Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 11/15 maq. 10-14
  • Bolelang Lentsoe la Molimo ka Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bolelang Lentsoe la Molimo ka Sebete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Tsamaea, U Profete’
  • Ho Tlōloa Molao oa Molimo
  • Kamoo re ka Etsisang Amose Kateng
  • Ho Tobana le Khanyetso Joaloka Amose
  • Bahanyetsi ba ke ke ba Emisa Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela
  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Amose
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Buka ea Bibele ea 30—Amose
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Timela ha Sechaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Kahlolo ea Jehova e Tla Tlela ba Khopo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 11/15 maq. 10-14

Bolelang Lentsoe la Molimo ka Sebete

“Tsamaea, u profetele batho ba ka.”—AMOSE 7:15.

1, 2. Amose e ne e le mang, hona Bibele e senola eng ka eena?

HA PAKI e ’ngoe ea Jehova e ntse e le tšebeletsong, e ile ea hlaseloa ke moprista. Moprista eo o ile a hoeletsa a re: ‘Khaotsa ho bolela! Tloha sebakeng sena!’ Paki eo e ile ea etsa’ng? Na e ile ea etsa seo e se laeloang, kapa na e ile ea tsoela pele ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete? U ka iphumanela karabo ea potso eo hobane paki eo e ile ea tlaleha se ileng sa e etsahalla bukeng e bitsoang ka lebitso la eona. Ke buka ea Bibele ea Amose. Leha ho le joalo, pele re utloa ho eketsehileng ka taba ena ea moprista, a re hlahlobeng boitsebiso bo bong bo eketsehileng mabapi le Amose.

2 Amose e ne e le mang? O phetse neng hona ha habo e ne e le hokae? Re fumana likarabo tsa lipotso tseo ho Amose 1:1, moo re balang mantsoe a latelang: “Mantsoe a Amose, ea neng a le har’a bahlokomeli ba linku ba tsoang Tekooa, . . . matsatsing a Uzia morena oa Juda le matsatsing a Jeroboame mora oa Joashe, morena oa Iseraele.” Amose e ne e le moahi oa Juda. Ha habo e ne e le Tekooa, e bohōle ba lik’hilomithara tse 16 ka boroa ho Jerusalema. O phetse bofelong ba lekholo la borobong la lilemo B.C.E. ha Morena Uzia a ne a busa Juda ’me Jeroboame II, a ne a busa ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome. Amose e ne e le mohlokomeli oa linku. Ha e le hantle, ho Amose 7:14, Bibele—Phetolelo e Ncha e re e ne e se “molisana” feela empa hape o ne a ‘bile a hlokomela lifate tsa feiee.’ Kahoo o ne a qeta karolo e itseng ea selemo e le mokotuli. O ne a hlaba lifeiga. Mosebetsi ona o ne o etsoa hore lifeiga li butsoe ka potlako. E ne e le mosebetsi o khathatsang.

‘Tsamaea, U Profete’

3. Ho ithuta ka Amose ho ka re thusa joang ha re ikutloa re sa tšoanelehele ho bolela?

3 Amose o ile a bolela ka ho toba a re: “Ke ne ke se moprofeta, kapa hona hore ke ne ke le mora oa moprofeta.” (Amose 7:14) O ne a sa tsoaloa e le mora oa moprofeta kapa hona hore o ile a koetlisetsoa ho ba moprofeta. Har’a batho bohle ba Juda, Jehova o ile a khetha Amose hore a etse mosebetsi oa Hae. Ka nako eo, Molimo ha aa ka a khetha morena ea matla, moprista ea rutehileng, kapa morenana ea ruileng. Ena ke thuto e re khothatsang. E ka ’na eaba ha re batho ba phahameng sechabeng kapa ba rutehileng haholo. Empa na seo se lokela ho etsa hore re ikutloe re sa tšoanelehele ho bolela Lentsoe la Molimo? Le hanyenyane! Jehova a ka re hlomella ho phatlalatsa molaetsa oa hae—esita le masimong a thata. Kaha seo ke sona seo Jehova a ileng a se etsetsa Amose, bohle ba lakatsang ho bolela lentsoe la Molimo ka sebete ba tla ithuta ho hongata ka ho hlahloba mohlala o behiloeng ke moprofeta eo ea sebete.

