Lithuto Tse Tsoang Mangolong: Hosea 1:1-14:9
Jehova Molimo oa Rōna o Mohau
JEHOVA ke “Molimo o tletseng tšoarelo le mohau le lereko, o liehang ho halefa, o tletseng khauhelo.” (Nehemia 9:17) O itšoarella litekanyetsong tsa hae tse lokileng empa o mema baetsalibe ho baka le ho thabela kamano e molemo le eena. See se ile sa tšoantšetsoa hamolemo hakaakang ke seo Molimo o ileng oa se bolella Baiseraele ba khelohileng ka moprofeta oa hae Hosea!
Buka ea Bibele e nang le lebitso la Hosea e ile ea phethoa ke moprofeta seterekeng sa Samaria ka mor’a tšebeletso ea hae e telele ea lilemo tse ka bang 59 (ho tloha hoo e ka bang ka 804 B.C.E. ho fihlela ka mor’a 745 B.C.E.). Hosea o profetile ’Musong oa meloko e leshome oa Iseraele mehleng ea Morena Jeroboame II le mehleng ea babusi ba Juda Oziase, Jothame, Akaze, le Ezekiase. (Hosea 1:1) Kaha Iseraele e ile ea hlokomoloha mehoo ea hore e bake, sechaba se ile sa oela ho Baassyria, ’me motse-moholo oa sona, Samaria, o ile oa timetsoa ka 740 B.C.E. Le hoja boprofeta ba Hosea bo ne bo lebisitsoe ka ho toba ho batho ba makholong a fetileng a lilemo, bo na le seo bo ka re rutang sona ka mohau oa Molimo oa rōna, Jehova.
Tsela ea Bokhelohi ea Iseraele
Jehova o fana ka mohau motheong oa pako e tlohang pelong ea moetsalibe. (Pesaleme ea 51:17; Liproverbia 28:13) Boikemisetso ba Molimo ba ho bontša Iseraele mohau bo ile ba tšoantšetsoa ka litšebelisano tsa Hosea le mosali oa hae, Gomere. Joalokaha a ne a laetsoe, o ile a inkela “mosali oa mofebi.” Hoba a tsoalle Hosea ngoana a le mong, ho bonahala Gomere a ile a ba le bana ba babeli ba bofebe. Ho ntse ho le joalo, moprofeta ka mohau o ile a lata mosali oa hae. Ka ho tšoanang, Iseraele e ne e tšoana le mosali ea sa tšepahaleng ho Jehova, ka phoso ea fa molimo oa bohata Baale thoriso. Empa Jehova o ne a ikemiselitse ho ba bontša mohau haeba ba ne ba ka bakela bofebe ba bona ba moea.—1:1-3:5.
Baetsalibe ba lakatsang ho fumana mohau oa Molimo ba tlameha ho khutla tseleng ea bona ea boetsalibe ’me ba lumellane le tsebo ea Molimo. (Pesaleme ea 119:59, 66, 67) Jehova o ne a e-na le tseko ea molao le baahi ba Iseraele hobane ho ne ho se ’nete, mosa o lerato, le tsebo ea Molimo lefatšeng la bona. Kaha ba ne ba latotse tsebo, Jehova o ne a tla ba latola. Iseraele le Juda tsa bafebi li ne li tla lokela ho ikarabella. Empa ho ne ho ile ha boleloa esale pele hore ba ne ba tla batla Molimo ha ba le ” tlokotsing.”—4:1-5:15.
Ho Kotula Sefefo!
Mesebetsi e tšoanelang pako ea hlokahala haeba baetsalibe ba tla fumana mohau oa Molimo. (Liketso 26:20) Hosea o ile a kōpa: “A re khutleleng ho Jehova.” Empa mosa o lerato oa Iseraele (e ne e bitsoa Efraime ka baka la leloko la eona le leholo) le Juda o ne o “le joale ka phoka e tlohang kapele.” Batho ba ne ba ile ba hatakela selekane sa Molimo ’me ba sa ka ba hlahisa litholoana tse tšoanelang pako. ‘Joale ka leeba le sethoto; le se nang kelello,’ ba ile ba batla thuso ho Egepeta le Assyria. Empa mehato ena ea bopolotiki e ne e ke ke ea hlola e ba tsoela molemo joaloka “seqha se sa tšepeheng” se sitoang ho tsoibilela metsu nthong eo se lokelang ho e hlaba.—6:1-7:16.
Ho kotula se molemo, bao ba batlang mohau oa Jehova ba tlameha ho jala se molemo. (Ba-Galata 6:7, 8) Kaha Baiseraele ba ile ba lahla se molemo, ba ile ba kotula se sebe. ‘Ba ile ba ’na ba jala moea, ’me ba kotula sefefo.’ Molimo o ne o tla ‘khalemela libe tsa bona,’ ’me ba ne ba ke ke ba kotula mohau oa oona empa kahlolo ea oona e matla. E ne “e tla ba basepeli har’a lichaba,” khapo ea Assyria e le eona e koleketseng haholoanyane boemong bona.—8:1-9:17; Deuteronoma 28:64, 65; 2 Marena 15:29; 17:1-6, 22, 23; 18:9-12; 1 Likronike 5:26.
Re tla ’ne re fumane molemo mohaung oa Molimo hafeela re tsoela pele ho ananela lintho tse halalelang. (Ba-Heberu 12:14-16) Baiseraele ba ne ba se na kananelo e joalo. Ho e-na le ho jalla lipeō tsa bona ho lokeng le ho kotulela moseng o lerato, ba ile ba lema bokhopo ’me ba kotula ho hloka toka. Molimo o ile oa ntša Iseraele Egepeta joaloka mora, empa lerato la Oona le ile la lefetsoa ka bolotsana. Jehova o ile a eletsa: “U khutlele ho Jehova, u boloke mohau le ho loka.” Empa Efraime o ile a ameha ketsong e mpe e tebileng ’me o ne a tšoaneloa ke khalemelo ho e-na le mohau.—10:1-12:14.
Khutlelang ho Jehova
Esita le ba etsang phoso e tebileng ba ka khutlela ho Jehova ’me ba bontšoa mohau. (Pesaleme ea 145:8, 9) Hosea o ile a bua hape ka tlhokomelo e lerato ea Molimo ho Baiseraele. Le hoja sechaba se ile sa furalla Jehova, o ile a tšepisa hore o tla se khutlisa, ha a re: “Ke tla ba lopolla matleng a nģalo ea bafu, ke ba namolele lefung.” Samaria (Iseraele) e ne e tla lokela ho lefa moputso oa bofetoheli. Empa Baiseraele ba ile ba phehelloa ho khutlela ho Molimo ka mantsoe a molemo, ‘mahlabelo a maleme.’ Boprofeta bo ile ba qetella ka khopolo e tšelisang ea hore ba bohlale le ba lokileng ba tsamaeang litseleng tse lokileng tsa Jehova ba ne ba tla thabela mohau le lerato tsa hae.—13:1-14:9.
Lithuto tse lokelang ho hopoloa: Jehova o fana ka mohau motheong oa pako e tsoang botebong ba pelo ea moetsalibe. Empa baetsalibe ba lakatsang mohau oa hae ba tlameha ho lumellana le tsebo ea Molimo ’me ba hlahise mesebetsi e tšoanelang pako. Ho hlokahala hore ba jale se molemo ’me ba tlameha ho tsoela pele ba ananela lintho tse halalelang. ’Me matšeliso a ka fumanoa tsebong ea hore esita le ba etsang phoso e tebileng ba ka khutlela ho Ea Holimo-limo ka tšepo, hoba Jehova Molimo oa rōna o mohau.
[Lebokose le leqepheng la 14]
LITEMANA TSA BIBELE LIA HLAHLOBJOA
○ 2:21-23—Jizreele e bolela “Molimo o Tla Jala Peō.” Jehova o ne a tla bokella masala a tšepahalang ’me a a jale joaloka peō Juda, moo ho neng ho tla ba le koro, veine e monate, le oli. Molemong oa masala a hlokang, lintho tsena tse molemo li ne li tla etsa hore lefatše le ntšetse matsoai mahlakeng a koro, lifateng tsa merara, le lifateng tsa mehloare. Lefatše le ne le tla lebella maholimo ho nesa pula, ’me a ne a tla kōpa Molimo ho hlahisa maru a neng a tla fana ka pula e hlokahalang.
○ 5:1—Baprista ba bakoenehi le marena a Iseraele ba ile ba fetoha sefi le leraba ho batho ka ho ba susumelletsa ho tšoareha borapeling ba bohata. Mohlomong, Thaba ea Thabore (e ka bophirima ho Jordane) le Mitspe (motse o ka bochabela ho nōka eo) e ne e le litsi tsa bolumeli ba bohata. Hohle Iseraele, batho ba ne ba sebelisa borapeli ba litsǒantšo ka baka la mohlala o mobe oa baeta-pele ba bona, ba neng ba tla utloa kahlolo e matla ea Molimo.
○ 7:4-8—Baiseraele ba bafebi ba ile ba tšoantšoa le onto ea moapehi ea ho apehela, kapa sebopi sa mollo, ka ho totobetseng ka baka la litakatso tse chesang tse ka ho bona. Ka ho kopakana le lichaba tse ling ka ho sebelisa mekhoa ea tsona le ho batla ho thea lilekane le tsona, Efraime (Iseraele) o ne a boetse a tšoana le senkhoa se sa kang sa fetoloa.
○ 9:10—Baiseraele ba ile ba ‘inehela nthong e lihlong’ ha ba khomarela Baale-Peore mahoatateng a Moabe. (Numere 25:1-5) Hosea o ile a sebelisa leetsi la Seheberu le bolelang “ho ikhulela ho; ho ikarolela ho.” Baiseraele ba ne ba inehetse ho Molimo empa ba ikarolela ho Baale-Peore. Ketsahalo eo e ka ’na eaba ho ile ha buuoa ka eona hobane borapeli ba Baale e ne e le sebe se seholo ka ho fetisisa sa ’muso oa meloko e leshome. (Hosea 2:8, 13) E se eka re ka latela temoso ena ’me le ka mohla re se senye boinehelo ba rōna ho Jehova.—1 Ba-Korinthe 10:8, 11.
○ 10:5—Beth-Avene (e bolelang “Ntlo ea Khopiso”) e ile ea sebelisoa ka kutloisiso e nyenyefatsang bakeng sa Bethele, e bolelang “Ntlo ea Molimo.” Bethele e ne e ile ea e-ba ntlo ea Molimo empa e ile ea fetoha ntlo ea khopiso ka baka la borapeli ba manamane bo neng bo etsoa moo. (1 Marena 12:28-30) Ha setšoantšo sa namane se nkoa ho isoa botlamuoeng, batho ba ne ba tla ba matsoalong ka sona. Setšoantšo se sa pheleng se ne se ke ke sa itšireletsa, ’me se ne se tla sitoa le ho sireletsa ba neng ba se rapela.—Pesaleme ea 115:4-8.
○ 13:14—Jehova o ne a ke ke a lopolla Baiseraele ba sa utloeng ka ho ba pholosa ka nako eo matleng a Sheol kapa a ba namolele lefung. O ne a ke ke a ba bontša kutloelo-bohloko, hobane ba ne ba sa lokeloe ke mohau. Empa moapostola Pauluse o bontšitse hore qetellong Molimo o tla felisa lefu ka ho sa feleng ’me a felise le matla a lona a ho bolaea. Jehova o bontšitse matla a hae a ho etsa joalo ka ho tsosa Jesu Kreste lefung le Sheol, ka tsela eo a fana ka tiiso ea hore batho bao a ba hopotseng ba tla tsosoa ke Mora oa hae tlas’a puso ea ’Muso.—Johanne 5:28, 29.