“A Tla Lekana le Matsatsi a Lifate”
LILEMONG tse fetang likete tse tharo tse fetileng, Moshe o ile a ngola: “Matsatsi a ho phela ha rōna ke lilemo tse mashome a supileng, ho ba matla ke tse mashome a robileng meno e le ’meli; boikakaso ba tsona ke khathatso le bomalimabe.”—Pesaleme ea 90:10.
Ho sa tsotellehe tsoelo-pele merianeng, nako eo motho a phelang ka eona e ntse e lekana le ea mehleng ea Moshe. Leha ho le joalo, hase kamehla batho ba tlang ho lula ba ahloletsoe bophelo bo fetang ka potlako hakaalo. Bukeng ea Bibele ea Esaia, Molimo o itse: “Matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:22.
Sefate se seng sa tse phelang nako e telele ka ho fetisisa linaheng tsa Bibele ke sefate sa mohloaare. Sena se bontšitsoeng mona ke se seng sa lifate tsa mohloaare tse ngata tse nang le lilemo tse sekete tse ntseng li tlokoma Galilea. Batho ba tla finyella neng ho phela nako e telele hakaalo? Boprofeta bona boo bo hlalosa hore ho tla etsahala ha Molimo a bōpa “maholimo a macha le lefatše le lecha.”—Esaia 65:17.
Buka ea Tšenolo le eona e profeta ho thehoa ha “leholimo le lecha le lefatše le lecha”—puso e ncha ea leholimo le mokhatlo o mocha oa batho ha Molimo a ‘tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu le sa tl’o hlola le e-ba teng; ’me ho sa tl’o ba le masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.’—Tšenolo 21:1, 4.
Tšepiso ena ea bomolimo e tla phethahatsoa haufinyane. Joale, esita le matsatsi a sefate sa mohloaare a tla bonahala eka ke letsatsi la lihora tse 24 feela. ’Me re tla ba le nako e lekaneng ea ho thabela mosebetsi oa matsoho a rōna ka ho feletseng.