4. Ke hobane’ng ha ho ne ho le thata hore Amose a profete Iseraele?

4 Jehova o ile a laela Amose a re: “Tsamaea, u profetele batho ba ka ba Iseraele.” (Amose 7:15) Kabelo eo e ne e le thata. Ka nako eo, ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome ho ne ho e-na le khotso, tšireletseho ebile batho ba hafa ka nkatana. Ba bangata ba ne ba e-na le ‘matlo a mariha’ hammoho le ‘matlo a lehlabula,’ a neng a sa hahoa ka litene tse tloaelehileng tsa mobu, empa a hahiloe ka “lejoe le betliloeng” le turang. Ba bang ba ne ba e-na le thepa ea ka tlung e manehiloeng ka lenaka la tlou, ba bile ba noa veine e ritetsoeng ‘lirapeng tse lakatsehang tsa morara.’ (Amose 3:15; 5:11) Ka lebaka leo, batho ba bangata ba ne ba sa tšoenyeha ka letho. Ha e le hantle, e ka ’na eaba tšimo eo Amose a neng a e abetsoe e ne e tšoana le eo ba bangata ba rōna ba e sebetsang kajeno.

5. Ke lintho life tse sa lokang tseo Baiseraele ba bang ba neng ba li etsa?

5 Ho ne ho se phoso hore Baiseraele ba be le lintho tse bonahalang. Leha ho le joalo, Baiseraele ba bang ba ne ba bokella maruo ka matšoephelele. Barui ba ne ba ‘etsetsa ba tlaase bolotsana’ ba bile ba ‘hatella mafutsana.’ (Amose 4:1) Bahoebi ba hlaheletseng, baahloli le baprista ba ne ba etsa ’momori oa ho tlatlapa mafutsana. Joale, a re khutleleng mehleng e fetileng ’me re bone lintho tseo banna bana ba neng ba li etsa.

Ho Tlōloa Molao oa Molimo

6. Bahoebi ba Baiseraele ba ne ba tlatlapa batho ba bang joang?

6 A re qaleng ka ’marakeng. Mono bahoebi ba sa tšepahaleng ba ne ba etsa hore “efa e be nyenyane” ’me “shekele e be khōlō,” ba bile ba rekisa “litlhoka” joalokaha eka ke lijo-thollo. (Amose 8:5, 6) Bahoebi ba ne ba qhekella bareki ba bona ka lenane la seo ba se rekisang, theko ea lintho e ne e le holimo haholo ’me boleng ba tsona bo le tlaase. Ha bahoebi ba khokhothile mafutsana sohle, batho bao ba se nang mang oe! ba ne ba tlameha ho ithekisa hore e be makhoba. Ka mor’a moo, bahoebi ba ne ba ba reka “ka theko ea para ea meqathatso.” (Amose 8:6) Ak’u nahane feela! Bahoebi bao ba meharo ba ne ba nka Baiseraele ba habo bona e le ba lekanang le theko ea lieta! See se ne se tlontlolla mafutsana ka tsela e feteletseng hakaakang ebile e le tlōlo e tšabehang hakaakang ea Molao oa Molimo! Ho ntse ho le joalo, bahoebi bona bao ba ne ba boloka “sabatha.” (Amose 8:5) E, ba ne ba chesehela bolumeli ka molomo feela.

