Part 7—’Muso oa ho Qetela o Moholo oa Lefatše
Ha buka ea Bibele ea Tšenolo e ne e ngoloa, hoo e ka bang lilemo tse 1 900 tse fetileng, e ile ea bolela hore “marena” a mahlano, kapa mebuso ea lefatše, a ne a se a ile a ba teng a ba a feta. Mebuso ena e ne e le Egepeta, Assyria, Babylona, Medo-Persia le Greece. Oa botšelela, Roma, o ne ‘o sa le teng,’ empa oa bosupa o ne o e-s’o fihle. (Tšenolo 17:10) ’Muso oo oa bosupa oa lefatše e ne e le ofe? O ne o bile teng joang? ’Me o tla lateloa ke eng? Likarabelo tsa lipotso tsena tsa bohlokoa ke taba e tla tšohloa sehloohong sena.
KEMISO e khōlō ea histori ea lefatše ho theosa le lilemo tse fetileng tse 2 500 e ile ea fanoa esale pele bukeng e tsamaisitsoeng ka ho pharaletseng ka ho fetisisa eo lefatše le kileng la e tseba. Empa, ha ho bapisoa ke batho ba fokolang haholo ba nang le kopi ea buka eo, Bibele, ba nang le khopolo leha e se e le e nyenyane feela ea boitsebiso bo hlollang boo e bo tšoereng.
Ka mohlala, lilemo tse fetang 500 pele ho tsoalo ea Jesu Kreste, moprofeta Daniele o ile a tlaleha pono e bululetsoeng ke Molimo eo ho eona mebuso e meholo ea lefatše ea ho tloha mehleng ea hae e ileng ea tšoantšetsoa ka libatana tse matla. Sebatana ka seng se ne se e-na le litšobotsi tsa ’muso oa lefatše oo se neng se o tšoantšetsa. ’Muso o matla oa Roma o ile oa hlalosoa e le sebatana se seholo “se tšosang le se tšabehang le se matla ka ho sa tloaelehang.” Daniele o itse “e ne e le ntho e ’ngoe e fapaneng le libatana tse ling kaofela tsa pele ho eona, ’me e ne e e-na le manaka a leshome.”—Daniele 7:2-7, NW.
‘Lenaka le Lenyenyane’
Kamor’a nako, ’Muso oa Roma o ile oa hōla ho fihlela o akarelitse sebaka se neng se tloha Lihleke-hlekeng tse nyenyane tsa Brithani ho theosa le karolo e khōlō ea Europa, ho pota Mediterranean le ho feta Babylona ho ea Mochophorong oa Persia. ’Muso ona o matla o ile oa qetella o tsekollotsoe ho ba lichaba tse ngata—ho ba “manaka a leshome” ao Daniele a a boneng.a Joale Daniele a bona “lenakana le leng le hlaha pakeng tsa a mang, ’me manaka a pele a mararo a khoroloa ke lona.” (Daniele 7:8) Hoo ho ne ho bolela eng?
Daniele o ile a bolelloa: “Manaka a leshome ke marena a leshome, a tlang ho tsoaloa ’musong oo [Roma]; e mong [‘lenaka le lenyenyane’] o tla hlaha ka mora’ ’ona, ea hosele ho a pele, ’me o tla kokobetsa marena a mararo.” (Daniele 7:24) ‘Lenaka le lenyenyane’ e ne e le mang, ’me marena a mararo ao a ileng a a kokobetsa ke bo-mang?
