova o na le litekanyetso tse phahameng ’me o amehile ka hore toka e sebelisoe hantle. Ka sebele, o re: “’Na, Jehova, ke rata ho lokileng.”—Esaia 61:8.
Ha e le hantle, tsamaiso ea Iseraele ea boahloli e ne e le matsohong a batho ba neng ba e-na le mefokolo e tšoanang le ea rōna. Ho ne ho e-na le maemo ao ho ’ona molao o neng o sebelisoa ka tsela e fosahetseng. Morena Solomone o ile a ngola: “Leha u bona naheng e ’ngoe mofutsana ha a tujoa, le ho loka le toka ha li khopamisoa, u se ke ua makala ke hoo.”—Moeklesia 5:8.
Jehova o ile a khona ho lokisa ho hloka toka ho ileng ha etsoa ho Mora oa hae. Ho kholiseha ka sena ho ile ha matlafatsa Jesu, eo “ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae [a ileng] a mamella thupa ea tlhokofatso.” Ka ho tšoanang, tebello e thabisang ea ho phela lefatšeng la paradeise tlas’a puso ea Mesia, ha toka ea ’nete e atile, ho ka re matlafalletsa ho mamella ho utloa litaba tsa ho hloka toka tsamaisong ena ea khale kapa esita le ho ba le phihlelo ea hona. Ha ho kotsi kapa tšenyo eo Jehova a ke keng a e lokisa ka nako ea hae e loketseng. Esita le ba shoang ka lebaka la phoso ea boahloli ba ka ’na ba tsoha.—Baheberu 12:2; Liketso 24:15.
Haeba re utloisoa bohloko ke ho ba liphofu tsa ho hloka toka, re ka leboha hore ebe boholo ba tsamaiso ea boahloli bo na le mecha ea molao e ka ’nang ea re nolofalletsa ho lokisa boemo bona. Bakreste ba ka ’na ba sebelisa mecha e joalo. Leha ho le joalo, ba hopola ’nete ena: Tsamaiso ea boahloli e sa phethahalang ke pontšo ea mokhatlo oa batho o hlokang ho lokisoa ho isa tekanyong e khōlō. Seo se tla etsoa haufinyane—ke Molimo.
Jehova o tla tloha a felisa tsamaiso ena ea lintho e se nang toka ’me a e nkele sebaka ka tsamaiso e ncha eo ho eona “ho loka ho tla aha.” Re ka ba le kholiseho e feletseng ea hore ka nako eo ’Mōpi oa rōna o tla sebelisa toka ka Morena oa hae oa Bomesia, Jesu Kreste. Toka ea ’nete bakeng sa e mong le e mong e haufi! Re ka leboha hakaakang hore ebe re na le tebello ee!—2 Petrose 3:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litabeng tse boletsoeng mona, Molula-Qhooa ha o bue ka ho ba molato kapa ho hloka molato ha motho leha e le ofe, leha e le hona hore makasine ena e buella tsamaiso ea boahloli ea naha e itseng e le e molemo ho feta ea e ’ngoe. Ho feta moo, makasine ena ha e buelle mofuta o itseng oa kotlo e le o phahametseng o mong. Sehlooho sena se mpa feela se bontša linnete kamoo li neng li tsejoa li le kateng ka nako eo se ngoloang ka eona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]
Tsamaiso ea boahloli e sa phethahalang—hammoho le mebuso e senyehileng, bolumeli bo sa hloekang le khoebo e se nang melao-motheo—ke pontšo ea mokhatlo oa batho o hlokang ho lokisoa ho isa tekanyong e khōlō
[Lebokose le leqepheng la 28]
Matšeliso a Tsoang Mangolong a Halalelang
Ka November 1952, Derek Bentley le Christopher Craig ba ile ba thuha ntlo ea polokelo ea liphahlo tse rekisoang e Croydon, haufi le London, Engelane. Bentley o ne a le lilemo li 19 ’me Craig o ne a le lilemo li 16. Ho ile ha bitsoa mapolesa, ’me Craig o ile a thunya lepolesa le leng la ba la e-shoa. Craig o ile a sebeletsa lilemo tse robong teronkong, athe Bentley o ile a fanyehoa bakeng sa polao ka January 1953.
Khaitseli ea Bentley, Iris, o ile a etsa letšolo ka lilemo tse 40 bakeng sa ho hlatsoa lebitso la Bentley polaong eo a sa kang a e etsa. Ka 1993, ’Muso o ile oa kōpa tšoarelo mabapi le kahlolo ena, oa lumela hore Derek Bentley o ne a sa lokela ho fanyehoa. Iris Bentley o ile a ngola ka taba ena bukeng ea Let Him Have Justice:
“Hoo e ka bang selemo pele ho ho thunya hona, Derek o ne a ile a kopana le Paki ea Jehova seterateng . . . Morali’abo rōna Lane o ne a lula haufi le rōna Fairview Road ’me o ile a memela Derek ho tla mamela lipale tsa Bibele. . . . Se ileng sa thusa ke hore Morali’abo rōna Lane o ne e-na le lirekoto tsa lipale tsa Bibele, tseo a neng a ile a mo alima tsona [kaha Derek o ne a sa tsebe ho bala hantle]. . . . O ne a atisa ho khutlela ho ’na ’me a mpolelle seo a mo boleletseng sona, lintho tse kang kaofela re tla boela re phele ka mor’a ho shoa.”
Iris Bentley o ne a etela khaitseli ea hae karolong ea teronko ea batšoaruoa ba ahloletsoeng lefu pele a bolaoa. O ne a ikutloa joang? “Lintho tseo Morali’abo rōna Lane a neng a mo bolelletse tsona li ile tsa mo thusa matsatsing ao, a seng makae a ho qetela.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Haeba u ka ba bothateng bo bakiloeng ke phoso ea boahloli, ho ka ba molemo hore u bale le ho thuisa ka linnete tsa Bibele. Sena e ka ba matšeliso a maholo, hobane Jehova Molimo ke “ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle, ea re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho hloka toka ho tšosang ho ile ha etsoa ha Kreste a ne a bolaoa