“Ikitlaetseng ka Matla”
“Ikitlaetseng ka matla ho kena ka monyako o patisaneng; hobane ba bangata kea le bolella, ba tla batla ho kena, empa ba tla sitoa.”—LUKA 13:24, NW.
1. Batho ba bangata ba lakatsa eng?
BOTSA Robbie ea lilemo li tšeletseng hore na ke hobane’ng ha a rata ho ea Holong ea ’Muso, ’me o tla arabela: “Ke ithuta ka Jehova le Paradeise moo ke tla phela nako e telele-telele le liphoofolo tse ntle.” Motsoal’ae ea lilemo li tharo, Dustin, o utloa ka ho lekaneng tloaelo ea batsoali ba hae hoo a tsebang hantle nako ea ho phasoloha: “Rea Holong ea ’Muso!” Seo Robbie a se buang, le seo Dustin a ithutang ho se bua, se ne se tla ipiletsa ho batho ba bangata—bophelo, bophelo bo sa feleng. Batho ba batla “ho pholoha.” Empa joang? Ka ho re feela ba ee litšebeletsong tsa bolumeli?
2. (a) Ke hobane’ng ha poloko e ke ke ea sebeletsoa? (b) Mantsoe a Jesu a ho Luka 13:24 a bontša hore ho hlokahala eng bakeng sa poloko?
2 Poloko e ke ke ea sebeletsoa ka ho ea libokeng kapa ka tsela leha e le efe. Ha e lefelloe, ke mpho e tsoang ho Molimo. Empa, Jehova Molimo o hloka boiteko ka lehlakoreng la rōna haeba re tla amohela mpho ea hae ea bophelo bo sa feleng. (Ba-Roma 6:23) Ke bofe? Ba pele ke boikitlaetso bo matla tšebeletsong ea hae! Liketso tsena li tlameha ho susumetsoa ke kananelo ea ’nete. Mora oa Molimo, Jesu Kreste, o kile a botsoa ke monna e mong: “Morena, hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na?” Karabelo ea Jesu ea se ke ea akarelletsa feela ea botsang empa le ba bang bohle ba thahasellang poloko, ho akarelletsa le rōna. A arabela: “Etsang [“ikitlaetseng” NW] ka matla ho kena ka monyako o patisaneng, hobane ba bangata, kea le bolella, ba tla batla ho kena empa ba tla sitoa.”—Luka 13:23, 24.
3. (a) Ke hobane’ng ha potso ea monna eo e ne e sa tloaeleha? (b) Jesu o re kenyelletsa joang karabelong ea hae?
3 Potso ea monna ea sa boleloang ka lebitso e ne e sa tloaeleha. A botsa: “Hleka ba tlang ho bolokeha ha ba bakae na?” e seng “Na ke tla ba har’a ba seng bakae ba tla bolokeha?” kapa, “nka bolokeha joang?” Mohlomong filosofi ea Bajode ea hore ke palo e lekanyelitsoeng feela ea batho e neng e lokela ho pholoha e ile ea susumelletsa potso ea hae e batlang.a Ho sa tsotellehe mohloli oa tabatabelo ea hae, Jesu ka potlako a tlosa potso sebakeng seo se sa tobang ’me a e isa moo e neng e ka sebetsa hamolemo—tšebelisong ea motho ka mong. A qobella ea botsang ho nahana ka seo a lokelang ho se etsa bakeng sa ho bolokeha. Empa ho feta moo, kaha mantsoe a Jesu, ‘ikitlaetseng ka matla,’ a ka bongateng, le rōna a lokela ho re susumelletsa ho nahana ka ho teba ka mokhoa oa rōna oa borapeli.
4. Re tlameha ho etsa eng hore re fumane bophelo bo sa feleng?
4 Ka hona, ho fumana bophelo bo sa feleng ha ho bonolo joalokaha batho ba bang ba ka ’na ba nahana. Jesu o ile a hatisa mosebetsi o matla, boiteko bo sa khaotseng, e le eona tsela ea ho “kena ka monyako o patisaneng.” Boiteko bona bo sa thekeseleng bo matlafatsoa ke tumelo e mamellang, e hahiloeng ka ho utloa lithuto tsa Kreste. Ka hona ho fumana poloko, re tlameha ho etsa ho fetang feela ‘ho utloa lipolelo tsa hae’; re tlameha ho tsitlallela ho “li etsa.”—Luka 6:46-49; Jakobo 1:22-25.
U Tlameha “ho Loana” Hona Joale
5. (a) Ke maikutlo afe a fetisoang ke mantsoe a Jesu, “Ikitlaetseng ka matla”? (b) Mantsoe ao a eketsa kutloisiso joang ponong ea hao ea tšebeletso e halalelang?
5 Polelo ho “ikitlaetsa ka matla” e bolela eng? Ka Segerike sa pele, polelo ke a·go·niʹze·sthe, e nkiloeng lentsoeng (a·gonʹ) le bolelang “sebaka sa tlholisano.” “Ebang ba loanang,” ke kamoo The Kingdom Interlinear Translation e e beang kateng. Ho thahasellisang, ho tsoa leetsing lena la Segerike re fumana lentsoe la Senyesemane “agonize [ho loana ka matla].” Ka hona, kelellong ea hao, bona lebala la lipapali la boholo-holo ’me u tšoantše semathi seo joale se loanang ka matla, kapa se ikitlaetsang ka matla ’ohle a sona hore se hape moputso. Ka hona, le hoja leetsi la Segerike le amehang mona e ka ba lentsoe la mahlale bakeng sa ho hlolisana lipapaling tsa Segerike, le totobatsa keletso ea Jesu ea ho nka khato ka moea oohle. Boiteko ba pelo e sa fellang bo ke ke ba loka.—Luka 10:27; bapisa 1 Ba-Korinthe 9:26, 27.
6. Ke hobane’ng ha re tlameha ho ikitlaetsa ka matla hona joale?
6 Re tlameha ho “loana ho kena ka monyako o patisaneng” neng hona halelele hakae? (Luka 13:24, The New English Bible) Talimisisa mantsoe a Jesu ho Luka 13:24 ’me u hlokomele kamoo a bapisang nako ea hona joale, ‘ikitlaetseng ka matla,’ le ea kamoso, “ba tla rata.” Kahoo, hona joale ke nako ea ho loana. Ho bonahala ba thibetsoeng ho kena ba rata ho kena ka nako e loketseng bona feela. Empa ka nako eo e se e le morao haholo; monyako oa monyetla o koetsoe le ho notleloa. Jesu o tsoela pele ho Luka 13:25 hore hang ha mong a ntlo a notletse monyako, batho ba tla qala ho kokota, ba kōpa: “Morena, Morena, re bulele! ’Me o tla fetola, a re ho lōna: Ha ke le tsebe moo le tsoang teng.” Ke phello e bohloko hakaakang e letetseng ba sa etseng borapeli ba Jehova morero oa bona o moholo bophelong hona joale!—Mattheu 6:33.
7. Ba-Filippi 3:12-14 e bontša boikitlaetso bo sa khaotseng joang, ’me ke hobane’ng ha bo hlokahala?
7 Ntoa ea rōna ke ntho e tsoelang pele. Ha ho lea mong ho rōna ea seng a kene ka ho feletseng ka “monyako o patisaneng.” Pauluse o ile a ho hlokomela. Peiso ea hae bakeng sa bophelo e ne e le boiteko bo matla ba letsatsi le letsatsi. O ile a ngola: “Hase ho re ke se ke fihletse tsena tsohle, kapa ke se ke phethehile; empa ke ntse ke hoatalletse ho li hapa, hobane le ’na Kreste Jesu a se a nkhapile. Bana beso, ha ke hopole hore ke se ke li hapile; ke etsa ntho e le ’ngoe feela, e leng ho lebala tseo ke seng ke li fetile, ke mpa ke hahamalla tse ka pele. Ke mathela pakaneng ho hapa moputso oa pitso ea Molimo, e tsoang holimo, ka Jesu Kreste.” (Mongolo o tsekaletseng ke oa rōna.)—Ba-Filippi 3:12-14, TLP.
8. (a) Ke eng e thibelang “ba bangata” hore ba fumane bophelo bo sa feleng? (b) Hoo ho re fa temoso efe?
