Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 22 leq. 58-leq. 59 ser. 6
  • Barutuoa ba Bane e Tla ba Batšoasi ba Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Barutuoa ba Bane e Tla ba Batšoasi ba Batho
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bitsoa Barutuoa ba Bane
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ho Bitsoa Barutuoa ba Bane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Ho Sebeletsa Joaloka Batšoasi ba Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • O Loanne ka Thata Hore a Hlōle Tšabo le Lipelaelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 22 leq. 58-leq. 59 ser. 6
Jesu o bua le Petrose, Andrease, Jakobo le Johanne lebopong la Leoatle la Galilea

KHAOLO EA 22

Barutuoa ba Banè e Tla ba Batšoasi ba Batho

MATHEU 4:​13-22 MAREKA 1:​16-20 LUKA 5:​1-11

  • JESU O RE BARUTUOA BA HAE BA MO LATELE KA NAKO EOHLE

  • BATŠOASI BA LITLHAPI BA FETOHA BATŠOASI BA BATHO

Ka mor’a hore batho ba Nazaretha ba leke ho bolaea Jesu, o ea Kapernauma haufi le Leoatle la Galilea leo hape le bitsoang “letša la Genesarete.” (Luka 5:1) Taba ena e phethahatsa boprofeta ba Esaia ba hore batho ba Galilea ba lulang pel’a leoatle ba tla bona leseli.​—Esaia 9:​1, 2.

Le mona Galilea, Jesu o phatlalatsa hore “ ’Muso oa maholimo o atametse.” (Matheu 4:​17) Jesu o kopana le barutuoa ba hae ba banè. Ba ne ba tsamaea le eena pejana eaba ha a khutlela Judea bona ba khutlela mosebetsing oa bona oa ho tšoasa litlhapi. (Johanne 1:​35-42) Hona joale, ba lokela ho lula ba e-na le Jesu e le hore a ka ba koetlisetsa hore ba tle ba khone ho tsoela pele ka mosebetsi oa ho ruta ha a se a le sieo.

Ha Jesu a ntse a tsamaea lebopong, o bona Simone Petrose le mor’abo e leng Andrease hammoho le metsoalle e meng ea bona ba ntse ba hlatsoa matlooa. Jesu o ea ho bona, o palama sekepe sa Petrose, ha a qeta o mo kopa hore a se ise hare. Ha ba se ba le sebakanyana, Jesu o lula fatše ’me o qala ho ruta letšoele le lebopong ka ’Muso.

Ka mor’a moo, Jesu o re ho Petrose: “Se hulele moo ho tebileng, ’me le theolele matlooa a lona tlaase hore le tšoase.” Petrose ha a araba o re: “Morupeli, re sehlile bosiu bohle ’me ra se ke ra tšoasa letho, empa ka taelo ea hao ke tla theola matlooa.”​—Luka 5:​4, 5.

Andrease, Jakobo le Johanne ba sitoa ho hulela letlooa ka sekepeng; Petrose o itihela ka pel’a Jesu

Ba theola matlooa ’me ba tšoasa litlhapi tse ngata hoo matlooa a bona a tabohang. Kapele-pele ba hoehla basebetsi-’moho le bona ba sekepeng se haufi hore ba tl’o ba thusa. Ho e-s’o ee kae, likepe tsena tse peli li tlala tsoete! hoo joale li qalang ho teba ka lebaka la boima ba litlhapi. Ha Petrose a bona sena, o itihela ka pel’a Jesu o re ho eena: “Morena, tloha ho ’na, hobane ke monna ea nang le sebe.” Leha ho le joalo, Jesu o re ho eena: “Khaotsa ho ba le tšabo. Ho tloha joale ho ea pele u tla tšoasa batho ba phela.”​—Luka 5:​8, 10.

Jesu o re ho Petrose le Andrease: “Ntšaleng morao, ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho.” (Matheu 4:​19) O bitsa batšoasi ba litlhapi ba bang ba babeli e leng Jakobo le Johanne, bara ba Zebedea. Le bona ba mo sala morao ba sa tsila-tsile. Barutuoa bana ba banè ba siea khoebo ea bona ea ho tšoasa litlhapi ’me ba sebetsa le Jesu kamehla.

  • Banna bao Jesu a reng ba sebetse le eena kamehla ke bo-mang ’me ba etsa mosebetsi ofe?

  • Ke mohlolo ofe o tšosang Petrose?

  • Barutuoa ba banè e se e tl’o ba batšoasi ba eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela