Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Ke hobane’ng ha Molula-Qhooa oa September 15, 1988, o bontšitse hore Boprostanta bo itšilafalitse le ho feta Roma e K’hatholike?
Ho ile ha boleloa sena hobane ho tšoanela boprofeta le linnete. Bukeng ea Ezekiele khaolo 23, Ohola le Oholiba ba tšoantšetso ba ile ba hlalosoa e le bana ba motho ba itšoereng hampe. ’Muso oa meloko e leshome oa Iseraele o ne o emeloa ke Ohola, ha Oholiba a ne a emela ’muso oa meloko e ’meli oa Juda. Ha o bua ka basali bana ba tšoantšetso, Molula-Qhooa oa September 15, 1988, o ile oa bolela tjena leqepheng la 21:
“Ka ho latela tsela ea boetsalibe bo boholoanyane ho feta moholoane oa hae, [Ohola, kapa Iseraele], Oholiba (Juda) o ile a oeloa ke tlokotsi ea sechaba matsohong a Babylona ka 607 B.C. E. Bana ba hae ba ile ba oa ka sabole kapa ba qhobjoa ho ea botlamuoeng, ’me o ile a tlotlolloa har’a lichaba. Joaloka Ohola le Oholiba, Bokreste-’mōtoana bo etsa bofebe ba moea, boo e leng sebe mahlong a Molimo oo bo ipolelang hore boa o rapela. Boprostanta, ka likereke tsa bona tse ngata, bo itšilafalitse ka mebuso ea lefatše ea khoebo le ea lipolotiki ka mokhoa o moholo le ho feta moholoane oa bona, Roma e K’hatholike. Ka hona, Jehova o tla tiisa hore Bokreste-’mōtoana kaofela boa timetsoa.”
Ho qala ka Seboka sa Nicaea ka 325 C.E., ’Musisi Constantine o ile a kopanya bolumeli ba bohetene ba naha ea Roma le Bokreste ba bokoenehi ’me ea e-ba hlooho ea Kereke ea K’hatholike e ncha. Ka hona Kereke ea Roma e K’hatholike e ka lokolisa ho ba teng ha eona ho tloha lekholong la bone la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Boprostanta bo ile ba qaleha ka Phetoho e Khōlō ea bolumeli lekholong la bo16 la lilemo. Kahoo, kaha Ohola (Iseraele) o ne a le moholo ho Oholiba (Juda), Molula-Qhooa ka ho loketseng o ile oa bitsa Roma e K’hatholike moholoane oa Boprostanta.
Ho ntse ho le joalo, ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore “Boprostanta . . . bo itšilafalitse ka mebuso ea lefatše ea khoebo le ea lipolotiki ka mokhoa o moholo le ho feta moholoane oa bona, Roma e K’hatholike”? Hobane linnete li lumellana le boprofeta, bo reng: “Oholiba, ngoan’abo, a bona hoo, ’me a bolisa lerato la hae le leholo ho feta eo, a etsa bohlola bo fetang bootsoa ba ngoan’abo.”—Ezekiele 23:11.
E le likarolo tsa Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, Bok’hatholike le Boprostanta ka bobeli bo itšunya-tšuntse ka ho teba likarolong tsa lefatše lena tsa khoebo le lipolotiki. (Tšenolo 17:1-6; 18:1-19) Ke’nete, kereke ka ’ngoe ea Prostanta a ka ’na ea e-ba le tšusumetso e fokolang ho feta Kereke e matla ea Roma e K’hatholike. Empa likereke tse ngata tsa Prostanta ha li kopane li fetisa kereke e le ’ngoe ea K’hatholike ka matla le ka tšusumetso. Ka mohlala, Boprostanta bo fana ka tšusumetso e khōlō linaheng tse ling tse hlahelletseng tšebelisong ea mechine e tsoetseng pele, ’moho le baruti ba bang ba Prostanta ba batlang boemo bo phahameng lipolotiking. Ka hona ena ke tsela e ’ngoe eo Boprostanta, ka likereke tsa bona tse ngata, bo itšilafalitseng haholo ho fetisa Bok’hatholike.
Leha ho le joalo, ka tsela e ’ngoe hape, Boprostanta bo ‘bolisitse lerato la bona le leholo’ ’me bo lokela ho nyatsuoa ho feta Bok’hatholike. Ho joalo joang? Phetoho a Khōlō ea bolumeli bonyane e ile ea fa Boprostanta tšepo le tebello ea leseli le leholoanyane la moea. Ha e le hantle, ba bang ba ileng ba tšehetsa phetoho ea bolumeli ba ile ba nka mehato e tiileng le e babatsehang tabeng ena. Empa ha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e se e boletsoe ’me e entsoe, lithuto tseo eseng tsa Mangolo joaloka Boraro-bo-bong, ho se shoe ha moea oa motho, mollo oa lihele li ile tsa tsoela pele li sa fetoha har’a Maprostanta. Ho tšoana le Mak’hatholike, le ’ona a ’nile a e-ba molato oa ho ameha borapeling ba tse bōpiloeng le ho beha lineano tsa batho sebakeng sa ’nete ea Bibele.—Mattheu 15:1-9; 23:9, 10.
Se thahasellisang tabeng ena ke se ileng sa boleloa ho Vindication, Buka ea Pele, morao koana selemong sa 1931. Leqepheng la 309, tokollo ena ea Watch Tower (e seng e le sieo setokong hona joale) e ile ea re mabapi le Ezekiele 23:11-13: “‘Bolumeli bo hlophisitsoeng’ ba Boprostanta bo ile ba bona kamoo Roma e K’hatholike e ileng ea itšilafatsa ka mebuso ea lefatše lena ea khoebo le lipolotiki, ’me ba bolela ho hongata khahlanong le Mak’hatholike ka lebaka leo; empa ka nako eo Boprostanta bo ile ba ema ’me ba etsa se tšoanang hantle, le se sebe ho feta. . . . Ka bobeli a nkile tsela e tšoanang; empa Boprostanta bo ne bo e-na le tsebo a kholoanyane ho feta Boroma, ’me ka hona bo tšoaneloa ke ho nyatsuoa haholoanyane.”
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Constantine o ile a kopanya Bokreste ba bokoenehi le bolumeli ba mehlolo ba bohetene ba naha ea Roma, kahoo a fetoha hlooho ea Kereke e ncha ea K’hatholike
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
The Metropolitan Museum of Art, Bequest of Mrs. F. F. Thompson, 1926. (26.229)