8 Ke bo-mang “ba bangata,” hona ke hobane’ng ha ba sa khone ho kena? “Ba bangata” ba khetholloa le Bokreste-’mōtoana, haholoholo sehlopha sa bona sa boruti. Ba iketsa ba tsebang Jesu haufi-ufi, e le karolo ea lelapa la hae, ka ho ipolela hore ba ‘jele le ho noa le eena.’ Empa kaha ba batla poloko ka mekhoa ea bona, e seng ea Molimo, Jesu ka ho toba o latola hore o-oa ba tseba ’me o ba talima e le “ba etsang ho sa lokang.” (Luka 13:26, 27) Batho ba notlelletsoeng kantle ho re ba se ke ba kena bophelong bo sa feleng ba ka ba ba akarelletsa le bao ba khoehlisitseng tšebeletsong ea bona e halalelang ho Jehova ’me joale ba atamela borapeli ba ’nete ka ho bo nka habobebe. Cheseho ea bona lithahasellong tsa ’Muso e foofo. (Tšenolo 3:15, 16) Ke ’nete, e ka ’na eaba ba ntse ba e-na le ‘mokhoa oa boinehelo ba bomolimo’—bopakinyana ba tšebeletso ea tšimo le ho ea libokeng—empa ba haelloa ke bopaki ba mofuta oa tumelo oo e leng matla a susumetsang a borapeli bo hloekileng. (Bapisa 2 Timothea 3:5.) Ba hlōleha ho hlokomela hore ‘ho rata’ feela ho kena ka “monyako o patisaneng” ha hoa lekana. Motho o tlameha ho loanela hore a kene.
Lebaka la ho Kena ka “Monyako o Patisaneng”
9. Ke hobane’ng ha ho kena ka monyako o patisaneng ho hloka boikitlaetso bo matla?
9 Monyako o patisaneng o isang polokong o lula o bulehetse bohle. Empa “ba bangata” ha ba rate ho loanela hore ba kene. Tse ling tsa lintlha tse hlokang boikitlaetso bo matla ba ho kena ka monyako oo o patisaneng ke life? Motho o tlameha hore pele a rue tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele, ’me a tsebe Jehova Molimo le Kreste Jesu. (Johanne 17:3) Hona ho bolela ho beela kathōko litloaelo le mekhoa tsa bolumeli ba lefatše, ho akarelletsa le tsa Bokreste-’mōtoana. Ho hloka ho etsa thato ea Molimo, joalokaha Jesu a e entse ha a le mona lefatšeng. (1 Petrose 2:21) Joaloka Mokreste ea inehetseng a ba a kolobetsoa, motho o tlameha a boele a qobe lintho tse bonahalang, boitsoaro bo bobe, le litsila tsa lefatše. (1 Johanne 2:15-17; Ba-Efese 5:3-5) Tsena li tlameha ho hloboloa ho hang ’me li nkeloe sebaka ke litsoaneleho tse kang tsa Kreste.—Ba-Kolosse 3:9, 10, 12.
10. Boitšoaro bo amana kae le ho fumana hoa rōna bophelo bo sa feleng?
10 Ke ‘ba seng bakae’ ba tsebang molemo oa cheseho tšebeletsong, o tsamaeang le ho bontša litholoana tsa moea, ho akarelletsa boitšoaro. (Ba-Galata 5:23) Ka thuso ea moea o halalelang oa Jehova, ba loanela ho laola ’mele ea bona ’me ba e tataisa ho ea pakaneng ea bophelo bo sa feleng.—1 Ba-Korinthe 9:24-27.
Mantsoe a Jesu a Bolela Eng ho Uena?
11. (a) Ke libakeng life bophelong moo ho ba bang ho ka ’nang hoa hlokahala ho ikitlaetsa ka matla, hona hobane’ng? (b) Ke tšebeletsong efe eo bohle ba ka ikitlaetsang ka matla?