7. Ke eng e neng e nolofalletsa bahoebi ba Iseraele ho tlōla molao oa Molimo?

7 Bahoebi bao ba ne ba phonyoha kotlo joang ha ba tlōtse Molao oa Molimo o reng: “U rate oa heno joalokaha u ithata”? (Levitike 19:18) Ba ne ba atleha hobane ba ne ba jesana le batho ba neng ba lokela ho tiisa hore Molao oa khomareloa—e leng baahloli. Hekeng ea motse, moo linyeoe li neng li tšoareloa teng, baahloli ba ne ‘ba nka tjotjo, ba khelosa mafutsana.’ Ho e-na le ho sireletsa mafutsana, baahloli ba ne ba a tsoa tlaase ka lebaka la tjotjo. (Amose 5:10, 12) Kahoo baahloli le bona ba ne ba hlokomoloha Molao oa Molimo.

8. Baprista ba babe ba ne ba iphapanyetsa boitšoaro ba mofuta ofe?

8 Ho sa le joalo, baprista ba Iseraele bona ba ne ba etsa’ng? Hore re fumane karabo, re lokela ho sheba sebakeng se seng. Hlokomela hore na baprista ba ne ba lumella libe tsa mofuta ofe “ka tlung ea melimo ea bona”! Molimo o ile a re ka Amose: “Motho le ntat’ae ba ile ho ngoanana a le mong, ka morero oa ho hlompholla lebitso la ka le halalelang.” (Amose 2:7, 8) Nahana feela! Ntate oa Moiseraele le mora oa hae ba ne ba etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le letekatse le le leng la tempele. ’Me baprista bao ba babe ba ne ba iphapanyetsa boitšoaro bo joalo bo bobe!—Levitike 19:29; Deuteronoma 5:18; 23:17.

9, 10. Baiseraele ba ne ba le molato oa ho tlōla Molao oa Molimo joang, hona seo se ka bapisoa joang le se etsahalang mehleng ea rōna?

9 Ha a bua ka boitšoaro bo bong bo bobe, Jehova o ile a re: “Ba ithapalatsa ka thōko ho aletare e ’ngoe le e ’ngoe holim’a liaparo tse nkiloeng e le tebeletso; ’me ka tlung ea melimo ea bona ba noela veine ea ba lefisitsoeng.” (Amose 2:8) Ka sebele baprista le batho ka kakaretso ba ne ba hlokomoloha le molao o tlalehiloeng ho Exoda 22:26, 27, o neng o re seaparo se nkiloeng e le tebeletso se ne se lokela ho khutlisoa pele letsatsi le likela. Ho e-na le hoo, ba ne ba se sebelisa e le kobo eo ba paqamang ho eona ha ba ntse ba keteka le ho noa bakeng sa ho hlompha melimo ea bohata. ’Me ka lichelete tseo ba neng ba li lefisa mafutsana, ba ne ba reka veine eo ba neng ba e noa meketeng ea bolumeli ba bohata. Ba ne ba khelohile hakaakang tseleng ea borapeli bo hloekileng!

10 Baiseraele ba ne ba se lihlong ho tlōla litaelo tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tsa Molao—e leng ho rata Jehova le ho rata batho ba bang. Kahoo Molimo o ile a romela Amose hore a ba nyatse ka lebaka la ho se tšepahale ha bona. Kajeno, lichaba tsa lefatše, ho akarelletsa le tsa Bokreste-’mōtoana, li bonahatsa boemo bo litšila ba Iseraele ea boholo-holo. Ha batho ba bang ba atleha, ba bang ba bangata ba khokhotheha lichelete ’me ba sithabela maikutlo ka lebaka la mekhoa ea boitšoaro bo bobe ea baeta-pele ba sa tšepahaleng ba khoebo, ba lipolotiki le ba bolumeli ba bohata. Empa Jehova o amehile ka ba mahlomoleng le ba susumelletsehang ho mo batla. Ka hona, o abetse bahlanka ba hae ba kajeno hore ba etse mosebetsi o kang oa Amose—oa ho bolela lentsoe la Hae ka sebete.

