Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 7/15 maq. 28-30
  • Almanaka ea Sejode e Nepahetse Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Almanaka ea Sejode e Nepahetse Hakae?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Beha Nako eo ho Qaloang ho Eona
  • “Mehla ea Pōpo”
  • Motheo Bakeng sa Nako ea Tatellano ea Liketsahalo
  • Lineano le Litlhaloso
  • Reliki ea Bolumeli
  • Bojode Ho Batla Molimo ka Mangolo le Neano
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Thuto ea 3—Ho Lekanya Liketsahalo Kemisong e sa Khaotseng ea Nako
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Matsatsi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Karolo 10: 537 B.CE. ho ea pele—Ho Ntse ho Lebelletsoe Messia
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 7/15 maq. 28-30

Almanaka ea Sejode e Nepahetse Hakae?

HO LATELA almanaka ea Sejode, Labone la la 16 September, 1993, e ne e le letsatsi la mokete oa Rosh Hashanah. Ho ea ka neano shofar, kapa terompeta ea lenaka la pheleu, e ne e letsetsoa ho phatlalatsa ho fihla ha selemo se secha. Selemo seo ke 5754 (almanakeng ea Sejode), ’me se qalehile ka la 16 September 1993, ho isa ho la 5 September, 1994.

Li sa tloha feela, rea hlokomela hore ho na le phapang ea lilemo tse 3 760 lipakeng tsa mokhoa oa ho bala nako oa almanaka ea Sejode le ea Bophirimela, kapa ea Gregory, e sebelisoang ka ho tloaelehileng hona joale. Ke hobane’ng ha ho e-na le phapang ena? ’Me almanaka ea Sejode e nepahetse hakae?

Ho Beha Nako eo ho Qaloang ho Eona

Mokhoa leha e le ofe oa ho bala nako o tlameha ho ba le nako e tobileng eo ho qaloang ho eona kapa eo ho ka suptjoang ho eona. Ka mohlala, Bokreste-’mōtoana bo bala nako ho tloha selemong seo ho neng ho lekanngoa hore Jesu Kreste o ile a hlaha ka sona. Matsatsi a ho tloha ka nako eo ho thoe ke a mehla ea Bokreste. Hangata a khetholloa ka letšoao A.D., le tsoang lentsoeng la Selatine anno Domini, e bolelang “selemong sa Morena.” Matsatsi a pele ho mehla eo a tšoauoa e le B.C., “Before Christ [Pele ho Kreste].”a Ka ho tšoanang neano ea Sechaena e bala nako ho tloha ka 2698 B.C.E., tšimoloho ea puso ea Huang-Ti oa tšōmong, Moemphera e Mosehla. Kahoo, la 10 February, 1994, le ile la tšoaea ho thoasa ha selemo sa Sechaena se baloang ho latela khoeli e holimo sa 4692. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka almanaka ea Sejode?

The Jewish Encyclopedia e re: “Mokhoa o tloaelehileng hona joale har’a Bajode oa ho tlaleha letsatsi la ketsahalo e itseng ke oa ho bolela palo ea lilemo tse fetileng ho tloha pōpong ea lefatše.” Mokhoa ona, o tsebahalang har’a Bajode e le Mehla ea Pōpo, o ile oa sebelisoa ka ho pharaletseng hoo e ka bang lekholong la borobong la lilemo C.E. Kahoo, ka tloaelo almanakeng ea Sejode matsatsi a etelloa pele ke letšoao le khethollang la A.M. Le emela anno mundi, e leng khutsufatso ea ab creatione mundi, e bolelang “ho tloha pōpong ea lefatše.” Kaha selemo sena se holimo ke A.M. 5754, ho latela mokhoa ona oa ho bala nako, “pōpo ea lefatše” e nkoa e etsahetse lilemong tse fetileng tse 5 753. A re boneng hore na nako eo e fumanoe joang.

“Mehla ea Pōpo”

Encyclopaedia Judaica (1971) e fana ka tlhaloso ena: “Ho latela ho sebetsoa ha lipalo tse fapa-fapaneng tsa bo-rabbi ‘Mehla ea Pōpo’ e qalehile lehoetleng la se seng sa lilemo tse pakeng tsa 3762 le 3758 B.C.E. Leha ho le joalo, ho tloha lekholong la bo12 la lilemo C.E. ho ile ha amoheloa hore ‘Mehla ea Pōpo’ e qalehile ka 3761 B.C.E. (ka la 7 Oct. selemong seo, ha re bua ka nepo). Ho sebetsoa hona ha lipalo ho thehiloe holim’a ho lumellanya nako ea liketsahalo tse fumanoang ka Bibeleng le boitsebiso bo fumanoang ho lingoliloeng tsa Sejode tsa pele tse ngotsoeng ka morao ho Bibele.”

Mokhoa ona oa ho bala matsatsi ho tloha “pōpong ea lefatše” ha e le hantle o thehiloe litlhalosong tsa bo-rabbi tsa tlaleho ea Bibele. Ka lebaka la tumelo ea bona ea hore lefatše le tsohle tse ho lona le ile la bōptjoa ka matsatsi a sebele a tšeletseng a lihora tse 24, litsebi tsa bo-rabbi, hammoho le tsa Bokreste-mōtoana, li nka hore pōpo ea motho oa pele, Adama, e etsahetse selemong se le seng le sa pōpo ea lefatše. Leha ho le joalo, sena ha sea nepahala ho hang.

Khaolo ea pele ea Genese 1 e qala ka ho re: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” Joale e tsoela pele ho hlalosa seo Molimo a ileng a se etsa ka “matsatsi” a tšeletseng a latellanang e le ho fetola lefatše ho le tlosa boemong ba ho “hloka sebopeho, le le feela” ho le fetolela boemong ba hore le lokele ho ahuoa ke batho. (Genese 1:1, 2) E ka ’na eaba ho ile ha feta lilemo tse limilione lipakeng tsa methati ena e ’meli. Ho feta moo, matsatsi a pōpo a ne a se bolelele ba lihora tse 24, joalokaha eka mesebetsi ea ’Mōpi e ne behetsoe meeli ke tekanyetso e joalo. Hore “letsatsi” ho latela litemana tse potolohileng taba le ka ba lelelele ho feta lihora tse 24 ho bontšoa ke Genese 2:4 (NW), e buang ka linako tsohle tsa pōpo e le “letsatsi” le le leng. Ho ile ha feta likete-kete tsa lilemo lipakeng tsa letsatsi la pele la pōpo le la botšelela, ha Adama a bōptjoa. Ho beha nako ea ho bōptjoa ha Adama nakong e tšoanang le ea pōpo ea maholimo a sebele le lefatše ha ho lumellane le Mangolo kapa saense. Leha ho le joalo, ke joang ho ileng ha lekanyetsoa hore “Mehla ea Pōpo” e qalile ka 3761 B.C.E.?

Motheo Bakeng sa Nako ea Tatellano ea Liketsahalo

Ka bomalimabe, boholo ba lingoliloeng tsa Sejode tseo ho sebetsoa ha lipalo tse ntseng li hlahlojoa ho neng ho thehiloe ho tsona ha li sa le eo. Ho setseng ke buka ea nako ea tatellano ea liketsahalo eo pele e neng e bitsoa Seder ʽOlam (Taolo ea Lefatše). E amahanngoa le setsebi sa Sehlopha sa Lineano tsa Bajode sa lekholo la bobeli la lilemo C.E. Yose ben Halafta. Buka ena (hamorao e ile ea bitsoa Seder ʽOlam Rabbah e le ho e khetholla Tlalehong ea histori e qapiloeng le e tsoelang pele ea Lilemo tse Bohareng e bitsoang Seder ʽOlam Zuṭa) e fana ka histori ea nako ea tatellano ea liketsahalo ho tloha ho Adama ho isa lekholong la bobeli la lilemo C.E. Bajode ba ile ba fetohela Roma tlas’a Messia oa bohata Bar Kokhba. Mongoli o ile a fumana boitsebiso bo joalo joang?

Le hoja Yose ben Halafta a ne a leka ka matla ho latela tlaleho ea Bibele, o ile a kenyeletsa litlhaloso tsa hae moo temana e neng e sa hlakisa matsatsi a amehang. The Jewish Encyclopedia e re: “Maemong a mangata, . . . o ile a fana ka matsatsi tumellanong le neano, ’me ka ntle ho moo, a kenyeletsa lipolelo le halakot [lineano] tsa bo-rabbi ba tlileng pele le tsa ba mehleng ea hae.” Ba bang ba lumellana ka mokhoa o fokolang likhakanyong tsa bona. The Book of Jewish Knowledge e tiisa ka matla hore: “O ile a bala ho tloha Mehleng ea Pōpo, ’me ka ho loketseng, a amahanya matsatsi a se nang bopaki bo tsitsitseng le liketsahalo tse fapa-fapaneng tsa Sejode tseo ho neng ho hakanngoa hore li etsahetse ho tloha ho motho oa pele, Adama, ho isa ho Alexandere e Moholo.” Empa ha e le hantle litlhaloso tse joalo le lihlomathiso li ka ama ho nepahala le bonnete ba nako ea tatellano ea liketsahalo ea Sejode joang? A re boneng.

Lineano le Litlhaloso

Tumellanong le lineano tsa bo-rabbi, Yose ben Halafta o ile a hakanya hore tempele ea bobeli ea Jerusalema e bile teng ka lilemo tse 420 ka kakaretso. Sena se ne se thehiloe holim’a tlhaloso ea bo-rabbi ea boprofeta ba Daniele ba ‘liveke tse mashome a supileng,’ kapa lilemo tse 490. (Daniele 9:24) Nako ena e ile ea sebelisoa mabapi le mehla e lipakeng tsa ho timetsoa ha tempele ea pele le ho ripitloa ha ea bobeli. Ka mor’a ho tlosa lilemo tse 70 tsa botlamuoa Babylona, Yose ben Halafta o ile a fihlela qeto ea hore tempele ea bobeli e bile teng ka lilemo tse 420.

Leha ho le joalo, tlhaloso ena, e thulana le bothata bo tebileng. Ka bobeli selemo sa ho timetsoa ha Babylona (539 B.C.E.) le sa ho ripitloa ha tempele la bobeli (70 C.E.) ke linako tse tsebahalang tsa histori. Kahoo, bolelele ba nako ea ho ba teng ha tempele ea bobeli e ne e tla ba lilemo tse 605 ho e-na le ho ba lilemo tse 420. Ka ho beha lilemo tse 420 feela nakong ena, nako ea tatellano ea liketsahalo ea Sejode e haella ka lilemo tse 185.

Boprofeta ba Daniele ha bo mabapi le hore na ke halelele hakae tempele ea Jerusalema e neng e tla ba teng. Ho e-na le hoo, bo ile ba bolela esale pele nako eo Messia a neng a tla hlaha ka eona. Boprofeta bona bo bontša ka ho hlakileng hore “ho tloha ha ho tsoile lentsoe la hore Jerusalema e tsosolosoe le ho hahuoa hape ho fihlela ho Messia Moeta-pele, ho [ne ho tla] ba le libeke tse supileng, hape le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.” (Daniele 9:25, 26, NW) Ha ho raloa motheo oa tempele ka selemo sa bobeli sa ho khutla ha Bajode botlamuoeng (536 B.C.E.), “lentsoe” la hore Jerusalema e hahuoe hape ha lea ka la tsoa ho fihlela “ka selemo sa mashome a mabeli sa ho busa ha Artakserksese.” (Nehemia 2:1-8) Histori ea lefatše e nepahetseng e tiisa 455 B.C.E. e le sona selemo seo. Ha re bala re ea pele ‘liveke’ tse 69, kapa lilemo tse 483, li re tlisa ho 29 C.E. Eo e bile nako ea ho hlaha ha Messia, kolobetsong ea Jesu.b

Ntlha e ’ngoe ea litlhaloso tsa bo-rabbi e bakileng ho se lumellane ho hoholo ka nako ea tatellano ea liketsahalo tsa Sejode e amana le nako ea tsoalo ea Abrahama. Bo-rabbi ba ile ba kopanya lilemo tsa meloko e hlahlamanang e tlalehiloeng ho Genese 11:10-26 ’me ba kenyeletsa lilemo tse 292 nakong ea ho tloha Moroallong ho isa tsoalong ea Abrahama (Abrame). Leha ho le joalo, bothata bo lutse tlhalosong ea bo-rabbi ea temana ea 26, e reng: “Tera a phela lilemo tse mashome a supileng, ’me a tsoala Abrame, Nakore le Harane.” Ho sena, neano ea Bajode e nka hore Tera o ne a le lilemo li 70 ha Abrame a tsoaloa. Leha ho le joalo, temana ena ha e bolele ka ho tobileng hore Tera o ile a tsoala Abrahama ha a le lilemo li 70. Ho e-na le hoo, e mpa feela e bolela hore o ile a ba le bara ba bararo ka mor’a ho ba le lilemo tse 70.