11 Hore na re sa tsoa kolobetsoa kapa re bile mafolofolo le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ka mashome a lilemo, ho ke ke hoa e-ba le ho khoehlisa boitekong ba rōna ba ho mo khahlisa. Joalokaha mantsoe a Jesu a bontša ka ho hlakileng, re tlameha ho inehela ho Jehova ka moea oohle le ho rata ho kena ka monyako o patisaneng joang kapa joang. Le hoja Jesu a ne a sa bue feela ka ho ntlafatsa le ho eketsa tšebeletso ea rōna ho Molimo, ho ba bang ho rōna, boikitlaetso bo matla boa hlokahala ho ntlafatsa boitšoaro ba rōna kapa ho tlosa mekhoa e mebe e le hore re se “lihele batho le ka nthoana e nyenyane.” (2 Ba-Korinthe 6:1-4) Ba bang ho rōna ho hlokahala hore nako le nako ba ele hloko lenaneo le phethahetseng la boithuto ba botho e le hore ‘lerato la rōna le ‘ne le eketsehe kamehla, ka tsebo le ka kelello eohle.’ (Ba-Filippi 1:9-11) Ho ntse ho le joalo, ba bang ba hloka ho etsa boiteko bo boholoanyane ba ho ea le ho nka karolo kamehla libokeng tsa phutheho, ho akarelletsa Thuto ea Buka ea Phutheho. (Ba-Heberu 10:23-25) Empa bohle re ka talima tšebeletso ea rōna ea tšimo ho bona haeba kannete re ikitlaetsa ka matla ho etsa “mosebetsi oa ‘moleli oa evangeli.”—2 Timothea 4:5.
12. Ho leka boholo ba boikitlaetso ba rōna ba moea, re ka botsa lipotso life?
12 Bakeng sa palo e ntseng e eketseha, tsoelopele ea ho ikitlaetsa hoa bona ka matla ho khahlisa Jehova, e ba entse hore ba tšoanelehe bakeng sa bopula-maliboho bo thusang, bopula-maliboho ba kamehla, kapa tšebeletso ea Bethele. Empa ho thoe’ng ka uena? Haeba u mohoeletsi oa ’Muso, na u ka tšoareha tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ka makhetlo a ’maloa ka selemo kapa le ho ba pula-maliboho oa kamehla? Haeba u se u le pula-maliboho ea thusang, na u hahamalla tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla? Haeba ha ho joalo, ke hobane’ng ha u sa nahane ka ho etsa joalo? Ka tsela ena u ka hlohonolofatsoa ka ho hlaolela kamano e haufi-ufi le Jehova Molimo le Jesu Kreste.—Pesaleme ea 25:14.
Na U ka Ikitlaetsa e le hore U ka Bula Maliboho?
13. (a) Haeba u batla ho ba pula-maliboho, ke lintho life tse peli tsa bohlokoa? (b) E le hore u ka bula maliboho, ke libakeng life bophelong moo ho ka ’nang hoa hlokahala hore ho etsoe liphetoho?
13 Haeba u ka ba pula-maliboho oa kamehla empa u se eena, na u ka ‘loanela’ ho etsa liphetoho bophelong ba hao e le hore u ka bula maliboho? Ho hlokahala lintho tse peli. Ea pele, u tlameha ho ba le takatso. Ea bobeli, u tlameha ho ba le maemo a nepahetseng. Haeba u haelloa ke takatso, e rapelle. Bua le bo-pula-maliboho. Eketsa tšebeletso ea hao ea hona joale joaloka mohoeletsi oa phutheho. Nka karolo tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang neng le neng ha ho khoneha. Haeba maemo a hao a sa u lumelle ho kenela tšebeletso ena hona joale bona hore na ho ka etsoa phetoho. Mosali ea sebetsang mohlomong ha ho hlokahale hore a sebetse. Motho ea fetileng lilemo tsa ho tlohela mosebetsi mohlomong ha ho hlokahale hore a ’ne a sebetse. Bophelo bo majaba-jaba, matsatsi a phomolo a senyang chelete, makoloi a morao-rao, le tse tšoanang, ha se tsa bohlokoa bophelong.—Luka 12:15; 1 Johanne 2:15-17.
14. (a) Ke hobane’ng ha banyalani ba bang ba itseng ba sa ka ba khotsofalla ho lula feela e le bahoeletsi ba phutheho? (b) Ba beile pakane efe ka pel’a bana ba bona?
