PHELA JOALOKA MOKRESTE
U Tla Thusoa Ke’ng Nakong ea Komello?
Re lokela ho ba le tumelo ho Jehova re be re mo tšepe. Mohlala, ha re e-na le tumelo ho Jehova, ho tla re thusa hore re tšepe hore o tla re sireletsa le ho re hlokomela. (Pes 23:1, 4; 78:22) Ha re ntse re atamela bofelong, re ka lebella hore litlhaselo tsa Satane li tla hloa mekoalaba. (Tše 12:12) Re tla thusoa ke’ng?
SHEBELLANG VIDEO EA U TLA THUSOA KE’NG NAKONG EA KOMELLO? EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Re tšoana le “sefate” seo ho buuoeng ka sona ho Jeremia 17:8 joang?
Mofuta o mong oa “mocheso” ke ofe?
Na mocheso le komello li tla ama “sefate”, hona hobane’ng?
Satane o batla ho senya eng?
Ke joang re tšoanang le batho ba tloaetseng ho tsamaea ka sefofane?
Ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele re tšepa lekhoba le tšepahalang le le masene, hona tšepo eo e ka lekoa joang?
Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa melao-motheo ea Bibele le hoja batho ba bang ba re soma?