11. Re ka ithuta eng mohlaleng oa Amose?

11 Kaha mosebetsi oa rōna o tšoana le oa Amose, re tla rua molemo o moholo ka ho hlahloba mohlala oa hae. Ha e le hantle, Amose o re bontša (1) molaetsa oo re lokelang ho o bolela, (2) kamoo re lokelang ho o bolela kateng le (3) lebaka leo ka lona bahanyetsi ba ke keng ba thibela mosebetsi oa rōna oa boboleli. A re hlahlobeng lintlha tsena ka ho latellana.

Kamoo re ka Etsisang Amose Kateng

12, 13. Jehova o ile a bontša joang hore o ne a halefetse Baiseraele, ’me bona ba ile ba etsa’ng?

12 Re le Lipaki Tsa Jehova, re thehile tšebeletso ea rōna ea Bokreste mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 28:19, 20; Mareka 13:10) Leha ho le joalo, re boetse re bolela litemoso tsa Molimo, feela joalokaha Amose a ile a phatlalatsa hore Jehova o ne a tla ahlola ba khopo habohloko. Ka mohlala, Amose 4:6-11 e bontša hore ka makhetlo-khetlo Jehova o ile a lemosa Baiseraele hore o ba halefetse. O ile a etsa hore sechaba ‘se hloke bohobe,’ a se “hanela ka pula ea litloebelele,” a se otla ka “komello le phori,” ’me a se romela “lefu la seoa.” Na lintho tsee li ile tsa etsa hore Baiseraele ba bake? Molimo o ile a re: “Ha lea ka la khutlela ho ’na.” Ka sebele, Baiseraele ba ile ba lahla Jehova ka makhetlo-khetlo.

13 Jehova o ile a otla Baiseraele bao ba sa bakeng. Leha ho le joalo, pele ho moo, ba ile ba fuoa temoso ea boprofeta. Tumellanong le sena, Molimo o ile a re: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” (Amose 3:7) Molimo o ne a ile a senolela Noe hore Moroallo o ne o tla tla ’me a mo bolella hore a fane ka temoso. Ka ho tšoanang, Jehova o ile a bolella Amose hore a fane ka temoso ea ho qetela. Ka masoabi, Baiseraele ba ile ba hlokomoloha molaetsa oo o tsoang ho Molimo eaba ba hlōleha ho nka khato e loketseng.

14. Mehla ea Amose le ea rōna e tšoana ka litsela life?

14 Ntle ho pelaelo u tla lumela hore mehla ea Amose le ea rōna e tšoana ka tsela e hlollang. Jesu Kreste o ile a profeta hore ho ne ho tla ba le litlokotsi tse ngata nakong ea bofelo. O ile a boela a bolela esale pele ka mosebetsi oa boboleli oa lefatše ka bophara. (Matheu 24:3-14) Leha ho le joalo, joaloka mehleng ea Amose, batho ba bangata kajeno ba hlokomoloha pontšo ea linako hammoho le molaetsa oa ’Muso. Batho ba joalo ba tla hlaheloa ke lintho tse ileng tsa etsahalla Baiseraele ba sa bakeng. Jehova o ile a ba lemosa a re: ‘Itokisetseng ho kopana le Molimo oa lōna.’ (Amose 4:12) Ba ile ba kopana le Molimo ka ho ahloloa habohloko ha lebotho la Assyria le ba hlōla. Kajeno, lefatše lena le sa tšabeng Molimo le tla “kopana le Molimo” ka Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Leha ho le joalo, hafeela Jehova a ntse a mameletse, re khothatsa batho ba bangata kamoo ho ka khonehang kateng re re: “Batlang Jehova, ’me le ’ne le phele.”—Amose 5:6.

Ho Tobana le Khanyetso Joaloka Amose

15-17. (a) Amazia e ne e le mang, hona o ile a etsa’ng ha a utloa liphatlalatso tsa Amose? (b) Amazia o ile a qosa Amose ka eng?

15 Re ka etsisa Amose eseng feela ka seo re se bolelang empa hape le kamoo re se bolelang kateng. Taba eo e totobatsoa khaolong ea 7, moo re bolelloang ka moprista eo ho buuoeng ka eena qalong ea puisano ea rōna. E ne e le “Amazia moprista oa Bethele.” (Amose 7:10) Motse oa Bethele e ne e le setsi sa bolumeli ba bokoenehi ba Iseraele, bo neng bo akarelletsa borapeli ba namane. Kahoo Amazia e ne e le moprista oa bolumeli ba Naha. O ile a etsa’ng ha a utloa liphatlalatso tse matla tsa Amose?

16 Amazia o ile a re ho Amose: “Uena ea bonang lipono, tsamaea, u balehele naheng ea Juda, ’me moo u je bohobe, ’me moo u ka profeta. Empa u se ke ua hlola u profeta ka ho eketsehileng Bethele, etsoe ke sehalalelo sa morena ’me ke ntlo ea ’muso.” (Amose 7:12, 13) Ha e le hantle Amazia o ne a re: ‘Khutlela haeno! Re na le bolumeli ba rōna.’ O ile a boela a leka ho hlohlelletsa ’muso hore o thibele mosebetsi oa Amose, a re ho Morena Jeroboame II: “Amose o u reretse bolotsana ka har’a ntlo ea Iseraele.” (Amose 7:10) E, Amazia o ne a qosa Amose ka hore o batla ho phethola ’muso! O ile a re ho morena: “Sena ke seo Amose a se boletseng, ‘Jeroboame o tla shoa ka sabole; ha e le Iseraele, ruri e tla ea kholehong ho tsoa naheng ea habo eona.’”—Amose 7:11.

17 Mantsoeng ao, Amazia o ile a akarelletsa lipolelo tse tharo tsa leshano. O ile a re: “Sena ke seo Amose a se boletseng.” Empa ha ho mohla Amose a neng a kile a bolela hore ke eena mohloli oa boprofeta. Ho e-na le hoo, kamehla o ne a ee a re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng.” (Amose 1:3) Amose o ile a boela a qosoa ka hore o itse: “Jeroboame o tla shoa ka sabole.” Leha ho le joalo, joalokaha ho tlalehiloe ho Amose 7:9, Amose o ne a ile a profeta a re: “[’Na Jehova] ke tla tsohela ntlo ea Jeroboame matla ka sabole.” Molimo o ne a ile a bolela esale pele hore tlokotsi e joalo e ne e tla tlela “ntlo” ea Jeroboame, e leng bana ba hae. Ho feta moo, Amazia o ile a qosa Amose ka hore o itse: ‘Ruri Iseraele e tla ea kholehong.’ Empa Amose o ne a boetse a profetile hore Baiseraele leha e le bafe ba khutlelang ho Molimo ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso. Ka ho hlakileng, Amazia o ile a sebelisa bomenemene e le ho leka ho etsa hore mosebetsi oa boboleli oa Amose o thibeloe.

18. Mekhoa e ileng ea sebelisoa ke Amazia e tšoana hokae le e sebelisoang ke baruti kajeno?

18 Na u hlokometse hore na mekhoa e sebelisitsoeng ke Amazia e tšoana hokae le e sebelisoang ke bahanyetsi ba batho ba Jehova kajeno? Feela joalokaha Amazia a ile a leka ho khutsisa Amose, ka ho tšoanang baprista ba bang, babishopo le bapatriareka ba mehleng ea rōna ba leka ho thibela mosebetsi oa boboleli oa bahlanka ba Jehova. Ka bohata Amazia o ile a qosa Amose ka hore o batla ho phethola ’muso. Ka ho tšoanang, kajeno baruti ba bang ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka bohata ka hore li kotsi tšireletsehong ea naha. ’Me feela joalokaha Amazia a ile a batla thuso ho morena ha a loantša Amose, ka ho tšoanang hangata baruti ba batla thuso ho metsoalle ea bona ea lipolotiki ha ba hlorisa Lipaki Tsa Jehova.