14 Ntate e mong ea nang le bara ba bararo, ba babeli ba e-so ho fihle lilemong tsa bocha, o qalile ho bula maliboho lilemong tse tšeletseng tse fetileng. Hobane’ng? O-oa hlalosa: “Ke ne ke batla ho etsa ho eketsehileng. Haeba ke ne nka bula maliboho kamehla ’me ke sa ho etse, ke ne ke tla be ke sa phelele boinehelo ba ka.” Mosali oa hae le eena a qala ho bula maliboho kamehla. Hobane’ng? O re: “Ke ne ke le pula-maliboho ea thusang motheong oa kamehla ka lilemo tse ’nè ’me qetellong ka hlokomela hore ho se ho le bonolo. Ke ne ke rata ho nka karolo e khōlō mosebetsing ona o ke keng oa hlola o phetoa le ho beela bara ba rōna mohlala o motle.” Ka bobeli monna le mosali ba ithutile ’nete kamorao ho thuto ea univesithi. Ntate o re, “Batsoali ba rōna ba ne ba batla hore re ee koleching lilemo tse ’nè.” Kahoo, ba beetse bara ba bona lipakane life? “Ke etsa hore bashanyana ba ka ba tsebe hore re rata ha ba bula maliboho le hore bonyane ba qete lilemo tse ’nè Bethele.”
15. (a) Ke ka mabaka afe ba bang ba ikitlaelelitseng ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla? (b) Ke ka lebaka lefe u neng u ka lakatsa ho ba tšebeletsong ea nako e tletseng?
15 Ba bang ba entse qeto ea ho ba bo-pula-maliboho ka mabaka a latelang:
“Ke ne ke sa tsoele pele ho hang moeeng, e leng ho neng ho nkhathatsa.” (Robert H.)
“Ke ne ke sa khotsofale ke ho ba mohoeletsi oa kamehla.” (Rhea H.)
“Bopula-maliboho bo fa bophelo ba ka tataiso le morero.” (Hans. K.)
“Ke ne ke rata ho sebeletsa Jehova ka ho feletseng, ’me bopula-maliboho e bile tsela ea ka ea ho etsa joalo. (Charanjit K.)
“Ke ne ke tla ikoahlaea haeba ke sa ka ka sebelisa matla a ka le bocha ba ka ho nka karolo mosebetsing ona o moholo.” (Gregory T.)
“Jehova o hlohonolofatsa boiteko feela. Ke ne ke hloka ho mo fa ho hong hoo a ka ho hlohonolofatsang.” (Graceann T.)
“Bopula-maliboho bo nthusa ho itlhalosa kamoo ke ikutloang kateng ka Jehova.” (Marco P.)
“Ho sebetsa ka nako e tletseng mosebetsing oa boipheliso ha hoa ka hoa ntlisetsa thabo eo ke neng ke e bona har’a bo-pula-maliboho.” (Nancy P.)
U ka eketsa lethathamo lee ka mabaka afe?
Na U Etsa Sohle Seo U ka Se Khonang?
16. Na bo-pula-maliboho ke bona feela ba ikitlaetsang ka matla? Hlalosa.
16 Lipaki tsa Jehova tse ’maloa ka botšepehi le ka thapelo li ile tsa hlahloba boemo ba tsona ba botho ’me li fumane hore li etsa sohle seo li ka se khonang tlas’a maemo a tsona a hona joale. Mohlomong u e mong oa tsona. Haeba ho joalo, khothala. Jehova le mora oa hae baa u tsotella ’me kannete ba ananela tšebeletso ea hao ea pelo eohle. (Bapisa Luka 21:1-4.) Ka mohlala, ka baka la maemo a seng matle a lipolotiki le a moruo, linaheng tse ling baena ba rona ba tlameha ho sebetsa lihora tse robong ka letsatsi, matsatsi a mahlano kapa a tšeletseng ka beke, hore feela ba fumane tse hlokahalang bophelong. Naheng eo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o thibetsoeng ka thatathata ka molao, ba bulang maliboho—’me linaha tsena li na le keketseho ea bo-pula-maliboho—hangata ke ba tlohetseng mosebetsi ka baka la lilemo, bacha ba sebetsang bosiu le bo-’mè (ba nang le bana) bao naha e ba lokolotseng mosebetsing oa boipheliso.
17. Taba ea Epafrodite e bontša joang hore Jehova ha a lekanyetse boholo ba boikitlaetso ba rōna ka boholo ba mosebetsi oo re o etsang tšebeletsong ea hae?
17 Empa u ka ’na ua re, ‘Ke lakatsa e ka nka be ke na le matla a eketsehileng. Hoja nka boela bocheng!’ Empa u se ke ua nyahama. Boikitlaetso ba rōna ha bo lekanyetsoe hakaalo-kaalo ka boholo ba mosebetsi oo re o etsang tšebeletsong e halalelang ea Molimo. Na u hopola Epafrodite? Ha a ne a kula, boholo ba tšebetso e matla eo a neng a ka e etsa “mosebetsing oa Kreste” o ne o ke ke oa bapisoa le seo a ’nileng a se etsa ha a phela hantle. Empa leha ho le joalo, Pauluse o ile a mo babaletsa boikitlaetso ba hae. Ha e le hantle, joalokaha Pauluse a bontšitse, re lokela ‘ho tšoara banna le basali ba joalo ka hlompho.’—Ba-Filippi 2:25-30.
18. (a) Bao maemo a bona a ba thibelang ba ka ntšetsa pele tšebeletso ea nako e tletseng joang ka phuthehong? (b) U ka etsa joang ho khothaletsa moea oa bopula-maliboho phuthehong ea heno?
18 Leha ho le joalo, ho na le ho hong hoo u ka ho etsang ho ntšetsa pele tšebeletso ea nako e tletseng phuthehong. Ke eng? Ikitlaetse ka matla ho bontša moea oa bopula-maliboho. Ka mohlala, haeba hona joale u ke ke ua ba pula-maliboho ka baka la litlamo tsa lelapa, na u ka lokolla ba bang lapeng—mosali oa hao, bana, moena kapa khaitseli—ho bula maliboho? Bao e ka ’nang eaba ha ba phele hantle kapa ka mohlomong ba holofetse ba ka thahasella ba khonang ho bula maliboho haholo, ka ho ea tšebeletsong ea tšimo le bona ha maemo a lumela. (Bapisa 1 Ba-Korinthe 12:19-26.) Ka tsela ena bohle ka phuthehong ba ka ikitlaetsa ka ho hatisa tšebeletso ea nako e tletseng. Liphello e ka ba tse khothatsang haholo ho bohle!
19. Boikemisetso ba rōna e lokela ho ba bofe?
19 Ho ikitlaetsa ka matla ho bolela eng ho uena? Na ho bolela ho tsoela pele ho ea kolobetsong? Ho hlōla mekhoa e meng e mebe? Ho matlafatsa kamano ea hao le Jehova ka tsela e ’ngoe? Na ho ka bolela bopula-maliboho bo thusang? Bopula-maliboho ba kamehla? Tšebeletso ea Bethele? Hore na ho u hloka eng e le hore u ka tsoela pele moeeng, ho tšoanela boiteko bo matla hona joale. Ka hona, bohle a re tsoeleng pele ho loanela ho kena ka monyako o patisaneng o isang bophelong bo sa feleng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Palo ea ba neng ba tla bolokoa e ne e le bothata ba bolumeli bo ntseng bo tsohloa har’a bo-rabbi. Buka e ’ngoe ea litsupiso tsa Bibele e-ea hlokomela: “Har’a litloaelo tse makatsang tse neng li ratoa ke bo-rabbi, e ’ngoe e ne e le ho bea palo ea ba bolokoang ka bohlokoa ba palo ea liletere tsa temana ena kapa eane.”
◻ Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a eletsa, “Ikitlaetseng ka matla”?
◻ Mantsoe a Jesu a sebetsa ho uena neng hona joang?
◻ Ke hobane’ng ha “ba bangata” ba hlōleha ho kena ka monyako o patisaneng?
◻ Ba nang le maemo a ba thibelang ba ka ’na ba ikitlaetsa joang?
◻ Re tlameha ho loana nako e kae hore re kene ka monyako o patisaneng?
[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]