Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 11/1 maq. 16-17
  • Lefeella la Judea—le Hlobotse Empa le Hapa Maikutlo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefeella la Judea—le Hlobotse Empa le Hapa Maikutlo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • O ile a Hlokomela Iseraele Sinai
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Thuto e Molemo ka Naha e Tšepisitsoeng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Thuto ea 1—Ho Etela Naha e Tšepisitsoeng
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Tlo Hahlaule Leoatleng la Galilea!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 11/1 maq. 16-17

Lintho Tse ka Bonoang Lefatšeng la Pallo

Lefeella la Judea—le Hlobotse Empa le Hapa Maikutlo

U NAHANA eka lefeella la Judea le Lefatšeng la Pallo le tšoana le eng? Ba bang ba nahana ka moru o nkileng sebaka se seholo, o teteaneng. Ba bang ba nahana ka lehoatata le kang la Sahara le nang le masaba-saba a lehlabathe.

Menahanong eo ka bobeli ha ho o tšoanelang lefeella lena, joalokaha u ka bona setšoantšong se ka holimo. Ponong ena, u shebile karolo ea lefeella le amahanngoang le Jesu. Neano e bolela hore Satane o ile a bontša Jesu “mebuso eohle ea lefatše” tlhōrōng ena, e ikhohlileng ka lefeella ’me e shebile motse o khabileng ka lipalema oa Jeriko Phuleng ea Jordane ho elella ka bochabela.—Mattheu 3:1; 4:1-11.

Ho tloha karolong ena e ka leboea-bochabela, lefeella la Judea le theoha le ikhohlile ka lehlakore le ka bophirima la Leoatle le Shoeleng. Mohlomong ho ka u thusa ho iketsetsa setšoantšo sa sebaka sena ka kelellong ea hao haeba u se sheba ’mapeng o sekoahelong sa 1989 Almanaka ea Lipaki tsa Jehova. (Almanaka ena e boetse e na le foto e khōlō ea setšoantšo se ka holimo.) Lefeella lena le (lik’hilomithara tse 16 ho isa ho tse 24) bophara le ka methipoloheng e ka bochabela ea lithaba tsa Judea, tlaase ho ea mabōpong a Leoatle le Shoeleng.

Lithaba tseo li thiba boholo ba mongobo o tlang o e-tsoa Leoatleng la Mediterranean. Ka hona maralla a lejoe le bonolo la mokoetla, a hlobotseng a ka lehlakoreng le ka bochabela a fumana pula e fokolang ntle le nakong ea likhoeli tsa mariha (karolong e ka leboea ea lefatše) tsa Pulungoana le Tšitoe. Ka nako eo joang boa mela, bo nolofalletsa mehlape ea linku ho fula mona. Kahoo, “masaka a linku a majoe” a boletsoeng ho 1 Samuele 24:3 (NW) a tšoanela sebaka sena ka ho nepahetseng.

Joang bo melang mona ha bo tšoarelle nako e telele. Meea ea bochabela e tsoang lehoatateng e potlakela ho omelletsa joang hore bo be bosootho. Hona ho tšoantšetsa hantle hakaakang tlhaloso ea boprofeta: “Joang boa omella, palesa ea foforeha, empa lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”—Esaia 40:8; 1 Petrose 1:24, 25.

Mohlomong Jesu o ile a nahana ka temana ena ha a ntse a tsamaea lefeelleng lena ka matsatsi a 40 le masiu a 40. Nahana kamoo Jesu e tlamehang e be o ile a ikutloa kateng tlas’a letsatsi le tlabolang le theohelang mafikeng a se nang lifate le likhohlong tse tebileng. (Esaia 32:2) Ke ho utloahalang hakaakang hore ka morao ho moo ‘mangeloi a ile a tla ’me a mo sebeletsa’!—Mattheu 4:1-11.

Ka lebaka la ho hlobola ha lona le ho haelloa ha lona ke baahi, lefeella la Judea hangata le ne le sebelisoa joaloka sebaka seo ho tšabeloang ho sona. Ha a ne a baleha Morena Saule ea halefileng, Davida o ile a fumana tšireletso teng, a le hlalosa e le ‘naha e tšehla, e feelleng, e se nang metsi.’ (Pesaleme ea 63:1, 2 le sehlooho; 1 Samuele 23:29) Ka nakoana o ile a ipata ka lehaheng, mohlomong le kang Lehaha la Umm Qatafa le Wadi Khareitun (phula e tlohang bochabela ho Bethlehema ho elella Leoatleng le Shoeleng). (Ba-Heberu 11:32, 38) Ha u talimile u le mona ho tloha lehaheng, u ka bona karolong e ka tlaase ka letsohong le letona linku tse ling tse ntšo li fula limela tse qalikaneng.

Davida o ne a le lehaheng sebakeng sa Ene-Gedi ha Saule a kena ho apesa maoto. Le hoja Davida a ile a seha moleka oa kobo ea Saule, o ne a ke ke a ntša “motlotsuoa oa Jehova” kotsi. Hamorao Davida o ile a hoeletsa Saule, mohlomong e le ha morena a ne a le tlaase har’a litlama-tlama tse ngata. (1 Samuele 24:1-22) U ka ’na ua makala, ‘litlama-tlama tse ngata moo?’

E, ha metsi a le mangata, lefeella lena lea atleha ka limela. Ene-Gedi ke mohlala. Metsi a kollang mafikeng ana a monyang metsi a rōpōha e le liliba le liphororo phuleng ena e kenellang ka lebōpong le ka bophirima la Leoatle le Shoeleng. Hona ho etsa Ene-Gedi sekhoa sa sebele, se tletseng limela tse phelang. Ha u ka etela mona, u ka fumana mefuta e mengata ea lipalesa le litholoana. Hape u ka bona liphoofolo tsa naha, ho qala ka lipela [Procavia syriaca] ho isa ho lipōli tsa thaba [Capra ibex nubiana]; ho bile ho na le mangau sebakeng sena!—1 Samuele 24:2; Sefela sa Lifela 1:14.

Hore lefeella la Judea le ka fetoha le letala joalo ho phaella mononong oa kutloisiso ea rōna ea pono ea Ezekiele ea metsi a phallang ho tloha tempeleng ea Jerusalema. Metsi ana a ile a phalla ho fihlela ha ho matha nōka e phallelang bochabela ho theosa le lefeella la Judea. Ka phello efe? Ezekiele o ile a ngola: “Ka bona lebopong la nōka ho le lifate tse ngata-ngata . . . Litholoana tsa tsona e tla ba lijo, mahlaku a tsona e be sehlare.” Metsi a ne a phallela ka Leoatleng le Shoeleng, a phekola le metsi a lona a se nang bophelo.—Ezekiele 47:1-12; Esaia 35:1, 6, 7.

Kahoo, le hoja lefeella la Judea le e-na le pula e fokolang ’me e le lepala-pala, hape ke sebaka se hapang maikutlo sa lintho tse fapa-fapaneng tse hlahang litlalehong tse ngata tsa Bibele.—Luka 10:29-37.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 16]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 17]

Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela