Pono ea Bibele
Na Bajode ke Bakhethoa ba Molimo?
HO THEHOA ha lehae la Bajode ka 1948 ebile ketsahalo e bohloko ho baruti ba Bokreste-’mōtoana. Ka makholo a lilemo ba bangata ba ile ba ruta hore Bajode ba ile ba ahloloa ka hore ba solle lefatšeng ka lebaka la sebe sa bona khahlanong le Kreste, ’me joale “Bajode ba sollang” ba ke ke ba hlola ba solla.
Joalokaha liketsahalo tsa joale Bochabela bo Hare li tsoela pele ho lebisa tlhokomelo ho Bajode, joale ho phahama lipotso ka litseko tseo e leng khale li lokisitsoe. Na Bajode e sa ntse e le bakhethoa ba Molimo? Na hona joale Molimo o bontša Bajode mosa o khethehileng?
Makholong a lilemo a fetileng, Molimo o ile oa bolella Baiseraele: “’Me joale ekare ha le fela le utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka. Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se khethiloeng.” (Exoda 19:5, 6) Lichaba tsohle e ne e le tsa Molimo, empa Baiseraele e ne e ka ba letlotlo la hae le khethehileng, ’me qetellong ba sebeletse e le baprista molemong oa batho bohle.
Empa na kamano ena e khethehileng le Molimo e ne e ke ke ea fetoha? Che! Molimo o ne o itse: “Ekare ha le ka utloa lentsoe la ka . . . le tla ba letlotlo la ka la sebele.” Kahoo ho tsoela pele ha bona kamanong e khethehileng le Molimo ho ne ho entsoe ka tlas’a mabaka a itseng, ho itšetlehile ka ho tsoela pele ha bona ba tšepahala ho eena.
Setšoantšo se Matla
Sena se ile sa hatelloa ke liketsahalo tsa lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., mehleng ea moprofeta Hosea. Ho sa tsotellehe ho bontša mosa o khethehileng e le bakhethoa ba Molimo, Baiseraele ba bangata ba ile ba lahla borapeli ba ’nete ba Jehova. Karabelo ea Jehova ebile efe? “Hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ea Iseraele ka ho e tšoarela. . . . Hobane lōna, ha le sechaba sa ka, le ’na ha ke sa le oa lōna.” (Hosea 1:6, 9) Kahoo, Baiseraele bao ba bakoenehi ba ne ba ke ke ba lula mohaung oa Molimo. Ka letsatsi le leng e ne e tla ba feela masala a tšepahalang a neng a tla ba le monyetla oa ho tsosolosoa ’me a latsoe tlhohonolofatso ea bomolimo.—Hosea 1:10.
Ka lebaka la boprofeta bona, Molimo o ile oa tlohella Baiseraele ho isoa botlamuoeng ke lira tsa bona le hore tempele ea bona e senngoe, ’me sena sa bontša ka matla ho lahleheloa ha bona ke kamano e amohelehang le oona. Ke feela masala a tšepahalang a Baiseraele (ao nakong eo a neng a tsejoa e le Bajode) a ileng a khutla botlamuoeng ka 537 B.C.E. a tsosolosa tempele ea Jehova ’me a boela a thabela mosa oa Jehova hape e le bakhethoa ba hae.
Ke Feela “Masala” a Lulang a Tšepahala
Leha ho le joalo, makholong a lilemo a ileng a latela, Bajode ba ile ba tšoenngoa ke tšusumetso ea likhopolo tsa filosofi ea Plato—joaloka thuto ea Plato ea ho se shoe ha moea—’me sena sa ba le liphello tse bohloko borapeling ba bona. Borapeli boo bo ne bo ke ke ba hlola bo theoa lithutong tsa Moshe le baprofeta ba ba Baheberu.
Na Jehova o ne a tla tsoela pele ho talima Bajode e le bakhethoa ba hae? Ka ho hopola hore ba bangata ba ile ba boela ba koenehela borapeli ba Jehova bo hloekileng, Jesu o ile a re: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.” (Mattheu 21:43) Ka ho hlōleha ho ela keletso eo hloko, ba bangata ba ile ba tsoela pele ka tsela ea bona ea bokoenehi ’me ba hana Jesu e le motlotsuoa oa Jehova. Kahona, ha hoa nka nako e telele ka mor’a moo hore Jehova a ba lumelle ho tsosolosa tempele hore e senngoe ka 70 C.E. (Mattheu 23:37, 38) Na sena se ne se bolela hore joale Molimo o ne o lahla Bajode bohle?
Ho joalokaha Pauluse moapostola oa Kreste a bolela: “Molimo ha oa lahla sechaba sa oona, seo o se tsebileng pele. . . . Molimo o ipoloketse masala, ka boikhethelo ba mohau.” (Ba-Roma 11:2, 5) Ho joalokaha ba bangata ba ka memeloa moketeng oa lenyalo empa e le ba ’maloa feela ba tla ba teng, Molimo o ile oa memela sechaba sohle sa Bajode kamanong e khethehileng le eena, empa ke feela masala a bana a ileng a boloka kamano eo e khethehileng ka botšepehi ba oona. Ruri mamello ea Molimo e ne e le pontšo ea mosa o sa tšoanelang!
“Sechaba Seo e Seng sa ka” se Fetoha “Sechaba sa ka”
Kapele masala ana a tšepahalang a Bajode a ile a kopanela le balichaba ba neng ba lakatsa ho sebeletsa Molimo. Le hoja baholo-holo ba bona ba ne ba se kamanong e khethehileng le eena, joale Jehova o ne a ikemiselitse ho amohela balichaba bana e le sechaba sa hae. Ha Pauluse a hlokomela sena o ile a ngola: “Ke ka hoo o re bitsitseng, e seng har’a ba-Jode feela, empa le har’a balichaba [bao e seng Bajode] joale ka ha o boletse le ka Hosea, ha o re: Sechaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa sechaba sa ka.”—Ba-Roma 9:22-25.
Ka lebaka leo, Bajode le Balichaba e ne e ka ba bakhethoa ba Molimo, hammoho le ho ba le litebello tsa ho sebeletsa e le baprista molemong oa batho bohle. Ha moapostola oa Mokreste Petrose eo e neng e le Mojode ka tlhaho a bua le barapeli ba tšepahalang ba lichaba tse fapaneng, o ile a ngola: “Empa ha e le lōna, le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng . . . Lōna bao le neng le se sechaba pele, empa joale le sechaba sa Molimo.” (1 Petrose 2:9, 10) Bana e ne e le “sechaba,” batho ba nang le litšoaneleho tsa bomolimo, sechaba seo Jesu a boletseng hore se ne se tla beha ‘litholoana tsa ’Muso oa Molimo’ ’me ebe se thabela kamano e khethehileng le Jehova.—Mattheu 21:43.
Molimo o ne o batla tumelo le boitšoaro bo lokileng ha o khetha bana bao e neng e tla ba baprista, eseng leloko le khethehileng. Ho joalokaha Petrose a hlokometse: “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.”—Liketso 10:34, 35.
Kahoo, Molimo ha o sa neha motho leha e le ofe mosa o khethehileng motheong oa tlhaho. O neha batho ba lichaba tsohle monyetla oa ho haha kamano le eena. E se eka re ka bontša hore re lakatsa ho ba batho ba Molimo ka tumelo ea rōna le boitšoaro.