Sehleke-hleke se seng se sebakeng se kathōko se ka leboea-bophirimela ho ’Muso oa Roma se ne se qetile nako e telele se sa kenella litabeng tsa lefatše. Ho joalokaha rahistori e mong a hlalositse: “Lekholong la leshome le metso e tšeletseng la lilemo, Engelane e ’nile ea e-ba ’muso o tlaasana. Leruo la eona le ne le fokola ha le bapisoa le la Netherlands. Baahi ba eona ba ne ba le ka tlaase ho ba Fora. Mabotho a eona a hlometseng (ho akarelletsa likepe tsa eona tsa ntoa) a ne a le ka tlaase ho a Spain.” Leha ho le joalo, Engelane e ile ea eketsa sehlopha sa likepe tsa eona tsa bohlokoa bo itseng, ’me litlokotsebe tsa eona tse tsamaeang le likepe le balaoli ba likepe tsa ntoa ba ile ba qala ho futuhela likolone tsa Spain le likepe tsa Spain tse neng li phakhelletsoe matlotlo.
Manaka a Mararo
Ka 1558 Phillip II oa Spain o ile a futuhela bahlorisi ba hae ba Manyesemane ka Sehlopha sa Likepe tsa Ntoa tsa Spain. Sehlopha sena sa likepe tse 130 tse neng li nkile banna ba kaholimo ho 24 000 se ile sa sesa butle ho nyolosa le Leoatle la Manyesemane, empa sa hlaseloa ke meea e neng e se hlaha kapele le lifefo tse matla tsa Atlantic. Ho Modern Europe to 1870, rahistori Carlton Hayes o ngola hore ketsahalo ena “e ile ea tšoaea ka mokhoa oa makhaola-khang ho fetisetsoa ha borena ba metsing ho tloha ho Spain ho ea ho Engelane.”
Lekholong la bo17 la lilemo, Madutch a ile a haha likepe tse khōlō ka ho fetisisa tsa khoebo lefatšeng. Likepe tsa ’ona li ne li busa maoatle, ’me hohle a ne a alima mebuso liphaello tsa ’ona. Empa ha likolone tsa eona tsa mose ho maoatle li ntse li eketseha, Engelane e ile ea hlōla le mona.
Joale, lekholong la bo18 la lilemo, Manyesemane le Mafora a ile a loana libakeng tse neng li arohane haholo tse kang Amerika Leboea le India, e leng ho ileng ha lebisa Tumellanong ea Khotso ea Paris ka 1763. Mabapi le eona William B. Willcox o ngotse bukeng ea hae Star of Empire—A Study of Britain as a World Power hore le hoja tumellano eo ea khotso e ne e bonahala e le ho sekisetsa, “ha e le hantle e ne e hlokomela boemo bo bocha ba Brithani e le ’muso o kaholimo-limo oa Europa lefatšeng ntle le Europa.”
Bo-rahistori ba bang baa lumela, ba re: “Ho tloha makholong a mabeli a lilemo a ntoa le Maspania, Madutch, le Mafora, Brithani e Khōlō e ile ea phahama ka 1763 e le ’muso o kapele-pele khoebong le likoloneng lefatšeng.” (Modern Europe to 1870) “Ka 1763 ’Muso oa Brithani o ile oa okamela lefatše joaloka Roma e ’ngoe e tsositsoeng le e atolositsoeng.” “O ile oa phahama lintoeng tsa bohareng ba lekholo leo la lilemo e le ’muso o moholo ka ho fetisisa le o matla ka ho fetisisa—le o hloiloeng ka ho fetisisa—oa lefatše.” (Navy and Empire, ea James L. Stokesbury) E, ‘lenaka lena le lenyenyane’ le ne le hōlile ho fetoha ’muso oa bosupa oa lefatše historing ea Bibele.
Manyesemane a ile a nyoloha ka Nile ’me a tšela Nōka ea Zambezi. A ile a kena Burma e Kaholimo, Borneo Leboea, le lihleke-hlekeng tsa Pacific. Ho feta moo, a ile a etsa Canada, Australia, New Zealand, le lebōpo le ka bochabela la Amerika Leboea likolone tsa ’ona. Ho Pax Britannica James Morris oa ngola: “’Muso oa Roma o ne o itjere. ’Muso oa Brithani o ile oa phatlalatsoa le lefatše lohle.” O ile oa fetoha ’muso o moholo ka ho fetisisa historing ea batho, o neng o akarelitse hoo e batlang e le karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea mobu oa lefatše le ho fetang karolo e le ’ngoe ho tse ’nè ea baahi ba lona. Ho ne ho boleloa hore le ka mohla letsatsi ha le likele ’musong oa eona.
’Muso o Kopanetsoeng
Bukeng ea Tšenolo, ’muso ona oa bosupa oa lefatše o ne o boetse o hlalositsoe o e-na le “linaka tse peli tse joale ka tsa konyana.” (Tšenolo 13:11) Linaka tse peli hobane’ng? Hobane ’Muso oa Brithani le sechaba se secha sa Maamerika, tse neng li kopantsoe ke puo e tšoanang, melao-motheo, le maano, ka potlako li ne li sebetsa hammoho. Lintlheng tse ngata, li ile tsa fetoha ’muso oa lefatše o kopanetsoeng le o buang Senyesemane.
Ho Star of Empire William B. Willcox o supa hore lekholong la bo19 la lilemo United States e ne e “sirelelitsoe ho Europa ke sehlopha sa likepe tsa Brithani.” Oa phaella: “Ntle le lintoeng tsa eona tsa kahare ho naha, United States e ne e lokolohile ho hōla ka lekholo le le leng la lilemo hore e be ’muso o matla ntle ho sesole sa fatše le sa metsing tseo ’muso o mong le o mong o moholo o neng o tsebjoa ka tsona.” Amerika “e ’nile ea khona ho itšehla thajana hobane Likepe tsa Ntoa tsa Borena (Royal Navy) e ’nile ea e-ba mosireletsi oa eona khahlanong le mebuso ea Europa.” Hamorao, United States le eona ea fetoha ’muso o moholo oa sesole.
Mohlala o totobetseng oa tšebetso e kopaneng ea Brithani le Amerika o ile oa etsahala ka la 6 Phuptjane, 1944, ha boemo ba Ntoa ea II ea Lefatše Europa leboea bo fetoha. Letsatsing leo, mabotho a 156 000 a Brithani, Amerika, le mabotho a mebuso ea Selekane a ile a futuhela lefatše la Europa. Lebotho lena le kopaneng le ne le le tlas’a taolo e feletseng ea tona ea U.S. le taolo ea mosebetsi ea ofisiri ea sesole ea Brithani—Eisenhower le Montgomery ka ho latelana. Ho feta moo, libomo tsa athomo tse ileng tsa qetella ntoa khahlanong le Japane li ne li hlahisitsoe ke boiteko bo kopanetsoeng ba bo-ramahlale ba Brithani le ba Amerika.
Joalokaha Los Angeles Times ea la 5 Motšeanong, 1986, e bontšitse, esita le nakong ea khotso, Brithani le Amerika li ’nile tsa sebetsa ’moho “libakeng tsa bohlokoahali tse kang liphiri tsa sepolesa le sesole le nuclear technology.” Hamorao Canada, Australia, le New Zealand li ile tsa ikopanya le tsona ’me li “arotse qitikoe ka libaka tsa boikarabelo bakeng sa ho bokella liphiri tsa sepolesa le sesole tsa ba tsa lumellana ho arolelana esita le boitsebiso boo e leng ba sephiri [se tebileng] ka ho fetisisa.” Koranta ena e boletse hore le hoja kamano eo “e sa ba e bonolo kamehla,” e ’nile ea “hlokomeleha haholoanyane bakeng sa katamelano ea eona ho feta likhohlano tsa eona.”
Boholo ba likolone tsa Brithani li fumane boipuso ’me li ikopantse le Lichaba tsa Selekane. Le hoja e ka ’na eaba ’muso oo o ile, ’Muso oa Lefatše oa Maamerika le Manyesemane o ntse o le teng. Empa o tla ba teng ka “nako e khutšoanyane” feela, ha ho bapisoa le makholo a mangata a lilemo ao ’muso oa Roma o tlileng pele ho oona o busitseng ka ’ona.—Tšenolo 17:10, NW.
Puso e Ncha ea Lefatše ka Bophara
Boprofeta ba Daniele mabapi le mebuso e meholo ea lefatše bo ipakile e le ’nete ho theosa le lilemo tse 2 500 tsa bobusi ba lefatše—ho tloha pele ho 500 B.C.E. ho theosa ho tla fihla ’musong oa bosupa oa lefatše oa mehleng ea rōna. Kahona, re ka tšepa le karolo e setseng kaofela ea boprofeta boo. ’Nete e hlollang ke hore ha bo sa bua ka mebuso e meng hape ea lefatše ea batho! Tšenolo le eona e bontšitse hore ho ne ho tla ba le e supileng feela.b Joale, ho tla etsahala eng kamor’a moo?
Khaolo ea 7 ea Daniele, e bolelang ka mebuso ena ea lefatše, e tsoela pele ho hlalosa ntho e ’ngoe e makatsang le ho feta—phetoho e khōlō ea tsela eo lefatše le busoang ka eona! Lipuso tsa batho tse hlōlehang li tla fela ’me li nkeloe sebaka ke puso e lokileng ea leholimo.
Pono ea Daniele e ile ea mo lumella ho bona terone e khahlehang ea leholimo ea “Moholo oa matsatsi,” Jehova Molimo. Ho ile ha tlisoa kapele ho enoa “e mong ea kang mor’a motho”—Jesu Kreste ea tsositsoeng.c Daniele oa tlaleha: “A neoa ’muso, le hlompho, le borena, hore ba mefuta eohle, le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle, ba tle ba mo sebeletse; ’muso oa hae [ho fapana le mebuso ea batho e hlōlehang] ke ’muso o sa feleng, o ke keng oa feta, borena ba hae bo ke ke ba felisoa.”—Daniele 7:9, 10, 13, 14.
Boprofeta ba pejana bo neng bo neiloe Daniele mabapi le eona mebuso eo ea lefatše bo ne bo itse: “Mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae. . . . O tla robaka o felise mebuso eo [ea batho] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng . . . Toro ke ea ’nete, ’me koahollo ea eona e tiile.”—Daniele 2:44, 45.
Bobusi bona ba ’Muso oa Molimo ke bona boo Jesu Kreste a re rutileng ho bo rapella. O itse: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Baahi ba lefatše ba tla thaba hakaakang tlas’a bobusi boo! E tla ba phetoho ho tloha tšoarong e mpe ea batho ho ea tōkeng ea bomolimo, ho tloha tseleng ea motho ea ho etsa lintho e sa phethahalang ho ea litekanyetsong tsa Molimo tse phahameng. Seo Bibele e se bolelang ka tšebetso ea ’Muso oo ke taba e tla tšohloa sehloohong se tlang letotong lena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hangata lenaka, sebetsa se matla, ka Bibeleng le sebelisoa ho tšoantšetsa babusi le malapa a borena a busang.—Deuteronoma 33:17; Zakaria 1:18-21; Tšenolo 17:3, 12.
b Tšenolo 17:11 e bua ka “sebata” seo e leng “morena oa boroba meno e le ’meli, ’me ke e mong oa a supileng.” ’Muso ona oa borobeli o neng o tla ba teng bophelong ba oa bosupa o tla tšohloa sehloohong se tlang.
c Polelo “Mor’a motho” e fumanoa ka makhetlo a ka bang 80 Litlalehong tsa Melaetsa, ’me ka lekhetlo le leng le le leng e bua ka Jesu Kreste.—Bona Mattheu 26:63, 64.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho futuheloa ha Europa ke mabotho a mebuso ea Selekane ka la 6 Phuptjane, 1944, e ne e le mohlala o totobetseng oa tšebelisano-’moho ea Manyesemane le Maamerika
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea U.S. ea Lebotho la Meeling