Ho fumana lilemo tse nepahetseng tsa Tera ha Abrahama a tsoaloa, ho hlokahala feela hore re bale tlalehong ea Bibele. Ho Genese 11:32–12:4, re ithuta hore ka mor’a ho shoa ha Tera ha a le lilemo li 205, Abrahama le lelapa la hae o ile a tloha Harane ka taelo ea Jehova. Ka nako eo Abrahama o ne a le lilemo li 75. Kahoo, Abrahama o tlameha a ile a hlaha ha Tera a le lilemo li 130, ho e-na le 70. Kahoo, nako ea ho tloha Moroallong ho ea tsoalong ea Abrahama e bile lilemo tse 352, ho e-na le hoba lilemo tse 292. Mona nako ea tatellano ea liketsahalo ea Sejode e fositse ka lilemo tse 60.

Reliki ea Bolumeli

Liphoso tse joalo le ho se lumellane ho Seder ‘Olam Rabbah le libuka tse ling tsa Sehlopha sa Lineano tsa Bajode tsa nako ea tatellano ea liketsahalo li bakile tlotlollo e khōlō le phehisano e khōlō har’a litsebi tsa Bajode. Le hoja ho entsoe boiteko bo boholo ba ho lumellanya hape nako ea tatellano ena ea liketsahalo le linnete tsa histori tse tsejoang, ha bo ea ba le katleho e feletseng. Ke hobane’ng ha ho sa ba joalo? Encyclopaedia Judaica ea hlokomela: “Thahasello ea bona e ne e se hakaalo ho ithuteng joaloka bolumeling. Neano e ne e lokela ho khomareloa ho sa tsotellehe liphello, haholo-holo ha ba tobane le litho tsa sehlotšoana sa bokhelohi tse hanyetsang.” Ho e-na le ho felisa pherekano e bakoang ke lineano tsa bona, litsebi tse ling tsa Bajode li ile tsa leka ho nyelisa litlaleho tsa Bibele. Tse ling li ile tsa leka ho fumana tšehetso litšōmong le lineanong tsa Babylona, Egepeta, le tsa Bohindu.

Ka lebaka leo, bo-rahistori ha ba sa talima “Mehla ea Pōpo” e le karolo ea nako ea tatellano ea liketsahalo eo ho ka itšetlehoang ka eona. Litsebi tse seng kae tsa Bajode li ne li tla etsa boiteko ba ho e sireletsa, ’me esita le libuka tseo e leng mohloli oa boitsebiso tse kang The Jewish Encyclopedia le Encyclopaedia Judaica ka kakaretso ha li na pono e ntle ka eona. Kahoo, mokhoa oa neano ea Bajode oa ho bala nako ho tloha pōpong ea lefatše o ke ke oa talingoa e le o nepahetseng ho latela pono ea nako ea tatellano ea liketsahalo tsa Bibele, kemiso ea nako ea boprofeta ba Jehova Molimo bo ntseng bo senoloa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ka bobeli bopaki ba Bibele le ba histori bo supa tsoalong ea Jesu Kreste selemong sa 2 B.C. Ka hona, molemong oa ho nepisisa, ba bangata ba khetha ho sebelisa matšoao C.E. (Common Era [Mehla e Tloaelehileng]) le B.C.E. (Before the Common Era [Pele ho Mehla e Tloaelehileng]), ’me ena ke eona tsela eo matsatsi a bontšoang ka eona likhatisong tsa Mokhatlo oa Watch Tower.

b Bakeng sa makolopetso, bona Insight on the Scriptures, Volume 2, maqephe 614-16, 900-902, kapa “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”, Thuto ea 3, serapa 18, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc. le Molula-Qhooa October 1, 1992, leqephe 11, lirapa 8-11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela