Lintho tse Boletsoeng Esale Pele tsa Bibele li Tšepahala Hakae?
LIBUKA tsa histori li ngata kajeno. Litlaleho tsena tsa hore na ho etsahetse’ng nakong e fetileng li ipaka li hlolla ka sebele. Ha re li bala, re ka ipona re le libakeng tseo tsa boholo-holo. Menahano ea rōna e ka hlasimoloha ha ho bonahala eka batho, libaka, le liketsahalo li ropoha maqepheng a thotseng.
Bibele ke buka e joalo—e tletseng litlaleho tse hlollang tsa histori. Ho tsoa maqepheng a eona, re ka tloaelana le banna le basali ba kang Abrahama, mosali oa hae Sara, Morena Davida, Mofumahali Esthere, le Tichere e Khōlō, Jesu Kreste. Ha e le hantle, re ka tsamaea le bona, ra utloa seo ba ileng ba se bua, le ho bona seo ba ileng ba se bona. Empa ba bangata ba talima Bibele e le ho fetang buka ea histori feela. Ba lumela hore e tšoere ho ’nileng ha bitsoa histori e ngotsoeng esale pele. Hobane’ng ho le joalo? Hobane Bibele e tletse lintho tse boletsoeng esale pele, kapa boprofeta.
Leha ho le joalo, lintho tse boletsoeng esale pele tsa Bibele li tšepahala hakae? Haeba lintho tse boletsoeng esale pele tsa Bibele li ile tsa phethahatsoa liketsahalong tsa nako e fetileng, na re ke ke ra lebella hore ho boleloa esale pele ho joalo ha liketsahalo tsa nako e tlang ho phethahale? A re hlahlobeng mehlala e meng ho bona hore na lintho tse boletsoeng esale pele tsa Bibele lia tšepahala.
Ho Hlahella Lefatšeng ha Iseraele le Assyria
Moprofeta oa Molimo Esaia, ea ileng a qala ho profeta hoo e ka bang ka 778 B.C.E., o ile a bolela esale pele: “Moqhaka o ikhantšang oa matahoa a Efraime o tla hatakeloa ka maoto. Palesa e ponang ea seroalo sa hae sa bokhabane, e hlorong ea sekhutlo se nonneng, e tla ba joale ka feiga ea pele, kotulo e e-so ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntše letsoho, a e metse.” (Esaia 28:3, 4) Joalokaha ho boletsoe esale pele, ho isa bohareng ba lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., motse-moholo oa Iseraele, Samaria, o ne o tšoana le feiga e butsoitseng e loketseng ho khōloa le ho metsoa ke mabotho a sesole a Assyria. Ke sona se ileng sa etsahala ha Samaria e hlōloa ke Baassyria ka 740 B.C.E.—2 Marena 17:6, 13, 18.
Hamorao e ile ea ba nako ea hore Assyria e be ’muso oa boholo-holo. Motse-moholo oa eona e ne e le Ninive, ’me o ne o tumme ka ho tšoara batšoaruoa ka bokhopo hoo o neng o bitsoa “motse oa mali.” (Nahume 3:1) Jehova Molimo ka boeena o ne a fane ka taelo ea ho timetsoa ha Ninive. Ka mohlala, ka moprofeta Nahume, Molimo o ile a re: “Bona, ke tla ho uena . . . ke tla u tlotlolla, ke u etse ntho e babatsehang; ’me ho tla etsahala hobane bohle ba u bonang ba tla u balehela, ’me ho tla thoe: Ninive o sentsoe!” (Nahume 3:5-7) Sofonia le eena o ile a bolela esale pele ka ho timetsoa ha Assyria le ho etsoa lesupi ha Ninive. (Sofonia 2:13-15) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka 632 B.C.E., ha ka tšohanyetso mabotho a kopaneng a morena oa Babylona Nabopolassar le Cyaxares oa Momede a hapa le ho heletsa Ninive—ka ho feletseng hoo sebaka seo motse oo o neng o le ho sona se sa kang sa tsejoa ka lilemo tse fetang 2 000. ’Muso oa Babylona e ile ea e-ba o latelang ho tšoara marapo.
Ho Timetsoa ha Babylona ho Boletsoe Esale Pele
Bibele e ile ea bolela esale pele hore ’Muso oa Babylona o tla phetholoa ’me ea bolela esale pele kamoo motse-moholo oa oona, Babylona, o neng o tla oa. Hoo e batlang e le lilemo tse makholo a mabeli esale pele, moprofeta Esaia o ile a lemosa hore Nōka ea Eufrate e tla omisoa. E ne e phalla ho feta Babylona, ’me liheke tse neng li le pel’a nōka e ne e le karolo ea bohlokoa ea tšireletso ea motse. Boprofeta bo ile ba bolela hore Cyruse e tla ba mohlōli ’me ba bolela hore “menyako” ea Babylona e ke ke ea koalloa bahlaseli. (Esaia 44:27–45:7) Tumellanong le hoo, Molimo o ile a tiisa hore menyako ea Babylona e ka lehlakoreng la Eufrate e siuoe e butsoe nakong ea mokete bosiung boo mabotho a Cyruse e Moholo a neng a tla hlasela. Ka baka leo, ntle le bothata a ile a kena motseng ka tsela ea nōkeng ’me a hapa Babylona.
Rahistori Herodotus o ile a ngola: “Cyruse . . . o ile a beha karolo ea lebotho la hae sebakeng seo Eufrate e kenang [Babylona] ’me sehlopha se seng sa sesole sebakeng se fapaneng le seo moo e tsoang teng, a fane ka litaelo ho lihlopha ka bobeli ho kena ka nōkeng hang ha ba bona metsi a theohile. . . . O ile a faposa metsi nōkeng eo ho ea letamong (leo e neng e se e le mokhoabo) ka foro eo a neng a e chekile ’me ka tsela ena o ile a fokotsa botebo ba metsi a nōka hoo e ileng ea khona ho tšeleha, ’me lebotho la Persia, le neng le siiloe Babylona ka morero oo, le ile la kena ka nōkeng, eo botebo ba eona bo neng bo fihla seropeng sa monna, ’me, ka ho tsamaea joalo ka har’a eona, ba kena motseng. . . . Ho ne ho e-na le mokete o neng o ntse o tsoela pele, ’me le ha motse o ne o ntse o e-oa ba ile ba tsoela pele ho tjeka le ho ithabisa, ho fihlela ha ba re hepu! ba fumana hore ho senyehile.”—Herodotus—The Histories, e fetoletsoeng ke Aubrey de Selincourt.
Bosiung bona boo, moprofeta oa Molimo Daniele o ile a lemosa ’musi oa Babylona ka timetso e tlang. (Daniele, khaolo 5) Babylona e fokolang ka matla e ile ea tsoela pele ho ba teng lilemo tse makholo a itseng ka mor’a moo. Ka mohlala, lekholong la pele la lilemo C.E. moapostola Petrose o ile a ngola lengolo la hae la pele le bululetsoeng a le moo. (1 Petrose 5:13) Empa boprofeta ba Esaia bo ne bo boletse hona: “Babylona . . . o tla ba joale ka metse ea Sodoma le Gomorrha, mohla e senngoang ke Molimo. A ke ke a tsosoa le ka mohla o le mong.” Molimo o ne a boetse a itse: “Ke tla felisa lebitso la Babylona, le ho setseng ha hae, lekala le lehlomela.” (Esaia 13:19-22; 14:22) Joalokaha ho boletsoe esale pele, Babylona e ile ea qetella e le qubu ea tšenyeho. Ho tsosoa ha motse oo oa boholo-holo ho ka ’na ha khahla bahahlaoli empa ho tla ’ne ho o siee o haelloa ke “lekala le lehlomela.”
Daniele—moprofeta oa Jehova ea neng a le teng Babylona ha e oa—o ile a ba le pono e neng e ama ho hlōla ha Bamede le Bapersia. O ile a bona pheleu e linaka li peli le phooko e nang le lenaka le le leng le leholo pakeng tsa mahlo a eona. Phooko eo e ile ea hlasela pheleu ’me ea e liha fatše, ea roba linaka tsa eona tse peli. Eaba lenaka le leholo la phooko eo lea robeha, ’me sebakeng sa lona ha hlaha linaka tse ’nè. (Daniele 8:1-8) Joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele le histori e ile ea tiisa, pheleu e linaka li peli e ne e emela Medo-Persia. Phooko e ne e emela Greece. Empa ho thoe’ng ka “lenaka le leholo” la eona? Le ile la ipaka e le Alexander e Moholo. Ha lenaka leo le leholo la tšoantšetso le robeha, linaka tse ’nè tsa tšoantšetso (kapa, mebuso) li ile tsa hlaha sebakeng sa lona. Ho phethahatsa boprofeta, hoba Alexander a shoe, ba bane ho balaoli ba hae ba ile ba ipha matla—Ptolemy Lagus Egepeta le Palestina; Seleucus Nicator Mesopotamia le Syria; Cassander Macedonia le Greece; ’me Lysimachus Thrace le Asia Minor.—Daniele 8:20-22.
Lintho tse Boletsoeng Esale Pele ka Bokamoso bo Khanyang
Ho bolela lintho esale pele ha Bibele mabapi le liketsahalo tse tšoanang le ho etsoa lesupi ha Babylona le ho phetholoa ha Medo-Persia e mpa e le mehlala feela ea boprofeta bo bongata ba Mangolo bo ’nileng ba phethahala nakong e fetileng. Bibele e boetse e na le lintho tse boletsoeng esale pele mabapi le bokamoso bo khanyang bo tla phethahala ka baka la Messia, Motlotsuoa oa Molimo.
Lintho tse ling tse boletsoeng esale pele mabapi le Messia ka Mangolong a Seheberu li ’nile tsa sebelisoa ho Jesu Kreste ke bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste. Ka mohlala, bangoli ba Kosepele ba ile ba supa hore Jesu o ile a tsoalloa Bethlehema, joalokaha ho boletsoe ke moprofeta Mikea. (Mikea 5:2; Luka 2:4-11; Johanne 7:42) Ho phethahatsa boprofeta ba Jeremia, bana ba ile ba bolaoa ka mor’a ho tsoaloa ha Jesu. (Jeremia 31:15; Mattheu 2:16-18) Mantsoe a Zakaria (9:9) a ile a phethahala ha Kreste a kena Jerusalema a kaletse petsana ea esele. (Johanne 12:12-15) ’Me ha masole a arolelana liaparo tsa Jesu ka mor’a ho khokhotheloa ha hae, sena se ile sa phethahatsa mantsoe a mopesaleme: “Ba arolelana liaparo tsa ka, ba laola kobo ea ka.”—Pesaleme ea 22:18.
Lintho tse ling tse boletsoeng esale pele ka Messia li bolela ka nako e thabisang bakeng sa moloko oa motho. Ponong, Daniele o ile a bona “e mong ea kang mor’a motho” a amohela “’muso, le hlompho, le borena” ho Jehova, “Moholo oa matsatsi.” (Daniele 7:13, 14) Mabapi le puso ea Bomessia ea Morena eo oa leholimo, Jesu Kreste, Esaia o ile a bolela: “O tla bitsoa Moeletsi ea makatsang, Molimo o matla, Ra-bo-sa-feleng, Morena oa khotso; hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esaia 9:6, 7.
Pele puso ea ho loka ea Messia e nka taolo ka ho feletseng, ntho e ’ngoe ea bohlokoa bo boholo e tlameha ho etsahala. Le eona e ile ea boleloa esale pele ka Bibeleng. Mabapi le Morena oa Bomessia, mopesaleme o ile a bina: “O mohale! u itlamelle sabole ea hao lehlakoreng la hao . . . Khanyeng ea hao u hloelle koloing ea hao ea hlōlo, u loanele ’nete le molemo le ho loka.” (Pesaleme ea 45:3, 4) Mabapi le mehla ea rōna, Mangolo a ile a boela a bolela esale pele: “Empa mehleng ea marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso o ke keng oa senyeha ka ho sa eeng kae, ’me borena ba oona bo ke ke ba fetela ho sechaba se seng; o tla robaka o felise mebuso eo kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.
Pesaleme ea 72 e fana ka ponelo-pele ea maemo tlas’a puso ea Messia. Ka mohlala, “mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.” (Temana 7) Ho ke ke ha e-ba le khatello kapa pefo. (Temana 14) Ha ho na ea tla lapa, hobane “nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.” (Temana 16) Ak’u nahane feela! U ka thabela litlhohonolofatso tsena le tse ling paradeiseng e lefatšeng ha tsamaiso ena ea lintho e nkeloa sebaka ke lefatše le lecha la Molimo le tšepisitsoeng.—Luka 23:43; 2 Petrose 3:11-13; Tšenolo 21:1-5.
Kahoo, ka sebele ho bolela lintho esale pele ha Bibele ho lokeloa ke hore u etse lipatlisiso ka hona. Ka lebaka leo, ke hobane’ng ha u sa botse Lipaki tsa Jehova bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng? Tlhahlobo ea boprofeta ba Bibele e tla u thusa ho bona moo re leng teng kemisong ea nako. E ka boela ea phahamisa pelong ea hao kananelo e tebileng ea Jehova Molimo le tlhophiso ea hae e babatsehang bakeng sa tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng ho bohle ba mo ratang le ho mo utloa.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Na u tseba se boleloang ke pono ea Daniele e amang phooko le pheleu?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Na u tla ba teng ho thabela phethahatso ea lintho tse boletsoeng esale pele ke Bibele ka bophelo bo thabileng lefatšeng la paradeise?