Bahanyetsi ba ke ke ba Emisa Mosebetsi oa Rōna oa ho Bolela

19, 20. Amose o ile a etsa’ng ha Amazia a mo hanyetsa?

19 Amose o ile a etsa’ng ha Amazia a mo hanyetsa? Pele, Amose o ile a botsa moprista a re: “Na u re: ‘U se ke ua profeta khahlanong le Iseraele’?” Joale, moprofeta ea sebete oa Molimo ha aa ka a tsilatsila ho bolela mantsoe ao ho hlakileng hore Amazia o ne a sa batle ho a utloa. (Amose 7:16, 17) Amose ha aa ka a tšoha. Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa rōna! Ha ho tluoa tabeng ea ho bolela lentsoe la Molimo, re tla mamela Molimo oa rōna, esita le linaheng tseo ho tsona bo-Amazia ba mehleng ea kajeno ba hlohlelletsang mahloriso a sehlōhō. Joaloka Amose, re tsoela pele ho phatlalatsa re re: “Sena ke seo Jehova a se boletseng.” ’Me le ka mohla bahanyetsi ba ke ke ba thibela mosebetsi oa rōna oa boboleli, hobane “letsoho la Jehova” le na le rōna.—Liketso 11:19-21.

20 Amazia o ne a lokela ho tseba hore litšokelo tsa hae e ne e tla ba tsa lefeela. Amose o ne a se a hlalositse lebaka leo ka lona ho neng ho se motho lefatšeng ea ka mo thibelang ho bua—’me eo ke ntlha ea boraro eo re tla e tšohla. Ho ea ka Amose 3:3-8, Amose o ile a sebelisa letoto la lipotso le lipapiso e le ho bontša hore ha ho letho le etsahalang ntle ho lebaka. Joale, o ile a bontša kamoo sena se sebetsang kateng ha a re: “Ho na le tau e purumileng! Ke mang ea ke keng a tšoha? ’Musi Morena Jehova o buile! Ke mang ea ke keng a profeta?” Ka mantsoe a mang, Amose o ile a bolella ba mo mametseng a re: ‘Feela joalokaha le lokela ho tšoha ha le utloa tau e puruma, ka hona ke lokela ho bolela lentsoe la Molimo, kaha ke utloile taelo ea Jehova ea hore ke etse joalo.’ Tšabo ea bomolimo, kapa tlhompho e tebileng ea borapeli e lebisoang ho Jehova, e ile ea susumelletsa Amose ho bua ka sebete.

21. Re etsa’ng ha Molimo a re laela hore re bolele litaba tse molemo?

21 Le rōna re utloa taelo ea Jehova ea hore re bolele. Re etsa’ng? Joaloka Amose le joaloka balateli ba pele ba Jesu, ka thuso ea Jehova re bolela lentsoe la Hae ka sebete. (Liketso 4:23-31) Re ke ke ra khutsisoa ke mahloriso a hlohlelletsoang ke bahanyetsi kapa ho se tsotelle ha bao re ba pakelang. Ka ho cheseha joaloka Amose, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li susumelletseha ho tsoela pele li bolela litaba tse molemo ka sebete. Re na le boikarabelo ba ho lemosa batho ka kahlolo e tlang ea Jehova. Kahlolo eo e akarelletsa’ng? Potso eo e tla arabeloa sehloohong se latelang.

U ka Araba Joang?

• Amose o ile a phetha thōmo eo a neng a e filoe ke Molimo tlas’a maemo afe?

• Joaloka Amose, re lokela ho bolela eng?

• Re lokela ho etsa mosebetsi oa rōna oa boboleli ka boikutlo bofe?

• Ke hobane’ng ha bahanyetsi ba ke ke ba thibela mosebetsi oa rōna oa ho paka?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Molimo o ile a khetha Amose, ea neng a hlaba lifeiga, hore a etse mosebetsi oa Hae

[Litšoantšo tse leqepheng la 13]

Joaloka Amose, na u bolela molaetsa oa Jehova ka sebete?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela